Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Lumella Jehova Hore a U Bōpe?

Na U Lumella Jehova Hore a U Bōpe?

“Bonang! Joaloka letsopa letsohong la sebōpi, le lōna le joalo letsohong la ka.”—JEREMIA 18:6.

LIPINA: 60, 22

1, 2. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a re Daniele ke “monna ea khahlehang haholo,” hona ke joang re ka tšepahalang joaloka Daniele?

HA Bajuda ba isoa botlamuoeng Babylona, ba ile ba fumana hore batho ba moo ba rapela melimo ea litšoantšo le bademona. Leha ho le joalo, Bajuda ba tšepahalang ba kang Daniele le metsoalle ea hae e meraro ba ile ba hana ho bōptjoa ke Bababylona. (Daniele 1:6, 8, 12; 3:16-18) Daniele le metsoalle ea hae ba ile ba lumella Jehova hore a ba bōpe ’me ba tsoela pele ho rapela eena feela. Le hoja Daniele a phetse har’a batho ba khopo hoo e ka bang bophelo bohle ba hae, lengeloi la Molimo le ile la re ke “monna ea khahlehang haholo.”—Daniele 10:11, 19.

2 Mehleng ea Bibele, sebōpi se ne se ka ’na sa qobella letsopa le thata hore le bōpehe ka tsela e itseng. Kajeno, Bakreste ba ’nete baa tseba hore Jehova ke eena ’Musi oa bokahohle ’me o na le matla a ho bōpa lichaba tsohle. (Bala Jeremia 18:6.) Molimo o boetse o na le matla a ho bōpa e mong le e mong oa rōna. Leha ho le joalo, Jehova ha a qobelle mang kapa mang hore a fetohe. Ho e-na le hoo, o batla hore re ithaopele ho bōptjoa ke eena. Sehloohong sena re tlil’o ithuta hore na ke joang re ka lulang re tšoana le letsopa le bonolo matsohong a Molimo. Re tl’o araba lipotso tsena tse tharo: (1) Ke joang re ka qobang mekhoa e ka etsang hore re hane likeletso tsa Molimo ’me re tšoane le letsopa le thata? (2) Ke joang re ka hlaolelang litšobotsi tse tla re thusa ho lula re tšepahala le hore re tšoane le letsopa le bonolo? (3) Batsoali ba Bakreste ba ka sebetsa le Molimo joang ha ba bōpa bana ba bona?

QOBA MEKHOA E KA THATAFATSANG PELO EA HAO

3. Ke mekhoa efe e ka re thatafatsang lipelo? Fana ka mohlala.

3 Liproverbia 4:23 e re: “Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao, kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.” E le hore lipelo tsa rōna li se ke tsa thatafala, re lokela ho qoba mekhoa e mebe joaloka boikhohomoso, ho itloaetsa ho etsa sebe le ho haelloa ke tumelo. Haeba re se hlokolosi, lintho tsena li ka etsa hore re se ke ra mamela. (Daniele 5:1, 20; Baheberu 3:13, 18, 19) Sena ke se ileng sa etsahalla Morena Uzia oa Juda. (Bala 2 Likronike 26:3-5, 16-21.) Qalong, Uzia o ne a mamela a bile a e-na le kamano e ntle le Molimo, eaba Molimo o mo fa matla. Empa “hang ha a le matla, pelo ea hae ea ikhohomosa.” O ile a ikhohomosa haholo hoo a ileng a leka ho chesa libano ka tempeleng le hoja a ne a tseba hore oo ke mosebetsi oa baprista feela. Ha baprista ba mo bolella hore o fositse, o ile a ba halefela! Jehova o ile a kokobetsa morena eo ea ikhohomosang, ’me ea e-ba molepera bophelo bohle ba hae.—Liproverbia 16:18.

4, 5. Ho ka etsahala’ng haeba re sa qobe boikhohomoso? Fana ka mohlala.

4 Haeba re ikhohomosa, re ka qala ho inka re phahametse batho ba bang, ’me ra hlokomoloha likeletso tse tsoang ka Bibeleng. (Liproverbia 29:1; Baroma 12:3) Sena se ile sa etsahalla moholo e mong ea bitsoang Jim. O ile a hanyetsana le baholo ba bang ka phuthehong ka taba e itseng. Jim o re, “Ke ile ka bolella barab’abo rōna hore ha ba na lerato, eaba kea tsamaea.” Hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng hamorao, Jim o ile a fallela phuthehong e ’ngoe empa ha aa ka a buelloa hore a tsoele pele e le moholo. Jim o ile a nyahama haholo. O ne a nka hore o nepile hoo a ileng a khaotsa ho sebeletsa Jehova ’me a qeta lilemo tse leshome a sa kopanele. O re o ne a ikhohomosa a bile a beha Jehova molato ka se etsahetseng. Barab’abo rōna ba ’nile ba etela Jim ka makhetlo ba leka ho mo thusa, empa a hana.

