Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Pale Ea Bophelo

Ke Nahana ka Jehova Pele ha ke Etsa Liqeto Bophelong ba Ka

Ke Nahana ka Jehova Pele ha ke Etsa Liqeto Bophelong ba Ka

HOSENG ho hong ka 1984, ke ne ke tloha hae moo ho neng ho phela batho ba hlahelletseng ka mahetla motseng oa Caracas o Venezuela. Ha ke le tseleng, ke ne ke ntse ke nahana ka sehlooho se seng se neng se le Molula-Qhooeng o neng o sa tsoa lokolloa. Se ile sa etsa hore ke ipotse hore na baahisane ba rona ba re nka joang. Ha ke sheba matlo a haufi, ke ile ka ipotsa: ‘Na baahisane ba ka ba mpona ke le motho ea atlehileng ea sebetsang bankeng? Kapa na ba mpona ke le mohlanka oa Molimo ea hlokometseng lelapa la hae ka ho sebetsa bankeng?’ Ke ne ke sa thabisoa ke taba ea hore baahisane ba ka ba nkuka feela ke le motho ea sebetsang bankeng, kahoo ke ile ka leka ho etsa liphetoho.

Ke hlahile ka la 19 May 1940, toropong ea Amioûn e Lebanon. Lilemo tse seng kae hamorao, lelapa le so le ile la fallela toropong ea Tripoli, moo ke ileng ka holisoa ke batsoali ba thabileng, ba ratang Jehova le ho mo sebeletsa. Lapeng re bana ba bahlano ’me ke oa ho fela. Ke banana ba bararo le bashanyana ba babeli. Batsoali ba ka ba ne ba sa nke chelete e le bohlokoa hakaalo. Ho lelapa le so, lintho tsa bohlokoa e ne e le ho ithuta Bibele, ho ea libokeng tsa Bokreste le ho thusa batho ba bang ho tseba Molimo.

Phutheho ea rona e ne e e-na le batlotsuoa ba ’maloa. E mong oa bona ke Mor’abo rona Michel Aboud, ea neng a re tšoarela thuto ea buka. O ile a ithuta Bibele ha a le New York eaba o qala ho bolela molaetsa oa ’Muso Lebanon ka 1921. Ke hopola kamoo a neng a thusa a bile a hlompha barali ba bo rona ba babeli ba neng ba tsoa Sekolong sa Gileade e leng Anne le Gwen Beavor. E ile ea e-ba metsoalle ea rona e haufi-ufi. Lilemo tse ngata hamorao, ke ile ka thaba haholo ha ke kopana le Anne Amerika. Nakoana ka mor’a moo ke ile ka boela ka kopana le Gwen, ea neng a se a nyetsoe ke Wilfred Gooch ’me ba ne ba sebetsa Bethele e London, Brithani.

RE BOLELA MOLAETSA OA BIBELE LEBANON

Ha ke ntse ke le ngoana, ho ne ho e-na le Lipaki tse fokolang ka palo Lebanon. Empa re ne re ruta batho Bibele ka mafolo-folo. Re ile ra etsa joalo ho sa tsotellehe ho hanyetsoa ke ba bang ba baeta-pele ba bolumeli. Ho na le lintho tse ling tseo ke sa li lebaleng tse ileng tsa re etsahalla.

Ka letsatsi le leng, ’na le ausi oa ka Sana, re ne re ntse re bolela molaetsa oa Bibele mohahong o mong o mekato e mengata. Moruti o ile a tla mokatong oo re neng re le ho oona. E ka ’na eaba motho e mong o ile a mo bitsa. Moruti eo o ile a qalella ho rohaka ausi oa ka. O ile a re loantša eaba o sutumetsa ausi oa ka litepising ’me a mo lematsa. Motho e mong o ile a letsetsa mapolesa a ileng a tla eaba ka mosa a etsa bonnete ba hore ausi oa ka oa thusoa. Mapolesa ao a ile a nka moruti eo eaba a mo isa sepoleseng moo a ileng a fumana hore o na le sethunya. Mookameli oa sepolesa o ile a mo botsa a re: “Na u moeta-pele oa bolumeli kapa u ralintoa?”

Ketsahalo e ’ngoe eo ke e hopolang hantle ke ea ha phutheho ea rona e ne e hirile bese re il’o bolela molaetsa oa Bibele motseng o mong o hole haholo le toropo. Re ne re natefetsoe haholo ho fihlela ha moruti a utloela ka mosebetsi oo re ntseng re o etsa eaba o romella batho hore ba re hlasele. Ba ile ba re rohaka, ba re betsa ka majoe ’me ntate oa ka o ile a lemala. Ke hopola ke bona sefahleho sa hae se tletse mali. ’Mè oa ka o ile a mo thusa hore a khutlele beseng eaba le rona re ba sala morao re tšoenyehile. Nke ke ka lebala hore nakong eo ’mè a ntseng a phumola ntate mali o ile a re: “Jehova, u ba tšoarele. Ha ba tsebe seo ba se etsang.”

