Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Ke Ile ka Tlohela Lintho Tse Ling, ka Latela Kreste

Ke Ile ka Tlohela Lintho Tse Ling, ka Latela Kreste

“Ke se hlole ke u bona ha ka mona haeba u tla ’ne u ruta batho Bibele. Athe ha u ka khutla teng, ke tla u roba maoto ana.” Ha ke hopola mantsoe ao a ntate, ke ile ka etsa qeto ea ho tloha lapeng. Lena ke lekhetlo la ka la pele ke etsa qeto ea ho tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me ke latele Kreste. Ka nako eo ke ne ke le lilemo li 16 feela.

HO TLILE joang hore lintho li be tjee? Ke hlahile ka la 29 July, 1929 ’me ka holela motseng o mong profinseng ea Bulacan naheng ea Philippines. Kaha moruo o ne o putlame, bophelo ba moo bo ne bo le bobebe. Ha ke sa le mocha, ho ile ha qhoma ntoa ’me ka nako eo lebotho la Majapane le ile la hapa Philippines. Leha ho le joalo, motse oo re neng re lula ho oona ha oa ka oa angoa ke ntoa hobane o ne o le hole le toropo. Kaha re ne re sa khone ho mamela radio, ho shebella thelevishene le ho bala likoranta, re ne re utloa litaba ka ho bolelloa ke batho ba bang.

Lapeng re ne re le bana ba robeli ’me ’na ke le oa bobeli. Ha ke le lilemo li robeli, ke ile ka lula le batsoali ba ’Mè. Le hoja re ne re le Mak’hatholike, ntate-moholo oa ka o ne a se na bothata ba ho bala libuka tsa malumeli a mang tseo hangata metsoalle ea hae e neng e mo fa tsona. Ke hopola mohla a mpontšang Bibele le libukana tsa puo ea Setagalog tse pepesang lithuto tse fosahetseng tse rutoang ke malumeli a bohata. Ke ne ke thabela ho bala Bibele, ka ho khetheha ke rata ho bala Likosepele. Ho li bala ho ile ha etsa hore ke batle ho ba molateli oa Jesu Kreste.—Joh. 10:27.

KE ITHUTA HO LATELA KRESTE

Ka 1945 Japane e ile ea tlohela ho hatella Philippines. Ka nako eo, batsoali ba ka ba ile ba batla hore ke khutlele lapeng. Kahoo, ntate-moholo oa ka o ile a nkhothalletsa ho khutla ’me ka fela ka etsa joalo.

Ka December 1945, Lipaki Tsa Jehova tse hlahang toropong ea Angat li ile tsa tla motseng oa heso ho bolela litaba tse molemo. E mong oa Lipaki tseo o ile a tla lapeng ’me a re hlalosetse hore na Bibele e re’ng ka ‘matsatsi a ho qetela.’ (2 Tim. 3:1-5) O ile a re memela ho tla thutong ea Bibele e neng e tla tšoareloa motseng o mong o haufinyane. Batsoali ba ka ha baa ka ba itšoenya ka ho ea empa ’na ke ile ka ea. Thutong eo ho ne ho tlile batho ba ka bang 20 ’me ba bang ba bona ba ne ba botsa lipotso.

Kaha ke ne ke sa utloisise se neng se tšohloa moo, ke ile ka etsa qeto ea ho tsamaea. Empa ho ile hoa binoa pina ea ’Muso eo ke ileng ka e rata eaba ke etsa qeto ea ho se tsamaee. Ka mor’a thapelo le pina re ile ra memeloa ho tla mamela lipuo tse ling Sontaha se hlahlamang motseng oa Angat.

Boholo ba rona re ne re tsamaea lik’hilomithara tse 8 ho ea lelapeng la ha Cruz e leng moo seboka se neng se tšoareloa teng. Ke ile ka khahloa haholo ke ha bana ba banyenyane ba hlalosa lithuto tsa Bibele tseo ke neng ke utloa li le thata. Ka mor’a ho ea libokeng ka makhetlo a ’maloa, mor’abo rona Damian Santos eo e neng e le pula-maliboho ebile e le moholo o ile a ’memela ho robala ha hae bosiung bo bong. Bosiu bo ile ba batla bo e-sa tšekhe! re ntse re tšohla Bibele.

