Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Monna ea nang le lenaka la enke la mongoli o emela Jesu Kreste. Ke eena ea tšoaeang ba tla pholoha

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ponong ea Ezekiele, monna ea nang le lenaka la enke la mongoli le banna ba tšeletseng ba nkileng libetsa tsa ho thuhakanya ba tšoantšetsa eng?

Ba tšoantšetsa makhotla a leholimo a ileng a sebetsa nakong eo ho neng ho timetsoa Jerusalema le a tla sebetsa ha ho timetsoa lefatše lena le khopo la Satane ka Armagedone. Mona ho ntlafatsoa tsela eo re neng re utloisisa pono ena ka eona. Hobane’ng?

Pele ho 607 B.C.E., Jehova o ile a bontša Ezekiele ka pono se tla etsahala Jerusalema pele e timetsoa. Ponong eo, Ezekiele o ile a bona ho etsahala lintho tse ngata tse mpe. A ntan’o bona banna ba tšeletseng, e mong le e mong oa bona “a nkile sebetsa sa ho thuhakanya letsohong.” Ho ne ho boetse ho e-na le monna ea “apereng line,” ea nkileng “lenaka la enke la mongoli.” (Ezekiele 8:6-12; 9:2, 3) Monna enoa o ile a laeloa hore a pholletse har’a motse ’me a ‘tšoaee liphatla tsa batho ba feheloang le ba bobolang ka lebaka la lintho tsohle tse manyala tse ntseng li etsoa motseng oo.’ Ka mora moo, banna ba tšeletseng ba nang le libetsa ba ile ba laeloa hore ba bolaee bohle ba se nang letšoao motseng oo. (Ezekiele 9:4-7) Re ithuta’ng ponong ee, hona monna ea nang le lenaka la enke la mongoli ke mang?

Ezekiele o ile a bona pono ena ka selemo sa 612 B.C.E. Boprofeta bona bo ile ba qala ho phethahala lilemo tse hlano hamorao, ha Jehova a lumella lebotho la Bababylona hore le timetse Jerusalema. Ka tsela ena, Jehova o ile a sebelisa Bababylona ho otla sechaba sa hae se sa mo mameleng. (Jeremia 25:9, 15-18) Empa ho ile ha etsahala’ng ka Bajuda ba lokileng, ba neng ba sa thabele bobe bo etsoang motseng oo? Jehova o ile a ba pholosa.

Ponong eo, Ezekiele ha aa ka a tšoaea motho leha e le ofe kapa a ba le seabo ha ho timetsoa motse. Ho e-na le hoo, ke mangeloi a ileng a etella pele ho timetsoeng ha Jerusalema. Kahoo, boprofeta bona bo re fa monyetla oa ho bona se etsahalang leholimong. Jehova o ile a laela mangeloi a hae hore a timetse batho ba khopo ’me a pholose ba lokileng. *

Boprofeta bona bo tla boela bo phethahale nakong e tlang. Pele re ne re re monna ea nang le lenaka la enke la mongoli o tšoantšetsa batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng. Re ne re boetse re re batho ba tšoaeloa pholoho ha ba mamela litaba tse molemo tseo re li rutang. Empa morao tjena, ho ’nile ha totobala hore re lokela ho fetola tsela eo re hlalosang boprofeta bona ka eona. Ho Matheu 25:31-33 re ithutile hore ke Jesu feela ea ahlolang batho. O tla ba ahlola nakong ea matšoenyeho a maholo. Ka nako eo, ba ahlotsoeng e le linku ba tla pholoha, ’me ba ahlotsoeng e le lipōli ba tla timetsoa.

Joale, re ithuta’ng ponong ea Ezekiele? Re ithuta lintlha tse hlano tse latelang:

  1. Pele Jerusalema e timetsoa, Ezekiele, Jeremia le Esaia, ba ile ba lemosa batho ka se tla etsahala. Ba ne ba tšoana le balebeli. Kajeno, Jehova o sebelisa barab’abo rōna ba batlotsuoa ba seng bakae ho ruta batho le ho ba lemosa pele matšoenyeho a maholo a qala. Ha e le hantle, bahlanka bohle ba Molimo, e leng balateli ba Kreste, ba kopanela mosebetsing oona oa bohlokoa.—Matheu 24:45-47.

  2. Ezekiele ha aa ka a tšoaea batho ba tla pholoha. Le batho ba Molimo kajeno ha ba tšoaee batho ba tla pholoha. Ba bolella batho litaba tse molemo ’me ba ba lemosa ka se tla etsahala. Mangeloi a kenya letsoho mosebetsing ona oa boboleli o etsoang lefatše ka bophara.—Tšenolo 14:6.

  3. Batho ba ileng ba pholoha mehleng ea Ezekiele, ba ne ba sa behoa letšoao la sebele liphatleng. Le kajeno ba tla pholoha ha baa na letšoao la sebele liphatleng. Batho ba lokela ho etsa’ng e le hore ba pholohe matšoenyeho a maholo? Ba lokela ho ithuta ho etsisa Kreste, ba inehele ho Molimo, ’me ba tšehetse barab’abo Kreste ka ho bolela litaba tse molemo. (Matheu 25:35-40) Ba tla tšoauoa nakong ea matšoenyeho a maholo, ka mantsoe a mang ba tla pholoha.

  4. Monna ea nang le lenaka la enke o tšoantšetsa Jesu. Nakong ea matšoenyeho a maholo, Jesu o tla tšoaea bongata boholo ’me a bo ahlole e le linku. Bo tla ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng.—Matheu 25:34, 46. *

  5. Kajeno banna ba tšeletseng ba nkileng libetsa tsa ho thuhakanya ba emela mabotho a leholimo a eteletsoeng pele ke Jesu. Ba tla silakanya lichaba ’me ba felise bokhopo bohle.—Ezekiele 10:2, 6, 7; Tšenolo 19:11-21.

Seo re ithutang sona ponong ena se re kholisa hore ha Jehova a timetsa batho ba khopo, o pholosa ba lokileng. (2 Petrose 2:9; 3:9) Re boetse re ithutile hore mosebetsi oa boboleli ke oa bohlokoa haholo mehleng ena. Motho e mong le e mong o lokela ho lemosoa pele bofelo bo fihla!—Matheu 24:14.

^ ser. 6 Batho ba ileng ba pholoha ba kang Baruke (mongoli oa Jeremia), Ebede-meleke oa Moethiopia le Barekabe, ba ne ba se na letšoao liphatleng tsa bona. (Jeremia 35:1-19; 39:15-18; 45:1-5) Letšoao leo le ne le bontša feela hore ba tla pholoha.

^ ser. 12 Batlotsuoa ba tšepahalang ha ba hloke letšoao lena. Ho e-na le hoo, ba fuoa tiiso ea ho qetela pele ba shoa kapa pele matšoenyeho a maholo a qala.—Tšenolo 7:1, 3.