Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova ke Sebōpi sa Rōna

Jehova ke Sebōpi sa Rōna

“Jehova, . . . u Sebōpi sa rōna; kaofela ha rōna re mosebetsi oa letsoho la hao.”—ESAIA 64:8.

LIPINA: 89, 26

1. Ke hobane’ng ha Jehova e le Sebōpi se seholo ka ho fetisisa?

KA November 2010, nkho e ’ngoe ea letsopa e entsoeng Chaena e ile ea rekoa ka lidolara tse limilione tse 70, Engelane. Hoa hlolla hore ebe motho a ka khona ho kopanya letsopa feela le sa reng letho hore e be nkho e ntle le e turu hakaalo. Jehova ke Sebōpi sa rōna, o ipabola ho feta motho leha e le ofe ea bōpang lintho. Bibele e re Jehova o entse motho a phethahetse “ka lerōle la lefatše,” ka mantsoe a mang, ka letsopa. (Genese 2:7) Motho eo e ne e le “mora oa Molimo” ’me o ne a bōpiloe a e-na le bokhoni ba ho etsisa litšobotsi tsa Molimo.—Luka 3:38.

2, 3. Re ka etsisa boikutlo ba Baiseraele ba bakileng joang?

2 Ka mor’a hore Adama a fetohele ’Mōpi oa hae, o ile a khaotsa ho bitsoa mora oa Molimo. Empa litloholo tse ngata tsa Adama li khethile Jehova hore e be ’Musi oa tsona. (Baheberu 12:1) Ka boikokobetso lia mo mamela, ’me li bontša hore li batla ho busoa ke eena, eseng Satane ebile li batla hore Jehova e be Ntate le Sebōpi sa tsona. (Johanne 8:44) Botšepehi ba tsona ho Molimo bo re hopotsa seo Baiseraele ba bakileng ba ileng ba se bua, ha ba re: “Jehova, u Ntat’a rōna. Re letsopa, ’me u Sebōpi sa rōna; kaofela ha rōna re mosebetsi oa letsoho la hao.”—Esaia 64:8.

3 Bahlanka ba Jehova kajeno le bona ba ikitlaetsa ho lula ba ikokobelitse ba bile ba tšepahala. Ba nka ho bitsa Jehova Ntate oa bona e le tlotla e khōlō, ’me ba batla hore e be Sebōpi sa bona. Na u ikemiselitse ho tšoana le letsopa le bonolo e le hore Molimo a ka u bōpa ’me ua tšoana le nkho e ntle? Na u nka hore bara le barali babo rōna ke hona Molimo a ntseng a ba bōpa? E le ho re thusa hore re be le boikutlo bo nepahetseng, re tl’o hlahloba hore na Jehova o khetha batho bao a batlang ho ba bōpa joang, ke hobane’ng ha a ba bōpa le hore na o ba bōpa joang.

JEHOVA O KHETHA BATHO BAO A BATLANG HO BA BŌPA

4. Jehova o khetha batho bao a batlang ho ba bōpa joang? Fana ka mohlala.

4 Jehova ha a shebe batho ka tsela eo re ba shebang ka eona. Empa o ba hlahloba lipelo ’me o sheba seo re leng sona ka hare. (Bala 1 Samuele 16:7b.) Jehova o ile a bontša sena ha a ne a theha phutheho ea Bokreste. O ile a bitsa batho ba bangata bao boholo ba bona ba neng ba nkoa ba se na thuso, hore ba tle ho eena le Mora oa hae. (Johanne 6:44) Ka mohlala, e mong oa bona, e leng Mofarisi ea bitsoang Saule, e ne e le “monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi.” (1 Timothea 1:13) Empa Jehova o ile a hlahloba pelo ea Saule ’me ha aa ka a bona letsopa le se nang thuso. (Liproverbia 17:3) Ho e-na le hoo, Jehova o ile a bona hore Saule a ka bōpeha hore e be “sejana se khethiloeng” se tla bolela litaba tse molemo “lichabeng hammoho le ho marena le ho bara ba Iseraele.” (Liketso 9:15) Jehova o ile a boela a khetha ba bang bao a neng a tla ba sebelisa bakeng sa mesebetsi “e hlomphehang,” bao pele e neng e le matahoa, batho ba boitšoaro bo bobe le masholu. (Baroma 9:21; 1 Bakorinthe 6:9-11) Ha ba ntse ba ithuta Bibele, tumelo ea bona ho Jehova e ile ea matlafala ’me seo se etsa hore ho be bonolo hore a ba bōpe.

