Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ke na le Tšepo ho Molimo”

“Ke na le Tšepo ho Molimo”

“Adama oa ho qetela ea e-ba moea o fanang ka bophelo.” 1 BAKOR. 15:45.

LIPINA: 111, 12

1-3. (a) Ke thuto efe eo re lokelang ho e kenyelletsa ha re bua ka lithuto tsa motheo? (b) Ke hobane’ng ha thuto ea tsoho e le bohlokoa hakaale? (Sheba setšoantšo se qalong.)

U KA RE’NG ha u ka botsoa hore na lithuto tsa motheo tseo u li lumelang ke life? Mohlomong u ne u ka hlalosa hore Jehova ke eena ’Mopi ebile o re file bophelo. U ne u ka boela oa hlalosa hore u lumela ho Jesu Kreste le hore o re shoetse. Hape u ne u ka bolela hore haufinyane batho ba mamelang Molimo ba tla phela paradeiseng lefatšeng ka ho sa feleng. Empa na tsoho ke e ’ngoe ea lithuto tseo u li ratang ka ho fetisisa?

2 Re na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore tsoho ke thuto ea bohlokoa le haeba re e-na le tšepo ea ho pholoha matšoenyeho a maholo ’me re phele ka ho sa feleng lefatšeng. Moapostola Pauluse o ile a bua ka bohlokoa ba ho lumela hore tsoho ke mokokotlo oa tumelo ea rona ha a re: “Ka sebele, haeba ha ho na tsoho ea bafu, le Kreste ha aa tsosoa.” Hoja Kreste ha aa tsosoa, e ne e ke ke ea e-ba Morena oa rona ’me ho tla be ho se na thuso ho ruta batho ka puso ea hae. (Bala 1 Bakorinthe 15:12-19.) Empa rea tseba hore Jesu o ile a tsosoa. Haeba re lumela joalo, re tla be re fapane le Basaduse ba neng ba sa lumele ho hang hore bafu ba ka tsosoa. Re lumela hore bafu ba ka tsosoa esita leha batho ba re soma.—Mar. 12:18; Lik. 4:2, 3; 17:32; 23:6-8.

3 Ha Pauluse a bua ka “thuto ea mathomo mabapi le Kreste,” o ile a kenyelletsa le “thuto ea . . . tsoho ea bafu.” (Baheb. 6:1, 2) A boela a re o na le tumelo ea hore bafu ba tla tsoha. (Lik. 24:10, 15, 24, 25) Empa taba ea hore ebe Bibele e re tsoho ke e ’ngoe ea “lintho tsa motheo tsa liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo,” ha e bolele hore ke thuto e sa reng letho. (Baheb. 5:12) Hobane’ng?

4. Ke lipotso life tse mabapi le tsoho tseo re lokelang ho tseba likarabo tsa tsona?

4 Ha batho ba qala ho ithuta Bibele, ba bangata ba bala ka batho ba ileng ba tsosoa bafung, ba kang Lazaro. Hape ba ithutile hore batho ba kang Abrahama, Daniele le Jobo, ba ne ba kholisehile hore nakong e tlang, Molimo o tla tsosa bafu. Empa u ne u ka fana ka bopaki bofe ho bontša hore batho ba ntse ba tla tsoha le ka mor’a hore ho fete lilemo tse ngata? Hona na Bibele ea bontša hore na bafu ba tla tsoha neng? Kaha tumelo ea rona e itšetlehile ka hore re tsebe likarabo tsa lipotso tseo, a re hlahlobeng litemana tse ka re thusang.

BAFU BA TLA TSOHA LE KA MOR’A LILEMO TSE NGATA

5. Re tl’o bua ka’ng lirapeng tse latelang?

5 Ha ho thata haholo ho lumela hore motho ea sa tsoa hlokahala a ka tsoha. (Joh. 11:11; Lik. 20:9, 10) Empa ho ka ba thatanyana ho lumela hore motho ea nang le lilemo-lemo a hlokahetse a ka boela a phela. Na hoa utloahala ho lumela hore le hoja e le khale Jehova a tšepisitse hore bafu ba tla tsoha, ba tla fela ba tsohe? Ha e le hantle, lirapeng tse latelang re tl’o bua ka motho eo ho ileng ha boleloa lilemo esale pele hore o tla tsoha, ’me le uena oa lumela hore o ile a fela a tsoha. U ile oa bontša joang hore oa lumela? Hona taba eo e ka re thusa joang ho kholiseha hore bafu ba tla fela ba tsohe nakong e tlang?

