Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na banyalani ba Bakreste ba ka sebelisa sethibela-pelehi sa IUD (intrauterine device) e leng Loop?

Tabeng ena, banyalani ba lokela ho tseba hore na e sebetsa joang le hore na Bibele e re’ng. Ebe ba etsa qeto e ke keng ea senya setsoalle sa bona le Molimo.

Qalong ha batho ba ne ba sa le babeli (le ka mor’a moroallo ha ba le robeli), Jehova o ile a re: “Atang le ngatafale le tlale lefatše.” (Gen. 1:28; 9:1) Empa taelo eo ha ea lebisoa ho Bakreste. Ke ka hona banyalani ba lokelang ho iketsetsa qeto ka ho sebelisa lithibela-pelehi ho laola lenane la bana bao ba batlang ho ba le bona kapa hore na ba tla ba le bana neng. Ke lintho life tseo ba lokelang ho nahana ka tsona?

Bakreste ba lokela ho tseba hore na Bibele e re’ng ka mefuta e fapaneng ea lithibela-pelehi. Ke ka hona ba sa amoheleng ho ntša mpa e le mokhoa oa ho thibela pelehi. Ho ntša mpa ha ho lumellane le seo Bibele e se buang kaha e re re lokela ho hlompha bophelo. Bakreste ba ke ke ba bolaea lesea le e-s’o hlahe hobane e se e ntse e le motho. (Ex. 20:13; 21:22, 23; Pes. 139:16; Jer. 1:5) Joale ho thoe’ng ka ho sebelisa Loop?

Taba ena ho ile ha buuoa ka eona ho Molula-Qhooa oa Senyesemane oa May 15, 1979 (maq. 30-31). Li-Loop tse neng li sebelisoa ka nako eo e ne e le tsa lesapo. Li ne li kenngoa ka popelong e le mokhoa oa ho thibela pelehi. Molula-Qhooa o ile oa bolela hore ka nako eo ho ne ho sa tsebahale hantle hore na Loop e sebetsa joang. Lingaka tse ngata li ne li re ha Loop e le ka popelong e ne e thibela mohlapo oa ntate hore o kopane le lehe la ’mè e le hore ngoana a se ke a ba teng.

Leha ho le joalo, ho na le bopaki bo bontšang hore leha Loop e ne e ntse e kene, ngoana o ne a e-ba teng. O ne a ka holela ka har’a mothapo oa popelo (fallopian tube) kapa ka popelong. Haeba a le ka popelong, Loop e ne e sitisa hore ngoana a hole hantle. Ho felisa bophelo ba leseanyana leo, ho tšoana le ho ntša mpa. Ha Molula-Qhooa oo o qetella o ile oa re: “Mokreste ea batlang ho sebelisa Loop o lokela ho batlisisa hore na tsela eo e sebetsang ka eona e lumellana le keletso ea Bibele e reng re lokela ho hlompha bophelo.”—Pes. 36:9.

Ka mor’a Molula-Qhooa oo oa 1979 na ho bile le phetoho ho tsa bongaka mabapi le ho ntlafatsa Loop?

Ho entsoe mefuta e meng e ’meli ea Loop. Mofuta o mong oa Loop e nang le koporo o ile oa qala ho sebelisoa Amerika ho tloha ka bo-1988. Ho ile ha boela ha e-ba le Loop e ntšang lero e ileng ea sebelisoa ho tloha ka 2001. Li-Loop tsee tsona li sebetsa joang?

Koporo: Joalokaha ho se ho boletsoe pejana, Loop e etsa hore ho be thata hore mohlapo oa ntate o kopane le lehe la ’mè ka popelong. Loop e nang le koporo eona e bolaea matla a mohlapo. * Hape, Loop e nang le koporo e sesefatsa lebota la popelo e le hore mohlapo o se ke oa fetela ka popelong.

Lero: Ho na le mefuta e meng ea li-Loop e nang le lero le tšoanang le la lipilisi tse thibelang pelehi. Li-Loop tsena li ntšetsa lero ka har’a popelo. Ho basali ba bang e etsa hore popelo e se ke ea ntša lehe ’meleng. Ho hlakile hore haeba lehe la ’mè ha le be teng, ngoana a ke ke a ba teng. Ntle ho moo, lero le ntšoang ke Loop ena, le etsa hore mamina a lebota la popelo a be thata e le hore mohlapo o se ke oa fetela ka popelong. *

Joalokaha re se re bone, mefuta ena e ’meli ea li-Loop e sesefatsa lebota la popelo. Joale ho thoe’ng haeba lehe la ’mè le ka emoloa a ntse a e sebelisa? Lehe leo le emotsoeng le ka ’na la kena ka popelong empa la sitoa ho phela kaha maemo a popelo a tla be a se matle bakeng sa lona. Kahoo, leseanyana le ke ke la phela. Leha ho le joalo, maemo ao a etsahala ngope’a setšoha, joalokaha ho ka etsahala le ka lipilisi tse thibelang pelehi.

Kahoo, ha ho motho ea ka tiisang hore Loop ea koporo kapa ea lero e ka thibela ho emoloa ha lehe. Leha ho le joalo, bo-rasaense ba re ka lebaka la tsela eo Loop e sebetsang ka eona, ke ka seoelo motho ea e sebelisang a ka imang.

Banyalani ba Bakreste ba batlang ho sebelisa Loop ba lokela ho buisana le ngaka e tsebang ka eona le ho batla likotsi tse ka hlahelang ’mè. Banyalani bao ha baa lokela ho lumella mang kapa mang ho ba etsetsa qeto, leha e le ngaka eo e ba thusang. (Bar. 14:12; Bagal. 6:4, 5) Ke qeto ea lelapa eo ba e etsang ba nahanne ka ho khahlisa Molimo le hore ba be le letsoalo le hloekileng.—Bapisa 1 Timothea 1:18, 19; 2 Timothea 1:3.

^ ser. 4 Buka e ’ngoe ea Engelane e buang ka lithibela-pelehi e re: “Ke ka seoelo motho ea sebelisang Loop e nang le koporo e ngata, a ka imang. Ha e le hantle, ka selemo, e ka ba ka seoelo hore ebe le a le mong ho basali ba lekholo ba e sebelisang, a ka ima. Loop e nang le koporo e nyenyane ha e na matla a makaalo a ho thibela pelehi.”

^ ser. 5 Li–Loop tsena tse nang le lero li boetse li sebelisoa ke batho ba nyetsoeng le ba sa nyaloang ba nang le phallo e ngata ea mali ha ba ile matsatsing kaha li sesefatsa lebota la popelo.