Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sehlooho Se Ithutoang Sa 24

U ka Qoba Maraba a Satane

U ka Qoba Maraba a Satane

“Tsoa lerabeng la Diabolose.”​2 TIM. 2:26.

PINA EA 36 Re Lebela Lipelo Tsa Rona

SEO RE TLʼO ITHUTA SONA *

1. Ke hobane’ng ha re ka tšoantša Satane le setsomi?

NTHO eo setsomi se e batlang feela ke ho tšoasa phoofolo kapa ho e bolaea. Joalokaha e mong oa metsoalle ea bohata ea Jobo a ile a bontša, se ka sebelisa lifi kapa maraba a sa tšoaneng. (Jobo 18:​8-10) Setsomi se ka ’na sa hohela phofu ea sona joang? Se sheba phoofolo eo ka hloko ho bona na e tsamaela kae, e rata’ng le hore na ke leraba lefe se ka e tšoasang e sa lebella. Satane o tšoana le setsomi seo hantle. O ithuta rona. O sheba metsamao ea rona le hore na re rata’ng. Ka mor’a moo, o re chehela leraba leo a tšepang hore le tla re tšoasa re sa lebella. Ho ntse ho le joalo, Bibele ea re kholisa hore le haeba re ka tšoasoa, re ka khona ho itšoasolla. E boetse ea re bontša hore na re ka qoba maraba ao joang ka ho feletseng.

Boikhohomoso le meharo ke maraba a Satane a atlehang ka ho fetisisa (Sheba serapa sa 2) *

2. Satane o sebelisa maraba afe a mabeli a ka sehloohong a atlehang?

Maraba a mabeli a ka sehloohong ao Satane a a sebelisang ke boikhohomoso le meharo. * Ho theosa le lilemo, haesale Satane a atleha ho sebelisa maraba ana a mabeli. O tšoana le motho ea chehang linonyana ea li hohelang hore li tle sefing. (Pes. 91:3) Empa ha rea lokela ho tšoasoa ke Satane. Hobane’ng? Hobane Jehova o re boleletse maraba ao Satane a a sebelisang ho re tšoasa.​—2 Bakor. 2:11.

Mehlala e ka Bibeleng e ka re thusa ho bona hore na re ka qoba kapa ra itšoasolla marabeng a Diabolose joang (Sheba serapa sa 3) *

3. Ke hobane’ng ha Jehova a fane ka mehlala ea batho ba ileng ba ikhohomosa le ho ba meharo ka Bibeleng?

3 Tsela e ’ngoe eo Jehova a re lemosang ka eona hore re se ke ra ikhohomosa le ho ba meharo, ke ka ho re khothaletsa ho ithuta mehlaleng ea batho ba bang. U tla bona mehlaleng eo re tl’o e hlahloba hore na Satane o ile a khona joang ho tšoasa esita le bahlanka ba Jehova ba mo sebelelitseng ka nako e telele. Na taba eo e bolela hore le rona re se ntse re hlotsoe? Ho hang. Jehova o fane ka mehlala ena ka Bibeleng hore “e be temoso ho rona.” (1 Bakor. 10:​11) Oa tseba hore re ka ithuta mehlaleng eo eaba re qoba ho tšoasoa ke Diabolose.

LERABA LA HO IKHOHOMOSA

Sheba serapa sa 4

4. Ho tla etsahala’ng haeba re ikhohomosa?

Satane o batla hore re ikhohomose. Oa tseba hore ha re ka ikhohomosa re tla tšoana le eena ebe re lahleheloa ke tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. (Liprov. 16:​18) Kahoo, moapostola Pauluse o ile a re eletsa hore re se ke ra “ikhohomosa ka boikakaso eaba [re] oela kahlolong eo Diabolose a ahlotsoeng ka eona.” (1 Tim. 3:​6, 7) Kaofela ha rona ntho eo e ka re etsahalla ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re sebeletsa Jehova.

