Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na Lipaki Tsa Jehova li lokela ho sebelisa liwebsaete tsa marato ho fumana balekane ba lenyalo?

Jehova o batla hore batho ba babeli ba tl’o nyalana ba thabe le hore ba be le setsoalle se haufi se tla lula se tiile. (Mat. 19:4-6) Haeba u batla lenyalo, u ka fumana molekane ea loketseng joang? Kaha Jehova o re bopile, oa tseba hore na ke’ng e tla etsa hore re thabe ha re ratana le ha re le lenyalong. Kahoo, haeba u mamela melao-motheo eo a u fileng eona, u tla atleha. Ak’u nahane ka e meng ea melao-motheo eo.

Re lokela ho utloisisa taba ena pele ka rona ea hore “pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang.” (Jer. 17:9) Ha motho a leka ho batla motho eo e tla ba molekane oa hae oa lenyalo, maikutlo a lerato ao a ka bang le ’ona a ka hola ka potlako hoo a ka mo sitisang ho etsa liqeto tse nepahetseng. Ha batho ba etsa qeto ea ho nyalana ba itšetlehile feela ka maikutlo ao ba nang le ’ona, hangata ba utloa bohloko. (Liprov. 28:26) Ke kahoo e seng bohlale hore batho ba bontšane maikutlo a lerato qalong haholo kapa ba etsetsane litšepiso le pele ba ka tsebana hantle.

Liproverbia 22:3 e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.” Ke hobane’ng ha ho le kotsi ho sebelisa liwebsaete tsa marato? Ka masoabi, batho ba bang ba ithutile habohloko ka ho sebelisa liwebsaete tsena ka hore ba kopane le batho bao ba sa ba tsebeng ba ileng ba bapala ka maikutlo a bona. Hape batho ba sa tšepahaleng ba sebelisa boitsebiso boo e seng ba bona ho utsoa chelete ea batho ba bang. Ka linako tse ling, batho bao ba sa tšepahaleng ba ne ba re ke Lipaki Tsa Jehova.

Kotsi e ’ngoe ke ena. Liwebsaete tse ling li le etsetsa qeto ea hore na uena le motho eo u mo ratang lea tšoanelana kapa che. Leha ho le joalo, ha ho na bopaki bo bontšang hore mokhoa oo oa sebetsa. Na e ka ba bohlale ho sebelisa lik’homphieutha tse entsoeng ke motho hore li u etsetse qeto ea ntho e bohlokoa e kang ho fumana molekane oa lenyalo? Na re ka li tšepa ho feta melao-motheo ea Bibele?​—Liprov. 1:7; 3:5-7.

Molao-motheo o fumanehang ho Liproverbia 14:15 o re: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.” Pele u ka etsa qeto ea hore u tla nyalana le motho ea itseng, u lokela ho mo tseba hantle. Empa ho sebelisa Inthanete ho ka etsa hore taba eo e be thata. Le haeba u khona ho bona boitsebiso ba motho eo kapa le qeta nako e itseng le romellana melaetsa, na ehlile u ka re u tseba motho eo? Batho ba bang ba neng ba nahana hore ba se ba fumane balekane ba bona, ba ile ba soetseha ha ba kopana le batho bao ka seqo.

Mopesaleme o ile a re: “Ha kea lula le batho ba leshano, ha ke kene setsoalleng le ba patang seo ba leng sona.” (Pes. 26:4) Batho ba bangata ba nka e le ntho e tloaelehileng hore ba bue mashano ha ba ngola boitsebiso ba bona liwebsaeteng tsa marato e le hore ba ka rateha. Ba pata mekhoa ea bona kapa lintho tse mpe tseo ba li etsang ha ba romellana melaetsa le batho Inthaneteng. Le hoja batho ba bang ba ka re ke Lipaki Tsa Jehova, na ehlile ba kolobelitsoe? Na ba rata Jehova? Setsoalle sa bona le Jehova se joang? Na ke batho ba tšeptjoang ka phuthehong? Kapa na ke mehlala e mebe hape ba tloaelane le batho ba fosahetseng? (1 Bakor. 15:33; 2 Tim. 2:20, 21) Na ho ea ka melao-motheo ea Bibele ba ka khona ho nyala kapa ho nyaloa? U lokela ho tseba lintho tsena empa ho ka ba thata haeba u sa buisane le Lipaki tse tsebang motho eo hantle. (Liprov. 15:22) Hape u hopole hore mohlanka oa Jehova ea tšepahalang a ke ke a nahana ho nyalana le motho eo e seng Paki.​—2 Bakor. 6:14; 1 Bakor. 7:39.

Re nahanne ka likotsi tse ka bang teng ha re sebelisa liwebsaete tsa marato, ho na le mekhoa e meng e loketseng e ka thusang batho hore ba fumane balekane ba loketseng e le hore ba be le lenyalo le hlomphehang. Ke menyetla efe eo u ka bang le eona ea hore u kopane le motho eo e ka bang molekane oa hao? Ha mekhoa ea ho kopana e sa thibeloa, Lipaki Tsa Jehova li ka khona ho kopana le batho ha li le libokeng, likopanong tse kholo le tse nyane le limmokeng.

Ha le qeta nako ’moho le tla bona hore na le rata le ho lumela lintho tse tšoanang

Ha menyetla ena ea ho kopana le batho e sa khonehe joaloka nakong ea seoa sa Corona, re sebelisa Inthanete ho ba libokeng moo ho bang le menyetla ea ho tsebana le Bakreste ba bang ba masoha. Re khona ho ba utloa ha fana ka lipuo le likarabo tse tsoang botebong ba pelo. (1 Tim. 6:11, 12) Hape ka mor’a liboka, le ka khona ho buisana ka lihlotšoana le sebelisa li-breakout room. Ha le kopane ka tsela eo ebile le bonana, u tla khona ho elelloa hore na motho eo u mo ratang o tšoara batho ba bang joang ’me ntho eo e tla bontša hore na ke motho oa mofuta ofe. (1 Pet. 3:4) Ha nako e ntse e-ea le ntse le tsebana haholoanyane, le tla khona ho bona hore na le rata lintho tse tšoanang le hore na le ka ba balekane ba lenyalo ba tšoanelanang.

Ha Bakreste ba masoha ba sebelisa melao-motheo ea Bibele ha ba batla balekane ba lenyalo, ba tla hlokomela bonnete ba maele ana a reng: “Na motho o fumane mosali [kapa monna] ea molemo? O fumane ntho e molemo ’me o fumana kamohelo e tsoang ho Jehova.”​—Liprov. 18:22.