Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sehlooho Se Ithutoang Sa 22

Thusa Batho Bao U Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetsoe

Thusa Batho Bao U Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetsoe

“E mong le e mong oa lona a ke a kolobetsoe.”​LIK. 2:38.

PINA EA 72 Re Bolella Batho ka ’Muso

SEO RE TLʼO ITHUTA SONA *

1. Barutuoa ba Jesu ba ile ba bolella batho ba bangata hore ba etse’ng?

BATHO ba bangata ba akarelletsang banna le basali ba tsoang linaheng tse ngata, ba buang lipuo tse fapaneng ba ne ba bokane hammoho. Ntho e makatsang e ile ea etsahala letsatsing leo. Sehlopha se seng sa Bajuda se ne se khona ho bua lipuo tsa batho bao ba etileng. Le hoja ntho eo e ne e makatsa, taba eo Bajuda bao ba e buileng le eo moapostola Petrose a ileng a e bua ho bona e ne e ikhetha. Batho bana ba bangata ba ile ba ithuta hore ba ka pholosoa haeba ba bontša tumelo ho Jesu Kreste. Molaetsa oo o ile oa ba ama maikutlo haholo. Batho ba ne ba amehile haholo hoo ba ileng ba re: “Re tla etsa joang?” Petrose ha a ba araba o ile a re: “E mong le e mong oa lona a ke a kolobetsoe.”​—Lik. 2:​37, 38.

Banyalani ba ithuta Bibele le mohlankana e mong ea nang le buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng! (Sheba serapa sa 2)

2. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)

2 Ntho e ileng ea etsahala ka mor’a moo e ne e makatsa. Batho ba ka bang 3 000 ba ile ba kolobetsoa letsatsing leo ’me ea e-ba barutuoa ba Kreste. Ena e ne e le qaleho ea mosebetsi o moholo oa ho etsa barutuoa oo Jesu a ileng a re balateli ba hae ba o etse ’me ba ntse ba etsa mosebetsi ona le kajeno. Empa mehleng ena, re ke ke ra thusa motho hore a kolobetsoe ka ho bua le eena ka lihora tse ’maloa feela. Ho ka ’na ha nka likhoeli, selemo kapa ho feta hore motho ea ithutang Bibele a batle ho kolobetsoa. Haeba ho na le motho eo u ntseng u ithuta Bibele le eena hona joale mohlomong o hlokometse hore ho etsa barutuoa ha ho bonolo. Sehloohong sena, re tl’o ithuta hore na u ka etsa’ng ho thusa motho eo u ithutang Bibele le eena hore e be morutuoa ea kolobelitsoeng.

THUSA MOITHUTI HORE A ETSE LINTHO TSEO A ITHUTANG TSONA

3. Matheu 28:​19, 20 e re motho ea ithutang Bibele o lokela ho etsa’ng hore a tle a kolobetsoe?

Pele motho ea ithutang Bibele a kolobetsoa, o lokela ho etsa lintho tseo Bibele e li rutang. (Bala Matheu 28:​19, 20.) Ha a etsa lintho tseo a ithutang tsona, o ba joaloka “monna ea masene” eo Jesu a ileng a bua ka eena papisong ea hae, ea ileng a chekela tlaase ’me a haha ntlo ea hae holim’a lefika. (Mat. 7:​24, 25; Luka 6:​47, 48) Re ka thusa motho ea ithutang Bibele joang hore a etse lintho tseo a ithutang tsona? A re ke re bueng ka lintho tse tharo tseo re ka li etsang.

4. Re ka thusa motho ea ithutang Bibele joang hore a kolobetsoe? (Sheba lebokose le reng “ Thusa Moithuti Hore a be le Lintho Tseo a Batlang ho li Finyella a be a li Etse.”)