Ha rea lokela ho ahlola batho ba tšimong ea rōna kapa ba ka phuthehong

5, 6. Ho tšepa Jehova joaloka Sebōpi sa rōna ho lokela ho ama tsela eo re shebang (a) batho ba tšimong ea rōna joang? (b) bara le barali babo rōna joang?

5 Re kholisehile hore Jehova o khona ho khetha batho ba nepahetseng. Kahoo, ha rea lokela ho ahlola batho ba tšimong ea rōna kapa ba ka phuthehong. Ka mohlala, nahana ka seo monna e mong ea bitsoang Michael a neng a se etsa ha Lipaki Tsa Jehova li mo etela. O re: “Ke ne ke iphapanyetsa tsona ke etsa eka ha ke li bone. Ke ne ke sa li batle! Hamorao, ke ile ka kopana le lelapa le leng leo ke ileng ka le rata ka lebaka la tsela eo le etsang lintho ka eona. Eaba ka letsatsi le leng ke utloa taba e ileng ea ’makatsa, ea hore ke Lipaki Tsa Jehova! Boitšoaro ba lona bo ile ba ntšusumetsa hore ke itlhahlobe hore na ke hobane’ng ha ke sa rate Lipaki. Kapele ke ile ka hlokomela hore boikutlo ba ka bo susumetsoa ke lintho tseo batho ba li buang le ho se tsebe seo e leng ’nete.” Michael o ne a batla ho tseba ho eketsehileng eaba o lumela ho ithuta Bibele. Hamorao o ile a kolobetsoa ’me ea e-ba mosebeletsi oa nako e tletseng.

6 Ha re nka Jehova e le Sebōpi sa rōna, tsela eo re tšoarang bara le barali babo rōna ka eona e tla fetoha. Re tla nka hore Jehova ke hona a ntseng a ba bōpa. Ke kamoo Jehova a ba talimang kateng. O bona seo ba leng sona ka pelong ’me oa tseba hore ho se phethahale ha bona ke ha nakoana. O boetse oa tseba hore na e mong le e mong oa bona a ka bōpeha hore e be motho ea joang. (Pesaleme ea 130:3) Re ka etsisa Jehova haeba re sa nahanele bara le barali babo rōna hampe. Re ka boela ra sebetsa le Sebōpi sa rōna ho thusa bara le barali babo rōna hore ba etse liphetoho. (1 Bathesalonika 5:14, 15) Baholo ka phuthehong ba lokela ho etella pele ho ba thusa.—Baefese 4:8, 11-13.

KE HOBANE’NG HA JEHOVA A RE BŌPA?

7. Ke hobane’ng ha re ananela khalemelo ea Jehova?

7 Batho ba bang ba ka ’na ba re: ‘Haesale ke sa utloisise hantle hore na ke hobane’ng ha batsoali ba ka ba ne ba nkhalemela hakana, ho fihlela ha ke ba le bana.’ Ha re ntse re hōla, re ka ’na ra ananela khalemelo kaha rea hlokomela hore ke pontšo ea lerato. (Bala Baheberu 12:5, 6, 11.) Kaha Jehova oa re rata, ka mamello oa re khalemela le ho re bōpa. O batla hore re hlalefe re be re thabe, ’me re mo rate joaloka Ntate oa rōna. (Liproverbia 23:15) Ha a rate ho re bona re sotleha ’me re e-shoa re ntse re e-s’o bake.—Baefese 2:2, 3.

Kaha Jehova oa re rata, ka mamello oa re khalemela le ho re bōpa

8, 9. Jehova o re ruta joang kajeno, hona o tla tsoela pele ho re ruta joang nakong e tlang?

8 E ka ’na eaba pele re tseba Jehova, re ne re e-na le litloaelo tse mpe. Empa Jehova o ile a re bōpa ’me a re thusa ho fetoha, ka lebaka leo hona joale re na le botumo bo botle. (Esaia 11:6-8; Bakolose 3:9, 10) Re karolo ea phutheho ea Molimo. Ena ke tokisetso eo Jehova a e sebelisang kajeno ho re bōpa. Re ikutloa re sireletsehile ha re le har’a batho ba Molimo le hoja re potolohiloe ke batho ba khopo. Batho ba hōletseng malapeng ao ba neng ba ikutloa ba sa ratoe, hona joale ba ikutloa ba ratoa ke bara le barali babo bona. (Johanne 13:35) Hape, re ithutile ho rata batho ba bang. Empa habohlokoa le ho feta, hona joale rea tseba hore Jehova ke Ntate oa rōna ’me re thabela ho ratoa ke eena.—Jakobo 4:8.

