Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sehlooho Se Ithutoang Sa 25

Qoba ho Utloisa “ba Banyenyane Bana” Bohloko

Qoba ho Utloisa “ba Banyenyane Bana” Bohloko

“Le se ke la nyelisa e mong oa ba banyenyane bana.”​MAT. 18:10.

PINA EA 113 Re na le Khotso

SEO RE TLʼO ITHUTA SONA *

1. Jehova o entse’ng bakeng sa rona bohle?

JEHOVA o huletse e mong le e mong oa rona ho eena. (Joh. 6:​44) Ak’u nahane hore na taba eo e bolela’ng. Ha Jehova a ntse a hlahloba batho bohle ba teng lefatšeng mona, o ile a khahloa ke ho hong ho uena e leng pelo e ntle e neng e tla batla ho mo sebeletsa. (1 Likron. 28:9) Jehova oa u tseba, oa u utloisisa ebile oa u rata. Taba ena ea khothatsa kannete.

2. Jesu o ile a etsa papiso efe ho bontša hore Jehova o tsotella linku tsohle tsa hae?

2 Jehova o u rata haholo hape o boetse o tsotella le bara le barali ba bo rona bohle. E le ho hlakisa taba ena, Jesu o ile a tšoantša Jehova le molisa. Molisa o tla etsa’ng haeba nku e le ’ngoe e hlahlathela e tloha ho tse lekholo? O tla “tlohela tse mashome a robong a metso e robong lithabeng ’me a tsoe ho ea batla e hlahlathelang.” Ha molisa a fumana nku eo, a ke ke a e tšoara hampe. O tla e thabela. Re ithuta’ng moo? Nku e ’ngoe le e ’ngoe e bohlokoa ho Jehova. Jesu o ile a re: “Ha se ntho e lakatsehang ho ntate ea leholimong hore e mong oa ba banyenyane bana a timele.”​—Mat. 18:​12-14.

3. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

3 Re ke ke ra batla ho nyahamisa bara le barali ba bo rona. Re ka qoba ho utloisa ba bang bohloko joang? Hape re ka etsa’ng haeba motho e mong a re utloisa bohloko? Re tl’o bua ka lipotso tsena sehloohong sena. Empa pele, a re ke re bueng ka bana “ba banyenyane” bao ho buang ka bona ho Matheu khaolo ea 18.

“BA BANYENYANE” KE BO-MANG?

4. “Ba banyenyane” ke bo-mang?

4 “Ba banyenyane” ke barutuoa ba Jesu ba lilemo tsohle. Ho sa tsotellehe lilemo tsa bona, ba “joaloka bana ba banyenyane” ka kutloisiso ea hore ba batla ho rutoa ke Jesu. (Mat. 18:3) Le hoja ba tsoa libakeng tse sa tšoaneng le meetlo ea bona e sa tšoane, ebile ba e-na le maikutlo a sa tšoaneng le mekhoa e sa tšoaneng ea ho etsa lintho, kaofela ha bona ba lumela ho Kreste ’me le eena o ba rata haholo.​—Mat. 18:6; Joh. 1:12.

5. Jehova o ikutloa joang ha motho e mong a khopisa kapa a utloisa batho ba hae bohloko?

5 Bohle “ba banyenyane” ba bohlokoa ho Jehova. E le ho utloisisa hore na Jehova o ikutloa joang, ak’u nahane hore na rona re ikutloa joang ka bana. Ba bohlokoa ho rona. Re batla ho ba sireletsa hobane ha ba na matla, boiphihlelo hape ha ba bohlale joaloka batho ba baholo. Ha e le hantle, ha re batle ho bona ha batho ba utloa bohloko ebile ka ho khetheha, rea koata kapa re be re halefe ha motho e mong a utloisa ngoana bohloko. Ka tsela e tšoanang, Jehova o batla ho re sireletsa hape o utloa bohloko a be a halefe haeba motho e mong a re khopisa kapa a re utloisa bohloko.​—Esa. 63:9; Mar. 9:42.

6. Ho ea ka 1 Bakorinthe 1:​26-29, batho ba lefatše lee ba nka barutuoa ba Jesu joang?

6 Barutuoa ba Jesu ba joaloka “ba banyenyane” ka tsela efe hape? Batho ba lefatše lee bona ba re batho ba bohlokoa ke ba joang? Ke ba ruileng, ba tummeng le ba nang le matla. Empa hangata barutuoa ba Jesu ha ba joalo. Ba nkoa ba se bohlokoa, e le “ba banyenyane” ba se nang thuso. (Bala 1 Bakorinthe 1:​26-29.) Empa Jehova eena ha a ba bone ka tsela eo.