4 Mo thuse hore a be le lintho tseo a batlang ho li finyella. Ke hobane’ng ha u lokela ho etsa joalo? Nahana ka mohlala ona: Haeba u ne u tl’o nka leeto le lelelele, u ka ’na oa etsa qeto ea hore u tla ema libakeng tse ntle ha u ntse u le tseleng. Haeba u etsa joalo, u ke ke oa bona moo u eang teng ho le hole haholo hoo u ka nyahamang. Ka tsela e tšoanang, ha motho ea ithutang Bibele a finyella lintho tseo a neng a batla ho li finyella ka nako e khutšoanyane, ho tla ba bonolo hore a hlokomele hore a ka khona ho kolobetsoa. Sebelisa karolo e reng “Seo U ka se Etsang” e hlahang bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! ho mo thusa hore a be le lintho tseo a batlang ho li finyella. Qetellong ea khaolo ka e ’ngoe le e ’ngoe, buisana le eena ka hore na lintho tseo a batlang ho li finyella li amana joang le lintlha tseo a qetang ho ithuta tsona. Haeba u nahanne lintho tse fapaneng le tseo motho eo u ithutang Bibele le eena a batlang ho li finyella, li ngole karolong e reng “Ntho e ’ngoe.” Nako le nako sebelisa karolo ena ea ho ithuta ho buisana le motho eo u ithutang Bibele le eena ka lintho tseo a ka li finyellang ka nako e khutšoanyane le tse tla nka nako hore a li finyelle.

5. Ho Mareka 10:​17-22, Jesu o ile a re monna ea ruileng a etse’ng, hona hobane’ng?

5 Mo thuse hore a etse liphetoho. (Bala Mareka 10:​17-22.) Jesu o ne a tseba hore ho ne ho tla ba thata ho motho ea ruileng ho rekisa lintho tsohle tseo a nang le tsona. (Mar. 10:​23) Leha ho le joalo, Jesu o ile a bolella monna e mong hore a etse phetoho eo e kholo bophelong ba hae. Hobane’ng? Hobane Jesu o ne a mo rata. Ka linako tse ling, re ka ’na ra se khothalletse motho eo re ithutang Bibele le eena hore a etse lintho tseo a ithutang tsona hobane re nahana hore ha e-s’o be nako e nepahetseng hore a etse liphetoho tseo a hlokang ho li etsa. Ho ka ’na ha ba thata hore motho a hlobole botho ba khale ’me a apare botho bo bocha. (Bakol. 3:​9, 10) Haeba u sa liehe ho bua le motho eo u ithutang Bibele le eena ka liphetoho tseo a lokelang ho li etsa, ntho eo e tla etsa hore a etse liphetoho tseo a hlokang ho li etsa kapelenyana. Haeba u etsa joalo, u tla be u bontša hore oa mo tsotella.​—Pes. 141:5; Liprov. 27:17.

6. Ke hobane’ng ha re lokela ho botsa motho eo re ithutang Bibele le eena hore na u nahana’ng ka taba e itseng?

6 Ke habohlokoa ho botsa motho eo re ithutang Bibele le eena hore na o nahana’ng ka taba e itseng. Ho etsa joalo, ho tla u thusa hore u bone hore na o utloisisa eng le hore na o lumela’ng. Haeba u etsa joalo nako le nako, ho tla ba bonolo hore u buisane le eena ka lintho tseo ho ka bang thata hore a li lumele. Buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! e na le lipotso tse ngata tse etsang hore motho a nahane. Ka mohlala, khaolo ea 4 e na le potso e reng: “U nahana hore Jehova o ikutloa joang ha u sebelisa lebitso la hae?” Khaolo ea 9 eona e na le potso e reng: “Ke lintho life tseo u ka ratang ho li rapella?” Qalong ho ka ba thata ho motho eo u ithutang Bibele le eena hore a arabe lipotso tsena. U ka mo thusa ka ho mo koetlisa hore a arabe a sebelisa mangolo le litšoantšo tse hlahang bukeng.

7. Re ka sebelisa mehlala ea batho ba bang joang ka tsela e atlehang?

7 Ha motho eo u ithutang Bibele le eena a utloisisa ntho eo a lokelang ho e etsa, sebelisa mehlala ea batho ba bang ho mo khothalletsa ho e etsa. Ka mohlala, haeba motho eo u ithutang Bibele le eena a sa tle libokeng kamehla, u ka mo bontša video e reng Jehova o Ile a Ntsotella e fumanehang karolong e reng “Batla” khaolong ea 14. Likhaolong tse ngata tse bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! u tla fumana mehlala e kang eo karolong ea “Ithute Lintlha Tse Ling” kapa ea “Batla.” * Ela hloko hore u se ke oa bapisa motho eo u ithutang le eena le motho e mong ka ho bua mantsoe a kang: “Haeba a khonne le uena u ka khona.” Mo tlohele hore e be eena ea bonang hore a ka khona ho etsa liphetoho tse tšoanang. Bua ka lintho tsa bohlokoa tse ileng tsa thusa motho ea videong ho etsa lintho tseo a ileng a ithuta tsona Bibeleng. Mohlomong u ka bua ka lengolo le ka sehloohong kapa ntho eo motho ea hlahang videong a ileng a e etsa. Nako le nako, hatisa kamoo Jehova a ileng a thusa motho eo kateng.