5 Jim o re, “Ke ne ke sitoa ho lebala seo ba nkentseng sona.” Mohlala oa hae o re ruta hore boikhohomoso bo ka etsa hore re rate ho ikemela. Ha seo se etsahala, ha re sa tšoana le letsopa le bonolo. (Jeremia 17:9) Na u kile ua khopisoa ke mora kapa morali oabo rōna e mong? Na u kile ua utloa bohloko ka lebaka la ho lahleheloa ke tokelo ea tšebeletso? U ile ua itšoara joang? Na u ile ua ikhohomosa, kapa u ile ua hlokomela hore ke habohlokoa ho bōpa khotso le mor’eno le ho lula u tšepahala ho Jehova?—Bala Pesaleme ea 119:165; Bakolose 3:13.

6. Ho ka etsahala’ng haeba re tloaetse ho etsa sebe?

6 Ha motho a tloaetse ho etsa sebe le ho se pata, a ka ’na a thatafalloa ho amohela likeletso tse thehiloeng Bibeleng. Ho etsa sebe ho ka qetella e se e le ntho e sa reng letho ho eena. Mor’abo rōna e mong o ile a re, ha nako e ntse e ea letsoalo la hae le ne le se le sa mo tšetšethe. (Moeklesia 8:11) Mor’abo rōna e mong ea neng a tloaetse ho shebella livideo tsa boitšoaro bo bobe, o re o ile a itloaetsa ho nyatsa-nyatsa baholo. Seo se ile sa senya kamano ea hae le Jehova. Empa baholo ba ile ba khona ho mo thusa, ka mor’a hore ba bang ba hlokomele bothata ba hae. Ke ’nete hore kaofela ha rōna ha rea phethahala. Empa haeba re tšoaea-tšoaea ba bang liphoso ha ba re eletsa kapa re ikemela ha re entse phoso, ho e-na le ho kōpa Molimo hore a re tšoarele, lipelo tsa rōna li tla thatafala.

Baiseraele ba sa mameleng ba ile ba shoela lefeelleng ka lebaka la ho thatafala lipelo le ho hloka tumelo

7, 8. (a) Baiseraele ba ile ba bontša kotsi ea ho fokolloa ke tumelo joang? (b) Re ithuta’ng mohlaleng oa bona?

7 Baiseraele ba ile ba bona ha Jehova a etsa mehlolo e mengata ha a ne a ba pholosa Egepeta. Leha ho le joalo, lipelo tsa bona li ile tsa thatafala ha ba le mothating oa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Hobane’ng? Ba ne ba se na tumelo ho Molimo. Ho e-na le ho tšepa Jehova, ba ile ba tšoha eaba ba qala ho korotlela Moshe. Ba bile ba batla ho khutlela bokhobeng ba Egepeta! Jehova o ile a utloa bohloko haholo, ’me a re: “Sechaba see se tla ntlhompholla halelele hakae?” (Numere 14:1-4, 11; Pesaleme ea 78:40, 41) Baiseraele bao ba ile ba shoela lefeelleng ka lebaka la ho thatafala lipelo le ho hloka tumelo.

8 Kajeno, re se re le haufi haholo le lefatše le lecha ’me tumelo ea rōna e ntse e lekoa. Kahoo, re lokela ho inonya hore na tumelo ea rōna e tiile hakae. Re ka kholiseha joang hore e tiile? Re ka hlahloba mantsoe a Jesu a ho Matheu 6:33. Ipotse: ‘Na lipakane le liqeto tsa ka li bontša hore ehlile ke kholoa mantsoe ao a Jesu? Na nka sitoa ho ea libokeng kapa tšimong e le hore feela ke etse chelete e eketsehileng? Ke tla etsa’ng haeba mosebetsi o nqeta matla o bile o ntšebelisa lihora tse ngata haholo? Na ke tla itumella ho bōptjoa ke lefatše lee ’me mohlomong le be le nthibele ho sebeletsa Jehova?’

9. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re hlahloba tumelo ea rōna, hona re ka etsa seo joang?

9 Lipelo tsa rōna li ka thatafala, haeba re sa latele seo Bibele e se rutang mabapi le litloaelano tse mpe, ho khaoloa, kapa boithabiso. U lokela ho etsa’ng ha u qala ho lemoha seo? U lokela ho potlakela ho hlahloba tumelo ea hao! Bibele e re: “Le ’ne le inonye hore na le tumelong, le ’ne le leke seo le leng sona.” (2 Bakorinthe 13:5) U se ke ua ithetsa, ’me u lule u sebelisa Lentsoe la Molimo ho lokisa tsela eo u nahanang ka eona.

