Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Ikemiselitse ho Leta U sa Fele Pelo?

Na U Ikemiselitse ho Leta U sa Fele Pelo?

“Le lōna le se ke la fela pelo.”JAK. 5:8.

LIPINA: 78, 139

1, 2. (a) Ke’ng e ka etsang hore re botse potso e tšoanang le ea Habakuke? (b) Ke’ng e khothatsang ka bahlanka ba Jehova ba nako e fetileng?

MOPROFETA ESAIA le moprofeta Habakuke ba kile ba botsa ba re: “Halelele hakae?” (Esa. 6:11; Hab. 1:2) Ho Pesaleme ea 13, Morena Davida le eena o ile a re: “Halelele hakae?” (Pes. 13, 1, 2) Morena oa rona Jesu Kreste le eena o ile a botsa potso eo ha a bona kamoo batho ba neng ba se na tumelo kateng. (Mat. 17:17) Kahoo le rona re ka ’na ra iphumana re botsa potso eo.

2 Ke’ng e ka etsang hore re botse potso eo? Mohlomong re kile ra tšoaroa ka leeme, rea kula kapa re se re tsofetse. Kapa mohlomong re sebetsana le a mang a mathata a “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Tim. 3:1) E ka ’na eaba re nyahamisoa ke lintho tse fosahetseng tseo batho ba li etsang. Ho sa tsotellehe hore na re nyahamisoa ke’ng, rea khothala ha re hopola hore bahlanka ba Jehova ba nakong e fetileng le bona ba ile ba ipotsa potso e tšoanang ’me Jehova ha aa ka a ba khalemella ho e botsa.

3. Ke’ng e ka re thusang hore re sebetsane le mathata?

3 Empa ke’ng e ka re thusang ha re thulana le mathata? Jakobo eo e neng e le moen’a Jesu o ile a re: “Le se ke la fela pelo, barab’eso, ho fihlela ho beng teng ha Morena.” (Jak. 5:7) Kaofela re lokela ho ba le mamello. Empa ho mamella ho bolela’ng, hona re ka etsa’ng hore re be le mamello?

HO MAMELLA HO BOLELA’NG?

4, 5. (a) Ho mamella ho akarelletsa’ng? (b) Jakobo o hlalosa mamello joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

4 Bibele e re moea o halalelang o re thusa ho mamella. Ho ka ba thata hore batho ba mamelle maemo a boima haese ka thuso ea Molimo. Ha re mamella re boetse re bontša hore re rata batho ba bang. Haeba re tloaetse ho fella batho ba bang pelo, maqhama a rona le bona aa senyeha empa haeba re ba mamella, kamano ea rona le bona ea matlafala. (1 Bakor. 13:4; Bagal. 5:22) Ho mamella ho akarelletsa makhabane a mang. Mohlala, ho mamella ho tsamaea le ho tiisetsa, e leng ntho e ka re thusang hore re se ke ra nyahama ha re hlaheloa ke mathata. (Bakol. 1:11; Jak. 1:3, 4) Ho boetse ho akarelletsa ho se iphetetse ha re utloisoa bohloko ’me re lula re le matla ho sa tsotellehe lintho tse re hlahelang. Hape, Bibele e re re lokela ho ikemisetsa ho mamella. Ke eona ntho eo re ithutang eona ho Jakobo 5:7, 8. (E bale.)

5 Ke hobane’ng ha re lokela ho ikemisetsa ho letela hore Jehova a lokise lintho? Jakobo o tšoantša maemo a rona le a sehoai. Le hoja sehoai se sebetsa ka thata ha se lema, ha se khone ho laola maemo a leholimo kapa tsela eo limela li holang ka eona. Ha se khone ho potlakisa nako ea kotulo. Sea utloisisa hore se lokela ho letela “litholoana tsa bohlokoa tsa lefatše.” Le rona ho na le lintho tse ngata tseo re ke keng ra li laola ha re ntse re letetse hore Jehova a phethahatse litšepiso tsa hae. (Mar. 13:32, 33; Lik. 1:7) Re lokela ho leta joaloka sehoai seo.