5. Ho ea ka Moeklesia 7:​16, 20, motho a ka ikhohomosa joang?

5 Hangata batho ba ikhohomosang ba icheba bobona feela. Satane o leka hore re ikhohomose ka hore re ichebe borona ho feta ho nahana ka Jehova haholo-holo ha re e-na le mathata. Mohlala, na u se u kile oa etselletsoa? Kapa na u kile oa tšoaroa ka ho hloka toka? Satane a ka batla hore u behe Jehova kapa banab’eno molato. Hape o batla hore u nahane hore tsela feela ea ho rarolla mathata a hao ke ho etsa lintho ka tsela ea hao eseng ho mamela litaelo tseo Jehova a re fang tsona ka Lentsoeng la hae.​—Bala Moeklesia 7:​16, 20.

6. U ka ithuta’ng mohlaleng oa morali’abo rona oa Netherlands?

6 Ak’u nahane ka mohlala oa morali’abo rona e mong oa Netherlands ea neng a tenoa ke mefokolo ea batho ba bang. O ile a etsa qeto ea hore a ke ke a khona ho ba mamella ho hang. O re: “Ke ne ke utloa ke se na mang oe! ebile ke sa khone ho ba le maikutlo a fapaneng le ao ke neng ke e-na le ’ona. Ke ile ka bolella mohats’aka hore re lokela ho ea phuthehong e ’ngoe.” Morali eo oa bo rona o ile a shebella lenaneo la JW Broadcasting® la March 2016. Lenaneo leo le ile la mo thusa ho bona hore na a ka sebetsana le mefokolo ea batho ba bang joang. O re: “Ke ile ka bona hore ke lokela ho ikokobetsa le ho nahana ka liphoso tsa ka ho e-na le hore ke leke ho fetola Bakreste-’moho le ’na. Lenaneo leo le ile la nthusa hore ke nahane haholo ka Jehova le bobusi ba hae.” Re ithuta’ng? Lula u nahana ka Jehova ha u e-na le mathata. Mo kope hore a u thuse ho bona batho ba bang ka tsela ea hae. Le hoja Jehova a bona liphoso tsa bona, o ikemiselitse ho ba tšoarela. U batla hore le uena u mo etsise.​—1 Joh. 4:20.

Sheba serapa sa 7

7. Ho ile ha etsahala’ng ka Morena Uzia?

7 Kaha Morena Uzia oa Juda o ne a ikhohomosa, ha aa ka a mamela taelo eo a neng a e fuoe eaba o etsa ntho eo a neng a sa lokela ho e etsa. Uzia o ne a e-na le bokhoni ba ho etsa lintho hantle. O ile a hlola lintoa tse ngata, a haha metse e mengata hape o ne a atlehile le temong. ‘Molimo oa ’nete o ile a mo atlehisa.’ (2 Likron. 26:​3-7, 10) Bibele e re: “Leha ho le joalo, hang ha a le matla, pelo ea hae ea ikhohomosa ho fihlela boemong ba ho baka tšenyo.” Jehova o ne a fane ka taelo ea hore ke baprista feela ba neng ba lumelletsoe ho chesa libano tempeleng. Empa Morena Uzia o ile a ea tempeleng eaba o chesa libano. Jehova ha aa ka a thabisoa ntho eo eaba o otla monna eo ea ikhohomosang ka lepera. Uzia e ile ea e-ba molepera bophelo bohle ba hae.​—2 Likron. 26:​16-21.

8. Re nahanne ka 1 Bakorinthe 4:​6, 7, re ka qoba ho ikhohomosa joang?

8 Na ho ikhohomosa ho ka etsa hore le rona re oele lerabeng le tšoanang le leo Uzia a ileng a oela ho lona? Nahana ka mohlala oa José. E ne e le rakhoebo ea atlehileng haholo ebile e le moholo ea hlomphuoang. O ne a fana ka lipuo likopanong tsa potoloho le tsa setereke ’me hangata bapotolohi ba ne ba kopa likeletso ho eena. O re: “Ke ne ke itšepa ho tlola. Ke beheletse Jehova thoko le ’na. Hape ke ne ke nahana hore ke na le tumelo eaba ha ke mamele melao le litemoso tsa Jehova.” Mor’abo rona José o ile a etsa sebe se tebileng eaba oa khaoloa. Lilemo tse ’maloa tse fetileng, o ile a khutlisetsoa ka phuthehong. Hona joale o re: “Jehova o nthutile hore ntho ea bohlokoa ha se ho ba le maemo ka phuthehong empa ke ho etsa lintho tseo eena a reng re li etse.” Re lokela ho hopola hore bokhoni le mesebetsi eo re nang le eona ka phuthehong li tsoa ho Jehova. (Bala 1 Bakorinthe 4:​6, 7.) Haeba re ikhohomosa, Jehova a ke ke a re sebelisa.

