Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bacha​—⁠“Le ’ne le Sebeletse Poloko ea Lōna”

Bacha​—⁠“Le ’ne le Sebeletse Poloko ea Lōna”

Ka tsela eo le ’nileng la mamela ka eona kamehla, . . . le ’ne le sebeletse poloko ea lōna ka tšabo le thothomelo.”—BAFIL. 2:12.

LIPINA: 41, 89

1. Ke hobane’ng ha ho kolobetsoa ho le bohlokoa hakaale? (Sheba setšoantšo se qalong.)

SELEMO le selemo ho kolobetsoa liithuti tsa Bibele tse likete. Boholo ba bona ke batho ba bacha hammoho le bana. Ba bang ba holisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova. Na u e mong oa bona? Haeba ho joalo, u entse hantle haholo. Mokreste o lokela ho kolobetsoa e le hore a pholohe ’me a phele ka ho sa feleng.—Mat. 28:19, 20; 1 Pet. 3:21.

2. Ke hobane’ng ha u sa lokela ho tšaba ho kolobetsoa?

2 Ha u kolobetsoa, Jehova o ile a u hlohonolofatsa ka lintho tse ngata. Empa u ile oa boela oa ba le boikarabelo bo itseng. Joang? Letsatsing leo u kolobelitsoeng ka lona, mor’abo rona ea neng a fana ka puo o ile a botsa potso ena: “Motheong oa sehlabelo sa Jesu Kreste, na u baketse libe tsa hao ’me u inehetse ho Jehova ho etsa thato ea hae?” U ile oa arabela potso ena ka E! Kahoo, u ne u tšepisa Jehova hore u tla mo rata ’me ho mo sebeletsa e be ntho e tlang pele bophelong ba hao. Na u lokela ho ikoahlaela ho etsa tšepiso eo? Che. Ha ho mohla u ka ikoahlaelang ho tataisoa ke Jehova. Batho ba sa tataisoeng ke Jehova ba tataisoa ke Satane. Satane ha a u rate ho hang. Ebile a ka thaba haholo ha u ka mo etsisa ka ho hana ho tataisoa ke Jehova eaba u hloleha ho fumana bophelo bo sa feleng.

3. Jehova o u hlohonolofalitse ka litsela life hobane u kolobelitsoe?

3 Nahana ka litsela tse ngata tseo Jehova a u hlohonolofalitseng ka tsona hobane u kolobelitsoe. Kaha joale u tšepisitse Jehova hore u tla mo sebeletsa bophelo bohle, u ka bua ka phatla e phahameng oa re: “Jehova o ka lehlakoreng la ka; nke ke ka tšoha. Motho oa lefatše a ka nketsa’ng?” (Pes. 118:6) Ho tataisoa ke Jehova le ho tseba hore oa u rata ke tlotla e kholo haholo.

BOIKARABELLO BA HAO

4, 5. (a) Ke boikarabello ba mang hore mocha a lule a rata Jehova? (b) Ke mathata afe ao le batho ba baholo ba kopanang le ’ona?

4 Kaha u kolobelitsoe, batsoali ba hao ha se bona ba ikarabellang bakeng sa hore u lule u rata Jehova. Ke boikarabello ba hao le haeba u ntse u lula le batsoali ba hao. U lokela ho lula u hopola taba ena hobane ha u tsebe mathata a tla u hlahela ka moso. Mohlala, e ka ’na eaba u kolobelitsoe pele u e-ba lilemong tsa bocha. Empa kaha joale u se u le ho tsona, u feta har’a mathata ao u sa a tloaelang a lilemo tsa bocha. Morali’abo rona e mong ea lilemo li 18 o ile a re: “Ho bonolo hore ngoana a lule a tšepahalla Jehova leha a khesoa sekolong hobane feela a sa keteke matsatsi a tsoalo. Empa ha a se a le lilemong tsa bocha ’me litakatso tsa bocha li se li le matla, o lokela ho kholiseha hantle hore ho mamela melao ea Jehova ho tla mo thusa haholo.”

5 Ha se bacha feela ba hlaheloang ke mathata. Le batho ba kolobelitsoeng ba se ba ntse ba le baholo ba hlaheloa ke mathata ao ba sa a lebellang. Ke mathata a kang ho kula, ho sokola mosebetsi kapa mathata a lenyalo. Hore na re bacha kapa re baholo, kaofela ha rona re tla hlaheloa ke mathata a ka etsang hore ho be thata ho lula re tšepahalla Jehova.—Jak. 1:12-14.