Mehleng eo, batho ba ne ba potlakela ho amohela molaetsa oa Bibele. Ho e-s’o ee kae barab’abo rona ba ile ba re botsa: “Na le batla ho kolobetsoa?” Ke ile ka araba ka re: “E! Kea batla.” Ke ne ke kholisehile hantle hore ke batla ho ba ‘lekhoba la Monghali, Kreste.’ (Bakol. 3:24) Ka la 15 February, 1946, re ile ra kolobetsoa re le babeli feela nokeng e ’ngoe e haufinyane.

Re ile ra elelloa hore kaha joale re se re kolobelitsoe, re lokela ho etsisa Jesu Kreste ka ho bolela litaba tse molemo. Empa ntate oa ka ha aa ka a thaba. O ile a re: “U sa le monyenyane haholo hore ebe u ruta batho Bibele. Hona ke mang ea reng ho qoelisa batho ka metsing kamoo ho le fa tokelo ea ho ruta Bibele?” Ke ile ka mo hlalosetsa hore Jehova o fane ka taelo ea hore re lokela ho ruta batho ka ’Muso oa hae. (Mat. 24:14) Ka boela ka re: “Ke batla ho phethahatsa boitlamo ba ka ho Molimo.” Ke hona moo ntate a ileng a bua mantsoe a hlahang qalong ea pale ena. Boikemisetso ba hae e ne e le ho nthibela ho bolela litaba tse molemo. Ka motsotso ona ke ile ka etsa qeto ea ho latela Kreste le ho tlohela sohle se ka ntšitisang.

Ba ha Cruz ba ile ba ’memela ho ea lula le bona Angat. Ba ile ba khothalletsa morali oa bona Nora le ’na hore re sebeletse re le bo-pula-maliboho. Bobeli ba rona re ile ra qala tšebeletso ea bopula-maliboho ka la 1 November, 1947. Nora o ile a sebeletsa toropong e ’ngoe empa ’na ke ile ka tsoela pele ke ntse ke le Angat.

MONYETLA O MONG OA HORE KE LATELE KRESTE

Selemong sa boraro ke le pula-maliboho, mor’abo rona Earl Stewart ea neng a tsoa Bethele, o ile a fana ka puo setsing sa mabenkele se Angat. O ne a mametsoe ke batho ba fetang 500. O ne a e fana ka Senyesemane ’me ’na ke ne ke e akaretsa ka puo ea Setagalog. Ke qetile lilemo tse supileng feela sekolong ’me hangata matichere a ka a ne bua Senyesemane. Ntho e ’ngoe hape e ileng ea nthusa ke ho bala lingoliloeng tsa rona ka Senyesemane kaha re ne re e-na le tse fokolang tsa puo ea Setagalog. Kahoo ke ile ka khona ho fetolela puo eo le tse ling tse ileng tsa fanoa.

Mohlang ke fetolelang puo ea mor’abo rona Stewart, ha a etetse phutheho e ’ngoe, o ile a re mokhatlo o memela mor’a kapa barab’abo rona ba babeli ba bo-pula-maliboho Bethele. Ba ne ba bitsetsoa ho ea thusa nakong eo baromuoa ba ileng kopanong ea 1950 e neng e tšoaretsoe New York, U.S.A. Ke ile ka ba e mong oa ba ileng ba fuoa memo. Ka tlameha ho siea phutheho ea heso le metsoalle ea ka eaba ke ea Bethele.

Ke qalile ho sebetsa Bethele ka la 19 June, 1950. Mohaho oa Bethele e ne e le ntlo ea khale e ka har’a lifate ’me setša sa teng se ne se le boholo ba liakere tse peli le halofo. Barab’abo rona ba ’maloa ba masoha ba ne ba sebetsa moo. Hoseng ke ne ke sebetsa kichineng. Ebe ka hora ea borobong ke hlatsoa liphahlo ke be ke li aene. Ke boetse ke etsa mosebetsi o tšoanang le thapama. Leha baromuoa ba khutlile kopanong ea machaba ke ile ka tsoela pele ho sebetsa Bethele. Mosebetsi oa ka e ne e le ho phuthela limakasine e le hore li ka romeloa liphuthehong, ke sebetsana le menehelo ebile ke amohela lintho tsohle tse neng li fihla. Ke ne ke etsa mosebetsi o mong le o mong oo ho neng ho thoe ke o etse.