6. Re ithuta’ng ho moprofeta Mikea?

6 Lintho tse re etsahallang li tšoana le tse neng li etsahalla moprofeta Mikea. O phetse mehleng ea Morena Akaze ea khopo. Batho ba bangata ba ne ba tletse bobolu. Ha e le hantle Bibele e re ba ne ba ithutile ho etsa bokhopo hoo ba neng ba se ba tloaetse ho bo etsa. (Bala Mikea 7:1-3.) Mikea o ne a tseba hore a ke ke a khona ho fetola maemo ao. Joale o ne a ka etsa’ng? O re: “Empa ha e le ’na, ke tla ’ne ke lebelle Jehova. Ke tla letela Molimo oa poloko ea ka. Molimo oa ka o tla nkutloa.” (Mik. 7:7) Le rona re lokela ho ‘leta.’

7. Re lokela ho etsa’ng ha re ntse re letetse hore Jehova a phethahatse litšepiso tsa hae?

7 Haeba re na le tumelo joaloka Mikea, re tla ikemisetsa ho letela Jehova. Ha re tšoane le motho ea emetseng kahlolo ea lefu. Le hoja a tlameha ho leta, ha a batle hore letsatsi leo a le letetseng le fihle. Re ikemiselitse ho letela Jehova hobane rea tseba hore o tla fela a re fe bophelo bo sa feleng ka nako e loketseng. Kahoo re ‘mamella ka botlalo ’me re tiisetsa ka thabo.’ (Bakol. 1:11, 12) Empa haeba re letela Jehova re ntse re korotla ka hore o lieha ho etsa lintho, re tla be re mo halefisa.—Bakol. 3:12.   

ITHUTE HO BA ILENG BA TŠEPAHALA

8. Ke’ng eo re lokelang ho e hopola ha re ntse re nahanisisa ka bahlanka ba Molimo ba mehleng ea khale?

8 Haeba re nahana ka bahlanka ba Molimo ba mehleng ea khale ba ileng ba tšepahala ’me ba letela Jehova hore a phethahatse litšepiso tsa hae, le rona re tla ikemisetsa ho leta. (Bar. 15:4) Ha re ntse re nahanisisa ka bona, re boetse re lokela ho hopola hore na ba ile ba leta nako e kae, hore na hobane’ng ha ba ile ba leta le hore na Jehova o ile a ba hlohonolofatsa joang hore ebe ba ile ba mamella.

Abrahama o ile a tlameha ho ema lilemo tse ngata pele litloholo tsa hae, Esau le Jakobo li hlaha (Sheba lirapa 9 le 10)

9, 10. Abrahama le Sara ba ile ba ema nako e kae pele Jehova a phethahatsa tšepiso ea hae?

9 Nahana ka Abrahama le Sara. Ba baloa har’a “bao ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang litšepiso.” Bibele e re “ka mor’a hore Abrahama a bontše ho se fele pelo, o ile a fumana” tšepiso ea hore Jehova o tla mo hlohonolofatsa ’me a mo etse ntat’a sechaba se seholo. (Baheb. 6:12, 15) Ke hobane’ng ha Abrahama a ne a sa lokela ho fela pelo? Hobane ho ne ho tla nka nako hore tšepiso eo e phethahale. Selekane seo Jehova a se entseng le Abrahama se ile sa qala ho sebetsa ka la 14 Nisane, 1943 hona mehleng ea Abrahama. E ne e le ha Sara le ba ntlo ea hae ba tšela noka ea Eufrate ebe ba kena Naheng e Tšepisitsoeng. Ka mor’a moo, Abrahama o ile a ema lilemo tse 25 pele mora oa hae Isaka a hlaha ka 1918 mehleng ea Abrahama. A boela a ema lilemo tse 60 pele litloholo tsa hae e leng Esau le Jakobo ba ka hlaha ka 1858.—Baheb. 11:9.