LERABA LA HO BA MEHARO

Sheba serapa sa 9

9. Satane le Eva ba ile ba etsa’ng ka lebaka la ho ba meharo?

9 Ha re nahana ka ho ba meharo, re hopola Satane Diabolose. Kaha Satane e ne e le lengeloi la Jehova, ho ka etsahala hore ebe o ne a e-na le mesebetsi e mengata ea bohlokoa. Empa o ne a sa khotsofala. O ne a batla ho rapeloa e leng ntho e tšoanelang Jehova feela. Satane o batla hore re tšoane le eena, kahoo o leka ho etsa hore re se ke ra khotsofalla lintho tseo re nang le tsona. Lekhetlo la pele leo a ileng a leka ho etsa joalo, ke ha a ne a bua le Eva. Ka lerato Jehova o ile a fa Eva le monna oa hae lijo tse ngata tse khotsofatsang le tse monate ’me o ile a re ba je litholoana tsa “sefate se seng le se seng sa serapa” ntle le se le seng. (Gen. 2:​16) Leha ho le joalo, Satane o ile a qhekella Eva hore a nahane hore o lokela ho ja tholoana ea sefate se thibetsoeng. Eva ha aa ka a khotsofalla lintho tseo a neng a e-na le tsona, o ile a ba meharo. Rea tseba hore na ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo. O ile a etsa sebe eaba oa shoa.​—Gen. 3:​6, 19.

Sheba serapa sa 10

10. Morena Davida o ile a oela lerabeng la ho ba meharo joang?

10 Ka lebaka la ho ba meharo, Morena Davida o ile a lebala lintho tseo Jehova a mo fileng tsona tse kang, maruo, botumo le ho hlola lira tsa hae tse ngata. Davida le eena o ile a ananela le ho lumela hore lintho tseo Molimo a mo fileng tsona li ne li le ngata ‘ho feta kamoo a ka li phetang.’ (Pes. 40:5) Empa ho ile ha etsahala hore Davida a lebale lintho tseo Jehova a mo fileng tsona. O ne a se a sa khotsofalla lintho tseo a nang le tsona. Le hoja Davida a ne a e-na le basali ba bangata, o ile ba meharo eaba o batla mosali oa motho e mong. Mosali eo e ne le Bathe-sheba ’me monna oa hae e ne e le Uria Mohethe. Davida o ile a inahana boeena, eaba o etsa thobalano le Bathe-sheba eaba Bathe-sheba oa ima. Davida ha aa ka a etsa bohlola feela empa o ile a etsa hore Uria a bolaoe. (2 Sam. 11:​2-15) Davida o ne a nahana’ng? Na o ne a nahana hore Jehova ha a ’mone? Mohlanka eo ea tšepahalang oa Jehova, o ile a oela lerabeng la ho ba meharo le ho inahana boeena eaba o ipakela mathata a mangata. Empa hamorao, Davida o ile a amohela phoso ea hae eaba oa baka. O ile a thaba haholo ha Jehova a mo tšoarela.​—2 Sam. 12:​7-13.

