Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batsoali​—⁠Thusang Bana ba Lona ho ba “Hlalefisetsa Poloko”

Batsoali​—⁠Thusang Bana ba Lona ho ba “Hlalefisetsa Poloko”

“Ho tloha boseeng u tsebile lingoliloeng tse halalelang, tse khonang ho u hlalefisetsa poloko.”—2 TIM. 3:15.

LIPINA: 130, 88

1, 2. Ke hobane’ng ha batsoali ba bang ba tšoenyeha ha bana ba bona ba batla ho kolobetsoa?

BATHO ba likete ba ithuta Bibele ebe ka mor’a moo ba inehela ho Jehova ’me baa kolobetsoa. Boholo ba bona ke bana ba holisitsoeng ke batsoali bao e leng Lipaki Tsa Jehova ’me le bona ba ikhethela ho sebeletsa Jehova. (Pes. 1:1-3) Haeba u Paki ea Jehova e nang le bana, mohlomong le uena u labalabela ho bona ka letsatsi le leng ngoana oa hao a kolobetsoa.—Bapisa le 3 Johanne 4.

2 Empa ho ka ’na ha e-ba le lintho tse u tšoenyang. Mohlomong u bone bacha ba bang ba kolobetsoa empa hamorao ba khaotsa ho lumela hore melao ea Molimo e ba tsoela molemo. Ba bang ba bile ba khaolitse ho sebeletsa Jehova. Mohlomong le uena u tšoenyehile ka hore ngoana oa hao o tla qala ho sebeletsa Jehova hantle empa hamorao a khaotse ho mo sebeletsa joaloka pele. A ka ’na a tšoana le Bakreste ba phutheho ea Efese bao Jesu a ileng a re ho bona: ‘Le tlohetse lerato leo le neng le e-na le lona pele.’ (Tšen. 2:4) U ka thusa ngoana oa hao joang hore a ‘holele polokong’ ’me a se ke a furalla Jehova? (1 Pet. 2:2) E le hore re fumane karabo, a re bueng ka Timothea.

“U TSEBILE LINGOLILOENG TSE HALALELANG”

3. (a) Ho tlile joang hore Timothea e be Mokreste, hona o ile a etsa’ng ho bontša hore o sebelisa lintho tseo a ithutileng tsona? (b) Pauluse o ile a bua le Timothea ka lintho life tse tharo?

3 Moapostola Pauluse o qalile ho etela Lystra ka selemo sa 47 mehleng ea baapostola. Mohlomong ke hona mona moo Timothea a ileng a ithuta Lentsoe la Molimo ’me ea e-ba Mokreste. Le hoja a ne a sa le mocha, o ile a sebelisa lintho tseo a ithutileng tsona eaba ka mor’a lilemo tse peli o qala ho tsamaea le Pauluse. Ka mor’a lilemo tse ka bang 16, Pauluse o ile a ngolla Timothea a re: “U tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona le tseo u ileng ua susumelletsoa hore u li lumele, u tseba hore na u ile ua ithuta tsona ho batho bafe le hore ho tloha boseeng u tsebile lingoliloeng tse halalelang [Mangolo a Seheberu], tse khonang ho u hlalefisetsa poloko ka tumelo mabapi le Kreste Jesu.” (2 Tim. 3:14, 15) Hlokomela hore Pauluse o bua ka (1) ho tseba lingoliloeng tse halalelang, (2) ho susumelletsoa ho lumela lintho tseo a ithutileng tsona le (3) ho hlalefisetsoa poloko ka tumelo mabapi le Kreste Jesu.

4. U sebelisa’ng ha u ruta bana ba hao? (Sheba setšoantšo se qalong.)

4 Kaha le uena u Mokreste, u batla hore ngoana oa hao a tsebe lingoliloeng tse halalelang, e leng Mangolo a Seheberu le Mangolo a Segerike a Bakreste. Esita le bana ba banyenyane ba ka khona ho ithuta ka batho le liketsahalo tse hlahang ka Bibeleng. Mokhatlo oa Jehova o entse libuka, libukana le livideo tse ngata tseo batsoali ba ka li sebelisang ho ruta bana ba bona. Ke life tse teng ka puo ea hao? Ngoana oa hao o lokela ho tseba Bibele e le hore a be le kamano e matla le Jehova.

“UA SUSUMELLETSOA HORE U LI LUMELE”

5. (a) Ho bolela’ng ho ‘susumelletsoa ho lumela’? (b) Ke’ng e re bontšang hore Timothea o ile a susumelletsoa ho lumela hore Jesu ke Mesia?

5 Ho bohlokoa hore ngoana oa hao a tsebe lingoliloeng tse halalelang. Empa ha hoa lekana ho mo ruta feela ka batho le liketsahalo tse hlahang ka Bibeleng. Hopola hore Timothea le eena o ile a ‘susumelletsoa ho lumela.’ Polelo ea Segerike e sebelisitsoeng mona e bolela “ho kholiseha hore ntho e itseng ke ’nete.” Timothea o tsebile Mangolo a Seheberu “ho tloha boseeng,” e leng hore o a tsebile a sa le monyenyane haholo. Hamorao o ile a kholiseha hore Jesu ke eena Mesia. Tumelo ea Timothea e ne e le matla hoo a ileng a kolobetsoa eaba o qala ho sebetsa le Pauluse e le moromuoa.

