Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 28

Phehella Khotso U Qobe Tlholisano

Phehella Khotso U Qobe Tlholisano

“A re se keng ra fetoha ba ipolelisang, ba hlohlelletsang tlholisano, ba honohelanang.”​—BAGAL. 5:26.

PINA EA 101 Re Sebetsa re Momahane

SEO RE TLʼO ITHUTA SONA *

1. Ho hlolisana ho ka ama batho joang?

BATHO ba bangata mehleng ena, ba rata ho hlolisana ba sa tsotelle hore na batho ba bang ba tla ameha joang ke liketso tsa bona. Rakhoebo a ka leka ho etsa lintho tse ka utloisang batho ba bang bohloko hobane feela a batla ho atleha ho ba feta. Sebapali se ka lematsa se hlolisanang le sona ka boomo hobane feela se batla hore se hlole papali. Moithuti ea batlang ho ea univesithi e tummeng haholo a ka qopitsa nakong ea litlhahlobo. Bakreste baa tseba hore lintho tseo li fosahetse hobane ke karolo ea “mesebetsi ea nama.” (Bagal. 5:19-21) Empa na ho ka etsahala hore ba bang ba bahlanka ba Jehova ba hlohlelletse ho hlolisana ka phuthehong ba sa elelloe? Potso ena kea bohlokoa hobane ha batho ba hlolisana ho ke ke ha e-ba le bonngoe ka phuthehong.

2. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

2 Sehloohong sena re tl’o bua ka lintho tse ka etsang hore re hlolisane le Bakreste-’moho le rona. Re tla boela re hlahlobe mehlala ea banna le basali ba ka Bibeleng ba tšepahalang ba sa kang ba itumella ho ba le moea oa tlholisano. Empa pele, a re ke re boneng hore na ke hobane’ng ha re ka etsa lintho ka tsela e itseng.

HLAHLOBA MABAKA AO U ETSANG LINTHO KA ’ONA

3. Re lokela ho ipotsa lipotso life?

3 Ke hantle hore nako le nako re hlahlobe mabaka ao re etsang lintho ka ’ona. Re ka ipotsa: ‘Na ke ipona ke le bohlokoa ha ke ipapisa le batho ba bang? Na ke lakatsa ho hlahella ho feta batho bohle kapa ho ipona ke le betere ho feta molumeli-’moho ea itseng? Kapa na ke sebetsa ka thata hore ke khahlise Jehova?’ Ke hobane’ng ha re lokela ho ipotsa lipotso tsee? Ela hloko hore na Bibele e re’ng.

4. Bagalata 6:3, 4 e re ke hobane’ng ha re sa lokela ho ipapisa le batho ba bang?

4 Bibele e re khothalletsa hore re qobe ho ipapisa le batho ba bang. (Bala Bagalata 6:3, 4.) Hobane’ng? Lebaka le leng ke hobane haeba re nahana hore re etsa lintho hantle ho feta Mokreste-’moho le rona ea itseng, re ka ikhohomosa. Le leng ke hore haeba re ipapisa le Bakreste-’moho le rona ba etsang lintho hantle ho re feta, re ka nyahama. Ho nahana ka tsela ena ha hoa nepahala. (Bar. 12:3) Morali’abo rona Katerina * ea lulang Greece o re: “Ke ne ke tloaetse ho ipapisa le batho ba bonahalang ba le batle, ba le mafolo-folo boboleling le ba neng ba khona ho etsa metsoalle. Kahoo, ke ile ka ikutloa ke se na thuso.” Re lokela ho hopola hore Jehova ha aa re hulela ho eena hobane re le batle, re le likheleke puong kapa hobane re ratoa ke batho ba bangata empa hobane re mo rata hape re batla ho mamela Mora oa hae.​—Joh. 6:44; 1 Bakor. 1:26-31.

5. U ithuta’ng mohlaleng oa Mor’abo rona Hyun?

5 Re ka boela ra ipotsa: ‘Na ke tsejoa ke le motho oa khotso kapa ke le motho ea ratang likhang?’ Ak’u nahane ka mohlala oa Mor’abo rona Hyun ea lulang South Korea. Ka nako e ’ngoe o ne a nahana hore batho ba nang le mesebetsi e itseng ka phuthehong, ba batla ho itlhahisa ba le bohlokoa ho mo feta. O re: “Ke ne ke lula ke ba tšoaea liphoso ’me hangata ke ne ke sa lumellane le lintho tseo ba li buang.” Ho ile ha etsahala’ng? O re: “Boitšoaro ba ka bo ile ba etsa hore ho se ke ha e-ba le bonngoe ka phuthehong.” Metsoalle e meng ea Mor’abo rona Hyun e ile ea mo thusa ho elelloa bothata ba hae. Mor’abo rona Hyun o ile a etsa liphetoho ’me hona joale ke moholo ea sebetsang hantle haholo. Haeba re bona hore re na le tloaelo ea ho hlolisana ho e-na le ho phehella khotso, re lokela ho etsa liphetoho kapele.