11. Ho ea ka Baefese 5:​3, 4, ke’ng e ka re thusang hore re se ke ba meharo?

11 Re ithuta’ng mohlaleng oa Davida? Re ithuta hore re ka khona ho hlola ho ba meharo haeba feela re lula re leboha Jehova ka lintho tseo a re fileng tsona. (Bala Baefese 5:​3, 4.) Re lokela ho khotsofalla lintho tseo re nang le tsona. Hangata ha re qala ho ithuta Bibele le batho, re ba khothalletsa hore ba nahane ka ntho eo ba e ananelang ebe ba leboha Jehova. Haeba motho a etsa joalo letsatsi ka leng, o tla be a buile le Jehova ka lintho tse supileng tse sa tšoaneng ka beke. (1 Bathes. 5:​18) Na le uena u etsa ntho e tšoanang? Haeba u nahanisa ka lintho tsohle tseo Jehova a u etselitseng tsona, u tla khona ho mo leboha. Hape ha u le motho ea lebohang, u tla khotsofalla lintho tseo u nang le tsona. Ha u le motho ea khotsofalang, u ke ke oa ba meharo.

Sheba serapa sa 12

12. Judase Iskariota o ile a etsa’ng ka lebaka la ho ba meharo?

12 Ho ba meharo ho ile ha etsa hore Judase Iskariota e be lehlaba-phio. Empa qalong e ne se motho ea mobe. (Luka 6:​13, 16) Jesu o ile a mo khetha hore e be moapostola. Judase o ne a e-na le bokhoni hape a ka tšeptjoa etsoe e ne le eena ea neng a tšoara chelete. Jesu le baapostola ba ne ba sebelisa chelete eo bakeng sa litlhoko tsa bona ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa boboleli. Chelete eo e ne e tšoana le monehelo oa mosebetsi oa lefatše lohle. Empa ka mor’a nako, Judase o ile a qalella ho utsoa le hoja ka makhetlo a ile a utloa ha Jesu a lemosa batho ka ho ba meharo. (Mar. 7:​22, 23; Luka 11:​39; 12:​15) Judase o ile a iphapanyetsa litemoso tseo.

13. Judase o ile a bontša neng ka ho hlaka hore o meharo?

13 Judase o ile a bontša ka ho hlaka hore o meharo nakoana pele Jesu a bolaoa. Jesu le barutuoa ba hae ho akarelletsa le Maria le ausi oa hae Maretha, e ne e le baeti ha Simone molepera. Ha ba ntse ba e-ja, Maria o ile a ema eaba o tšela oli e turu e nkhang hamonate hloohong ea Jesu. Judase le barutuoa ba bang ba ile ba koata haholo. Mohlomong barutuoa ba bang ba ile ba nahana hore chelete eo e ka be e sebelisitsoe boboleling. Empa Judase o ne a e-na le maikutlo a fapaneng. “E ne e le lesholu” ’me o ne a batla ho utsoa chelete. Hamorao, ho ba meharo ho ile ha etsa hore Judase a tsoe Jesu tlaase ka lebaka la chelete.​—Joh. 12:​2-6; Mat. 26:​6-16; Luka 22:​3-6.

14. Banyalani ba bang ba ile ba sebelisa keletso e ho Luka 16:​13 joang?

14 Jesu o ile a hopotsa balateli ba hae thuto ena ea bohlokoa: “Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.” (Bala Luka 16:​13.) Taba ena e ntse e le ’nete. Ak’u bone hore na banyalani ba bang ba Romania ba ile ba susumetsoa joang ke mantsoe ao a Jesu. Ba ile ba fumana mosebetsi oa nakoana naheng e ’ngoe e ruileng. Ba re: “Re ne re e-na le sekoloto se seholo haholo sa banka, kahoo re ile ra nahana hore mohlomong mosebetsi ona o tsoa ho Jehova.” Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le bothata. Mosebetsi oo o ne o tl’o ama tšebeletso ea bona ho Jehova. Ka mor’a ho bala sehlooho se reng “Lula U Tšepahala ka ho ba le Pelo e Momahaneng” se ho Molula-Qhooa oa August 15, 2008, ba ile ba etsa qeto. Ba re: “Haeba ho ba le chelete e ngata e ne e le sepheo sa rona sa ho sebetsa naheng e ’ngoe, taba eo e ne e tl’o bolela hore setsoalle sa rona le Jehova ha se bohlokoa ho hang. Re ne re kholisehile hore kamano ea rona le Jehova e ne e tl’o senyeha.” Kahoo, ha baa ka ba nka mosebetsi oo. Ho ile ha etsahala’ng? Mor’abo rona o ile a fumana mosebetsi naheng ea ha bo bona o ileng oa ba thusa ho patalla litlhoko tsa bona. Mohats’ae o re: “Kamehla Jehova o thusa bahlanka ba hae.” Banyalani bana ba thabile hore ebe ba khethile Jehova e le Monghali oa bona ho fapana le chelete.

