Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tšobotsi eo Molimo a e Nkang e le ea Bohlokoa ho Feta Taemane

Tšobotsi eo Molimo a e Nkang e le ea Bohlokoa ho Feta Taemane

Batho ba nka taemane e le letlotlo la bohlokoa. E rekoa ka chelete e ngata haholo. Empa na ho na le ntho eo Jehova a e nkang e le ea bohlokoa ho feta taemane kapa matlotlo a mang?

Haykanush, eo e neng e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang naheng ea Armenia, o ile a thola phasepoto haufi le moo a lulang teng. Ka har’a eona ho ne ho e-na le likarete tsa banka le chelete e ngata. O ile a bolella monna oa hae eo le eena e neng e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang.

Banyalani bana ba ne ba e-na le mathata a lichelete le likoloto. Empa ba ile ba lumellana ho isa chelete eo atereseng e ngotsoeng phasepotong. Mong’a phasepoto eo le ba lelapa la hae ba ile ba hlolloa ke seo. Haykanush le monna oa hae ba ile ba hlalosa hore seo ba ithutileng sona ka Bibeleng ke sona se ba thusitseng ho tšepahala. Eaba ba sebelisa monyetla oo ho bua ka Lipaki Tsa Jehova le ho fa ba lelapa leo lingoliloeng.

Ba lelapa leo ba ne ba batla ho fa Haykanush chelete ho mo leboha, empa a e hana. Ka le hlahlamang, mosali oa moo o ile a etela lelapa la Haykanush ho ea leboha, ’me a phehella Haykanush hore a amohele reng ea taemane.

Joaloka lelapa leo, batho ba bangata ba ne ba tla makatsoa ke botšepehi ba Haykanush le monna oa hae. Empa na Jehova o ile a makatsoa ke seo? O ile a ikutloa joang ka botšepehi ba bona? Na botšepehi ba bona bo ile ba ba tsoela molemo?

LITŠOBOTSI TSA BOHLOKOA HO FETA MATLOTLO

Likarabo tsa lipotso tsena ha li thata. Hobane’ng? Hobane bahlanka ba Jehova baa tseba hore ho etsisa litšobotsi tsa Jehova ke habohlokoa ho feta taemane, khauta, kapa matlotlo a mang. Ha e le hantle, lintho tseo Jehova a li nkang e le tsa bohlokoa li fapane le tseo batho ba bangata ba li nkang e le tsa bohlokoa. (Esaia 55:8, 9) Kahoo, bahlanka ba Jehova baa tseba hore oa ananela ha ba ikitlaelletsa ho etsisa litšobotsi tsa hae.

Re hlokomela sena ha re bala seo Bibele e se buang ka temoho le bohlale. Liproverbia 3:13-15 e re: “Ho thaba motho ea fumaneng bohlale, le motho ea fumanang temoho, etsoe ho ba le bona e le leruo ho molemo ho feta ho ba le silevera e le leruo ’me ho ba le bona e le lihlahisoa ho molemo ho feta khauta. Ke ba bohlokoa haholo ho feta likorale, ’me lintho tse ling tsohle tseo u li thabelang li ke ke tsa lekanngoa le bona.” Ho hlakile hore Jehova o ananela litšobotsi tsena ho feta matlotlo leha e le afe.

Ho thoe’ng ka botšepehi?

Jehova oa tšepahala. A ke ke “a bua leshano.” (Tite 1:2) Hape o ile a bululela moapostola Pauluse hore a ngolle Bakreste ba Baheberu, a re: “Tsoelang pele ho re rapella, kaha re tšepa hore re na le matsoalo a tšepahalang, kaha re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—Baheberu 13:18.

Jesu Kreste o behile mohlala o motle oa ho tšepahala. Ka mohlala, ha moprista ea phahameng Kaifase a re ho eena, “Ke u hlapantša ka Molimo ea phelang hore u re bolelle hore na u Kreste Mor’a Molimo!,” Jesu o ile a tšepahala ’me a ipolela hore ke eena Mesia. O ile a bua ’nete le hoja a ne a tseba hore lekhotla la Sanhedrine le ka mo qosa ka hore ke monyefoli, la ba la etsa hore a bolaoe.—Matheu 26:63-67.

Empa ho thoe’ng ka rōna? Haeba re le boemong boo re ka ’nang ra rua molemo ka ho se bue lintlha kaofela, kapa ka ho fetola tse itseng, na re tla ’ne re tšepahale?

LITŠITISO TSE BANG TENG HA MOTHO A TŠEPAHALA

Ho ka ba boima ho lula u tšepahala matsatsing ana a ho qetela kaha batho ba bangata ke ‘baithati, ba bile ba rata chelete.’ (2 Timothea 3:2) Ha batho ba bangata ba e-ba le mathata a lichelete kapa ba sa fumane mosebetsi, ba khetha ho utsoa, ho qhekella kapa ho etsa ntho leha e le efe eseng molaong. Sena se tloaelehile hoo batho ba bangata ba nkang hore tsela feela eo motho a ka ruang ka eona ke ka hore a etse bolotsana. Esita le Bakreste ba bang ba ile ba etsa liqeto tse fosahetseng, ’me ka lebaka “la ho se tšepahale” ba lahleheloa ke botumo bo botle ka phuthehong.—1  Timothea 3:8; Tite 1:7.