6. Ke joang boprofeta bo hlahang ho Pesaleme ea 118 bo neng bo bua ka Jesu?

6 Pesaleme ea 118 eo e ka ’nang eaba e ngotsoe ke Davida, e bua ka motho eo ho ileng ha boleloa lilemo esale pele hore o tla tsoha. E na le mantsoe a reng: “Oho! Jehova, ka kōpo, u pholose! . . . Ho hlohonolofatsoe Ea tlang ka lebitso la Jehova.” E ka ’na eaba oa hopola hore ho na le batho ba ileng ba bua mantsoe ao ha Jesu a fihla Jerusalema ka la 9 Nisane, nakoana pele ho lefu la hae. (Pes. 118:25, 26; Mat. 21:7-9) Empa ke joang Pesaleme ea 118 e neng e bua ka motho eo e leng hona a tla tsosoa lilemo tse ngata tse tlang? Mantsoe a eona a re: “Lejoe leo lihahi li ileng tsa le lahla le fetohile hlooho ea sekhutlo.”—Pes. 118:22.

“Lihahi” li ne li sa lumele hore Jesu ke eena Mesia (Sheba serapa 7)

7. Bajuda ba ne ba hloile Jesu hakae?

7 Baeta-pele ba Bajuda e leng “lihahi,” ba ne ba sa lumele hore Jesu ke eena Mesia. Bajuda ba bangata ba ne ba mo hloile hoo ba neng ba batla hore a bolaoe. (Luka 23:18-23) Ba ile ba kenya letsoho hore Jesu a bolaoe.

Jesu o ile a tsosoa bafung hore e be “hlooho ea sekhutlo” (Sheba lirapa 8 le 9)

8. Ke joang Jesu e neng e tla ba “hlooho ea sekhutlo”?

8 Jesu e ne e tla ba “hlooho ea sekhutlo” joang empa Bajuda ba ile ba mo bolaea? Ka hore a tsosoe bafung. Jesu o ile a hlalosa taba eo ka ho etsa papiso. Balemi ha baa ka ba tšoara bahlanka ba mong’a bona hantle, feela joalokaha Baiseraele ba ile ba tšoara baprofeta ba Molimo hampe. Qetellong, mong’a bona o ile a romela mora oa hae eo e bileng e leng mojalefa. Leha ho le joalo, ha baa ka ba mo amohela. Balemi bao ba ile ba qetella ba mo bolaile. Jesu o ile a qetella ka ho qotsa Pesaleme ea 118:22. (Luka 20:9-17) Ha moapostola Petrose a bua le Bajuda ba neng ba le Jerusalema e leng “babusi le banna ba baholo le bangoli ba bona,” o ile a hlalosa taba e tšoanang. O ile a bua ka “Jesu Kreste Monazaretha, eo le ileng la mo khokhothela thupeng empa eo Molimo a ileng a mo tsosa bafung.” Ka mor’a moo Petrose a re: “Lena ke ‘lejoe leo lōna lihahi le ileng la le tšoara joaloka leo e seng la bohlokoa le fetohileng hlooho ea sekhutlo.’”—Lik. 3:15; 4:5-11; 1 Pet. 2:5-7.

9. Pesaleme ea 118:22 e bua ka’ng?

9 Boprofeta bo ho Pesaleme ea 118:22 bo boletsoeng lilemo tse ngata esale pele, bo ne bo bontša hore Jesu o tla tsoha. Le hoja Mesia a ne a tla bolaoa, o ne a tla tsosoa e le hore e be hlooho ea sekhutlo. Kahoo, e ile ea e-ba eena feela eo lebitso la hae “ho fanoeng ka lona har’a batho leo ka sebele re tla pholoha ka lona.”—Lik. 4:12; Baef. 1:20.

10. (a) Pesaleme ea 16:10 e buile ka eng esale pele? (b) Re tseba joang hore Pesaleme ea 16:10 e ne e sa bue ka Davida?

10 Nahana ka temana e ’ngoe e ileng ea bua ka tsoho. Le hoja e ngotsoe lilemo tse likete pele boprofeta boo phethahala, bo ile ba fela ba phethahala. Kahoo, re lokela ho kholiseha hore bafu ba tla tsoha. Mantsoe a Davida a hlahang ho Pesaleme ea 16 a re: “U ke ke ua tlohela moea oa ka Sheole. U ke ke ua lumella ea tšepahalang oa hao hore a bone sekoti.” (Pes. 16:10) Davida o ne a sa bolele hore a ke ke a shoa. Bibele e re Davida o ile a tsofala. Ka mor’a hore a shoe, o ile “a robala le baholo-holo ba hae ’me a patoa Motseng oa Davida.” (1 Mar. 2:1, 10) Joale mantsoe a ho Pesaleme ea 16:10 a bolela’ng?