QOBA MARABA A SATANE

15. Re kholisoa ke’ng hore re ka khona ho itšoasolla marabeng a Satane?

15 Re lokela ho etsa’ng haeba re hlokomela hore rea ikhohomosa kapa re meharo? Re ka fetoha. Pauluse o ile a re batho ‘ba tšoasitsoeng ke’ Diabolose ba phela, ba ka khona ho itšoasolla. (2 Tim. 2:​26) Ntho eo e ile ea etsahalla Davida kaha o ile a mamela keletso ea Nathane e matla, a tlohela ho ba meharo eaba o lokisa setsoalle sa hae le Jehova. Le ka mohla u se ke oa lebala hore Jehova o matla ho feta Satane. Kahoo, haeba re lumela hore Jehova a re thuse, re ka itšoasolla marabeng ao Diabolose a re chehetseng ’ona.

16. Re ka thusoa ke’ng ho qoba maraba a Satane?

16 Ha rea lokela ho itšoasolla marabeng a Satane feela empa re tlameha ho a qoba ka ho feletseng. Re ka etsa joalo haeba feela re lumella Molimo hore a re thuse. Empa ha rea lokela ho itšepa ho tlola. Esita le bahlanka ba Jehova ba mo sebelelitseng ka nako e telele, ba ile ba ikhohomosa le ho ba meharo. Kahoo, kopa Jehova letsatsi ka leng a u thuse ho bona haeba u e-na le mekhoa eo e mebe e ka susumetsang tsela eo u nahanang le ho etsa lintho ka eona. (Pes. 139:​23, 24) Leka kahohle hore u se ke oa ikhohomosa le ho ba meharo.

17. Haufinyane ho tla etsahala’ng ka Diabolose sera sa rona?

17 Haesale ho theosa le lilemo Satane e le setsomi. Empa haufinyane, o tla koalloa ’me qetellong a bolaoe. (Tšen. 20:​1-3, 10) Re tatetse hore letsatsi leo le fihle. Ho fihlela ka nako eo, lula u itebetse khahlanong le maraba a Satane. U sebetse ka thata hore u se ke oa ikhohomosa le ho ba meharo. Ikemisetse ho ‘hanyetsa Diabolose ’me o tla u baleha.’​—Jak. 4:7.

PINA EA 127 Ke Lokela ho ba Motho ea Joang?

^ ser. 5 Satane o tšoana le setsomi se hloahloa. O leka ho re tšoasa ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re sebeletsa Jehova. Sehloohong sena, re tl’o bona hore na Satane o leka ho sebelisa boikhohomoso le meharo joang ho senya setsoalle sa rona le Molimo. Re tla boela re hlahlobe mehlala ea batho ba ileng ba oela lerabeng la ho ikhohomosa le ho ba meharo, re be re bone hore na re ka qoba maraba ao joang.

^ ser. 2 TLHALOSO: Sehlooho sena se bua haholo ka boikhohomoso e leng boikutlo boo motho a nang le bona ba hore o phahametse batho ba bang hape se bua ka meharo, e leng takatso e feteletseng ea ho batla ho ba le chelete e ngata, matla, ho etsa thobalano kapa lintho tse ling ka tsela e feteletseng.

^ ser. 53 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ka boikhohomoso bohle, mor’abo rona o hana ho mamela keletso. Morali’abo rona ea nang le lintho tse ngata, u batla tse fetang moo.

^ ser. 55 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Lengeloi le Morena Uzia ba ile ba ikhohomosa. Ho ba meharo ho ile ha etsa hore Eva a je tholoana e thibetsoeng, Davida a etse bohlola le Bathe-sheba le Judase a utsoe chelete.