8. Re ka thusa motho eo re ithutang le eena joang hore a rate Jehova?

8 Mo thuse hore a rate Jehova. U ka etsa ntho eo joang? Batla menyetla eo u ka thusang motho eo u ithutang le eena hore a ithute ka makhabane a Jehova. Mo thuse hore a bone hore Jehova ke Molimo ea thabileng ea thusang batho ba mo ratang. (1 Tim. 1:​11; Baheb. 11:6) Bontša motho eo u ithutang le eena hore o tla fumana molemo ha a etsa lintho tseo a ithutang tsona ’me u mo hlalosetse hore melemo eo e bontša hore Jehova oa mo rata. (Esa. 48:​17, 18) Kahoo, ha motho eo u ithutang le eena a rata Jehova le ho feta, o tla susumelletseha hore a etse liphetoho tseo a hlokang ho li etsa.​—1 Joh. 5:3.

TSEBISA MOTHO EO U ITHUTANG BIBELE LE EENA BARA LE BARALI BA BO RONA

9. Ho ea ka Mareka 10:​29, 30, ke’ng e ka thusang motho ea ithutang Bibele hore a tele lintho tse itseng e le hore a kolobetsoe?

9 E le hore motho ea ithutang Bibele a kolobetsoe, o tla lokela ho tela lintho tse ling. Joaloka monna ea ruileng eo re buileng ka eena, batho ba bang ba ithutang Bibele ba ka ’na ba hloka ho tela lintho tseo ba nang le tsona. Haeba mosebetsi oa bona o sa lumellane le melao-motheo ea Bibele, ba ka ’na ba lokela ho batla mosebetsi o mong. Ba bangata ba ka ’na ba lokela ho khaotsa ho ba metsoalle ea batho ba sa rateng Jehova. Ba bang ba ka ’na ba lahloa ke litho tsa lelapa tse sa rateng Lipaki Tsa Jehova. Jesu o ile a re ho ka ’na ha e-ba thata hore batho ba bang ba tele lintho tsena. Empa o ile a tšepisa hore batho ba mo latelang ba ke ke ba soetseha. Jehova o tla ba putsa ka hore a ba fe bara le barali ba bo rona ba ba ratang bao e tla ba lelapa la bona. (Bala Mareka 10:​29, 30.) U ka thusa motho eo u ithutang Bibele le eena joang hore mpho ee e mo tsoele molemo?

10. U ithuta’ng mantsoeng a Mor’abo rona Manuel?

10 E-ba motsoalle oa motho eo u ithutang Bibele le eena. Ke habohlokoa hore u bontše motho eo u ithutang Bibele le eena hore oa mo tsotella. Hobane’ng? Utloa hore na Mor’abo rona Manuel ea lulang Mexico o re’ng. Ha a bua ka nako eo a neng a ntse a ithuta Bibele ka eona o re: “Pele re qala ho bala, motho eo ke neng ke ithuta Bibele le eena o ne a mpotsa hore na ke ntse ke e-ea joang. O ile a nthusa hore ke phutholohe ’me a ntumella hore ke bue ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe le eena. Kannete ke ne ke utloa hore oa nkhathalla.”

11. Haeba batho ba ithutang Bibele ba qeta nako le rona, ntho eo e ka ba thusa joang?

11 Qeta nako le batho bao u ithutang Bibele le bona joalokaha Jesu a ile a qeta nako le balateli ba hae. (Joh. 3:​22) Haeba maemo a lumela, mema motho eo u ithutang Bibele le eena ea etsang liphetoho bophelong ba hae lelapeng la hao hore le tl’o thabela tee, lijo kapa le shebelle lenaneo la Broadcasting. Motho eo u ithutang Bibele le eena a ka ananela haholo ha u mo mema ka matsatsi a phomolo e leng nakong eo e ka ’nang eaba o jeoa ke bolutu. Mor’abo rona Kazibwe ea lulang Uganda o re: “Ke nahana ke ile ka ithuta lintho tse ngata ka Jehova ha ke ne ke qeta nako le motho ea neng a nthuta Bibele le ha re ne re ithuta hammoho. Ke ile ka bona kamoo Jehova a tsotellang batho ba hae kateng le kamoo ba thabileng kateng. Le ’na ke ne ke batla ntho e tšoanang bophelong ba ka.”