KE TLOHA PHILIPPINES KE EA SEKOLONG SA GILEADE

Ke ile ka fumana memo ea ho ea tlelaseng ea bo-20 ea Sekolo sa Gileade ka 1952 le barab’abo rona ba bang ba tšeletseng ba tsoang Philippines. Boholo ba lintho tseo re ileng ra li bona ha re fihla Amerika li ne li le ncha ebile re sa li tloaela. Bophelo ba mona bo ne bo fapane le ba moo ke tsoang teng.

’Na le liithuti-’moho Gileade

Mohlala, re ile ra tlameha ho ithuta ho sebelisa lintho tsa motlakase le thepa e ’ngoe eo re sa e tloaelang. Le boemo ba leholimo bo ne bo fapane haholo. Hoseng ho hong ha ke tsoela ka ntle ke ile ka fumana ho le ho soeu feela, athe lehloa le ne le khethehile. Ke ne ke qala ho le bona. Ho ne ho bata haholo.

Liphetoho tseo e ne e se tsa bohlokoa hakaalo empa ntho eo ke neng ke e thabetse ka ho khetheha ke ho rupeloa sekolong sa Gileade. Mesuoe ea rona e ne e sebelisa mekhoa e bonolo eo re e utloisisang. Re ile ra ithuta ho etsa lipatlisiso ra ba ra ithuta mekhoa e mecha ea ho bala. Thupelo eo ke ileng ka e fumana Gileade e nthusitse ho ba le kamano e ntle le Molimo.

Ka mor’a ho fumana lengolo la Gileade, ke ile ka sebetsa ke le pula-maliboho e khethehileng ka nakoana toropong ea Bronx e New York City. Kahoo, ka July 1953 ke ile ka ba le monyetla oa ho ea kopanong ea New World Society e neng e tšoaretsoe hona toropong eo. Ka mor’a hore kopano e fele, ke ile ka khutlela Philippines ho ea sebeletsa teng.

KE TLOHA TOROPONG

Barab’abo rona ba sebetsang ofising ea lekala ba ile ba re: “U se u tla sebeletsa u le molebeli oa potoloho.” Ke ile ka fumana monyetla o motle oa ho latela Jesu Kreste kaha o ile a tsamaea libakeng tse ngata ho thusa linku tsa Jehova. (1 Pet. 2:21) Ke ile ka ba molebeli oa potoloho Luzon e leng sehlekehleke se seholo sa Philippines. Mosebetsi oa rona oa potoloho o ne o akarelletsa ho potoloha Bulacan, Nueva Ecija, Tarlac le Zambales. Ha ke ea toropong ke ne ke tlameha ho hloa matsaranka a lithaba tsa Sierra Madre. Ho ne ho se na likoloi tsa baeti sebakeng seo. Kahoo, ke ne ke lokela ho kopa bakhanni ba literaka ho tsamaea le ’na ebe ke palama le lithoto ka morao. Hangata ke ne ke sa palame hamonate.

Kaha liphutheho tse ngata li ne li sa tsoa thehoa, li ne li e-na le batho ba ’maloa feela. Kahoo, barab’abo rona ba ile ba ananela haholo ha ke ba thusa ho hlophisa liboka le tšebeletso ea tšimo.

Hamorao ke ile ka ba molebeli oa potoloho oa sebaka sa Bicol. Metse e mengata mona e ne e arohane ’me bo-pula-maliboho ba khethehileng ba sebetsa metse ea teng e neng e sa sebetsoe. Lelapeng le leng ntloana ea teng e ne e cheketsoe fatše ho behiloe lithupa tse peli tse tšekaletseng holim’a sekoti. Eitse ha ke hata holim’a tsona, tsa oela ka sekoting eaba le ’na ke oela ka moo. Kahoo ke ile ka qeta nako e telele ke itokisetsa mosebetsi letsatsing leo.