6. (a) Ke ntho efe eo u e tšepisitseng Jehova? (b) Bafilipi 4:11-13 e u ruta’ng?

6 Hopola hore u tšepisitse Jehova hore u tla mo sebeletsa bophelo bohle ba hao, esita leha metsoalle kapa batsoali ba hao ba ka khaotsa ho mo sebeletsa. (Pes. 27:10) Ho hopola taba ena kamehla ho tla u thusa hore u lule u tšepahala leha u hlaheloa ke bothata bofe kapa bofe. Ha u le mathateng, Jehova a ka u fa matla a hore u lule u phela tumellanong le kano eo u e entseng.—Bala Bafilipi 4:11-13.

7. Ho ‘sebeletsa poloko ea hao ka tšabo le thothomelo’ ho bolela’ng?

7 Jehova o batla hore u be motsoalle oa hae. Empa u lokela ho sebetsa ka thata hore u lule u e-na le kamano e ntle le eena. Bafilipi 2:12 e re: “Le ’ne le sebeletse poloko ea lōna ka tšabo le thothomelo.” Temana ena ea bontša hore u lokela ho sebetsa ka thata e le hore u lule u tšepahalla Jehova mathateng ’ohle. U se ke oa itšepa ho tlola hobane esita le bahlanka ba Molimo ba qetileng lilemo ba mo sebeletsa ba ile ba hloleha ho mo tšepahalla. Joale u lokela ho etsa’ng hore u sebeletse poloko ea hao?

RE LOKELA HO ITHUTA BIBELE

8. Ho ithuta Bibele ho akareletsa ho etsa’ng, hona ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ithuta Bibele?

8 E le hore re be metsoalle ea Jehova, re lokela ho mo mamela re be re bue le eena. Tsela e ka sehloohong eo ka eona re mamelang Jehova ke ka ho ithuta Bibele. Ho ithuta Bibele ho akarelletsa ho e bala, ho bala lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng le ho nahanisisa ka lintho tseo u li balileng. Hopola hore ho ithuta Bibele ha se hore u tšoare lintho tseo u li balileng ka hlooho joalokaha eka u li balla hore feela u pase tlhahlobo ea sekolo. U lokela ho bala Bibele ka sepheo sa ho ithuta lintho tse ncha ka Jehova. Ha u etsa joalo, u tla rata Jehova le ho feta ’me le eena o tla u rata haholo.—Jak. 4:8.

Na u lula u ithuta Bibele le ho rapela? (Sheba lirapa 8 ho ea ho 11)

9. Ke lintho life tse u thusitseng ho utloisisa Bibele haholoanyane?

9 Ho na le litsela tse ngata tseo ka tsona mokhatlo oa Jehova o re thusang ho ithuta Bibele ka tsela e tla re tsoela molemo. Mohlala, ha u kene karolong ea “Tsa Bacha” e hlahang tlas’a “Bacha” websaeteng ea jw.org/st, u ka ithuta lintho tsa bohlokoa Bibeleng. Hona moo karolong ea “Bacha”, ho na le tataiso ea ho ithuta ea “Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?” e ka u thusang hore u kholisehe hantle hore lintho tseo u ithutileng tsona Bibeleng ke ’nete. Tataiso eo e ka boela ea u bontša hore na u ka li hlalosetsa batho ba bang joang. Hape, u ka sheba sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . Nka Etsa Joang Hore ke Natefeloe ke ho Bala Bibele?” se hlahang ho Tsoha! ea April 2009. Ho ithuta Bibele le ho nahanisisa ka lintho tseo u ithutileng tsona ho tla u thusa hore u sebeletse poloko ea hao.—Bala Pesaleme ea 119:105.

RE LOKELA HO RAPELA

10. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela?

10 Re mamela Jehova ka ho ithuta Bibele ’me re bua le eena ka ho rapela. Ha rea lokela ho rapela hore feela re phethe molao, kapa hona ho nka thapelo e le ntho e tla re ekeletsa mahlohonolo e le hore re atlehe nthong e itseng. Re bua le Jehova ha re rapela, ebile o ikemiselitse ho re mamela. (Bala Bafilipi 4:6.) Bibele e re ha re hlaheloa ke mathata re lokela ho ‘lahlela meroalo ea rona ho Jehova.’ (Pes. 55:22) Ho na le bara le baralib’abo rona ba bangata ba thusitsoeng ke keletso ena. Le uena e ka u thusa.