10 Abrahama o ile a fuoa naha e kae e le lefa? Bibele e re: “Ha aa ka a mo fa lefa leha e le lefe ho eona, che, leha e le bophara ba leoto; empa a tšepisa ho mo fa eona hore a e rue, le ho e fa peō ea hae ka mor’a hae, ha a ne a sa ntse a e-s’o be le ngoana.” (Lik. 7:5) Ka mor’a lilemo tse 430 ha Abrahama a qeta ho tšela Eufrate e ile ea e-ba hona litloholo tsa hae e bang sechaba se tla rua naha eo.—Ex. 12:40-42; Bagal. 3:17.

11. Ke hobane’ng ha Abrahama a ne a ikemiselitse ho leta, hona Jehova o tla mo hlohonolofatsa joang?

11 Abrahama o ne a ikemiselitse ho leta hobane o ne a e-na le tumelo ho Jehova. (Bala Baheberu 11:8-12.) Le hoja a sa bona ha tšepiso eo e phethahala, o ile a leta a thabile. Empa nahana hore na o tla ikutloa joang ha a tsosoa ’me a fumana lefatše e le paradeise. O tla makala ha a bala Bibele ’me a fumana hore e bua ka eena le ka lintho tse ileng tsa mo etsahalla le ba lelapa la hae. * Nahana feela hore na o tla thaba hakaakang ha a bona kamoo a bapetseng karolo ea bohlokoa kateng hore morero oa Jehova o phethahale. O tla bona hore ha aa ka a emela ntat’a selala.

12, 13. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Josefa a se ke a fela pelo, hona o ile a itšoara joang?

12 Josefa setloholoana sa Abrahama, le eena o ile a leta a sa fele pelo. O ile a tšoaroa ka leeme ka makhetlo a ’maloa. Ha a le lilemo li ka bang 17, baholoane ba hae ba ile ba mo rekisa hore e be lekhoba. Hamorao, mosali oa mong’a hae o ile a etseletsa Josefa ka hore o mo betile eaba o kenngoa teronkong. (Gen. 39:11-20; Pes. 105:17, 18) Le hoja Josefa a ne a tšepahalla Molimo, ho ne ho bonahala eka Molimo oa otla ho e-na le ho mo hlohonolofatsa. Empa ka mor’a lilemo tse 13, lintho li ile tsa fetoha ka potlako. O ile a lokolloa teronkong eaba Faro o mo beha hore a laole Egepeta.—Gen. 41:14, 37-43; Lik. 7:9, 10.

13 Na Josefa o ile a halefa ha a tšoaroa ka leeme? Na o ile a khaotsa ho tšepa Molimo oa hae, Jehova? Che. Ke’ng e thusitseng Josefa hore a se ke a fela pelo? O ne a e-na le tumelo e matla ho Jehova. O ne a tseba hore lintho li taolong ea Jehova. Hlokomela hore na o ile a re’ng ho barab’abo: “Le se ke la tšoha, etsoe na ke sebakeng sa Molimo? Ha e le lōna, le ne le nkhopoletse bobe. Molimo o ne a hopotse se molemo ka morero oa ho etsa joaloka letsatsing lena ho boloka batho ba bangata ba phela.” (Gen. 50:19, 20) Qetellong, Josefa o ile a hlokomela hore ha aa ka a itšenyetsa nako ka ho letela Jehova.

14, 15. (a) Ke hobane’ng ha re ka re Davida ke mohlala o motle oa ho se fele pelo? (b) O thusitsoe ke’ng hore a se fele pelo?

14 Morena Davida le eena o ile a tšoaroa ka leeme ka makhetlo. Le hoja a ne a tlotselitsoe ho ba morena Iseraele, o ile a tlameha ho ema lilemo tse ka bang 15 pele a ka qala ho busa. (2 Sam. 2:3, 4) Ka nako eo, Morena Saule o ne a mo lelekisa a batla ho mo bolaea. * Kahoo, Davida e ile ea e-ba mophaphathehi. Ka linako tse ling o ne a lula mahaheng. Esita le ka mor’a hore Saule a bolaoe ntoeng, Davida o ile a lokela ho ema lilemo tse supileng hape pele e ka ba morena oa Iseraele.—2 Sam. 5:4, 5.