7. Jehova o batla hore re ikutloe joang ka bara le barali ba bo rona?

7 Jehova o rata bahlanka bohle ba hae ebang ke khale ba mo sebeletsa kapa che. Bara le barali ba bo rona bohle ba bohlokoa ho Jehova kahoo ba lokela hore ba be bohlokoa joalo le ho rona. Re batla ho ba “le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rona,” eseng bakeng sa ba bang feela. (1 Pet. 2:​17) Re tlameha ho etsa boiteko bohle ho ba sireletsa le ho ba hlokomela. Haeba re hlokomela hore re utloisitse motho e mong bohloko kapa ho mo koatisa, ha rea lokela ho iphapanya ebe re nahana hore motho eo o lokela ho re tšoarela a be a lebale ka taba eo. Ke hobane’ng ha bara le barali ba bo rona ba bang ba ka utloa bohloko? Mohlomong ba bang ba ka ’na ba ikutloa e se batho ba bohlokoa ka lebaka la tsela eo ba holisitsoeng ka eona. Ba bang e sa tsoa ba Lipaki ’me ha ba e-s’o ithute ho re na ba lokela ho sebetsana joang le mefokolo ea batho ba bang. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, re lokela ho sebetsa ka thata ho lokisa lintho. Ho feta moo, motho ea khopisoang ke batho ba bang habonolo, o lokela ho tseba hore mokhoa oo o mobe ’me a o tlohele. O lokela ho etsa joalo molemong oa hore a be le khotso le bakeng sa setsoalle se setle le Bakreste-’moho le eena.

NKA BA BANG BA U PHAHAMETSE

8. Ke mokhoa ofe o neng o tloaelehile mehleng ea Jesu o ileng oa susumetsa barutuoa ba hae?

8 Jesu o ile a susumetsoa ke’ng hore a bue ka “ba banyenyane”? Barutuoa ba hae ba ile ba mo botsa ba re: “Ha e le hantle ke mang e moholo ’Musong oa maholimo?” (Mat. 18:1) Mehleng eo, Bajuda ba bangata ba ne ba nka maemo le ho hlahella e le lintho tsa bohlokoa haholo. Mongoli e mong o re: “Batho ba ne ba phelela ho hlomphuoa, ho tuma, le ho amoheloa ke batho ba bang.”

9. Barutuoa ba Jesu ba ne ba tlameha ho etsa’ng?

9 Jesu o ne a tseba hore barutuoa ba hae ba ne ba tlameha ho sebetsa ka thata hore ba se ke ba e-ba le moea oa ho hlolisana o neng o rena mehleng eo ea Bajuda. O ile a re ho bona: “E moholo har’a lona a ke a be joaloka e monyenyane le ea ka sehloohong a ke a be joaloka ea sebeletsang.” (Luka 22:​26) Re itšoara joaloka “ba banyenyane” ha re nka batho ba bang ‘ba re phahametse.’ (Bafil. 2:3) Ha re loanela ho ba ka tsela eo, e tla ba ka seoelo re ka utloisang batho ba bang bohloko.

10. Ke keletso efe ea Pauluse eo re lokelang ho e mamela?

10 Ka tsela ena kapa eane, bara le barali ba bo rona bohle ba re phahametse. Ho bonolo ho elelloa taba eo haeba re nahana haholo ka makhabane a bona. Re lokela ho mamela keletso eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Bakorinthe e re’ng: “Ke mang ea etsang hore u se ke oa tšoana le e mong? Ka sebele, u na le eng eo u sa kang oa e amohela? Joale, haeba ka sebele u ile oa e amohela, ke hobane’ng ha u ithorisa joalokaha eka ha oa ka oa e amohela?” (1 Bakor. 4:7) Re lokela ho itlhokomela hore re se ke ra ipitsetsa mahlo a batho kapa ho nahana hore re phahametse batho ba bang. Haeba mor’abo rona a fana ka lipuo tse monate haholo kapa morali’abo rona a e-na le bokhoni ba ho ithuta Bibele le batho, ka bobeli ba lokela hore ba lebohe Jehova kamehla.

