Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Jehova Molimo oa Rōna ke Jehova a le Mong”

“Jehova Molimo oa Rōna ke Jehova a le Mong”

“Mamela, Uena Iseraele: Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong.”—DEUTERONOMA 6:4.

LIPINA: 138, 112

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha mantsoe a ho Deuteronoma 6:4 a tsebahala hakaale? (b) Ke hobane’ng ha Moshe a ile a bua mantsoe ao?

HO THEOSA le lilemo, Bajuda ba ’nile ba sebelisa mantsoe a ho Deuteronoma 6:4, e le karolo ea thapelo e khethehileng. Thapelo ena e bitsoa Shema, e leng lentsoe le qalang temaneng eo ka Seheberu. Bajuda ba bangata ba etsa thapelo ena hoseng le mantsiboea, ho bontša hore ba inehetse ho Molimo ka ho feletseng.

2 Ana ke a mang a mantsoe a ho qetela ao Moshe a a buileng ho sechaba sa Iseraele. Ka selemo sa 1473 pele ho mehla ea Kreste, sechaba se ne se le naheng ea Moabe, se le mothating oa ho tšela Nōka ea Jordane ’me se kene Naheng e Tšepisitsoeng. (Deuteronoma 6:1) Moshe o ile a etella pele sechaba sena ka lilemo tse 40, ’me o ne a batla hore se be sebete e le hore se ka tobana le maemo a boima a neng a larile kapele. Se ne se lokela ho tšepa Molimo oa sona Jehova le ho tšepahala ho eena. Kahoo, mantsoe a qetellang a Moshe a ile a khothatsa Baiseraele haholo. Ka mor’a hore a ba bolelle Melao e Leshome le melao e meng ea Jehova, Moshe o ile a ba fa khopotso ena e tiileng eo re e balang ho Deuteronoma 6:4, 5. (E bale.)

3. Re tlil’o araba lipotso life sehloohong see?

3 Baiseraele ba ne ba tseba hore Molimo oa bona ke “Jehova a le mong.” Baiseraele ba tšepahalang ba ne ba rapela Molimo a le mong, e leng Molimo oa baholo-holo ba bona. Joale ke hobane’ng ha Moshe a ile a ba hopotsa hore Molimo oa bona ke “Jehova a le mong”? Ho tseba ntlha ee ho amana kae le ho rata Molimo ka pelo, moea, kelello le matla ’ohle a rōna? Hape, ke joang mantsoe a ho Deuteronoma 6:4, 5 a sebetsang ho rōna kajeno?

MOLIMO OA RŌNA KE “JEHOVA A LE MONG”

4, 5. (a) Poleloana “Jehova a le mong” e bolela’ng? (b) Jehova o fapana joang le melimo ea lichaba tse ling?

4 Oa Ikhetha. Poleloana e reng “a le mong” e bontša hore Jehova oa ikhetha, ha ho ea lekanang le eena, kapa ea tšoanang le eena. Ke hobane’ng ha Moshe a ile a sebelisa poleloana ee? Hase feela hore o ne a leka ho bontša hore thuto ea boraro-bo-bong e fosahetse. Jehova ke ’Mōpi oa leholimo le lefatše ’me ke ’Musi oa bokahohle. Ke eena feela Molimo oa ’nete, ’me ha ho molimo e mong ea tšoanang le eena. (2 Samuele 7:22) Ka hona, mantsoe a Moshe a ne a hopotsa Baiseraele hore ba lokela ho rapela Jehova feela. Ha baa lokela ho etsisa batho ba lichaba tse ba potolohileng, ba rapelang melimo e mengata ea bohata le melimotsana. Batho bao ba ne ba lumela hore melimo ea bona e ka khona ho laola lintho tsa tlhaho.

5 Ka mohlala, Baegepeta ba ne ba rapela molimo oa letsatsi ea bitsoang Ra, molimotsana oa leholimo ea bitsoang Nut, molimo oa lefatše ea bitsoang Geb, molimo oa Nile ea bitsoang Hapi, hammoho le liphoofolo tse ngata. Jehova o ile a bontša hore o phahametse melimo eo ea bohata ha a ne a tlisa Likotlo Tse Leshome. Molimo ea ka sehloohong oa Bakanana e ne e le Baale, e leng molimo oa bohata eo Bakanana ba neng ba lumela hore ke eena ea fanang ka bophelo. Ba ne ba boetse ba lumela hore ke eena molimo oa leholimo, pula le sefefo. Batho ba libakeng tse ngata ba ne ba tšepile Baale hore o tla ba sireletsa. (Numere 25:3) Baiseraele ba ne ba lokela ho hopola hore Molimo oa bona ke “Molimo oa ’nete,” ’me oa ikhetha. Ke “Jehova a le mong.”—Deuteronoma 4:35, 39.

