SEHLOOHO SE ITHUTOANG 25
Itšetlehe ka Jehova ha U E-na le Matšoenyeho
“Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame.”—LIPROV. 12:25.
PINA EA 30 Jehova ke Molimo, Ntate le Motsoalle oa ka
SELELEKELA *
1. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela keletso ea Jesu?
HA JESU a bua ka matsatsi a ho qetela o ile a re: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lona li se ke tsa imeloa ke . . . matšoenyeho a bophelo.” (Luka 21:34) Re lokela ho mamela keletso eo. Hobane’ng? Lebaka ke hobane mehleng ena re thulana le mathata a sa tšoaneng a etsang hore re lule re tšoenyehile.
2. Bara le barali babo rona ba thulana le mathata afe?
2 Ka linako tse ling, re thulana le mathata a mangata ka nako e le ’ngoe. Nahana ka mehlala e latelang. Mor’abo rona e mong ea bitsoang John, * ea nang le bothata ba ho satalla ha mesifa o ile a utloa bohloko haholo ha mosali oa hae eo a phetseng le eena ka lilemo tse 19 a arohana le eena. Ka mor’a moo, barali ba hae ba babeli ba ile ba khaotsa ho sebeletsa Jehova. Banyalani ba bang e leng ntate Bob le ’mè Linda ba ile ba thulana le mathata a fapaneng le a mor’abo rona John. Bobeli ba bona ba ile ba felloa ke mosebetsi ’me ha baa ka hlola ba khona ho lefella ntlo ea bona. Ha ba ntse ba aparetsoe ke koluoa eo, ngaka e ile ea bolella ’mè Linda hore o na le lefu la pelo le ka ’nang la mo bolaea le hore o boetse o na le lefu le leng le ntseng le thefula matla a ’mele oa hae a ho loantša mafu.
3. Re ka kholiseha ka’ng ho ea ka Bafilipi 4:6, 7?
3 Re ka kholiseha hore ’Mopi oa rona ea lerato Jehova o utloisisa hantle hore na re ikutloa joang ha re tšoenyehile. Ebile o batla ho re thusa hore re khone ho hlola mathata ao re kopanang le ’ona. (Bala Bafilipi 4:6, 7.) Lentsoe la hae Bibele le na le mehlala e mengata ea bahlanka ba hae ba ileng ba khona ho mamella mathata ao ba ileng ba kopana le ’ona. Le boetse le re bolella hore na Jehova o ile a ba thusa joang hore ba mamelle maemo ao a tšoenyang. A re ke re nahaneng ka mehlala e seng mekae.
ELIA—“MOTHO EA NANG LE MAIKUTLO A JOALOKA A RONA”
4. Elia o ile a thulana le mathata afe, hona o ne a ikutloa joang ka Jehova?
4 Elia o sebelelitse Jehova linakong tse thata haholo ’me o ile a thulana le mathata a mangata. Morena Akabe, e leng e mong oa marena a Iseraele a neng a sa tšepahale o ile a nyala Jezebele, mosali ea khopo ea neng a rapela Baale. Ka bobeli ba ile ba khothaletsa batho hore ba rapele Baale ’me ba bolaea baprofeta ba bangata ba Jehova. Elia o ile a khona ho ba baleha. Kaha o ne a itšetlehile ka Jehova, o ile a khona ho mamella tlala ea sekoboto. (1 Mar. 17:2-4, 14-16) Hape, Elia o ile a tšepa Jehova nakong eo a neng a eme khahlanong le baprofeta ba bohata ba Baale. O ile a khothaletsa Baiseraele hore ba sebeletse Jehova. (1 Mar. 18:21-24, 36-38) Elia o ne a e-na le mabaka a utloahalang a hore Jehova o na le eena linakong tseo tse thata le tse tšoenyang.
5-6. Ho ea ka 1 Marena 19:1-4, Elia o ne a ikutloa joang, hona Jehova o ile a bontša joang hore oa mo rata?