TŠOARELANANG “HO TLOHA LIPELONG”

11. Jesu o ile a re ruta’ng ka papiso ea morena le lekhoba la hae?

11 Nakoana ka mor’a hore Jesu a lemose balateli ba hae hore ba se ke ba utloisa ba bang bohloko, o ile a etsa papiso ea morena le lekhoba la hae. Morena o ile a hlakola sekoloto se seholohali seo lekhoba leo le ileng la hloleha ho se patala. Hamorao monna eo oa lekhoba o ile a hana ho hlakola sekoloto se senyane sa lekhoba-’moho le eena seo le neng le mo kolota sona. Qetellong morena o ile a lahlela lekhoba leo le khopo teronkong. Re ithuta’ng moo? Jesu o ile a re: “Ntate oa ka oa leholimo le eena o tla sebetsana le lona ka mokhoa o tšoanang haeba le sa tšoarele e mong le e mong mor’abo ho tloha lipelong tsa lona.”​—Mat. 18:​21-35.

12. Ha re sa tšoarele batho, re utloisa ba bang bohloko joang?

12 Lintho tseo monna eo oa lekhoba a ileng a li etsa li ile tsa utloisa eena le batho ba bang bohloko. Taba ea pele, o ile a tšoara lekhoba-’moho le eena ka tsela e seng mosa a ba a le utloisa bohloko ka ho le ‘lahlela chankaneng ho fihlela le ka lefa seo le neng le se kolota.’ Ea bobeli o ile a utloisa makhoba a ileng a bona hore na o entse’ng bohloko. “Ha makhoba-’moho le lona a bona lintho tse neng li etsahetse, a sareloa haholo.” Ka tsela e tšoanang, liketso tsa rona li ama batho ba bang. Haeba motho e mong a re tšoara hampe ebe ha re mo tšoarele, ho ka etsahala’ng? Taba ea pele, re mo utloisa bohloko ka ho se mo tšoarele, ho se mo fe nako ea rona le ho se mo rate. Ea bobeli, re etsa hore ba bang ka phuthehong ba se ke ba phutholoha ha ba hlokomela hore re na le bothata le motho eo.

Na u tla jara batho ka pelo kapa u tla ba tšoarela ka ho rata? (Sheba serapa sa 13 le 14) *

13. U ithuta’ng mohlaleng oa pula-maliboho e ’ngoe?

13 Ha re tšoarela bara le barali ba bo rona re itsoela molemo hammoho le bona. Ntho eo e ile ea etsahalla pula-maliboho eo re tla re ke Crystal. O ile a utloisoa bohloko ke morali’abo rona e mong. Crystal o re: “Ka linako tse ling, o ne a mpuela mantsoe a bohloko hoo e neng e ka ke hlajoa ka thipa. Ha re le tšimong, ke ne ke sa batle le ho tsamaea le eena. Ke ile ka felloa ke thabo le mafolo-folo tšebeletsong.” Morali’abo rona Crystal o ne a utloa eka o na le mabaka a ho utloa bohloko. Empa ha aa ka a itumella ho nkoa ke maikutlo kapa hona ho ikutloela bohloko. Ka boikokobetso o ile a sebelisa keletso e hlahang sehloohong se reng “Tšoarela ho Tloha Pelong” se ho Molula-Qhooa oa October 15, 1999. O ile a tšoarela morali eo oa bo rona. Crystal o re: “Hona joale kea hlokomela hore kaofela ha rona re sebetsa ka thata hore re apare botho bo bocha le hore Jehova o re tšoarela ka bolokolohi letsatsi le letsatsi. Ke ikutloa ke imolohile haholo. Hape ke thabile.”

14. Ho ea ka Matheu 18:​21, 22, ho bonahala eka moapostola Petrose o ne a e-na le bothata bofe, hona re ka ithuta’ng karabong ea Jesu?

14 Rea tseba hore ho tšoarelana ke ntho ea bohlokoa eo re tlamehang ho e etsa. Empa re ka ’na ra thatafalloa ke ho etsa joalo. E ka ’na eaba ka linako tse ling moapostola Petrose o ne a ikutloa joalo. (Bala Matheu 18:​21, 22.) Re ka thusoa ke’ng? Qala pele ka ho nahanisisa ka hore na Jehova o u tšoaretse hakae. (Mat. 18:​32, 33) Ha re tšoaneloe ke hore Jehova a re tšoarele empa o etsa joalo ka ho rata. (Pes. 103:​8-10) Le rona ka tsela e tšoanang, “re tlamehile ho ratana.” Kahoo, ha re na boikhethelo tabeng ea ho tšoarelana. Re tlamehile ho lula re tšoarela Bakreste-’moho le rona. (1 Joh. 4:​11) U ka boela oa nahanisisa ka hore na ho tšoarelana ho tla re tsoela molemo joang. Re ka thusa motho ea re utloisitseng bohloko, ra momahanya phutheho, ra sireletsa setsoalle sa rona le Jehova le ho imoloha. (2 Bakor. 2:7; Bakol. 3:​14) U ka qetella ka ho rapela Molimo oa rona ea reng re tšoarelane. U se ke oa lumella Satane a senye khotso eo u nang le eona le balumeli-’moho le uena. (Baef. 4:​26, 27) Re hloka hore Jehova a re thuse haeba re batla ho qoba leraba leo la Satane.

