Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 27

E-ba le Mamello Joaloka Jehova

E-ba le Mamello Joaloka Jehova

“Le tla rua meea ea lona ka ho mamella ha lona.”​—LUKA 21:19.

PINA EA 114 Mamellang

SEO RE TLʼO ITHUTA SONA *

1-2. Mantsoe a Jehova a hlahang ho Esaia 65:​16, 17 a re thusa joang hore re lule re mamelletse?

KOPANO ea setereke ea 2017 e ne e e-na le sehlooho se monate se reng: “Mamellang!” Kopano eo e ile ea re thusa ho bona hore na re ka mamella mathata a rona joang. Ho se ho fetile lilemo tse ’ne joale empa re ntse re mamelletse mathata a lefatše lena le khopo.

2 U bile le mathata afe morao tjee? Na mong ka uena kapa motsoalle oa hao o hlokahetse? Na u na le lefu le sa phekoleheng? Na u imetsoe ke bophelo hobane u ntse u tsofala? Na u anngoe ke lintoa, likoluoa tsa tlhaho kapa ho hlorisoa? Kapa na mafu a mang a kang seoa sa Corona a amme bophelo ba hao ka tsela e itseng? Re labalabela nako eo ka eona mathata a tla be a le sieo, re se re lebetse ka ’ona ’me ho se mohla a tla ipheta.​—Bala Esaia 65:16, 17.

3. Re lokela ho etsa’ng hona joale, hona hobane’ng?

3 Bophelo bo boima haholo hona joale ’me re ka ’na ra tobana le mathata a boima le ho feta nakong e tlang. (Mat. 24:21) Kahoo, re lokela ho tsoela pele re mamella. Hobane’ng? Hobane Jesu o itse: “Le tla rua meea ea lona ka ho mamella ha lona.” (Luka 21:19) Ho nahanisisa ka mehlala ea batho ba mamelletseng mathata a tšoanang le a rona, ho tla re thusa hore le rona re mamelle.

4. Ke hobane’ng ha re ka re Jehova ke eena ea re behetseng mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho ba le mamello?

4 Ke mang ea re behetseng mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho mamella? Ke Jehova Molimo. Na karabo ee ea u makatsa? E ka ’na ea u makatsa ho fihlela u nahana ka eona ka botebo. Kaha lefatše lena le busoa ke Diabolose, le na le mathata a mangata. Jehova o na le matla a hore a felise mathata ao hang-hang empa o emetse nako eo ka eona a tla etsa joalo. (Bar. 9:22) Ka hona, Molimo oa rona o ntse a mamelletse ho fihlela nako eo e fihla. A re ke re bueng ka lintho tse robong tseo Jehova a li mamelletseng.

JEHOVA O KHETHILE HO MAMELLA’NG?

5. Lebitso la Molimo le ’nile la hlompholloa joang, hona u ikutloa joang ka taba eo?

5 Ho senngoa ha lebitso la hae. Jehova o rata lebitso la hae ebile o batla hore batho bohle ba le hlomphe. (Esa. 42:8) Empa ka lilemo tse ka bang 6 000, lebitso la hae le ’nile la hlompholloa. (Pes. 74:10, 18, 23) Tsena tsohle li qalile serapeng sa Edene ha Diabolose (e bolelang “Moetselletsi”) a ne a qosa Molimo ka hore o tima Adama le Eva lintho tseo ba li hlokang hore ba thabe. (Gen. 3:1-5) Haesale ho tloha ka nako eo Jehova a qosoa ka mashano a hore o tima batho lintho tseo ba li hlokang. Jesu o ne a tšoenyehile haholo ka hore ebe lebitso la ntate oa hae lea hlompholloa. Kahoo, o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba rapele ka tsela ena: “Ntat’a rona ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.”​—Mat. 6:9.