9 Lefatšeng le lecha, re tla thabela ho ba karolo ea phutheho ena ea Molimo haholoanyane. Re tla boela re thabele ho phela paradeiseng tlas’a ’Muso oa Molimo. Ka nako eo, Jehova o tla tsoela pele ho re bōpa le ho re ruta. (Esaia 11:9) Jehova o tla boela a etse hore re phethahale ’meleng le kelellong. Sena se tla re thusa ho utloisisa litaelo tsa hae le ho li latela ka ho feletseng. Kahoo, a re tsoeleng pele ho lumella Jehova hore a re bōpe ’me re lule re bontša hore re ananela tsela eo a re ratang ka eona.—Liproverbia 3:11, 12.

JEHOVA O RE BŌPA JOANG?

10. Jesu o ile a etsisa mamello ea Sebōpi sa rōna Jehova joang?

10 Feela joalokaha motho ea bōpang lintho a tseba hore na o sebelisa letsopa la mofuta ofe, Jehova le eena oa re tseba. O tseba mefokolo ea rōna, matla a rōna le liphetoho tseo re li entseng ’me o bōpa e mong le e mong oa rōna a nahanetse maemo a hae. (Bala Pesaleme ea 103:10-14.) Re ka ithuta hore na Jehova o re talima joang ka ho sheba hore na Jesu o ile a etsa’ng ha a bona mefokolo ea baapostola ba hae. Ka linako tse ling, baapostola ba ne ba phehisana khang ka hore na e moholo ke mang. Haeba u ne u le teng moo, u ne u tla talima tsela eo baapostola ba itšoarang ka eona joang? U ne u ka ’na ua nka hore hase letsopa le bonolo. Leha ho le joalo, Jesu o ne a tseba hore ba ka bōpeha haeba ba mamela likeletso tsa hae tse mosa ’me ba etsisa boikokobetso ba hae. (Mareka 9:33-37; 10:37, 41-45; Luka 22:24-27) Ka mor’a hore Jesu a tsosoe, baapostola ba ile ba fuoa moea o halalelang oa Molimo ’me ba khaotsa ho tšoenyeha ka hore na e moholo ke mang. Ho e-na le hoo, ba phathahana ka mosebetsi oo Jesu a ba fileng oona.—Liketso 5:42.

11. Davida o ile a bontša ka litsela life hore ke letsopa le bonolo, hona re ka mo etsisa joang?

11 Kajeno, Jehova o sebelisa Bibele, moea oa hae o halalelang le phutheho ho re bōpa. Bibele e ka re bōpa joang? Re lokela ho e bala, ho thuisa ka seo re se balileng le ho kōpa Jehova hore a re thuse ho sebelisa seo re ithutileng sona. Morena Davida o ile a ngola a re: “Ha ke u hopotse liphateng tsa ka, ke thuisa ka uena nakong ea litebelo tsa bosiu.” (Pesaleme ea 63:6) O ile a boela a re: “Ke tla boka Jehova, ea mphileng keletso. Ka sebele, liphio tsa ka li nkhalemetse bosiu.” (Pesaleme ea 16:7) Ruri Davida o ile a thuisa ka keletso ea Jehova ’me a mo lumella hore a bōpe monahano oa hae le maikutlo a hae, esita le ha ho ne ho le thata ho e amohela. (2 Samuele 12:1-13) Davida o re behetse mohlala o motle oa boikokobetso le ho mamela. Kahoo, ipotse: ‘Ha ke bala Bibele, na ke thuisa ka seo ke se balang ’me ke lumella likeletso tsa Molimo hore li susumetse monahano oa ka le maikutlo a ka? Na nka ikitlaelletsa ho etsa seo haholoanyane?’—Pesaleme ea 1:2, 3.

12, 13. Jehova o sebelisa moea o halalelang le phutheho ea Bokreste joang ho re bōpa?

12 Moea o halalelang o ka re bōpa ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, o ka re thusa ho etsisa botho ba Jesu le ho bonahatsa litšobotsi tse sa tšoaneng tsa tholoana ea moea. (Bagalata 5:22, 23) Karolo e ’ngoe ea tholoana eo ke lerato. Re rata Molimo ’me re batla ho mo mamela le ho bōptjoa ke eena, kaha rea tseba hore melao ea hae e molemong oa rōna. Ho phaella moo, moea o halalelang o ka re fa matla a ho qoba ho susumetsoa ke lefatše lena le khopo. (Baefese 2:2) Ha moapostola Pauluse e sa le mocha, o ile a susumetsoa ke baruti ba Bajuda ba ikhohomosang. Empa moea o halalelang o ile oa mo thusa ho fetoha. Hamorao o ile a ngola a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafilipi 4:13) Le rōna re lokela ho kōpa Jehova hore a re fe moea o halalelang, re kholisehile hore o tla arabela lithapelo tsa rōna.—Pesaleme ea 10:17.