Ha ke ntse ke sebeletsa moo, ke ile ka qala ho nahana ka Nora ea neng a se a qalile ho sebeletsa e le pula-maliboho Bulacan. Ke ile ka mo chakela toropong ea Dumaguete moo a neng a sebeletsa e le pula-maliboho e khethehileng. Re ile ra qala ho ngollana mangolo ’me ra nyalana ka 1956. Beke ka mor’a hore re nyalane re ile ra chakela phuthehong e sehlekehlekeng sa Rapu Rapu. Re ne re hloa lithaba re bile re tsamaea nako e telele libakeng tseo tsa mahaeng. ’Na le Nora re ne re natefeloa ho sebetsa le barab’abo rona re se re nyalane.

KE MEMELOA HO SEBETSA BETHELE HAPE

Ka mor’a ho qeta lilemo tse ’nè re potoloha, re ile ra fumana memo ea ho sebetsa ofising ea lekala. Kahoo, ka 1960 re ile ra qala ho sebetsa Bethele. Ke ile ka ithuta ho hongata ka ho sebetsa le barab’abo rona ba nang le boikarabello bo bongata lekaleng. Nora le eena o ile a ithuta mesebetsi e fapa-fapaneng Bethele.

Ke fana ka puo kopanong,mor’abo rona o e fetolela ka puo ea Cebuano

Ho ba Bethele e bile tlhohonolofatso kaha ho nthusitse ho bona kholo le keketseho e bileng teng Philippines. Ha ke qala ho tla Bethele ke sa le mocha ebile ke sa le lesoha, ho ne ho e-na le bahoelehetsi ba 10 000 feela naheng ea Philippines. Hona joale ho na le bahoelehetsi ba ka holimo ho 200 000. Ho na le basebetsi ba Bethele ba makholo ba tšehetsang mosebetsi oa boboleli.

Ha mosebetsi o ntse o hola, sebaka sa Bethele se ile sa e-ba senyenyane. Kahoo, Sehlopha se Busang se ile sa re kopa ho batla setša seo re tla haha mehaho e mecha ea lekala ho sona. ’Na le Molebeli oa lefapha la khatiso re ile ra ea ka ntlo le ntlo ho batho ba neng ba ahile pel’a lekala re ba botsa hore na ke mang ea ka ratang ho rekisetsa lekala setša sa hae. Ho ne ho se motho ea batlang ho se rekisa. Ntate e mong oa Lechaena o ile a re: “Rona Machaena rea reka, ha re rekise.”

Ke fetolela puo ea mor’abo rona Albert Schroeder

Ka letsatsi le leng motho e mong o ile a fihla re sa lebella a re botsa hore na re ka se thabele ho reka setša sa hae kaha o fallela Amerika. Ka mor’a moo, ho ile ha etsahala ho hong hoo re sa ho lebelang. Motho e mong ea neng a ahile pel’a lekala o ile a etsa qeto ea ho rekisa setša sa hae ’me a susumelletsa le baahelani ba bang ho etsa se tšoanang. Re ile ra qetella re rekile le setša sa ntate eane ea ileng a re: “Rona Machaena rea reka ha re rekise.” Ka nako e khutšoanyane feela setša sa lekala se ne se se se imena ka makhetlo a fetang boraro. Ke kholisehile hore ke ntho eo Jehova a neng a e batla.

Ka 1950 e ne e le ’na ea monyenyane ho feta bohle Bethele empa hona joale ke ’na le mohats’aka ba baholo lelapeng la Bethele. Ha ke ikoahlaee hore ebe ke ile ka latela Kreste. Batsoali ba ka ba ile ba ntebela lapeng empa Jehova o ile a mpha Bakreste-’moho le ’na hore e be lelapa les’o. Ke kholisehile hore Jehova o re fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e hlokang ho sa tsotellehe hore na re mo sebeletsa re le hokae. ’Na le Nora re thabile haholo hore ebe Jehova o re bontšitse mosa oa hae ’me re khothalletsa ba bang hore le bona ba mo sebeletse.—Mal. 3:10.

Jesu Kreste o ile a mema Matheu Levi e leng ’mokelli oa lekhetho a re: “E-ba molateli oa ka.” Matheu o ile a etsa’ng? O ile “a siea ntho e ’ngoe le e ’ngoe a ema eaba o qala ho mo [Jesu] latela.” (Luka 5:27, 28) Le ’na ke ile ka etsa se tšoanang ’me ke khothalletsa le batho ba bang ho latela Kreste e le hore ba tle ba fumane litlhohonolofatso.

Ke ntse ke thabela ho kenya letsoho mosebetsing oa boboleli Philippines