5 Bala 1 Marena 19:1-4. Elia o ile a tšoha haholo ha Mofumahali Jezebele a mo tšosa ka hore o tl’o mo bolaea. Kahoo, o ile a balehela Beerseba. O ne a nyahame hoo a ileng a “kopa hore moea oa hae o shoe.” Ke hobane’ng ha a ne a ikutloa ka tsela ee? Elia o ne a sa phethahala e le “motho ea nang le maikutlo a joaloka a rona.” (Jak. 5:17) Mohlomong o ne a e-na le khatello ea maikutlo hape a e-na le mokhathala o matla. Ho bonahala eka Elia o ne a nka hore boiteko bohle ba hae ba ho thusa Baiseraele hore ba sebeletse Jehova e ne e le ba lefeela kaha ba ne ba sa batle ho etsa liphetoho ’me e le eena feela ea neng a sebeletsa Jehova. (1 Mar. 18:3, 4, 13; 19:10, 14) Re ka ’na ra makatsoa ke hore na ke hobane’ng ha Elia a ne a ikutloa ka tsela ena. Empa Jehova eena o ne a utloisisa maikutlo a Elia hantle.
6 Jehova ha aa ka a halefela Elia ha a ntša maikutlo a hae. Ho e-na le hoo, o ile a mo thusa hore a be matla. (1 Mar. 19:5-7) Hamorao, Jehova o ile a thusa Elia hore a nahane ka tsela e nepahetseng ka hore a mo bontše matla a hae a maholo. Ka mor’a moo, Jehova o ile a bolella Elia hore o ntse a e-na le bahlanka ba hae ba ka bang 7 000 ba sa rapeleng Baale. (1 Mar. 19:11-18) Ka ho bolella Elia lintho tsena, Jehova o ile a bontša mohlanka eo oa hae hore o ntse a mo rata.
JEHOVA O TLA RE THUSA JOANG?
7. Tsela eo Jehova a ileng a thusa Elia ka eona e re khothatsa joang?
7 Na u na le mathata a u tšoenyang? Hoa khothatsa ho tseba hore Jehova o ne a utloisisa hore na Elia o ikutloa joang! Taba ena e etsa hore re bone hore oa utloisisa hore na le rona re ikutloa joang. O tseba moo matla a rona a fellang teng le hore na re ikutloa joang. (Pes. 103:14; 139:3, 4) Haeba re itšetleha ka Jehova joaloka Elia, o tla re thusa hore re hlole mathata ao a re tšoenyang.—Pes. 55:22.
8. Jehova a ka u thusa joang ha u tšoenyehile?
8 Ho tšoenyeha ho ka etsa hore u nke hore mathata a hao a ke ke a ea moriting, ebe oa nyahama. Haeba seo se etsahala, u hopole hore Jehova ke eena ea ka u thusang. A ka u thusa joang? O u khothaletsa hore u mo bolelle lintho tse u tšoenyang le hore na u ikutloa joang. Hape, o tla u araba ha u kopa thuso. (Pes. 5:3; 1 Pet. 5:7) Kahoo, bolella Jehova mathata a hao kamehla. A ke ke a u araba ka ho toba joalokaha a ile a araba Elia, empa o tla bua le uena a sebelisa Lentsoe la hae Bibele le mokhatlo oa hae. Litlaleho tseo u li balang ka Bibeleng li ka u khothatsa tsa ba tsa etsa hore u be le tšepo. Ntle ho moo, bara le barali beno le bona ba ka u khothatsa.—Bar. 15:4; Baheb. 10:24, 25.
9. Motsoalle oa sebele a ka u thusa joang?
9 Jehova o ile a re Elia a fe Elisha e meng ea mesebetsi ea hae, ka ho etsa joalo, o ile a fa Elia motsoalle oa sebele ea neng a tla mo thusa nakong eo a nyahameng. Ka tsela e tšoanang, haeba re bolella motsoalle eo re mo tšepang lintho tse re tšoenyang, a ka re thusa ho mamella. (2 Mar. 2:2; Liprov. 17:17) Haeba u bona eka ha u na motsoalle eo u ka buang le eena, rapela Jehova hore a u thuse ho fumana Mokreste ea matla tumelong ea ka u khothatsang.