U SE KE OA IKHOHOMOSA LE HO BA MOHONO

6. Ho ea ka Bagalata 5:26, ke lintho life tse ka etsang hore re hlolisane?

6 Bala Bagalata 5:26. Ke lintho life tse ka etsang hore batho ba batle ho hlolisana? E ’ngoe ea tsona ke boikhohomoso. Motho ea ikhohomosang oa ikhantša hape ha a nahane ka batho ba bang. Ntho e ’ngoe ke ho ba mohono. Motho ea mohono o khalla lintho tsa batho ba bang ebile o batla le ho ba nkela tsona. Kahoo, motho ea mohono ha e le hantle o na le lehloeo. Ka hona, re batla ho qoba lintho tseo kahohle-hohle.

7. Ke mohlala ofe o bontšang hore na ho ikhohomosa le ho ba mohono ho ka baka bothata bofe?

7 Boikhohomoso le mohono li ka tšoantšoa le litšila tse bang teng ka har’a mafura a tsamaisang sefofane. Sefofane se ka khona ho fofa empa litšila tseo li ka koala liphaepe tse tsamaisang mafura eaba li etsa hore lienjene li hloke matla ebe sefofane sea soahlamana. Ka tsela e tšoanang, motho e mong a ka ’na a ba le nako a sebeletsa Jehova. Empa haeba motho eo a ikhohomosa hape a le mohono, o tla tsoa kotsi. (Liprov. 16:18) O tla tlohela ho sebeletsa Jehova, a ikutloise bohloko hammoho le batho ba bang. Kahoo, re ka etsa’ng hore re se ke ra ikhohomosa le ho ba mohono?

8. Re ka hlola ho ikhohomosa joang?

8 Re ka hlola ho ikhohomosa ka hore re hopole keletso eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Bafilipi e reng: “Le [se ke la etsa] letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse.” (Bafil. 2:3) Haeba re nka batho ba bang ba re phahametse, re ke ke ra hlolisana ka hore ke mang ea nang le litalenta kapa bokhoni bo fetang ba e mong. Ho e-na le hoo, re tla ba thabela. Taba eo ke ’nete haholo haeba batho bao ba sebelisa bokhoni ba bona hore ba rorise Jehova. Hape haeba Bakreste-’moho le rona ba nang le bokhoni ba mamela keletso ea Pauluse, ba tla ameha haholo ka makhabane ao ba a ratang ka rona. Ka ho etsa joalo, re tla etsa hore ho be le khotso le bonngoe ka phuthehong.

9. Re ka qoba ho ba mohono joang?

9 Re ka hlola mohono ka ho inyenyefatsa, e leng ho bolelang hore re tsebe moo matla a rona a fellang teng. Ha re inyenyefatsa, re ke ke ra batla ho bontša batho hore re na le talenta kapa bokhoni bo fetang ba batho ba bang. Ho e-na le hoo, re tla leka ho ithuta ho batho ba nang le bokhoni bo fetang boo re nang le bona. Mohlala, a re re mor’abo rona o khona ho fana ka lipuo tse monate haholo. Re ka mo botsa hore na o lokisetsa lipuo tsa hae joang. Haeba morali’abo rona a le motle haholo lipitseng, re ka mo botsa hore na re ka etsa’ng e le hore le rona re ntlafatse. Hape haeba Mokreste ea mocha lilemong a thatafalloa ke ho ba le metsoalle, a ka kopa keletso ho motho ea khonang ho etsa metsoalle. Ha re etsa lintho tsena, re tla qoba ho ba mona ebe re ntlafatsa bokhoni boo re nang le bona.

