Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Ehlile Jesu o Shoetse Motho e Mong le e Mong?

Na Ehlile Jesu o Shoetse Motho e Mong le e Mong?

KA BIBELENG ho buuoa ka batho ba neng ba e-na le “maikutlo a joaloka a rona.” (Jak. 5:​17) Mohlala, re khona ho utloisisa hantle mantsoe a Pauluse a hlahang ho Baroma 7:​21-24 a reng: “Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na. . . . Ke monna ea soto hakaakang!” Ha re tlameha ho loantšana le mefokolo ea rona, rea khothala ho tseba hore monna ea tšepahalang joaloka Pauluse o ne a e-na le maikutlo a tšoanang le a rona.

Leha ho le joalo, Pauluse o ile a boela a bua ka boikutlo bo bong boo a neng a e-na le bona. E le ho bontša hore Pauluse o ne a kholisehile hore Jesu oa mo rata o ile a re: “Mora oa Molimo [o ile] a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.” (Bagal. 2:​20) Na le rona re ee re ikutloe ka tsela ee? E ka ’na eaba ha se kamehla.

Haeba re ikutloa re se na thuso ka lebaka la liphoso tseo re ileng ra li etsa nakong e fetileng, re ka ’na ra lumela hore Jehova ha a re rate le hore ha aa re tšoarela ’me ho ka ba thata ho nka sehlabelo sa Jesu e le mpho ea bohlokoa ho rona. Na ehlile Jesu o batla hore re nke sehlabelo sa hae e le mpho? Haeba ho joalo, re ka thusoa ke’ng hore re se nke ka tsela eo? A re ke re hlahlobeng lipotso tsena tse peli.

JESU O IKUTLOA JOANG KA SEHLABELO SA HAE?

Jesu o batla hore re nke sehlabelo sa hae e le mpho eo a re fileng eona. Ke hobane’ng ha re lumela joalo? Nahana ka ketsahalo e tlalehiloeng ho Luka 23:​39-43. Monna e mong o khokhothetsoe thupeng haufi le Jesu. Oa lumela hore o molato ka lebaka la lintho tse mpe tseo a li entseng nakong e fetileng. E ka ’na eaba o ne a entse libe tse tebileng haholo kaha batho ba neng ba ahloloa ka tsela ena, ke ba neng ba entse litlolo tsa molao tse kholo haholo. Kaha o ne a tšoenyehile, monna eo o ile a re ho Jesu: “U nkhopole ha u kena ’musong oa hao.”

Jesu o ile a mo araba joang? Ak’u nahane ka bohloko bo chachametsang boo e tlamehang ebe Jesu o ile a bo utloa ha a leka ho reteleha a sheba monna eo. Le hoja a ne a opeloa, o ile a sheba monna eo a bososela eaba o re ho eena: “Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.” Jesu a ka be a ile a re feela ho monna eo, ‘mor’a motho o tletse ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.’ (Mat. 20:​28) Empa, na u hlokometse hore Jesu o hatisitse bohlokoa ba sehlabelo sa hae ho monna eo ka ho toba? O ile a ba botsoalle eaba o sebelisa liemeli tse kang “U” le “ ’na.” Jesu o ile a boela a tšepisa monna eo hore o tla phela paradeiseng mona lefatšeng.

Ha ho potang hore Jesu o ne a batla hore monna eo a utloisise hore sehlabelo seo Jesu a neng a tla tloha a fana ka sona se ne se tla mo tsoela molemo. Haeba Jesu o ile a tšoarela setloli sa molao se sa kang sa sebeletsa Molimo, ke ho utloahalang ho lumela hore a ka tšoarela Mokreste ea kolobelitsoeng ea sebeletsang Molimo. Joale, re ka thusoa ke’ng ho lumela hore sehlabelo sa Jesu se ka re tsoela molemo re le batho ka bomong ho sa tsotellehe libe tseo re ileng ra li etsa nakong e fetileng?