Jehova o sebelisa baholo ho re bōpa, ’me re lokela ho ba mamela ha ba re eletsa (Sheba serapa sa 12 le 13)

13 Jehova o boetse o sebelisa phutheho le baholo ho bōpa e mong le e mong oa rōna. Ka mohlala, ha baholo ba hlokomela hore re na le bofokoli bo itseng ba leka ho re thusa. Empa ha ba re eletse ho ea ka maikutlo a bona. (Bagalata 6:1) Ka boikokobetso, ba rapela Jehova ba mo kōpa hore a ba fe kutloisiso le bohlale. Ebe ba etsa lipatlisiso ka Bibeleng le lingoliloeng tsa rōna, e le hore ba fumane boitsebiso bo ka re thusang. Haeba baholo ba tla ho uena ’me ba u eletsa ka mosa le ka lerato, mohlomong mabapi le moaparo, hopola hore seo ke bopaki ba hore Molimo oa u rata. Ha u sebelisa likeletso tseo, u tla tšoana le letsopa le bonolo leo Jehova a ka le sebelisang ’me u tla rua molemo.

14. Le hoja Jehova e le eena ea re bōpileng, o bontša joang hore o hlompha bolokolohi ba rōna ba ho ikhethela?

14 Haeba re utloisisa hore na Jehova o re bōpa joang, seo se tla re thusa ho ba le kamano e ntle le bara le barali babo rōna. Hape, re tla talima batho ba tšimong ea rōna le liithuti tsa rōna tsa Bibele ka tsela e loketseng. Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, pele sebōpi se qala ho bōpa se ne se lokela ho hloekisa letsopa le ho tlosa majoe le lintho tse ling. Kaha Jehova ke Sebōpi sa rōna, o thusa batho ba batlang ho bōptjoa ke eena. Ha a ba qobelle ho fetoha, empa o ba bontša melao ea hae e phahameng ea boitšoaro. Ke bona ba tla iketsetsa qeto ea hore na ba tla etsa liphetoho tse hlokahalang kapa che.

15, 16. Liithuti tsa Bibele li ka bontša joang hore li batla hore Jehova a li bōpe? Fana ka mohlala.

15 A re nahaneng ka se ileng sa etsahala ka morali’abo rōna ea bitsoang Tessie oa Australia. O ne a nolofalloa ho utloisisa seo Bibele e se rutang. Leha ho le joalo, a sa etse liphetoho tse hlokahalang, ebile a sa ee libokeng. Morali’abo rōna ea neng a ithuta le eena o ile a rapela Jehova ’me a etsa qeto ea ho khaotsa thuto. Empa a makatsoa ke se ileng sa etsahala ka mor’a moo. Ha ba ntse ba ithuta, Tessie o ile a mo bolella hore na ke hobane’ng ha a sa nke khato. O ile a re o ikutloa eka ke moikaketsi kaha o rata ho becha. Empa joale o se a entse qeto ea ho khaotsa.

16 Ho e-s’o ee kae, Tessie o ile a qala ho ea libokeng le ho fetola tsela eo a phelang ka eona, le hoja e meng ea metsoalle ea hae ea pele e ne e mo soma. Ha nako e ntse e ea, o ile a kolobetsoa ’me ea e-ba pula-maliboho oa kamehla ha ka nako e tšoanang a ntse a hōlisa bana. Ho hlakile hore ha liithuti tsa Bibele li qala ho etsa liphetoho tse khahlisang Molimo, o atamela haufi le tsona ’me o li bōpa hore e be linkho tse ntle.

17. (a) Ke eng e u khahlang ka hore ebe Jehova ke Sebōpi? (b) Re tla araba lipotso life sehloohong se latelang?

17 Le mehleng ena, libōpi tse ling li ntse li khona ho bōpa linkho tse ntle ka letsoho. Ka tsela e tšoanang, ka mamello Jehova o ntse a re bōpa ka ho re fa likeletso, ’me o letela ho bona hore na re tla etsa’ng. (Bala Pesaleme ea 32:8.) Na ua hlokomela hore Jehova oa u rata? Na u bona kamoo Jehova a ntseng a u bōpa kateng? Haeba ho joalo, ke litšobotsi life tse ka u thusang ho lula u tšoana le letsopa le bonolo leo Jehova a ka le sebelisang? U lokela ho qoba mekhoa efe e le hore u se ke ua tšoana le letsopa le thata le ke keng la bōpeha? Hape, batsoali ba ka sebetsa le Jehova joang ho bōpa bana ba bona? Re tla araba lipotso tsena sehloohong se latelang.