Haeba u tsamaea le bara le barali ba bo rona ba fapaneng ha u il’o ithuta le motho Bibele, ho tla ba bonolo ho eena hore a tle libokeng (Sheba serapa sa 12) *

12. Ke hobane’ng ha re lokela ho mema bahoeletsi ba fapaneng ha re il’o ithuta le batho Bibele?

12 Mema bahoeletsi ba fapaneng ha u il’o ithuta Bibele le motho. Ka linako tse ling, re ka utloa ho le bonolo hore re ee ho motho eo re il’o ithuta Bibele le eena re le bang kapa re lule re mema mohoeletsi a le mong. Le hoja ho etsa joalo ho ka ba bonolo, ho tla le mohoeletsi ea fapaneng ho tla thusa motho eo re ithutang Bibele le eena. Mor’abo rona Dmitrii ea lulang Moldova o re: “Ha motho ea neng a ithuta Bibele le ’na a ne a tla le bahoeletsi ba fapaneng, ba ne ba hlalosa lintho ka tsela e ikhethang. Ntho eo e ile ea nthusa hore ke bone litsela tse fapaneng tseo nka sebelisang lintho tseo ke ithutang tsona. Ha ke ne ke qala ho ea libokeng, ke ne ke se ke se lihlong hobane ke ne ke se ke kopane le bara le barali ba bo rona ba bangata.”

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho thusa motho eo re ithutang Bibele le eena hore a ee libokeng?

13 Thusa motho eo u ithutang Bibele le eena hore a ee libokeng. Hobane’ng? Hobane Jehova o laela barapeli ba hae hore ba bokane hammoho, ke karolo ea borapeli ba rona. (Baheb. 10:​24, 25) Ho ekelletsa moo, bara le barali ba bo rona ka phuthehong e ba lelapa la bo rona. Ha re le libokeng le bona, ho tšoana le ha eka re lapeng ’me re ja lijo tse monate hammoho. Ha u thusa motho eo u ithutang Bibele le eena hore a ee libokeng, u mo thusa hore a nke bohato ba bohlokoa haholo e le hore a kolobetsoe. Empa ho ka ’na ha e-ba thata ho motho eo u ithutang Bibele le eena hore a qale ho ea libokeng. Buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! e ka thusa motho eo u ithutang Bibele le eena joang hore a hlole mathata a mo thibelang ho ea libokeng?

14. Re ka khothalletsa motho eo re ithutang Bibele le eena joang hore a ee libokeng?

14 Sebelisa khaolo ea 10 bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! ho khothalletsa motho eo u ithutang Bibele le eena hore a ee libokeng. Bahoeletsi ba nang le boiphihlelo ba ileng ba kopuoa hore ba sebelise khaolo ena pele buka ena e lokolloa ba ile ba atleha haholo ho thusa batho ba ithutang Bibele le bona hore ba qale ho ea libokeng. Leha ho le joalo, u se ke oa emela hore le fihle khaolong ea 10 hore u meme motho eo u ithutang Bibele le eena hore a tle libokeng. Mo meme kapele kamoo u ka khonang ’me u tsoele pele u ntse u mo mema. Batho bao re ithutang Bibele le bona ba na le mathata a sa tšoaneng. Kahoo, ela hloko lintho tseo motho eo u ithutang Bibele le eena a li hlokang ’me u bone hore na u ka mo thusa joang. U se ke oa nyahama haeba a ka nka nako pele a ea libokeng. E-ba le mamello ’me u tsoele pele u ntse u mo mema.

THUSA MOTHO EO U ITHUTANG BIBELE LE EENA HORE A SE KE A TŠOHA

15. Ke lintho life tseo motho eo re ithutang Bibele le eena a ka li tšabang?

15 Na u hopola eka u ne u tšaba ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova? Mohlomong u ne u ikutloa eka u ke ke oa khona ho bolela molaetsa oa Bibele phatlalatsa. Kapa mohlomong u ne u tšaba hore lelapa le no kapa metsoalle ea hao e tla u hanyetsa. Haeba ho joalo, u tla utloisisa hore na motho eo u ithutang Bibele le eena o ikutloa joang. Jesu o ile a hlokomela hore batho ba bang ba ka ’na ba tšaba lintho tseo. Leha ho le joalo, o ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba se ke ba lumella ho tšoha ho ba thibele ho sebeletsa Jehova. (Mat. 10:​16, 17, 27, 28) Jesu o thusitse balateli ba hae joang hore ba se ke ba tšoha? U ka etsisa mohlala oa hae joang?

