Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Ke mefuta efe ea lekhetho eo batho ba neng ba e lefa mehleng ea Jesu?

HAESALE ho tloha khale Baiseraele ba fana ka chelete ho tšehetsa borapeli ba Jehova. Empa mehleng ea Jesu, taba ea ho ntša lekhetho e ile ea rarahana hape ea e-ba boima bakeng sa Bajuda.

Bajuda bohle ba ne ba lokela ho ntša halofo ea shekele (lidrakema tse peli) e le ho tšehetsa mosebetsi o neng o etsoa libakeng tse halalelang tsa borapeli bo hloekileng. Mehleng ea Jesu, lekhetho leo le ne le sebelisetsoa ho etsa mahlabelo le ho hlokomela tempele eo Heroda a ileng a e haha. Bajuda ba bang ba ile ba botsa Petrose hore na maikutlo a Jesu ke afe ka lekhetho leo ’me Jesu ha aa ka a re ke phoso ho le lefa. Ha e le hantle, o ile a bolella Petrose hore na o tla fumana chelete hokae e le hore a lefe lekhetho leo.​—Mat. 17:​24-27.

Bahlanka ba Molimo ba khale ba ne ba boetse ba tlameha ho lefa karolo ea leshome e leng ho fana ka karolo ea leshome ea lijalo kapa chelete ea bona. (Lev. 27:​30-32; Num. 18:​26-28) Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba tsitlella hore lekhetho lena le lefuoe nthong e ’ngoe le e ’ngoe ho akarelletsa le lijalong tse kang “koena le dille le kumine.” Jesu ha aa ka a re ke phoso ho fana ka karolo ea leshome empa o ile a pepesa boikaketsi ba bangoli le Bafarisi tabeng ena.​—Mat. 23:23.

Ka nako eo, Baroma ba ne ba busa ’me Bajuda ba ne ba lokela ho patala lekhetho le lengata. Lekhetho le leng le ne le pataloa ke batho ba nang le masimo ’me ba ne ba le patala ka chelete kapa thepa. Ho hakanngoa hore lekhetho lena le ne le le pakeng tsa liphesente tse 20 ho ea ho tse 25. Bajuda bohle ba ne ba boetse ba lokela ho lefa lekhetho la hlooho. Bafarisi ba ile ba botsa Jesu lipotso ka lekhetho lena. O ile a bontša hore na re lokela ho ikutloa joang ka ho lefa lekhetho ha a re: “Ka hona, le lefe Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.”​—Mat. 22:​15-22.

Ho ne ho boetse ho e-na le lekhetho le neng le pataloa ha thepa e tsoa kapa e kena ka hare ho naha. Le ne le pataloa boema-kepe, marokhong, litseleng le ha motho a kena toropong kapa ’marakeng.

Lekhetho leo batho ba neng ba le patala tlas’a puso ea Roma le ne le le boima haholo. Ho ea ka rahistori Tacitus oa Moroma, nakong ea puso ea Moemphera Tiberiuse ha Jesu a ntse a le lefatšeng, “Syria le Judæa li ile tsa kopa ho fokoletsoa lekhetho hobane le ne le le boima haholo.”

Tsela ea ho bokella lekhetho lena ke eona e ileng ea etsa hore le be boima. Mosebetsi oa ho bokella lekhetho o ne o fuoa motho ea faneng ka chelete e ngata bakeng sa ho u fumana. Ka mor’a moo, o ne a hira batho ba bang ’me le bona ba ne ba leka ho iketsetsa chelete ha ba ntse ba le bokella ka hore ba batle chelete e eketsehileng. Ho bonahala eka Zakiase le eena o ne a e-na le batho ba joalo ba ikarabellang tlas’a hae. (Luka 19:​1, 2) Ho hlakile hore batho ba ne ba hloile mokhoa ona oa ho bokella lekhetho hape ba ne ba sa rate babokelli ba lekhetho.