Ketsahalong e ’ngoe re ile ra chakela ba leloko Lebanon. Ha re le moo, re ile ra kopana le mobishopo ea hlahelletseng a le ha ntate-moholo oa ka. Mobishopo eo o ne a tseba hore batsoali ba ka ke Lipaki Tsa Jehova. Le hoja ke ne ke le lilemo li tšeletseng, o ile a leka ho ntlotlolla ka hore a mpotse a re: “Ke hobane’ng ha u e-s’o kolobetsoe?” Ke ile ka mo araba ka hore ke ne ke ntse ke le ngoana ’me e le hore ke kolobetsoe, ke ne ke lokela hore ke ithute Bibele haholoanyane le ho lumela ho eona. Kaha ha aa ka a rata karabo eo ke ileng ka mo fa eona, o ile a re ho ntate-moholo oa ka ke ngoana ea tsoileng tseleng.

Leha ho le joalo, liketsahalo tsena tse mpe e ne e se hangata li etsahalang. Bongata ba batho ba Lebanon ke batho ba amohelang baeti le ba botsoalle. Kahoo, re ile ra khona ho bua le batho ba bangata ka molaetsa oa Bibele le ho ithuta Bibele le ba bang ba bangata.

RE FALLELA NAHENG E ’NGOE

Ha ke ntse ke kena sekolo, mor’abo rona e mocha lilemong o ile a etela Lebanon a tsoa Venezuela. O ne a tla libokeng tsa rona eaba o ratana le ausi oa ka Wafa. Ka mor’a nako ba ile ba nyalana eaba ba il’o lula Venezuela. Mangolong a hae, Wafa o ne a khothalletsa ntate oa ka hore a fallele Venezuela le rona kaofela. O ne a etsa joalo hobane a re hlolohetsoe haholo. Qetellong re ile ra mo mamela eaba rea falla.

Re ile ra fallela Venezuela ka 1953 eaba re lula Caracas haufi le ha mopresidente. Kaha ke ne ke ntse ke le ngoana, ke ne ke thabisoa ke hore ka linako tse ling ke ne ke bona ha mopresidente a feta ka koloi ea hae e mabai-bai. Empa ho ne ho se bonolo hore batsoali ba ka ba tloaele ho phela naheng e ncha, ba ithute puo, setso le boemo ba leholimo ba moo. Ha e le hantle, ha ba sa tsoa qala ho tloaela, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e bohloko.

Ho tloha ka lehlakoreng le tšehali ho ea ka ho le letona: Ntate oa ka. ’Mè oa ka. Ke ’na ka 1953 ha re fallela Venezuela

HO ETSAHALA NTHO E BOHLOKO

Ntate oa ka o ile a kula. Ntho ena e ile ea re makatsa hobane e ne e le motho ea matla le ea phetseng hantle. Ha re hopole e kile ea e-ba motho ea kulang ho hang. Empa ho ile ha thoe o na le kankere eaba o isoa oporeisheneng. Ka bomali-mabe o ile a hlokahala beke hamorao.

Ho thata ho hlalosa hore na re ne re utloile bohloko hakae. Ke ne ke le lilemo li 13 feela. Re ne re sa lebella hore ntate o tla hlokahala ’me re ile ra utloa eka re ke ke ra hlotse re thaba hape. Ka nako e itseng, ’mè o ile a thatafalloa ke ho amohela hore monna oa hae o hlokahetse. Leha ho le joalo, re ile ra hlokomela hore bophelo bo lokela ho tsoela pele ’me Jehova o ile a re thusa ho mamella. Ha ke le lilemo li 16, ke ile ka qeta sekolong se phahameng Caracas ’me ke ne ke utloa ke batla ho thusa lelapa le so.

Ausi oa ka Sana le monna oa hae Rubén ba ile ba nthusa hore ke rate Jehova haholo

Ka mor’a nako, ausi oa ka Sana o ile a nyalana le Rubén Araujo, ea neng a tsoa Sekolong sa Gileade ’me a se a khutletse Venezuela. Ba ile ba etsa qeto ea ho fallela New York. Lelapa le so le ile la etsa qeto ea ho re ke ee univesithi ’me ke ne ke tla lula le ausi oa ka le monna oa hae ha ke ntse ke le sekolong. Ba ile ba nthusa hore ke rate Jehova haholo ha ke ntse ke lula le bona. Ntle ho moo, ho ne ho e-na le barab’abo rona ba bangata ba ratang Jehova ba neng ba le phuthehong ea rona ea Sepanishe e Brooklyn. Ke ile ka thabela ho tsebana le Mor’abo rona Milton Henschel le Frederick Franz bao ka bobeli ba neng ba sebetsa Bethele e Brooklyn.