10. Mohlala oa Elia o re khothatsa joang, hona tšepiso ea Jehova e ho Esaia 40:28, 29 e ka re thusa joang?
10 Jehova o ile a thusa Elia hore a mamelle lintho tse mo tšoenyang le hore a mo sebeletse ka botšepehi ka lilemo tse ngata. Mohlala oa Elia o etsa hore re be le tšepo. Ka linako tse ling, re ka ’na ra imeloa ke mathata hoo re ka ikutloang re khathetse ’meleng le kelellong. Leha ho le joalo, haeba re itšetleha ka Jehova o tla re Esaia 40:28, 29.
fa matla a tla re thusa ho tsoela pele re mo sebeletsa.—BalaANNA, DAVIDA LE MOPESALEME BA ILE BA ITŠETLEHA KA JEHOVA
11-13. Ho tšoenyeha ho ile ha ama bahlanka ba bang ba bararo ba Molimo joang?
11 Ho na le mehlala e meng ka Bibeleng ea batho ba ileng ba tobana le mathata a ba tšoenyang. Mohlala, Anna o ile a mamella sekhobo sa ho se be le bana le hore ebe mohalitsong oa hae o ne a mo hobosa. (1 Sam. 1:2, 6) Anna o ile a tšoenyeha haholo hoo a ileng a lla a ba a lahleheloa ke takatso ea lijo.—1 Sam. 1:7, 10.
12 Ka nako e ’ngoe, mathata a ne a hloele Morena Davida setha. O ne a e-na le lintho tse ngata tse mo tšoenyang. O ne a ikutloa a le molato ka lebaka la libe tse ngata tseo a li entseng. (Pes. 40:12) Mora oa hae eo a neng a mo rata o ile a mo tsohela matla, ’me qetellong mora eo o ile a hlokahala. (2 Sam. 15:13, 14; 18:33) Hape, e mong oa metsoalle ea hae ea hlooho ea khomo o ile a mo tsoa tlaase. (2 Sam. 16:23–17:2; Pes. 55:12-14) Lipesaleme tse ngata tseo Davida a ileng a li ngola li bontša kamoo a neng a utloile bohloko kateng le hore o ne a tšepile Jehova ka ho feletseng.—Pes. 38:5-10; 94:17-19.
13 Neng-neng, mopesaleme e mong o ile a qala ho khalla bophelo ba batho ba khopo. E ka ’na eaba o ne a e-tsoa lelokong la Asafe ’me o ne a sebeletsa “ka sehalalelong se seholo sa Molimo.” Mopesaleme enoa o ne a hatelehile haholo maikutlong, e leng ntho e neng e etsa hore a lule a sa thaba a bile a sa khotsofala. O ile a ba a qetella a se a belaella litlhohonolofatso tseo a li fumanang ka ho sebeletsa Molimo.—Pes. 73:2-5, 7, 12-14, 16, 17, 21.
14-15. Re ithuta’ng mehlaleng ea bahlanka ba bararo ba Jehova ba ka Bibeleng?
1 Sam. 1:9, 10; Pes. 55:22; 73:17; 122:1.
14 Bahlanka bana ba bararo ba Jehova bao re sa tsoa bua ka bona ba ile ba itšetleha ka Jehova. Ba ile ba bolella Jehova lintho tse ba tšoenyang. Ba ile ba mo bolella ka bolokohi hore na ke lintho life tse ba tšoenyang. Hape ha baa ka ba khaotsa ho ea moo Jehova a rapeloang teng.—15 Jehova o ile a ba utloela bohloko kaofela ’me a ba araba. Anna o ile a imoloha. (1 Sam. 1:18) Davida o ile a re: “Litlokotsi tsa ea lokileng li ngata, empa Jehova o mo lopolla ho tsona kaofela.” (Pes. 34:19) Hamorao mopesaleme o ile a utloa eka Jehova o “tšoere letsoho la [hae] le letona,” ’me o mo tataisa ka lerato. O ile a bina a re: “Ha e le ’na, ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na. Ke behile setšabelo sa ka ho ’Musi Morena Jehova.” (Pes. 73:23, 24, 28) Re ithuta’ng mehlaleng ea bahlanka baa ba Jehova? Hore ka linako tse ling re tla thulana le mathata a boima a tla etsa hore re tšoenyehe. Empa re tla khona ho a mamella haeba re thuisa kamoo Jehova a ’nileng a thusa bahlanka ba hae kateng, re mo rapela ka tieo, re bile re mo hlompha ka ho etsa lintho tseo a reng re li etse.—Pes. 143:1, 4-8.