Jehova Molimo ha a feto-fetohe. Kamehla oa tšepahala, ha a fetohe ’me o bua ’nete

6, 7. Poleloana “Jehova a le mong” e boetse e bolela’ng, hona Jehova o ile a paka seo joang?

6 Ha a Fetohe Ebile oa Tšepahala. Poleloana e reng “Jehova a le mong” e boetse e bontša hore morero oa hae o tiile le lintho tseo a li etsang ke tse ka tšeptjoang. Jehova Molimo ha a feto-fetohe. Kamehla oa tšepahala, ha a fetohe ’me o bua ’nete. Ka mohlala, o ile a tšepisa Abrahama hore litloholo tsa hae li tla lula Naheng e Tšepisitsoeng. Ka hona, Jehova o ile a etsa mehlolo e mengata e le hore a phethahatse tšepiso eo. Lilemo tse makholo a mane le mashome a mararo ka mor’a ho mo tšepisa seo, morero oa Jehova o ne o ntse o e-s’o fetohe.—Genese 12:1, 2, 7; Exoda 12:40, 41.

7 Lilemo tse makholo hamorao, Jehova o ile a re Baiseraele ke lipaki tsa hae, ’me a re ho bona: “Ke ’na Ea tšoanang. Pele ho ’na ha ho na Molimo ea ileng a etsoa, ’me le ka mor’a ka ho ile ha tsoela pele ho se e mong.” Jehova o ile a boela a etsa bonnete ba hore morero oa hae ha o fetohe ha a ne a re: “Ka linako tsohle ke ’na Ea tšoanang.” (Esaia 43:10, 13; 44:6; 48:12) Ruri Baiseraele ba ne ba e-na le tlotla ea ho sebeletsa Molimo ea tšepahalang le ea sa fetoheng! Le rōna kajeno re na le tlotla ea ho mo sebeletsa.—Malakia 3:6; Jakobo 1:17.

8, 9. (a) Jehova o batla hore barapeli ba hae ba etse’ng? (b) Jesu o ile a hatisa bohlokoa ba mantsoe a Moshe joang?

8 Ha e le hantle, Moshe o ne a hopotsa Baiseraele hore Jehova oa ba rata ebile oa ba tsotella ’me seo se ke ke sa fetoha. Ka lehlakoreng le leng, Jehova o ne a batla hore ba inehele ho eena ka ho feletseng ’me ba mo rate ka pelo, moea, kelello le matla ’ohle a bona. Batsoali ba ne ba lokela ho ruta bana ba bona ka Jehova nako le nako e le hore bana le bona ba ka rapela Jehova a le mong.—Deuteronoma 6:6-9.

9 Jehova ha a e-s’o fetole morero oa hae, kahoo a ke ke a fetola melao eo a e behetseng barapeli ba hae ba ’nete. Haeba re batla hore Jehova a amohele borapeli ba rōna, re lokela ho inehela ho eena ka ho feletseng ’me re mo rate ka pelo, kelello le matla ’ohle a rōna. Jesu o ile a re molao ona ke oa bohlokoa ka ho fetisisa. (Bala Mareka 12:28-31.) A re ke re boneng hore na ke joang re ka bontšang ka liketso hore rea lumela hore “Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong.”

INEHELE HO JEHOVA KA HO FELETSENG

10, 11. (a) Re ka bontša joang hore re inehetse ho Jehova ka ho feletseng? (b) Bahlankana ba Baheberu ba neng ba le Babylona, ba ile ba bontša joang hore ba inehetse ho Jehova ka ho feletseng?

10 Jehova ke eena feela Molimo oa rōna. Re bontša hore re inehetse ho eena ka ho feletseng ha re rapela eena feela. Ha rea lokela ho rapela melimo e meng, kapa ra kenyelletsa litloaelo kapa mekhoa leha e le efe e fosahetseng borapeling ba rōna ho Jehova. Hase molimo feela ea phahametseng melimo e meng, kapa ea matla ho e feta. Ke Molimo oa ’nete. Re lokela ho rapela Jehova feela.—Bala Tšenolo 4:11.