U SE KE OA ITUMELLA HORE U UTLOISOE BOHLOKO

15. Ho ea ka Bakolose 3:​13, re ka etsa’ng haeba re utloisitsoe bohloko ke Bakreste-’moho le rona?

15 Empa ho thoe’ng haeba molumeli-’moho le uena a u tšoere ka tsela e u utloisitseng bohloko? U lokela ho etsa’ng? Leka kahohle hore le lule le e-na le khotso. Rapela Jehova ho tsoa pelong. Mo kope hore a thuse motho ea u utloisitseng bohloko le hore a u thuse ho bona makhabane ao motho eo a nang le ’ona ao Jehova a a ratang ka eena. (Luka 6:​28) Haeba u sa khone ho lebala ntho eo Mokreste-’moho le uena a e entseng, e ka ba hantle hore u bue le eena ka taba eo. U tla be u etsa hantle ha u ka nahana hore Mokreste-’moho le uena o ne a ke ke a u utloisa bohloko ka boomo. (Mat. 5:​23, 24; 1 Bakor. 13:7) Ha u bua le eena, u se ke oa nahana hore o na le maikutlo a fosahetseng. Empa u tla etsa’ng haeba a sa batle ho bopa khotso? Tsoela pele ho mo mamella. U se ke oa mo tenehela. (Bala Bakolose 3:​13.) Taba ea bohlokoa le ho feta ke ho re, u se ke oa lula u koatile hobane ha u ka etsa joalo, u tla senya setsoalle sa hao le Jehova. U se ke oa lumella eng kapa eng hore e u utloise bohloko. Ha u etsa joalo u tla be u bontša hore u rata Jehova ho feta ntho leha e le efe.​—Pes. 119:​165.

16. Kaofela ha rona re na le boikarabelo bofe?

16 Re ananela tlotla ea ho sebeletsa Jehova re momahane re le “mohlape o le mong” o tataisoang ke ‘molisa a le mong.’ (Joh. 10:​16) Buka ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova leqepheng la 165, e re: “Kaha u rua molemo bonngoeng boo, ke boikarabelo ba hao ho etsa hore bo lule bo le teng.” Kahoo, “re leka ho talima bara le barali ba bo rona ka tsela eo Jehova a ba talimang ka eona.” Ho Jehova, kaofela ha rona re “ba banyenyane” ebile re ba bohlokoa ho eena. Na u nka Bakreste-’moho le uena ka tsela eo? Jehova o hlokomela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang ho ba thusa le ho ba hlokomela.​—Mat. 10:42.

17. Re ikemiselitse ho etsa’ng?

17 Re rata Bakreste-’moho le rona. Kahoo, a re ikemisetseng ho etsa qeto ea hore re se ke ra ‘beha khopiso kapa sesosa sa ho khoptjoa ka pel’a mor’abo rona.’ (Bar. 14:​13) Re nka Bakreste-’moho le rona ba re phahametse hape re batla ho ba tšoarela ka bolokolohi. E se eka re ke ke ra itumella ho utloisoa bohloko ke batho ba bang. Ho e-na le hoo, a re khetheng ho ‘phehella lintho tse tlisang khotso le lintho tseo re ka hahanang ka tsona.’​—Bar. 14:19.

PINA EA 130 Tšoarelanang

^ ser. 5 Kaha ha rea phethahala, re ka bua kapa ra etsa lintho tse ka utloisang Bakreste-’moho le rona bohloko. Re tlameha ho etsa’ng ha re le boemong boo? Na re ikemiselitse ho bopa khotso le bara le barali ba bo rona? Na re potlakela ho kopa tšoarelo? Na re itjoetsa hore haeba ba utloile bohloko, ke tabeng ea bona ha se ea rona? Kapa na re potlakela ho koatisoa ke lintho tseo batho ba li buang le ho li etsa? Na re ipehela mabaka a hore re ka tsela eo ebe re hana ho fetoha? Kapa na rea utloisisa hore re lokela ho etsa liphetoho?

^ ser. 53 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Morali’abo rona o koatetse e mong ha ba le ka libokeng. Ka mor’a hore ba buisane ka taba eo, ba lebala ka eona ’me ba sebetsa hammoho ba thabile..