ITŠETLEHE KA JEHOVA ’ME U TLA ATLEHA
16-17. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho itšehla thajana? (b) Re ka thusoa ke’ng hore re boele re be matla?
16 Bahlanka bana ba bararo ba boetse ba re ruta ntho e ’ngoe ea bohlokoa, ea hore ha rea lokela ho tsamaella hole le Jehova le batho ba hae. (Liprov. 18:1) ’Mè Nancy, ea ileng a tšoenyeha haholo ha monna oa hae a mo siea, o re: “Ho ne ho e-na le matsatsi ao ke neng ke sa batle ho bua kapa ho kopana le mang kapa mang. Empa taba ea hore ke ne ke itšehla thajana e ne e etsa hore ke tetebele le ho feta.” Lintho li ile tsa fetoha ha ’Mè Nancy a batla litsela tsa ho thusa batho ba bang ba neng ba tobane le mathata a tšoanang le a hae. O re: “Ke ile ka ba mamela ka hloko ha ba ntse ba hlalosa mathata a bona. Ke ile ka hlokomela hore ha ke iphathahanya ka mathata a bona, ntho eo e etsa hore ke se ke ka lula ke ngongorehile ka a ka.”
17 Ho ea libokeng ho ka re matlafatsa. Ha re le libokeng, re fa Jehova menyetla e eketsehileng ea hore a re thuse a be a re tšelise. (Pes. 86:17) O re matlafatsa a sebelisa moea oa hae o halalelang, Bibele le bahlanka ba hae. Ha re le libokeng re thabela “ho khothatsana” le bara le barali babo rona. (Bar. 1:11, 12) Morali’abo rona Sophia o re: “Jehova le bara le barali beso ba ile ba nthusa ho mamella. Liboka e ne e le tsa bohlokoa haholo ho ’na. Ke ile ka hlokomela hore ho ikakhela ka setotsoana tšimong le mesebetsing ea phutheho, ho nthusa hore ke se ke ka tšoenyeha le ho ngongoreha haholo.”
18. Jehova o re thusa joang ha re tšoenyehile?
18 Haeba re utloa re tšoenyehile, re lokela ho lula re hopola hore Jehova o ikemiselitse ho re thusa esita le hona joale. O re thusa hore re be le matla a ho mamella lintho tse re tšoenyang le tse etsang hore re ikutloe re se na thuso.—Bafil. 2:13.
19. Baroma 8:37-39 e re tiisetsa eng?
19 Bala Baroma 8:37-39. Moapostola Pauluse oa re tiisetsa hore ha ho letho le ka re arohanyang le lerato la Molimo. Re ka thusa bara le barali babo rona ba tšoenyehileng joang? Sehloohong se latelang re tl’o bona kamoo re ka etsisang Jehova kateng ka ho ba utloela bohloko le ho ba tšehetsa.
PINA EA 44 Thapelo ea Motho ea Nyahameng
^ ser. 5 Ho imeloa kelellong kapa ho ba le khatello ea maikutlo ka nako e telele ho ka re ama hampe ’meleng le maikutlong. Ebe Jehova a ka re thusa joang? Sehloohong sena, re tl’o bona hore na Jehova o ile a thusa Elia joang ha a ne a tšoenyehile. Re tla boela re hlahlobe mehlala e meng e ka Bibeleng e tla re thusa ho bona hore na re ka etsa’ng ho kopa thuso ho Jehova ha re tšoenyehile.
^ ser. 2 Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.