6. U ka thusa bana ba hao joang hore ba kholisehe hore Bibele ke Lentsoe la Molimo?

6 U ka thusa bana ba hao joang hore ba be le tumelo e matla joaloka Timothea? Ntlha ea pele, e-ba le mamello. Ho nka nako hore motho a be le tumelo e matla. Hape taba ea hore ebe uena u lumela ntho e itseng ha e bolele hore bana ba hao le bona ba se ba ntse ba e lumela. Ngoana ka mong o lokela ho sebelisa ‘matla a hae a ho nahana’ e le hore a kholisehe hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. (Bala Baroma 12:1.) Uena u le motsoali, u ka thusa bana ba hao hore ba be le tumelo e matla, haholo-holo ha u araba lipotso tsa bona. Nahana ka mohlala o latelang.

7, 8. (a) Mor’abo rona Thomas o etsa’ng ho bontša hore o na le mamello ha a ruta morali oa hae? (b) Ke neng u kileng oa hloka ho ba le mamello ha u ruta ngoana oa hao?

7 Mor’abo rona Thomas o na le morali ea lilemo 11. O re ka linako tse ling morali oa hae o ee a mo botse lipotso tse kang: ‘Na Jehova o entse lefatše ka ho iphetola ha lintho? Ke hobane’ng ha re sa kenelle linthong tse ngata tsa sechaba, joaloka ho vouta, e le hore re ntlafatse lintho?’ Ka linako tse ling o lokela ho ithiba hore a se ke a mo bolella hore na a lumele eng. Mor’abo rona Thomas oa tseba hore motho ha a kholoe taba ka mor’a hore a bolelloe ntho e le ’ngoe feela, empa o lokela ho fuoa bopaki bo bongata.

8 Mor’abo rona Thomas o boetse oa tseba hore o lokela ho ba le mamello e le hore a atlehe ho ruta morali oa hae. Ha e le hantle, Bakreste bohle ba lokela ho ba le mamello. (Bakol. 3:12) Mor’abo rona Thomas oa tseba hore ho tla mo nka nako hore a qetelle a kholisitse morali oa hae. O lokela ho mo kholisa ka hore a mo balle Bibele. O re: “Ha ’na le mohats’a ka re ruta morali oa rona, haholo-holo ka lintho tsa bohlokoa, re batla ho tseba hore na o kholoa seo a ithutileng sona le hore na lithuto tseo lia utloahala. Re thaba haholo ha a re botsa lipotso. Ke ne ke tla tšoenyeha haeba a ka lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe, a sa botse letho.”

9. U ka kholisa bana ba hao joang hore Bibele ke Lentsoe la Molimo?

9 Ha batsoali ba e-na le mamello ha ba ruta bana ba bona, bana bao ba tla utloisisa “bophara le bolelele le bophahamo le botebo” ba tumelo. (Baef. 3:18) Re ka ba ruta lintho tse loketseng lilemo tsa bona. Ha tumelo ea bona e ntse e e-ba matla, ho tla ba bonolo hore ba bue le bana ba bang ka lintho tseo ba li lumelang, ho akarelletsa bao ba kenang sekolo le bona. (1 Pet. 3:15) Mohlala, na bana ba hao ba khona ho hlalosa hore na ho etsahala’ng ha motho a e-shoa? Na ba utloa Bibele e hlalosa lintho ka tsela e utloahalang? * Hopola hore ho bohlokoa ho ba le mamello ha u thusa ngoana oa hao ho kholiseha hore Bibele ke Lentsoe la Molimo.—Deut. 6:6, 7.

10. U lokela ho etsa’ng ho thusa ngoana oa hao hore a be le tumelo e matla?

10 U lokela ho qala pele u kholisehe ka Lentsoe la Molimo e le hore u thuse ngoana oa hao hore a be le tumelo e matla. Morali’abo rona Stephanie ea nang le barali ba bararo o re: “Ho tloha ha barali ba ka ba sa le banyenyane, ke ne ke atisa ho re, ‘Na ke bolella bana ba ka hore na ke kholisoa ke’ng hore Jehova o teng, hore oa re rata le hore melao ea hae e nepahetse? Na bana ba ka baa bona hore ehlile ke rata Jehova?’ Nke ke ka lebella hore bana ba ka ba be le tumelo haeba ’na ke se na eona.”

BA ‘HLALEFISETSE POLOKO’

11, 12. (a) Bohlale ke eng? (b) Na ho ka thoe motho o holile kelellong hobane feela a le lilemong tse itseng?