11. Ke hobane’ng ha u lokela ho lula u leboha Jehova?

11 Ha rea lokela ho rapela Jehova ha re hloka thuso ea hae feela. Bibele e re: “Le iponahatse le le ba lebohang.” (Bakol. 3:15) Leha ho le joalo, ka linako tse ling re ka nahana haholo ka mathata a rona hoo re ka lebalang lintho tse ngata tse ntle tseo Jehova a re etselitseng tsona. Kahoo, letsatsi le letsatsi, leka ho nahana ka lintho tse ka bang tharo tseo Jehova a u etselitseng tsona, ebe u leboha Jehova ka tsona. Morali’abo rona Abigail ea lilemo li 18 o ile a kolobetsoa a le lilemo li 12. O re: “Jehova ke eena eo re lokelang ho mo leboha ho feta batho bohle. Re lokela ho sebelisa monyetla o mong le o mong ho mo leboha ka limpho tseo a re fileng tsona. Ke ee ke ipotse hore na haeba ke ne nka tsoha ke setse feela ka lintho tseo ke li lebohetseng ho Jehova kajeno, ke ne ke tla sala ke e-na le eng.”

“LATSOANG ’ME LE BONE HORE JEHOVA O MOLEMO”

12, 13. (a) Jehova o bontšitse joang hore o molemo bophelong ba hao? (b) Ke hobane’ng ha u lokela ho lula u nahanisisa kamoo Jehova a bileng molemo kateng ho uena?

12 Jehova o ile a pholosa Morena Davida mathateng a mangata. Kahoo, Davida o ile a bina a re: “Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo. Ho thaba monna ea shahlileng ea tšabelang ho eena.” (Pes. 34:8) Mantsoe ana aa bontša hore re lokela ho latsoa kamoo Jehova a leng molemo kateng. Ha u bala Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng ho eona le ha u le libokeng, u utloa kamoo Jehova a thusitseng bahlanka ba bang ba hae hore ba lule ba mo tšepahalla. Hape, ha kamano ea hao le Jehova e ntse e e-ba matla, le uena u lokela ho bona kamoo a u thusang kateng bophelong ba hao. Ke joang u ileng oa bona hore Jehova o molemo?

13 Tsela e ka sehloohong eo ka eona Bakreste bohle ba boneng hore Jehova o molemo ke ka hore ebe o ba memme hore ba be le kamano e ntle le eena hammoho le mora oa hae. Jesu o ile a re: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.” (Joh. 6:44) Na le uena oa lumela hore u hutsoe ke Jehova, kapa u lumela hore Jehova o hutse batsoali ba hao eaba uena u se u ba sala morao feela? Hopola hore ha u ne u kolobetsoa, u ile oa bontša hore joale u se u e-na le kamano e ntle le Jehova. Bibele e re: “Haeba leha e le mang a rata Molimo, enoa o tsejoa ke eena.” (1 Bakor. 8:3) Kahoo, lula u bontša hore u ananela monyetla oo a u fileng oona oa ho ba le kamano e ntle le eena.

14, 15. Ho bua le batho ba bang ka Bibele ho tla u thusa joang hore u matlafatse tumelo ea hao?

14 U ka boela oa bona kamoo Jehova a leng molemo kateng ha u bua le batho ka lintho tseo u li lumelang, ebang ke sekolong kapa tšimong. Leha ho le joalo, ho ka ba thata ho bua ka Bibele le bana bao u kenang sekolo le bona hobane u ipotsa hore na ba tla re’ng, haholo ha u bua le bona e le sehlopha. Ke’ng e ka u thusang?

15 Qala pele ka ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha u lumela hore lintho tseo u ithutileng tsona Bibeleng ke ’nete. U ka ipha nako ea ho kena ho jw.org/st, oa sheba tataiso ea ho ithuta haeba e le teng ka puo ea hao. Tataiso eo e tla u thusa hore u nahanisise ka lintho tseo u ithutileng tsona Bibeleng, hore na ke hobane’ng ha u lumela hore ke ’nete le hore na u ka li hlalosetsa batho ba bang joang. U tla khona ho bua le bana bao u kenang sekolo le bona ka Jehova ha u lokiselitse hantle ebile u kholisehile hore lintho tseo u ithutileng tsona Bibeleng ke ’nete.—Jer. 20:8, 9.