Ha ke kolobetsoa ka 1957

Ha selemo sa ka sa pele ke le univesithi se le haufi le ho fela, ke ile ka qala ho ipotsa hore na ke batla ho etsa’ng ka bophelo ba ka. Ke ne ke balile le ho nahana haholo ka lihlooho tse hlahang makasineng oa Molula-Qhooa tse buang ka Bakreste ba neng ba e-na le lintho tseo ba batlang ho li finyella ka mokhatlong oa Jehova. Ke ile ka bona kamoo bo-pula-maliboho le batho ba sebetsang Bethele ba phuthehong ea rona ba neng ba thabile kateng ’me ke ne ke batla ho tšoana le bona. Leha ho le joalo, ke ne ke e-s’o kolobetsoe. Ho e-s’o ee kae, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho inehela ho Jehova. Ke ile ka etsa joalo eaba ka mor’a moo ke kolobetsoa ka la 30 March 1957.

KE ETSA LIQETO TSA BOHLOKOA

Ka mor’a hore ke kolobetsoe, ke ile ka nahana ka ho ba pula-maliboho. Ke ne ke rata ho ba pula-maliboho empa ke ile ka bona hore ho ke ke ha e-ba bonolo. Ke ne ke sa bone hore na ke tl’o khona joang ho etsa mosebetsi oa sekolo le ho etsa mosebetsi oa boboleli. ’Na le lelapa le so re ile ra ngollana mangolo a mangata ha ke ntse ke leka ho ba hlalosetsa hore ke batla ho tlohella sekolo ke khutlele Venezuela e le hore ke il’o ba pula-maliboho.

Ka June 1957, ke ile ka khutlela Caracas. Leha ho le joalo, ke ile ka hlokomela hore maemo a lelapa le so ha a matle. Ba ne ba hloka chelete e eketsehileng. Ebe ke ne ke tla etsa’ng ho ba thusa? Ke ile ka fumana mosebetsi bankeng le hoja ke ne ke batla ho ba pula-maliboho. Ha e le hantle, lebaka la ka la ho khutla e ne e le hore ke be pula-maliboho. Ke ne ke ikemiselitse ho li etsa li le peli. Ka lilemo tse ’maloa ke ne ke sebetsa bankeng hape ke le pula-maliboho. Ke ne ke e-s’o thabe le ho phathahana hakaalo bophelong.

Ke ile ka thaba haholo ha ke nyalana le morali’abo rona oa seponono ea bitsoang Sylvia ea tsoang Jeremane ea ratang Jehova haholo. Eena le batsoali ba hae ba ne ba falletse Venezuela. Re ile ra ba le bana ba babeli e leng Michel (Mike) le Samira. Ke ile ka boela ka tlameha ho hlokomela ’mè oa ka. O ile a tla a tl’o lula le rona. Le hoja ke ile ka tlameha ho tlohella ho ba pula-maliboho e le hore ke khone ho hlokomela lelapa la ka, ke ne ke ntse ke rata bopula-maliboho. ’Na le Sylvia re ne re e-ba bo-pula-maliboho ba thusang nako le nako ha re le phomolong.

KE ETSA QETO E ’NGOE EA BOHLOKOA

Bana ba ka ba ne ba ntse ba kena sekolo ha ke ne ke nahana ka taba eo ke buileng ka eona qalong. Nke ke ka hana hore bophelo ba ka bo ne bo le monate le hore batho ba bang ba sebetsang libankeng ba ne ba ntlhompha. Empa ntho eo ke neng ke e batla ke hore batho ba tsebe hore ke mohlanka oa Jehova. Ke ile ka lula ke nahana ka hore na nka etsa’ng e le hore batho ba mpone ka tsela eo. Kahoo, ’na le mosali oa ka re ile ra lula fatše ra shebisana maemo a rona a lichelete. Haeba ke ne ke tlohela ho sebetsa bankeng, ke ne ke tl’o fuoa chelete e ngata haholo. Kaha re ne re se na likoloto, re ile ra bona hore haeba re ke ke ra batla lintho tse ngata, re ka khona ho ba le chelete e lekaneng e tla re thusa ho phela nako e telele.