LULA U TŠOANA LE LETSOPA LE BONOLO

10. Ke eng e ka re thusang hore re tšoane le letsopa le bonolo ka matsohong a Jehova?

10 E le ho re thusa hore re lule re tšoana le letsopa le bonolo, Molimo o re file Lentsoe la hae, phutheho ea Bokreste le tšebeletso. Ho bala Bibele le ho thuisa ka eona kamehla, ho re thusa ho ba bonolo ka matsohong a Jehova ’me seo se mo nolofalletsa hore a re bōpe. Jehova o ile a laela marena a Iseraele hore a ingolle Molao oa hae ’me a o bale letsatsi le letsatsi. (Deuteronoma 17:18, 19) Baapostola ba ne ba tseba hore ho bala Mangolo le ho thuisa ka ’ona ke habohlokoa tšebeletsong ea bona. Ba ile ba qotsa likarolo tse ngata tsa Mangolo a Seheberu ha ba ngola libuka tsa Bibele, ’me ba khothalletsa le batho bao ba ba pakelang hore ba bale Mangolo. (Liketso 17:11) Le rōna rea tseba hore ke habohlokoa ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi le ho thuisa ka lona. (1 Timothea 4:15) Sena se re thusa hore re lule re ikokobelitse, e le hore ho tle ho be bonolo hore Jehova a re bōpe.

Mamela likeletso tsa Molimo, e le hore u lule u tšoana le letsopa le bonolo (Sheba lirapa tsa 10-13)

11, 12. Jehova a ka sebelisa phutheho ea Bokreste joang hore e re bōpe kaofela ha rōna? Fana ka mohlala.

11 Jehova oa tseba hore na e mong le e mong oa rōna o hloka’ng, ’me o sebelisa phutheho ea Bokreste ho re bōpa. Jim, eo ho builoeng ka eena pejana o ile a qala ho fetoha ha moholo e mong a bontša hore oa mo thahasella. Jim o re: “Ha ho mohla a ileng a ntšoaea phoso kapa a ’nyatsa. Empa o ile a lula a nkhothatsa ’me a bontša hore o ikemiselitse ho nthusa.” Ka mor’a likhoeli tse ka bang tharo, moholo eo o ile a memela Jim libokeng. Jim o re phutheho e ile ea mo amohela ka mofuthu ’me lerato leo a ileng a le bontšoa le ile la mo thusa ho fetola tsela eo a nahanang ka eona. O ile a qala ho hlokomela hore tsela eo a ikutloang ka eona ha ea lokela ho ba ntho e ka sehloohong. Baholo le mosali oa hae ba ile ba mo khothatsa, ’me butle-butle o ile a qala ho sebeletsa Jehova hape. Jim o ile a boela a rua molemo ka ho bala lihlooho tse Molula-Qhooeng oa November 15, 1992, se reng “Jehova a ke ke a Behoa Molato” le se reng “Sebeletsa Jehova ka Botšepehi.”

12 Ha nako e ntse e ea, Jim o ile a boela a sebeletsa e le moholo. Ho tloha ka nako eo, o ’nile a thusa barab’abo rōna ba bang ba neng ba e-na le mathata a tšoanang le a hae le ho matlafatsa tumelo ea bona. O re o ne a nahana hore o na le kamano e ntle le Jehova, empa ha e le hantle ho ne ho se joalo! Oa ikoahlaea hore ebe o ile a lumella boikhohomoso hore bo mo susumetse ho lula a nahana ka liphoso tsa batho ba bang ho e-na le ho nahana ka lintho tsa bohlokoa.—1 Bakorinthe 10:12.

Batho ba thabela molaetsa oa rōna ha re etsisa Kreste, ’me ba ka ’na ba fetola le tsela eo ba itšoarang ka eona