ITHUTE MEHLALENG E KA BIBELENG

Gideone o ile a bopa khotso le Baefraime hobane o ne a ikokobelitse (Sheba serapa sa 10- 12)

10. Gideone o ile a ba le bothata bofe?

10 Ak’u nahane ka lintho tse ileng tsa etsahalla Gideone oa leloko la Manase le banna ba moloko oa Efraime. Gideone le banna ba 300 ba ne ba hlotse ntoa ka thuso ea Jehova ’me ba ne ba ka ikotla sefuba ka taba eo. Banna ba Efraime ba ile ba kopana le Gideone ho ea pheha khang le eena eseng ho mo babatsa. Ho bonahala eka banna bao ba ne ba koatile hore ebe Gideone ha aa ka a re ba il’o mo thusa qalong ha a ne a loantša lira tsa Molimo. Ba ne ba amehile feela ka hore moloko oa bona o hlomphuoe hoo ba sa kang ba bona taba ea bohlokoa ea hore Gideone o ne a kentse letsoho hore lebitso la Jehova le tlotlisoe le hore batho ba hae ba sireletsoe.​—Baahl. 8:1.

11. Gideone o ile a re’ng ho banna ba Efraime?

11 Ka boikokobetso Gideone o ile a re ho banna ba Efraime: “Ke entse’ng ha ho bapisoa le lona?” Ka mor’a moo, o ile a ba etsetsa mohlala oa kamoo Jehova a ba thusitseng kateng. Ka lebaka leo, ba ile ba theola maikutlo. (Baahl. 8:2, 3) Gideone o ne a ikemiselitse ho se ikhohomose e le hore a phehelle khotso har’a batho ba Molimo.

12. Re ithuta’ng mohlaleng oa Baefraime le oa Gideone?

12 Re ithuta’ng tlalehong ee? Mohlaleng oa batho ba Efraime, re ithuta hore ha rea lokela ho ameha haholo ka ho sireletsa botumo ba rona ho feta ho hlompha Jehova. Lihlooho tsa malapa le baholo ba ka ithuta thuto ea bohlokoa ho Gideone. Haeba motho e mong a koatisitsoe ke ntho eo re e entseng, re lokela ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a ikutloa joalo. Re ka boela ra mo babatsa ka lintho tse ntle tseo a li entseng. Ho tla hlokahala hore re ikokobetse, haholo haeba ho hlakile hore motho e mong ke eena ea phoso. Ho bopa khotso ho bohlokoa ho feta ho ikhohomosa.

Anna o ile a boela a ba le khotso hobane o ile a tšepa Jehova hore o tla lokisa lintho (Sheba serapa sa 13 le 14)

13. Anna o ile a ba le bothata bofe, hona o ile a bo hlola joang?

13 Ak’u nahane hape ka mohlala oa Anna. O ne a nyetsoe ke Elkana oa Molevi ea neng a mo rata haholo. Empa Elkana o ne a e-na le mosali e mong ea bitsoang Penina. Elkana o ne a rata Anna haholo ho feta Penina. Leha ho le joalo, ‘Penina o ne a e-na le bana empa Anna o ne a se na bana.’ Kahoo, Penina “o ne a mo tšoenya haholo ka morero oa ho etsa hore a ikutloe a ferekane.” Anna o ile a etsa’ng? O ile a utloa bohloko haholo. O ne “a lla ’me a sa je.” (1 Sam. 1:2, 6, 7) Ho ntse ho le joalo, ha ho na moo Bibele e reng Anna o ile a leka ho iphetetsa ka tsela e itseng. Ho e-na le hoo, o ile a bua le Jehova ho tsoa pelong a ba a tšepa hore Jehova o tla mo thusa. Empa na Penina o ile a fetoha tseleng eo a neng a tšoara Anna ka eona? Bibele ha e re bolelle. Empa rea tseba hore Anna o ile a ba le khotso ’me a loanela hore a lule a e-na le eona. “Sefahleho sa hae ha sea ka sa hlola se tšoenyeha.”​—1 Sam. 1:10, 18.

14. Re ithuta’ng mohlaleng oa Anna?

14 Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Anna? Haeba motho e mong a batla ho hlolisana le uena ka tsela e itseng, u hopole hore ke uena ea ka laolang boemo boo. U se ke oa itumella hore u hlolisane le motho eo. Ho e-na le hore u lefe bobe ka bobe, leka ho etsa khotso le motho eo. (Bar. 12:17-21) Esita le haeba motho eo a sa batle ho fetoha, uena u tla ba le khotso.

Apolose le Pauluse ba ne ba sa hloeana hobane ba ile ba hlokomela hore Jehova ke eena ea neng a ba thusa mosebetsing oa bona (Sheba serapa sa 15- 18)

15. Apolose le Pauluse ba ne ba tšoana ka’ng?

15 Ha re bone hape hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa morutuoa Apolose le moapostola Pauluse. Banna bao ba ne ba tseba mangolo hantle. Ba ne ba tsebahala hape e le mesuoe e hloahloa haholo. Hape ba ne ba thusitse batho ba bangata hore e be barutuoa. Empa banna bao ba ne ba sa monelane.