16. Ke’ng e ka u thusang hore u be sebete ha u bua le bana bao u kenang sekolo le bona ka Bibele?

16 Empa ka linako tse ling ho ntse ho ka ba thata ho bua le batho ka Bibele leha u lokiselitse. Morali’abo rona ea lilemo li 18 ea kolobelitsoeng a le lilemo li 13 o re: “Ke kholisehile ka lintho tseo ke li lumelang, empa ka linako tse ling ho ba thata ho li hlalosetsa motho e mong.” E le ho hlola bothata bona, o leka ho bua a khobile matšoafo. O re: “Bana bao ke kenang sekolo le bona ba ipuela feela ka lintho tseo ba li etsang. Kahoo, le ’na ke lokela ho phutholoha ho bua le bona. Ka linako tse ling ke ee ke ipuele feela ke re, ‘Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke ithuta Bibele le motho . . . ’ Ebe ka mor’a moo, ke itsoella pele ka litaba tsa ka. Le hoja ke ne ke sa bue le bona hakaalo-kaalo ka Bibele, ba bangata ba batla ho tseba hore na ke etsa’ng ha ke ithuta Bibele le batho. Ka linako tse ling ba mpotsa lipotso mabapi le Bibele. Kahoo, ho ba bonolo ho buisana le bona ka Bibele haeba ke etsa joalo. Ka mor’a moo, ke ee ke utloe ke thabile haholo.”

17. Ke’ng hape e ka u thusang hore u bue le bana bao u kenang sekolo le bona ka Bibele?

17 Ha u hlompha batho ba bang u bile u bontša hore oa ba tsotella, le bona ba ka u mamela. Olivia o lilemo li 17 ’me o kolobelitsoe pele a kena lilemong tsa bocha. O re: “Ke ne ke tšaba hore bana ba bang ba tla re ke rata kereke ho tlola ha nka bua le bona ka Bibele.” Empa ka mor’a hore a fetole maikutlo, o ile a re: “Bacha ba bangata sekolong ha ba tsebe letho ka Lipaki Tsa Jehova. Kahoo, tsela eo ke itšoereng ka eona e tla etsa hore ba ’mamele kapa ba se ke ba ’mamela ha ke bua le bona ka Bibele hobane ke ’na feela Paki eo ba e tsebang. Haeba ba bona re tšaba ho bua le bona ka Bibele kapa re thatafalloa ho bua le bona ka eona, ba ka ’na ba se ke ba re mamela kaha ba bona eka ha rea kholiseha ka litaba tsa rona. Empa haeba re bua le bona re phutholohile, re bonahala hore re kholisehile ka litaba tseo re ba bolellang tsona, ba ka re hlompha.”

LE ’NE LE SEBELETSE POLOKO EA LONA

18. U lokela ho etsa’ng e le hore u sebeletse poloko ea hao?

18 Re se re ithutile hore ho bohlokoa haholo hore motho e mong le e mong a sebeletse poloko ea hae. Re lokela ho etsa joalo ka ho ithuta Bibele le ho nahanisisa ka lintho tseo re ithutileng tsona, ho rapela le ho nahanisisa ka lintho tseo Jehova a re etselitseng tsona. Ho etsa lintho tsena ho tla re thusa hore re kholisehe le ho feta hore Jehova oa re rata. Kahoo, re tla susumelletseha ho bua le batho ba bang ka Bibele.—Bala Pesaleme ea 73:28.

19. Jehova o tla u hlohonolofatsa joang haeba u sebeletsa poloko ea hao?

19 Jesu o ile a re: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso a ntatele a sa khaotse.” (Mat. 16:24) Mokreste e mong le e mong o lokela ho inehela ho Jehova ’me a kolobetsoe e le hore e be molateli oa Jesu. Ha re etsa joalo, Jehova o tla re hlohonolofatsa haholo hona joale a be a re fe bophelo bo sa feleng Paradeiseng. Kahoo, tsoela pele u sebeletsa poloko ea hao.