15 Ke hobane’ng ha Davida a ne a ikemiselitse ho leta a sa fele pelo? O fana ka karabo hona pesalemeng eo ho eona a ileng a re: “Halelele hakae?” O ile a re: “Ha e le ’na, ke tšepile mosa oa hao o lerato; Pelo ea ka e ke e thabele poloko ea hao. Ke tla binela Jehova, etsoe o sebetsane le ’na ka mokhoa o putsang.” (Pes. 13:5, 6) Davida o ne a tseba hore Jehova oa mo rata ’me a ke ke a mo lahla. O ile a letela hore Jehova a mo lopolle ’me a nahana ka linako tseo Jehova a ileng a mo thusa. O ne a tseba hore ha a itšenyetse nako ka ho letela Jehova.

Jehova ha aa lebella hore re etse lintho tseo eena a sa ikemisetsang ho li etsa

16, 17. Ke joang Jehova le Jesu ba re bontšitseng mohlala oa ho se fele pelo?

16 Jehova ha aa lebella hore re etse lintho tseo eena a sa ikemisetsang ho li etsa. O re bontšitse mohlala oa ho se fele pelo. (Bala 2 Petrose 3:9.) Mohlala, lilemong tse likete tse fetileng serapeng sa Edene, Satane o ile a qosa Jehova ka hore ke ’musi ea hlokang toka. Kahoo, haesale Jehova a letile a sa fele pelo a emetse nako eo ka eona lebitso la hae le tlang ho halaletsoa. Ha nako eo e fihla, o tla hlohonolofatsa batho “bohle ba mo lebeletseng.”—Esa. 30:18.

17 Jesu le eena o ne a ikemiselitse ho leta. Le hoja a ile a fela a lula a tšepahala ’me a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo ka selemo sa 33, o ile a qala ho busa ka 1914. (Lik. 2:33-35; Baheb. 10:12, 13) Hape o lokela ho ema ho fihlela Puso ea Lilemo Tse Sekete e fetile e le hore lira tsohle tsa hae li felisoe. (1 Bakor. 15:25) Le hoja a tla lokela ho ema nako e telele, re kholisehile hore o tla be a sa emela lelea.

RE KA THUSOA KE’NG?

18, 19. Ke’ng e tla re thusa hore re se ke ra fela pelo?

18 Kahoo, re kaofela re lokela ho ikemisetsa ho leta re sa fele pelo. Empa ke’ng e ka re thusang? Re lokela ho kopa Jehova hore a re fe moea o halalelang. Hopola hore ho ba le mamello ke karolo ea tholoana ea moea. (Baef. 3:16; 6:18; 1 Bathes. 5:17-19) Kopa Jehova hore a u thuse hore u mamelle u sa fele pelo.

19 Hape, hopola hore ke Abrahama, Josefa le Davida ba ile ba thusoa ke’ng hore ba letele litšepiso tsa Jehova ba sa fele pelo. Ba thusitsoe ke ho tšepa Jehova le ho ba le tumelo ho eena. Ha baa ka ba nahana feela ka hore na bona ba batla’ng. Ha re ntse re nahana kamoo lintho li ileng tsa ba tsamaela hantle kateng, seo se tla re thusa hore le rona re se ke ra fela pelo.

20. U ikemiselitse ho etsa’ng?

20 Leha re ka thulana le mathata, re ikemiselitse ho leta. Le hoja ka linako tse ling re ka ’na ra re: “E tla ba halelele hakae, Jehova?” (Esa. 6:11) Empa ha re kopa hore Jehova a re fe moea o halalelang, re tla bua mantsoe ana ao Jeremia a ileng a a bua: “Jehova ke kabelo ea ka, ke ka lebaka leo ke tlang ho mo letela.”—Lillo 3:21, 24.

^ ser. 11 Likhaolo tse ka bang 15 tsa buka ea Genese li bua haholo ka lintho tse ileng tsa etsahalla Abrahama. Hape, bangoli ba Mangolo a Segerike a Bakreste a bua ka Abrahama ka makhetlo a fetang 70.

^ ser. 14 Le hoja Jehova a ile a lahla Saule ka mor’a hore a buse ka lilemo tse ka bang peli, o ile a mo lumella hore a buse hape ka lilemo tse 38 ho fihlela a shoa.—1 Sam. 13:1; Lik. 13:21.