6. Ke hobane’ng ha Jehova a lumelletse batho ba ipuse pele a bontša hore ke eena ea loketseng ho busa?

6 Ho phephetsoa ha bobusi ba hae. Ke Jehova feela ea nang le tokelo ea ho busa leholimong le lefatšeng ’me tsela ea hae ea ho busa ke e molemo ka ho fetisisa. (Tšen. 4:11) Empa Diabolose o lekile ho thetsa batho le mangeloi hore Molimo ha a na matla a joalo. Kahoo, ho ne ho tla nka nako hore taba ena e rarolloe. Molimo o bile bohlale hore a lumelle batho ba ipuse ka nakoana e le hore ba bone hore ha ba ikarotse ho ’Mopi ba ke ke ba atleha. (Jer. 10:23) Kaha Molimo o mamelletse, qetellong taba ena e tla rarolloa e fele. O tla bontša hore ke eena feela ea nang le tokelo ea ho busa le hore ’Muso oa hae ke oona o tla tlisa khotso le tšireletseho lefatšeng.

7. Ke bo-mang ba sa kang mamela Jehova, hona o tla etsa’ng ka bona?

7 Ho se mamele ha bana ba bang ba hae. Jehova o bopile mangeloi le batho ba phethahetse, ba se na sekoli. Empa Satane (e bolelang “Mohanyetsi”) e leng lengeloi le sa mameleng, o ile a etsa hore Adama le Eva ba phethahetseng le bona ba se ke ba mamela Jehova. Mangeloi a mang le batho ba ile ba khetha ho se mamele Molimo. (Juda 6) Hamorao le sechaba sa Iseraele seo Molimo a se khethileng, ha sea ka sa mo mamela eaba se qala ho rapela melimo ea bohata. (Esa. 63:8, 10) Jehova o ile a utloa bohloko haholo. Ho ntse ho le joalo, Jehova o mamelletse ’me o tla etsa joalo ho fihlela a felisa batho bohle ba khopo. Ka mor’a moo, Jehova le bohle ba mo tšepahallang ba tla thaba ha ba se ba sa mamelle lintho tse mpe tse teng lefatšeng.

8-9. Ke mashano afe a buuoang ka Jehova, hona re lokela ho a nka joang?

8 Mashano a Diabolose. Satane o ile a qosa Jobo le bahlanka ba Jehova hore ba sebeletsa Jehova ka mabaka a boithati. (Jobo 1:​8-11; 2:3-5) Maikutlo a Diabolose a ntse a tšoana le ho fihlela lena le holimo. (Tšen. 12:10) Re ka bontša hore Satane o leshano ka hore re mamelle mathata ao re nang le ’ona le hore re lule re tšepahalla Jehova hobane re mo rata. Joaloka Jobo, le rona Jehova o tla re putsa haeba re mamella.​—Jak. 5:11.

Satane o sebelisa baeta-pele ba bolumeli ba bohata ho ruta batho ba hore Jehova o khopo ebile ke eena ea bakelang batho mathata. Ba bang ba re ha bana ba shoa, ke Molimo ea ba nkileng hobane a hloka mangeloi. Ruri ba hlompholla Molimo ka tsela e ikhethang! Rea tseba hore taba ena ha se ’nete. Ha re kula haholo kapa ha motho eo re mo ratang a hlokahala, ha re behe Molimo oa rona molato. Ho e-na le hoo, re na le tšepo ea hore o tla lokisa lintho. Kahoo, re bolella batho ba batlang ho re mamela hore Molimo oa re rata. Ka tsela eo, Jehova o khona ho fana ka karabo ho ea mo nyelisang.​—Liprov. 27:11.

10. Pesaleme ea 22:23, 24 e re bolella’ng ka Jehova?

10 Mathata ao bahlanka ba hae ba bang le ’ona. Jehova o re utloela bohloko. O utloa bohloko haholo ha a bona re mamelletse lintho tse bohloko tse kang ho hlorisoa, ho kula kapa mefokolo ea rona. (Bala Pesaleme ea 22:23, 24.) Jehova o utloisisa maemo a rona hantle ebile o batla ho a lokisa ’me o tla etsa joalo. (Bapisa Exoda 3:7, 8; Esaia 63:9.) Ka letsatsi le leng “o tla hlakola meokho eohle mahlong a [rona], lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”​—Tšen. 21:4.