PAULUSE O ILE A THUSOA KE’NG?

Tšebeletso ea Pauluse e ile ea mo thusa ho utloisisa hore ha e le hantle Jesu o mo shoetse. Ka tsela efe? O re: “Ke leboha Kreste Jesu Morena oa rona, ea ileng a mpha matla, hobane o ile a nkuka ke le ea tšepahalang ka hore a nkabele bosebeletsi, le hoja pele ke ne ke le monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi.” (1 Tim. 1:​12-14) Kaha Jesu o ile a abela Pauluse mosebetsi le hoja a ile a etsa lintho tse mpe nakong e fetileng, o ile a kholiseha hore Jesu o mo hauhetse, oa mo rata le hore oa mo tšepa. Ka tsela e tšoanang, le rona Jesu o re file mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo. (Mat. 28:​19, 20) Na mosebetsi oo o ka re thusa ho utloisisa hore le rona Jesu o re shoetse?

Ntate Albert ea qetileng lilemo tse ka bang 34 a khaotsoe o re: “Ke lula ke hopola liphoso tseo ke li entseng nakong e fetileng. Empa joaloka moapostola Pauluse, ha ke le tšimong ke utloa eka mosebetsi oo ke o filoe ke Jesu ka ho toba. Ho ea tšimong hoa nkhothatsa, ho etsa hore ke lule ke thabile ke bile ke e-na le tšepo ka bokamoso.”​—Pes. 51:3.

Ha u ntse u ithuta Bibele le batho bohle, ba kholise hore Jesu o mohau ebile oa ba rata

Ntate Allan eo pele e e-ba Paki a neng a entse litlolo tse ngata tsa molao hape a rata ntoa o re: “Ke lula ke nahana ka lintho tse mpe tseo ke li entseng batho. Ka linako tse ling, li ’nyahamisa haholo. Empa ke leboha Jehova ka hore ebe o lumella moetsalibe ea kang ’na tjena hore a rute batho ba bang ka eena. Ha ke bona batho ba amohela molaetsa oo re ba bolellang oona, ke hopola kamoo Jehova a re ratang kateng. Ke utloa eka Jehova o ntšebelisa ho thusa batho ba bang ba ileng ba etsa lintho tse mpe joaloka ’na.”

Ha re le tšimong, re etsa mosebetsi o re thabisang hape re nahana ka lintho tse nepahetseng. Mosebetsi oo o re thusa ho bona hore Jesu o mohau, o lerato ebile oa re tšepa.

JEHOVA O MOHOLO HO LIPELO TSA RONA

Ha tsamaiso ena e khopo ea Satane e e-s’o ka e felisoa, re tla ’ne re utloisoe bohloko ke libe tseo re li entseng nakong e fetileng. Re tla thusoa ke’ng hore re se ke ra ikutloa ka tsela ee?

Morali’abo rona Jean ea atisang ho nyahamisoa ke tsela eo a neng a phela ka eona ea ho se tšepahale ha e sa le mocha o re: “Ke rata taba ea hore ebe ‘Molimo o moholo ho lipelo tsa rona.’ ” (1 Joh. 3:​19, 20) Joaloka morali’abo rona Jean, le rona rea khothala hore ebe Jehova le Jesu baa utloisisa hore re baetsalibe. Hopola hore ba fane ka sehlabelo sa thekollo ho baetsalibe ba bakang e le kannete.​—1 Tim. 1:15.

Re kholiseha haholoanyane hore Jesu o shoetse motho e mong le e mong haeba re rapela, re bile re nahanisisa ka tsela eo Jesu a neng a sebelisana le batho ba sa phethahalang ka eona, le ha re etsa sohle se matleng a rona ho phetha mosebetsi oa boboleli oo a re fileng oona. Ka ho etsa joalo, joaloka Pauluse u ka re: Jesu “[o ile] a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.”