11. Petrose o ile a bua ka Pesaleme ea 16:10 neng?

11 Ho ile ha feta lilemo tse fetang sekete lengolo leo le ngotsoe. Libeke tse seng kae ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, Petrose o ile a bua le Bajuda le batho bao e neng e sa tsoa ba Bakreste ka Pesaleme ea 16:10. (Bala Liketso 2:29-32.) A re Davida o ile a shoa a ba a patoa. Batho ba neng ba mo mametse ba ne ba tseba taba eo hantle. Hape, ha ho moo Bibele e reng ba ile ba hana ha Petrose a re Davida “o ile a bona esale pele ’me a bolela malebana le tsoho” ea Mesia eo ba neng ba mo letetse.

12. Pesaleme ea 16:10 e ile ea phethahala joang?

12 Petrose o ile a hatisa taba ka hore a qotse mantsoe a Davida a hlahang ho Pesaleme ea 110:1. (Bala Liketso 2:33-36.) Tsela eo Petrose a ileng a hlalosa Mangolo ka eona e ile ea thusa batho ba mo mametseng hore ba kholisehe hore Jesu e ne e le “Morena le Kreste.” Ha e le hantle, ba ile ba hlokomela hore Pesaleme ea 16:10 e phethahetse ha Jesu a tsosoa bafung. Hamorao, moapostola Pauluse o ile a fana ka mabaka ao a utloahalang ha a bua le Bajuda ba motse oa Antioke o Pisidia. Ba ile ba khahloa ke tsela eo a neng a tšetleha mabaka ka eona ’me ba batla hore a tsoele pele ho ba hlalosetsa. (Bala Liketso 13:32-37, 42.) Le rona re lokela ho kholiseha hore boprofeta ba Bibele bo buang ka tsoho bo tla fela bo phethahale, ho sa tsotellehe hore na ho se ho fetile lilemo tse ngata hakae.

BAFU BA TLA TSOHA NENG?

13. Ke lipotso life tseo batho ba ka ’nang ba li botsa ka tsoho?

13 Hoa khothatsa ho tseba hore bafu ba tla tsoha esita leha ho se ho fetile lilemo tse ngata Jehova a entse tšepiso eo. Empa batho ba bang ba ntse ba ka re: ‘Na taba eo e bolela hore ke tla lokela ho ema nako e telele pele batho bao ke ba ratang ba tsosoa? Ba tla tsoha neng?’ Jesu o ile a bolella baapostola ba hae hore ho na le lintho tseo ba ke keng ba khona ho li tseba. Ho na le lintho tseo re sa li tsebeng mabapi le “linako kapa mehla eo Ntate a e behileng ka taolo ea hae.” (Lik. 1:6, 7; Joh. 16:12) Empa ha se hore ha ho letho leo re le tsebang ka hore na bafu ba tla tsoha neng.

14. Ho tsosoa ha Jesu ho fapana joang le ho tsosoa ha batho ba pele ho mehla ea hae?

14 E le hore u utloisise taba ena hantle, hopola batho ba hlahang ka Bibeleng ba ileng ba tsosoa. Har’a bona, oa bohlokoa ea ileng a tsosoa ke Jesu. Hoja ha aa ka a tsosoa, re ne re ke ke ra hlola re bona batho bao re ba ratang. Batho ba ileng ba tsosoa pele ho mehla ea Jesu, ba kang Elia le Elisha ha baa ka ba phela ka ho sa feleng. Ba ile ba boela ba shoa. Empa Jesu “o tsositsoe bafung. Ha a sa hlola a shoa; lefu ha le sa mo laola.” Kaha o leholimong, o phela “ka ho sa feleng le kamehla.”—Bar. 6:9; Tšen. 1:5, 18; Bakol. 1:18; 1 Pet. 3:18.

15. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore ebe Jesu ke “litholoana tsa pele”?

15 Tsoho ea Jesu e ne fapane le ea mang kapa mang ea kileng a tsosoa ’me e bohlokoa ho feta tsohle. (Lik. 26:23) Leha ho le joalo, ha se eena feela ea tsoselitsoeng ho ea phela leholimong. Jesu o ile a bolella baapostola ba hae ba tšepahalang hore ba tla busa le eena leholimong. (Luka 22:28-30) Empa ba ne ba tla lokela ho shoa pele ba ka phela moo. Ka mor’a moo, ba tla tsosetsoa leholimong ba se ba e-na le ’mele ea moea joaloka Jesu. Pauluse o ile a re “Kreste o tsositsoe bafung, litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung.” Ka lebaka leo, o ile a re ho tla ba le ba bang ba tla tsosetsoa leholimong, a re: “E mong le e mong boemong ba hae: Kreste ke litholoana tsa pele, ka mor’a moo bao e leng ba Kreste nakong ea ho ba teng ha hae.”1 Bakor. 15:20, 23.