11. Jehova o ikutloa joang ka bahlanka ba hae ba tšepahalang ba hlokahetseng?

11 Ho hloloheloa metsoalle ea hae e hlokahetseng. Jehova o ikutloa joang ka bahlanka ba hae ba tšepahalang ba seng ba hlokahetse? O labalabela ho ba bona hape. (Jobo 14:15) U nahana hore Jehova o hlolohetsoe motsoalle oa hae Abrahama ho le hokae? (Jak. 2:23) Kapa Moshe eo ba neng ba bua “lifahleho li talimane”? (Ex. 33:11) Hape u nahana hore o tatile ho le hokae ho utloa ha Davida le bangoli ba bang ba lipesaleme ba bina lipina tse mo rorisang? (Pes. 104:33) Le hoja metsoalle ena ea Jehova e hlokahetse, ha aa e lebala. (Esa. 49:15) O hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka eona. Bibele e re “kaofela baa phela ho eena.” (Luka 20:38) Ka le leng, o tla ba tsosa ’me o tla thabela ho utloa ha ba mo rapela a be a amohele borapeli ba bona. Haeba motho eo u mo ratang o hlokahetse, e se eka u ka khothatsoa ke lintho tsena.

12. Ke’ng e utloisang Jehova bohloko haholo matsatsing aa a ho qetela?

12 Ha batho ba khopo ba hlorisa ba bang. Ha ho ne ho senyeha serapeng sa Edene, Jehova o ne a tseba hore maemo a tla mpefala haholo feela pele a ka loka. Jehova o hloile bokhopo, ho hloka toka le lintoa tse teng lefatšeng. Haesale a tsotella batho ba se nang mang oe, e leng ba fokolang le ba sa khoneng ho itšireletsa, ba kang likhutsana le bahlolohali. (Zak. 7:9, 10) Ka ho khetheha, Jehova o utloa bohloko ha bahlanka ba hae ba tšepahalang ba hlorisoa le ho isoa literonkong. Re kholisehile hore o rata bohle ba mamelletseng le eena.

13. Ke boitšoaro bofe bo nyonyehang boo Molimo a bonang batho ba bo etsa, hona o tla etsa’ng ka bona?

13 Boitšoaro ba batho bo tsoileng taolong. Molimo o bopile batho ka setšoantšo sa hae empa Satane eena o thabela ho ba susumeletsa ho etsa boitšoaro bo bobe. Ha Molimo “a bona hore bobe ba motho bo bongata lefatšeng” mehleng ea Noe, o ile a ikoahlaea “hore ebe o entse batho lefatšeng ’me pelo ea hae ea utloa bohloko.” (Gen. 6:5, 6, 11) Na maemo a ntlafetse ho tloha ka nako eo? Le letho! Diabolose o thaba haholo ha liketso tsohle tse mpe tsa ho etsa thobalano e e-ba ntho e tloaelehileng mehleng ena, e bang ke lipakeng tsa batho ba bong bo fapaneng kapa bo tšoanang. (Baef. 4:18, 19) Satane o thaba le ho feta ha a etsa hore barapeli ba Jehova ba etse sebe. Ha mamello ea Jehova e fela, o tla bontša hore o hloile mekhoa eohle ea boitšoaro bo bobe ka hore a felise batho ba bo etsang.

14. Batho ba tšoere popo ea Molimo joang?

14 Ho senngoa ha popo ea hae. Motho o busa e mong “ho mo ntša kotsi” hape ha a hlokomele lefatše le liphoofolo tseo Jehova a li behileng tlhokomelong ea hae. (Moek. 8:9; Gen. 1:28) Litsebi tse ling li re ka lebaka la lintho tseo batho ba li etsang, mefuta * ea liphoofolo le limela tse ka bang milione li kotsing ea ho fela lilemong tse seng kae tse tlang. Ke kahoo batho ba amehileng ka lintho tsa tlhaho. Empa rea leboha hore ebe Jehova o tšepisa hore o tla “felisa ba senyang lefatše” ebe o etsa lefatše paradeise.​—Tšen. 11:18; Esa. 35:1.

U ITHUTA’NG HO JEHOVA KA HO BA LE MAMELLO?

15-16. Etsa mohlala o bontšang hore na ke’ng e ka re susumetsang hore re mamelle joaloka Jehova.