13. Tšebeletso ea tšimo e ka re thusa ho hlaolela litšobotsi life, hona li ka re tsoela molemo joang?

13 Tšebeletso ea tšimo le eona e ka re bōpa ’me ea re thusa ho ba batho ba molemo. Joang? Ha re bolela litaba tse molemo re lokela ho bonahatsa boikokobetso le litšobotsi tsa tholoana ea moea oa Molimo. (Bagalata 5:22, 23) Nahana ka litšobotsi tse ntle tseo u ithutileng tsona ha u le tšebeletsong ea tšimo. Batho ba thabela molaetsa oa rōna ha re etsisa Kreste, ’me ba ka ’na ba fetola le tsela eo ba itšoarang ka eona. Ka mohlala, Lipaki tse peli tsa Australia li ile tsa leka ho buisana le ’mè e mong ha hae, empa a li halefela ’me a li buisa hampe. Leha ho le joalo, Lipaki tseo li ile tsa mo mamela ka hloko. Hamorao, ’mè eo o ile a ikoahlaea ’me a ngolla ofisi ea lekala. A kōpa tšoarelo ka se etsahetseng. O ile a re, “Ke ile ka ba booatla ka ho leka ho thiba batho ba buang ka Lentsoe la Molimo le ho ba leleka ka tsela eo.” Mohlaleng ona re ithuta bohlokoa ba ho khoba matšoafo ha re le tšimong. Ke ’nete hore tšebeletso ea tšimo e thusa batho ba bang, empa e boetse e re thusa ho ntlafatsa botho ba rōna.

SEBETSANG LE MOLIMO HA LE BŌPA BANA BA LŌNA

14. Batsoali ba lokela ho etsa’ng haeba ba batla ho atleha ho bōpa bana ba bona?

14 Bana ba bangata ba banyenyane ba ikokobelitse ba bile ba rata ho ithuta. (Matheu 18:1-4) Kahoo, ke hantle hore batsoali ba rute bana ba bona ba sa le banyenyane ho rata Lentsoe la Molimo. (2 Timothea:14, 15) E le hore batsoali ba atlehe, ba lokela ho rata Lentsoe la Molimo ka bobona le ho tataisoa ke lona bophelong. Ha batsoali ba etsa sena, ho ba bonolo hore bana le bona ba le rate. Hape, bana ba tla utloisisa hore ha ba khalemeloa, seo se bontša hore batsoali ba bona le Jehova baa ba rata.

15, 16. Batsoali ba lokela ho etsa’ng ha ngoan’a bona a khaoloa?

15 Esita leha batsoali ba rutile bana ba bona hantle, ba bang ba khaotsa ho sebeletsa Jehova kapa baa khaoloa. Lelapa lohle le utloa bohloko ha seo se etsahala. Morali’abo rōna e mong oa Afrika Boroa o ile a re: “Ha abuti oa ka a khaoloa, e ne eka o hlokahetse. Ke ile ka utloa bohloko haholo!” Empa eena le batsoali ba hae ba ile ba etsa’ng? Ba ile ba mamela melao-motheo ea Bibele. (Bala 1 Bakorinthe 5:11, 13.) Batsoali ba ne ba tseba hore ho mamela keletso ea Bibele ho tla ruisa lelapa lohle molemo. Hape, ba ile ba hlokomela hore ho khaoloa ke tsela e lerato eo Jehova a re khalemelang ka eona. Kahoo, ba ne ba buisana le mora oa bona ha ho e-na le mabaka a lelapa a mo amang feela.

16 Mora eo o ile a ikutloa joang? Hamorao o ile a re, “Ke ne ke tseba hore ba lelapa leso ha baa ntlhoea, empa ba mamela Jehova le mokhatlo oa hae.” A phaella ka ho re, “Ha u se u tlameha ho kōpa Jehova hore a u thuse a be a u tšoarele, seo se etsa hore u hlokomele hore ruri ua mo hloka.” U se u ka inahanela hore na batsoali bao ba ile ba thaba hakaakang ha mor’a bona a khutlela ho Jehova! Ka sebele, re tla thaba re be re atlehe haeba kamehla re mamela Molimo.—Liproverbia 3:5, 6; 28:26.

Ha re ikokobelitse ’me kamehla re mamela Jehova, re ba ba bohlokoa ho eena

17. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela Jehova kamehla, hona seo se tla re tsoela molemo joang?

17 Moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele hore Bajuda ba Babylona ba tla baka ’me ba re: “Jehova, u Ntat’a rōna. Re letsopa, ’me u Sebōpi sa rōna; kaofela ha rōna re mosebetsi oa letsoho la hao.” Ba ne ba tla boela ba kōpe Jehova ba re: “U se ke ua hopola liphoso tsa rōna ka ho sa feleng. Joale, ka kōpo, bona: kaofela re sechaba sa hao.” (Esaia 64:8, 9) Ha re lula re ikokobelitse re bile re mamela Jehova, o re nka re le ba bohlokoa joaloka Daniele. Jehova o tla tsoela pele ho re bōpa a sebelisa Lentsoe la hae, moea o halalelang le mokhatlo oa hae, e le hore nakong e tlang re ka phethahala ’me ra bitsoa “bana ba Molimo.”—Baroma 8:21.