16. U ka koetlisa motho eo u ithutang Bibele le eena joang hore a bolelle batho ba bang lintho tseo a li lumelang?

16 Koetlisa motho eo u ithutang Bibele le eena hore a bolelle batho ba bang lintho tseo a li lumelang. E ka ’na eaba barutuoa ba Jesu ba ne ba tšohile ha a ne a re ba il’o etsa mosebetsi oa boboleli. Empa Jesu o ile a ba thusa ka ho ba bolella hore ba lokela hore ba il’o bolela ka ’Muso oa Molimo hokae le hore na molaetsa oa bona o ne o tla bua ka’ng. (Mat. 10:​5-7) U ka etsisa Jesu joang? Thusa motho eo u ithutang Bibele le eena hore na a ka bolella batho molaetsa oa Bibele hokae. Ka mohlala, mo botse hore na ho na le motho eo a mo tsebang ea ka thusoang ke ho ithuta thuto e itseng ea Bibele. Ka mor’a moo, mo thuse hore a lokisetse hore na a ka bolella motho eo thuto eo joang. Ha ho khonahala, u ka mo koetlisa u sebelisa karolo e reng “Batho ba Bang ba re” le e reng “Motho a ka ’Na a re” tse hlahang bukeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! Mo koetlise hore a sebelise Bibele ho fana ka likarabo tse bonolo le tse bohlale.

17. Re ka sebelisa lengolo la Matheu 10:​19, 20, 29-31 joang ho thusa motho eo re ithutang Bibele le eena hore a tšepe Jehova?

17 Thusa motho eo u ithutang le eena hore a tšepe Jehova. Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae hore Jehova o ne a tla ba thusa hobane a ba rata. (Bala Matheu 10:​19, 20, 29-31.) Hopotsa motho eo u ithutang Bibele le eena hore Jehova o tla mo thusa le eena. U ka mo thusa hore a itšetlehe ka Jehova ka ho rapela le eena ka lintho tseo a batlang ho li finyella. Mor’abo rona Franciszek ea lulang Poland o re: “Hangata ha motho ea neng a ithuta Bibele le ’na a ne a rapela, o ne a bua ka lintho tseo ke batlang ho li finyella. Ha ke ne ke bona kamoo Jehova a ileng a arabela lithapelo tsa hae kateng, ke ile ka qalella ho rapela. Ke ile ka bona hore Jehova oa nthusa nakong eo ke neng ke hloka ho nka matsatsi mosebetsing oa ka o mocha hore ke ee libokeng le kopanong.”

18. Jehova o ikutloa joang ka mosebetsi o etsoang ke Bakreste?

18 Jehova o tsotella batho bao re ithutang Bibele le bona haholo. O ananela kamoo Bakreste ba sebetsang ka thata ho thusa batho hore e be metsoalle ea hae ’me oa ba rata. (Esa. 52:7) Haeba hona joale ha ho na motho eo u ithutang Bibele le eena, u ntse u ka khona ho thusa batho ba ithutang Bibele hore ba kolobetsoe ka hore u tsamaee le bahoeletsi ba bang ha ba ea ho batho ba ithutang Bibele le bona.

PINA EA 60 Ba Tla Phela

^ ser. 5 Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na Jesu o ile a thusa batho joang hore e be barutuoa ba hae le hore na re ka mo etsisa joang. Re tla boela re bone hore na re ka sebelisa buka e ncha ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! joang. Buka ena e etselitsoe ho thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba kolobetsoe.

^ ser. 7 U ka boela oa fumana mehlala e meng bukeng ea (1) Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova tlas’a sehlooho se reng “Bibele,” sehloohoaneng se reng “Bohlokoa ba Bibele,” ebe u ea ho “‘Bibele e Fetola Batho’ (Lihlooho tse Neheletsanang Tsa Molula-Qhooa)” kapa ho (2) JW Library® karolong ea media tlas’a “Lipuisano le Liphihlelo.”

^ ser. 62 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o felehelitsoe ke mohatsa oa hae ha a il’o ithuta le mocha e mong Bibele. Ka linako tse ling, barab’abo rona ba fapaneng ba tsamaea le eena ha a il’o ithuta le mocha eo.