16. U ka re Apolose e ne e le motho ea joang?

16 Apolose e ne e le “letsoalloa la Alexandria,” e leng sebaka se neng se tumme ka thuto mehleng ea hae. E ne e le kheleke puong hape o ne a “rutehile haholo Mangolong.” (Lik. 18:24) Ha Apolose a ne a le Korinthe, batho ba bang ka phuthehong ba ile ba bontša hore ba rata eena ho feta batho ba bang ho akarelletsa le Pauluse. (1 Bakor. 1:12, 13) Na Apolose o ile a khothalletsa moea oo oa ho se be le bonngoe? Ha re nahane hore o ile a etsa joalo. Ebile nakoana ka mor’a hore Apolose a tlohe Korinthe, Pauluse o ile a mo kopa hore a khutlele moo hape. (1 Bakor. 16:12) Pauluse a ka be a sa bua ntho eo haeba a ne a utloa eka Apolose o arola phutheho. Ka hona hoa hlaka hore Apolose o ile a sebelisa bokhoni ba hae ka tsela e nepahetseng, e leng ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso le ho matlafatsa barab’abo. Re boetse re kholisehile hore Apolose o ne a ikokobelitse. Mohlala, ha ho na moo Bibeleng e reng Apolose o ile a halefa ha Akuila le Prisilla “ba mo qaqisetsa tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane.”​—Lik. 18:24-28.

17. Pauluse o ile a phehella khotso joang?

17 Moapostola Pauluse o ne a tseba mosebetsi o motle oo Apolose a o entseng. Empa Pauluse ha aa ka a ikutloa a fokola ha a bapisoa le Apolose. Re khona ho bona hore Pauluse o ne a ikokobelitse hape a inyenyefalitse keletsong eo a ileng a e ngolla Bakorinthe. Ho e-na le hore a ee le khongoana holimo ha batho ba re: “’Na ke oa Pauluse,” o ile a isa thoriso eohle ho Jehova Molimo le Jesu Kreste.​—1 Bakor. 3:3-6.

18. Ho 1 Bakorinthe 4:6, 7, re ithuta’ng ka Apolose le Pauluse?

18 Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Apolose le Pauluse? Re ka sebeletsa Jehova ka thata ra ba ra thusa batho ba bangata hore ba kolobetsoe. Empa rea utloisisa hore re khona ho etsa lintho tsohle hobane Jehova a re thusa. Ho na le thuto e ’ngoe ea bohlokoa hape eo re ka ithutang eona mohlaleng oa Apolose le Pauluse ea hore, ha re e-na le boikarabello bo bongata haholo ka phuthehong, ke monyetla oa rona oa hore re phehelle khotso. Rea thaba ha banna ba khethiloeng ba phehella khotso le bonngoe ka hore ba itšetlehe ka Lentsoe la Molimo ha ba fana ka keletso le hore ba thuse phutheho ho latela Jesu le ho mo mamela.​—Bala 1 Bakorinthe 4:6, 7.

19. Re lokela ho etsa’ng kaofela ha rona? (Sheba le lebokose le reng “ Qoba ho Hlolisana le ba Bang.”)

19 Re le batho ka bomong, re na le litalenta le bokhoni bo sa tšoaneng. Re ka sebelisa lintho tseo “ho sebeletsaneng.” (1 Pet. 4:10) Re ka utloa eka ha ho letho le lekaalo leo re le etsang. Empa lintho tse nyenyane tseo re li etsang ho bopa khotso, li ka tšoana le meroko e menyenyane e khonang ho kopanya seaparo. Kahoo, ntho leha e le efe eo u e etsang, e thusa hore phutheho e momahane. E se eka kaofela ha rona re ke ke ra ba le moea oa tlholisano. A re ikemisetseng ho phehella khotso le bonngoe ka phuthehong.​—Baef. 4:3.

PINA EA 80 “Latsoang ’Me le Bone Hore Jehova o Molemo”

^ ser. 5 Feela joalokaha nkho ea letsopa e ka pshatleha habonolo ha e-na le matlere, moea oa tlholisano le oona o ka etsa hore phutheho e se ke ea momahana. Haeba phutheho e se matla hape ho se na bonngoe, ho ke ke ha e-ba bonolo hore batho ba sebeletse Molimo ka khotso. Sehloohong sena re tl’o bona hore na re ka qoba ho hlolisana joang le hore na re ka etsa’ng hore ho be le khotso ka phuthehong.

^ ser. 4 Mabitso a mang a fetotsoe.