Leha ho le joalo, Bakreste ba bangata ba etsisa Jesu. Baa hlokomela hore ho etsisa Molimo ke habohlokoa ho feta ho ba le matlotlo leha e le afe. Ke ka lebaka leo bacha ba Bakreste ba sa kopitseng sekolong e le hore ba pase. (Liproverbia 20:23) Hase kamehla re ka lebellang hore re tla putsoa joaloka Haykanush ha re tšepahetse. Empa ha re tšepahala re thabisa Molimo, ’me seo se re thusa ho ba le letsoalo le hloekileng, e leng eona ntho ea bohlokoa.

Mohlala oa Gagik o paka seo. O re: “Pele ke e-ba Paki ke ne ke sebetsa k’hamphaning e khōlō eo mong’a eona a neng a qoba ho lefa lekhetho le lengata ka hore a tlalehe karolo e nyenyane feela ea phaello ea hae. Kaha ke ne ke le mookameli, ke ne ke tlameha ho fa motho ea lefisang lekhetho tjotjo, e le hore a tlōlise bolotsana boo mahlo. Ka lebaka leo, ke ile ka tloaela ho se tšepahale. Ka mor’a hore ke ithute Bibele, ke ile ka tlohela mosebetsi oo, le hoja ke ne ke pataloa hantle. Eaba ke iqalla khoebo ea ka. Ho tloha qalong feela ke ile ka e ngolisa ka molao ’me ka lefa lekhetho.”—2 Bakorinthe 8:21

Gagik o re: “Chelete eo ke neng ke e fumana e ile ea fokotseha haholo, ’me ho ile ha e-ba thata ho hlokomela lelapa la ka. Leha ho le joalo, hona joale ke thabile. Ke na le letsoalo le hloekileng. Ke behetse bara ba ka ba babeli mohlala o motle, ’me ke khona le ho sebeletsa ka phuthehong. Ho basebeletsi ba lekhetho le ho batho ba bang bao ke sebetsang le bona, ke tsebahala ke le motho ea tšepahalang.”

JEHOVA OA RE THUSA

Jehova o rata batho ba mo rorisang ka ho etsisa litšobotsi tsa hae, tse kang botšepehi. (Tite 2:10) Hape, o tšepisa hore o tla re thusa ha re etsa sena. O ile a bululela Morena Davida hore a re: “Nkile ka ba mohlankana, ke se ke tsofetse, leha ho le joalo ha ke e-s’o bone mang kapa mang ea lokileng a tloheloa ka ho feletseng, kapa bana ba hae ba batla bohobe.”—Pesaleme ea 37:25.

Se ileng sa etsahalla Ruthe se tiisa seo. Ha a ka a furalla matsal’ae Naomi hobane feela a se a tsofetse, empa ka botšepehi o ile a lula le eena. Ruthe o ile a fallela Iseraele moo a neng a tla rapela Molimo oa ’nete. (Ruthe 1:16, 17) O ne a tšepahala ’me a sebetsa ka thata mosebetsing oa ho khoahlapisa, ho latela Molao o neng o lokiselitsoe bafutsana. Kahoo, feela joaloka Davida, Jehova ha a ka a lahla Ruthe le Naomi. (Ruthe 2:2-18) Hape, ha aa ka a mo hlokomela feela ka lintho tsa boipheliso. O ile a mo khetha hore ebe karolo ea lesika la Morena Davida le la Mesia ea tšepisitsoeng!—Ruthe 4:13-17; Matheu 1:5, 16.

E ka ’na eaba bahlanka ba bang ba Jehova ha ba khole chelete e lekaneng ho koahela litlhoko tsa bona. Empa ho e-na le ho batla litsela tsa ho qhekella, ba sebetsa ka thata le ka mafolofolo. Ka tsela eo, ba bontša hore ba nka ho etsisa litšobotsi tsa Jehova tse kang botšepehi, e le habohlokoa ho feta maruo.—Liproverbia 12:24; Baefese 4:28.

Joaloka Ruthe, Bakreste lefatšeng ka bophara ba bontša hore ba lumela hore Jehova o tla ba thusa. Ba lumela ka ho feletseng ha a re: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” (Baheberu 13:5) Nako le nako Jehova o ’nile a bontša hore o khona ho thusa ba tšepahalang. O ’nile a boloka tšepiso ea hae ea ho hlokomela bahlanka ba hae ka lintho tseo ba li hlokang.—Matheu 6:33.

Ke ’nete hore batho ba ka ’na ba nka taemane le matlotlo a mang e le a bohlokoa. Empa re ka kholiseha hore Jehova o nka botšepehi le litšobotsi tse ling tsa rōna e le tsa bohlokoa ho feta matlotlo leha e le afe!

Ha re tšepahala re tla ba le letsoalo le khutsitseng ha re bua le batho tšimong