Ho ne ho se bonolo ho etsa qeto eo empa mosali oa ka ea ratehang le ’mè oa ka ba ile ba ntšehetsa. Kahoo, ke ne ke tl’o ba pula-maliboho hape. Ke ne ke thabile haholo. Ho ne ho bonahala eka lintho tsa ka li tsamaea hantle. Empa ho e-s’o ee kae, re ile ra fumana litaba tseo re neng re sa li lebella ho hang.

NTHO EO RE SA E LEBELLANG

Ngoana oa rona oa ho fela Gabriel, e bile mpho eo re neng re sa e lebella

Ka letsatsi le leng, ngaka ea rona e ile ea re Sylvia o ’meleng. Re ne re maketse re le babeli. E ne e le ntho e thabisang empa ke ne ke boetse ke ntse ke nahana ka qeto ea ka ea ho ba pula-maliboho. Na ke ne ke ntse ke tla khona ho ba pula-maliboho? Kapele-pele re ile ra lokisa likelello tsa rona le maikutlo a rona ra ba ra emela ho amohela setho se secha sa lelapa. Empa ke ne ke ntse ke ipotsa hore na ebe ke tla khona ho ba pula-maliboho.

Ka mor’a ho buisana ka lintho tseo re batlang ho li etsa, re ile ra etsa qeto ea hore ke be pula-maliboho. Mora oa rona Gabriel o ile a hlaha ka April 1985. Ke ile ka tlohela mosebetsi bankeng eaba ke ba pula-maliboho hape ka June 1985. Hamorao ke ile ka ba setho sa komiti ea lekala. Leha ho le joalo, ofisi ea lekala e ne e se Caracas, kahoo matsatsi a mabeli kapa a mararo ao ke neng ke lokela ho ea ka oona, ke ne ke tlameha ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 80.

REA SEBAKENG SE SENG

Ofisi ea lekala e ile ea isoa toropong ea La Victoria, eaba re le lelapa re etsa qeto ea hore re fallele hona moo e le hore re be haufi le Bethele. Ho etsa qeto eo ho ile ha fetola bophelo ba rona. Ke ananela lelapa la ka haholo le ho le leboha. Ho itela ha bona ho ile ha nthusa haholo. Ausi oa ka Baha o ne a ikemiselitse ho hlokomela ’me oa rona. Mike o ne a se a nyetse empa Samira le Gabriel ba ne ba ntse ba lula lapeng. Kahoo, ho fallela La Victoria ho ne ho bolela hore ba tl’o siea metsoalle ea bona e Caracas. Mosali oa ka le eena o ne a tlameha ho tloaela ho phela toropong e nyenyane ho e-na le ho phela ho e kholo haholo. Hape kaofela ha rona re ile ra tloaela ho phela ka ntlong e nyenyane. Kannete ho na le lintho tse ngata tse ileng tsa etsahala ha re ne re tloha Caracas re ea La Victoria.

Empa lintho li ile tsa fetoha hape. Gabriel o ile a nyala eaba Samira le eena o tloha lapeng. Ka mor’a moo, ’na le mosali oa ka re ile ra memeloa ho ea Bethele ka 2007, e leng tlotla eo esale re e-ba le eona ho fihlela lena le holimo. Mora oa rona e moholo e leng Mike, ke moholo hape ke pula-maliboho hammoho le mosali oa hae Monica. Gabriel le eena ke moholo hape ba tšebeletsong Italy le mosali oa hae Ambra. Samira ke pula-maliboho hape o thusa lelapa la Bethele a ntse a le hae.

Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Ke na le mosali oa ka Sylvia, lekaleng la Venezuela. Mora oa rona e moholo Mike le mosali oa hae Monica. Morali oa rona Samira. Mora oa rona Gabriel le mosali oa hae Ambra

NKA PHETA LIQETO TSE TŠOANANG HAPE

Bophelong ba ka ke ile ka tlameha ho etsa liqeto tse ngata tsa bohlokoa. Ha ke ikoahlaee ka letho. Nka etsa liqeto tse tšoanang hape. Ke ananela mesebetsi eohle eo ke bileng le eona ha ke ntse ke sebeletsa Jehova. Ho theosa le lilemo, ke bone hore ho bohlokoa hakaakang ho lula ke rata Jehova. Ebang liqeto tseo re li etsang li kholo kapa li nyane, Jehova a ka re fa khotso e “fetang monahano oohle.” (Bafil. 4:​6, 7) ’Na le mosali oa ka re thabela ho sebetsa Bethele ’me re utloa eka Jehova o re hlohonolofalitse ka lebaka la hore liqeto tseo re ileng ra li etsa, re ile ra nahana ka eena pele re li etsa.