11 Bukeng ea Daniele, re bala ka bahlankana ba Baheberu, e leng Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria. Ba ile ba bontša hore ba inehetse ho Jehova ka ho feletseng, ka hore ba hane ho ja lijo tse sa hloekang, tseo barapeli ba Jehova ba neng ba sa lokela ho li ja. Hape, metsoalle e meraro ea Daniele e ile ea hana ho khumamela setšoantšo sa khauta sa Nebukadnezare. Ba ne ba nka hore Jehova o tla pele bophelong ba bona. Ba ne ba tšepahala ho eena ka ho feletseng.—Daniele 1:1–3:30.

Jehova o lokela ho tla pele bophelong ba rōna

12. Re lokela ho etsa’ng haeba re batla ho inehela ho Jehova ka ho feletseng?

12 Jehova o lokela ho tla pele bophelong ba rōna. Haeba re batla ho inehela ho eena ka ho feletseng, ha rea lokela ho etelletsa lintho tse ling pele. Ke lintho life tse ling tse ka ’nang tsa re sitisa? Melaong e Leshome, Jehova o ile a re batho ba hae ha baa lokela ho rapela melimo e meng. Ha baa lokela ho rapela litšoantšo leha e le life. (Deuteronoma 5:6-10) Kajeno, ho na le mefuta e mengata ea borapeli ba litšoantšo ’me e meng ha e bonahale habonolo. Empa melao ea Jehova e ntse e e-s’o fetohe. E ntse e le “Jehova a le mong.” A re ke re boneng hore na ke joang re ka qobang borapeli ba litšoantšo kajeno.

13. Meharo e ka ama kamano ea rōna le Jehova joang?

13 Ho Bakolose 3:5 (e bale), re bala ka lintho tse ka senyang boinehelo ba rōna ho Jehova. Rea hlokomela hore meharo ke karolo ea borapeli ba litšoantšo. Joang? Haeba re rata ntho e itseng ho feta tekanyo, joaloka chelete kapa maruo, e ka laola bophelo ba rōna ’me ea tšoana le molimo ea matla. Libe tsohle tse boletsoeng ho Bakolose 3:5 li amana le meharo, e leng mofuta oa borapeli ba litšoantšo. Kahoo, haeba re rata lintho tsena haholo, re ka qetella re li rata ho feta Molimo. Joale re ke ke ra hlola re nka Jehova e le “Jehova a le mong” feela. ’Me ha re batle hore seo se etsahale.

14. Moapostola Johanne o ile a re lemosa mabapi le eng?

14 Moapostola Johanne o ile a bua ka ntho e ’ngoe e tšoanang. O ile a re hlokomelisa hore haeba mang kapa mang a rata lintho tsa lefatše, e leng, “takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso,” joale “lerato la Ntate ha le eo ho eena.” (1 Johanne 2:15, 16) Kahoo, re lokela ho lula re itlhahloba hore na re rata lefatše. Re ka ’na ra hlokomela hore re se re rata boithabiso, batho le mekhoa ea ho apara ea lefatše lena. Kapa re ka ’na ra batla ho ruteha e le hore re finyelle “lintho tse khōlō.” (Jeremia 45:4, 5) Lefatše le lecha le haufi haholo. Re tlameha ho hopola mantsoe a Moshe! Haeba re utloisisa re bile re lumela hore Molimo oa rōna ke “Jehova a le mong,” re tla inehela ho eena ka ho feletseng ’me re mo sebeletse ka tsela eo a e batlang.—Baheberu 12:28, 29.

BOLOKA BONNGOE BA BOKRESTE

15. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a hopotsa Bakreste hore Molimo oa bona ke “Jehova a le mong”?

15 Poleloana “Jehova a le mong” e re thusa ho utloisisa hore Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba be bonngoeng ’me ba be le sepheo se tšoanang. Liphuthehong tsa Bokreste tsa mehleng ea baapostola, ho ne ho e-na le Bajuda, Bagerike, Baroma le batho ba merabe e meng. Ba ne ba e-tsoa libakeng tse sa tšoaneng, ba e-na le meetlo le litloaelo tse fapaneng. Ka lebaka leo, ba bang ba ile ba thatafalloa ho amohela mekhoa e mecha ea ho rapela kapa ho khaotsa ea khale. Kahoo, ho ne ho hlokahala hore Pauluse a ba hopotse hore Bakreste ba na le Molimo a le mong, e leng Jehova.—Bala 1 Bakorinthe 8:5, 6.

Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba be bonngoeng le hore ba be le sepheo se tšoanang bophelong

16, 17. (a) Ho ntse ho phethahala boprofeta bofe kajeno, hona phello ke efe? (b) Ke eng e ka senyang bonngoe ba rōna?

16 Na phutheho ea Bokreste ea kajeno e fapane? Moprofeta Esaia o ile a re “karolong e qetellang ea matsatsi,” batho ba lichaba tsohle ba tla bokana hammoho ho rapela Jehova. Ba tla re: “O tla re rupela ka litsela tsa hae, ’me re tla tsamaea litseleng tsa hae.” (Esaia 2:2, 3) Re thabela ho bona ha boprofeta bona bo phethahala kajeno! Bara le barali babo rōna ba tsoa libakeng tse sa tšoaneng, ba bua lipuo tse sa tšoaneng, ’me ba na le meetlo e fapaneng. Empa re rapela Jehova re momahane. Leha ho le joalo, kaha ha rea phethahala, ka linako tse ling ho ka ’na ha e-ba le mathata.

Na u sebetsa ka thata ho boloka bonngoe ka phuthehong? (Sheba lirapa tsa 16-19)

17 Ka mohlala, u ikutloa joang ka bara le barali babo rōna ba tsoang linaheng tse ling? E ka ’na eaba ha u oa tloaela puo ea bona, moaparo oa bona, tsela eo ba itšoarang ka eona le lijo tseo ba li jang. Na ua ba koekoetla ebe u qeta nako e ngata le batho bao u ba tloaetseng? U ikutloa joang ka baholo ba bacha lilemong kapa ba morabe o mong? Haeba re se hlokolosi, re ka ’na ra lumella lintho tsena hore li ame bonngoe ba rōna kapa li bo senye.

18, 19. (a) Ke keletso efe e hlahang ho Baefese 4:1-3? (b) Re ka etsa’ng ho thusa phutheho hore e lule e momahane?

18 Re ka etsa’ng ho qoba mathata a kang aa? Pauluse o ile a eletsa Bakreste ba lulang motseng o ruileng oa Efese, o neng o e-na le batho ba litso tse fapaneng. (Bala Baefese 4:1-3.) Pauluse o ile a bua ka litšobotsi tse kang boikokobetso, bonolo, mamello le lerato. Litšobotsi tsena li tšoana le lipilara tse khōlō tse tšehetsang ntlo. Empa e le hore ntlo e lule e tiile, ho hlokahala hore mong’a eona a sebetse ka thata. Pauluse o ne a batla hore Bakreste ba Efese ba sebetse ka thata “ho boloka bonngoe ba moea.”

19 Kaofela re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna ho boloka phutheho e le bonngoeng. Re ka etsa seo joang? Ntlha ea pele, re lokela ho hlaolela litšobotsi tseo Pauluse a buileng ka tsona, e leng: boikokobetso, bonolo, mamello le lerato. Ea bobeli, re lokela ho sebetsa ka thata ho ba le “tlamo e kopanyang ea khotso.” Ho se utloisisane ho tšoana le matlere bonngoeng ba rōna; kahoo, re lokela ho sebetsa ka thata ho rarolla liqabang e le hore re boloke khotso le bonngoe har’a rōna.

20. Re ka bontša joang hore rea utloisisa hore “Molimo oa rōna ke Jehova a le mong”?

20 “Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong.” Ruri mantsoe ana aa khothatsa! A ile a matlafatsa Baiseraele, a ba thusa hore ba mamelle maemo a boima ha ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. Le rōna a ka re matlafatsa kajeno e le hore re pholohe matšoenyeho a maholo ’me re thabele bophelo Paradeiseng. A re tsoeleng pele ho inehela ho Jehova ka ho feletseng. Re lokela ho mo rata le ho mo sebeletsa ka pelo, kelello le matla ’ohle a rōna, ’me re sebetse ka thata ho boloka khotso le bonngoe ka phuthehong. Haeba re lula re etsa lintho tsena, Jesu o tla re khetha re le linku ’me re tla bona ha mantsoe ana a hae a phethahala: “Tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le rue ’muso oo le o lokiselitsoeng ho tloha ho thehoeng ha lefatše.”—Matheu 25:34.