16. Batho ba tla tsosetsoa leholimong ba tla tsosoa neng?

16 Ho latela mantsoe a Pauluse, re ba le leseli la hore na batho ba tla tsosetsoa leholimong ba tla tsosoa neng. E tla ba “nakong ea ho ba teng ha hae.” Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlokomela hore ho latela Bibele, nako ea ho ba teng ha Jesu e qalile ka 1914 le hore bofelo bo haufi.

17, 18. Ho tla etsahala’ng ka batlotsuoa ba bang nakong ea ho ba teng ha Kreste?

17 Ha Bibele e bua ka batho ba tla tsosetsoa leholimong e re: “Ha re batle hore le hloke tsebo malebana le ba robalang lefung . . . Haeba tumelo ea rōna ke hore Jesu o ile a shoa eaba o tsoha hape, kahoo, hape, ba robetseng lefung, . . . o tla ba tlisa hammoho le eena . . . Rōna ba phelang ba ntseng ba setse ho fihlela ho beng teng ha Morena ka tsela leha e le efe re ke ke ra raka ba robetseng lefung; hobane Morena o tla theoha leholimong ka mohoo o laelang, . . . ’me ba shoeleng bonngoeng le Kreste ba tla tsoha pele. Ka mor’a moo rōna ba phelang ba ntseng ba setse, hammoho le bona, re tla nkeloa marung ho ea kopana le Morena moeeng; ka tsela ena re tla ba le Morena kamehla.”—1 Bathes. 4:13-17.

18 Motho oa pele o ne a tla tsosoa nakoana ka mor’a “ho ba teng” ha Kreste. Batlotsuoa ba tla be ba ntse ba phela nakong ea matšoenyeho a maholo ba tla “nkeloa marung.” (Mat. 24:31) Ba tla “nkeloa marung” ba ke ke ba ‘robala lefung,’ e leng hore ba ke ke ba robala nako e telele lefung. Ba “tla fetoloa, ka motsotsoana, ka ho panya ha leihlo, nakong ea terompeta ea ho qetela.”—1 Bakor. 15:51, 52.

19. Re lebeletse tsoho efe e molemo?

19 Boholo ba Bakreste ba mehleng ena ha se batlotsuoa ’me ha baa bitsetsoa ho ea busa le Kreste leholimong. Ho e-na le hoo, ba letetse “letsatsi la Jehova,” e leng nako eo Molimo a tla felisa lefatše lena. Le hoja ho se motho ea tsebang letsatsi leo, ho na le bopaki bo bontšang hore le haufi. (1 Bathes. 5:1-3) Ka mor’a moo, ho tla tsosoa batho ba tla phela paradeiseng lefatšeng. Qetellong e tla ba batho ba phethahetseng ba ke keng ba hlola ba e-shoa. Eo e tla be e le “tsoho e molemo” ho feta ea nakong e fetileng hobane “basali ba ile ba amohela bafu ba bona ka tsoho” empa hamorao ba boela ba shoa.—Baheb. 11:35.

20. Re kholisoa ke’ng hore batho ba tla tsosetsoa lefatšeng ba tla tsoha ka tatellano?

20 Ha Bibele e bua ka batho ba tla tsosetsoa leholimong e re “e mong le e mong o tla tsoha ka nako ea hae.” (1 Bakor. 15:23; BPN) Re kholisehile hore ba tla tsosetsoa lefatšeng le bona ba tla tsosoa ka tatellano e tšoanang. Empa na batho ba tla shoa hona joale, ba tla tsosoa ho elella qalong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete ’me ba amoheloe ke baratuoa ba bona? Na batho ba mehleng ea khale ba neng ba tseba ho etella batho pele ba tla tsoha pele e le hore ba hlophise batho lefatšeng le lecha? Batho ba neng ba sa sebeletse Jehova bona? Ba tla tsosoa neng hona ba tsosetsoa hokae? Re ka ipotsa lipotso tse ngata. Empa na hona joale ke nako ea ho nahana ka tsona? Na ha ho molemo hore re letele Jehova? Re kholisehile hore re tla thabela ho bona kamoo a tla sebetsa litaba kateng.

21. Ke’ng e u fang tšepo ea hore bafu ba tla tsoha?

21 Pele nako eo e fihla, re lokela ho lula re e-na le tumelo e matla ho Jehova hobane o ile a re tiisetsa ka Jesu hore kaha bafu ba mohopolong oa hae, ba tla tsosoa. (Joh. 5:28, 29; 11:23) Ha Jesu a fana ka bopaki ba hore Jehova o tla tsosa bafu, o ile a re Abrahama, Isaka le Jakobo “baa phela ho eena.”(Luka 20:37, 38) Kahoo, re na le mabaka a ho bua mantsoe a tšoanang le a Pauluse a reng: “Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.”—Lik. 24:15.