15 Ak’u nahane ka lintho tsohle tse bohloko tseo Jehova a li mamelletseng ka lilemo tse likete. (Sheba lebokose le reng “ Jehova o Mamelletse’ng?”) Jehova a ka felisa lefatše lena le khopo ka nako le motsotso feela. Empa ho mamella ha hae ho re thusitse haholo. Nahana ka mohlala ona. A re re banyalani ba bolelloa hore leseanyana la bona le tl’o hlaha le e-na le bokooa le hore le ka ’na la hlokahala le sa lenyenyane haholo. Le hoja ho tl’o ba thata hore batsoali bao ba holise lesea leo, ba thabela ho le hlokomela. Kaha ba rata lesea la bona, ba mamella mathata ao ba tobanang le ’ona e le hore ba le fe bophelo bo botle.

16 Ka tsela e tšoanang, litloholo tsohle tsa Adama le Eva li hlaha li sa phethahala. Ho ntse ho le joalo, Jehova oa li rata le ho li tsotella. (1 Joh. 4:19) Ho fapana le batsoali bane bao re buileng ka bona, Jehova a ka khona ho felisa mathata a bana ba hae. O behile nako eo ka eona a tla felisa mathata ’ohle a batho a bakang masisa-pelo. (Mat. 24:36) Ho ratoa ke Jehova ho tlameha ho re susumelletsa hore le rona joaloka eena, re mamelle kahohle kamoo re ka khonang.

17. Tlaleho ea Jesu e ho Baheberu 12:​2, 3 e re khothatsa joang hore le rona re lule re mamelletse?

17 Jehova ke eena ea re behetseng mohlala o motle oa ho mamella. Jesu o ile a atleha ho etsisa ntate oa hae ka hore a be le mamello. Ha a le lefatšeng, o ile a mamella ho rohakoa, ho nyelisoa le ho shoa lefu le sehloho bakeng sa rona. (Bala Baheberu 12:2, 3.) Mohlala oa Jehova oa ho mamella o ile oa fa Jesu matla a hore le eena a etse joalo. Le rona o ka re thusa.

18. 2 Petrose 3:9 e re thusa ho utloisisa hore Jehova o finyella’ng ka lebaka la ho ba le mamello?

18 Bala 2 Petrose 3:9. Jehova o tseba nako e nepahetseng ea ho felisa lefatše lena le khopo. Kaha Jehova o mamelletse, bongata bo boholo bo baloang ka limilione bo khonne ho bokelloa ’me boa mo sebeletsa. Batho bana kaofela ha bona baa ananela hore ebe Jehova o ile a mamella ho fihlela ba tsoaloa, ba ithuta ho mo rata le ho inehela ho eena. Qeto ea Jehova ea ho mamella e tla bonahala hore e nepahetse ha a putsa batho ba limilione ba mamelletseng ho fihlela qetellong.

19. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng, hona moputso oa rona e tla ba ofe?

19 Re ithuta ho Jehova hore na re ka khona ho mamella joang re thabile. Ho sa tsotellehe mathata le mahlomola ao Satane a re baketseng ’ona, Jehova e ntse e le “Molimo ea thabileng.” (1 Tim. 1:​11) Le rona re ka mamella re thabile ha re ntse re emetse hore Jehova a halaletse lebitso la hae, a bontše hore ke eena feela ea ka busang batho, a felise bokhopo bohle le hore a felise mathata ’ohle ao re nang le ’ona hona joale. A re ikemisetseng ho lula re mamelletse le ho tšelisoa ke ho tseba hore ntate oa rona le eena o ntse a mamelletse. Haeba re etsa joalo, mantsoe ana a tla phethahala ho e mong le e mong oa rona: “Ho thaba motho ea ntseng a tsoela pele ho mamella teko hobane ha e e-ba ea amohelehang o tla amohela moqhaka oa bophelo, oo [Jehova] a o tšepisitseng ba tsoelang pele ho mo rata.”​—Jak. 1:12.

PINA EA 139 Ipone U le Teng Lefatšeng le Lecha

^ ser. 5 Kaofela ha rona re na le mathata. Kaha ha re khone ho rarolla mathata a rona hona joale, re lokela ho a mamella. Empa ha rea mamella re le bang. Jehova le eena o mamelletse lintho tse ngata. Sehloohong sena re tl’o bua ka lintho tse robong tseo a li mamelletseng. Re tla boela re bone hore na Jehova o finyelletse’ng ka ho ba le mamello le hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae.

^ ser. 14 “Mefuta” ena e hlahang mona ha rea lokela ho e amahanya le e hlahang ka Bibeleng e buang haholo ka lintho tse phelang.