11 Re ithutile hore Timothea o ne a (1) tseba lingoliloeng tse halalelang a ba a (2) susumelletsoa ho lumela lintho tseo a ithutileng tsona. Empa Pauluse o ne a bolela’ng ha a re ho Timothea lingoliloeng tse halalelang li tla mo “hlalefisetsa poloko”?

12 Buka ea Insight on the Scriptures, Volume 2 e re ka Bibeleng, lentsoe bohlale le ka hlalosoa e le “bokhoni ba ho sebelisa tsebo le kutloisiso ka katleho e le ho rarolla mathata, ho qoba likotsi, ho finyella merero e itseng kapa ho thusa batho ho e finyella. Bohlale bo fapane le booatla.” Bibele e re “booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana.” (Liprov. 22:15) Kahoo, motho ea holileng o bonahala ka ho ba bohlale. Empa ho ke ke ha thoe motho o holile kelellong hobane feela a le lilemong tse itseng, empa hobane a tšaba Jehova a bile a ikemiselitse ho mo mamela.—Bala Pesaleme ea 111:10.

13. Bana ba ka bontša joang hore ba holile kelellong?

13 Haeba bana ba holile kelellong, ba ke ke ‘ba akhotsoa joalokaha eka ba akhotsoa ke maqhubu ’me ba isoa koana le koana’ ke litakatso tsa bona kapa metsoalle ea bona. (Baef. 4:14) Ho e-na le hoo, ba tsoela pele ho etsa hore ‘matla a bona a ho lemoha a koetlisetsoe ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’ (Baheb. 5:14) Ba bontša hore ba holile kelellong ka hore ba etse liqeto tse nepahetseng esita leha batsoali kapa batho ba bang ba le sieo. (Bafil. 2:12) Ke bona bohlale bo hlokehang e le hore motho a bolokehe. (Bala Liproverbia 24:14.) U ka thusa bana ba hao joang hore ba be le bohlale bo joalo? U lokela ho etsa bonnete ba hore bana ba hao baa tseba hore na u ikutloa joang ka melao ea Jehova. Ba lokela ho bona ka tsela eo u phelang ka eona hore u nka melao ea Jehova e le bohlokoa.—Bar. 2:21-23.

Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore batsoali ba lule ba thusa bana ba bona? (Sheba lirapa 14 ho ea ho 18)

14, 15. (a) Ngoana ea batlang ho kolobetsoa o lokela ho nahana ka taba efe ea bohlokoa? (b) U ka thusa ngoan’a hao joang ho nahanisisa ka litlhohonolofatso tsa ho mamela melao ea Jehova?

14 Empa ha hoa lekana ho bolella ngoana oa hao feela hore na lintho tse nepahetseng le tse fosahetseng ke life. U boetse u lokela ho mo thusa hore a khone ho araba lipotso tse kang: ‘Ke hobane’ng ha Bibele e re hanela ho etsa lintho tseo ho ka bonahalang li le monate? Ke kholisoa ke’ng hore kamehla melao ea Jehova e molemong oa ka?’—Esa. 48:17, 18.

15 Haeba ngoan’a hao a batla ho kolobetsoa, u lokela ho mo thusa hore a nahane ka ho teba hore na boikarabelo ba hae e tla ba bofe ha a se a kolobelitsoe. Hape u lokela ho tseba hore na o ikutloa joang ka ho kolobetsoa. Melemo ea ho kolobetsoa ke efe? Na ho na le mathata a tlisoang ke ho kolobetsoa? U ka mo bontša joang hore melemo ea ho kolobetsoa e feta mathata leha e le afe a ka hlahang? (Mar. 10:29, 30) Ho bohlokoa hore a nahane ka lipotso tsena pele a kolobetsoa. Thusa ngoan’a hao hore a nahanisise ka litlhohonolofatso tsa ho mamela Jehova le mathata a ho se mo mamele. Kahoo, o tla kholiseha hore ho mamela melao ea Jehova kamehla ho molemong oa hae.—Deut. 30:19, 20.

THUSA NGOANA HORE A BE LE TUMELO

16. Batsoali ba lokela ho etsa’ng ha ngoan’a bona ea kolobelitsoeng a se a sa rate Jehova joaloka pele?

16 U lokela ho etsa’ng ha ngoan’a hao a bontša hore ha aa kholiseha ka tumelo ea hae ka mor’a hore a kolobetsoe? Mohlala, mocha a ka ’na a bonahala a se a rata lintho tse tla mo sitisa ho sebeletsa Jehova. Kapa a qale ho belaella hore ho mamela melao ea Jehova ho re tsoela molemo. (Pes. 73:1-3, 12, 13) Tsela eo u itšoarang ka eona ha ngoana a etsa joalo, e ka etsa hore a khethe ho lokisa kamano ea hae le Jehova kapa e senyehe le ho feta. U se ke oa leka ho mo loantša, ho sa tsotellehe hore na o lilemo li kae. Ho e-na le hoo, u lokela ho mo bontša hore u batla ho mo thusa le hore oa mo rata.

17, 18. Batsoali ba ka thusa mocha joang hore a be le tumelo e matla?

17 Mocha ea kolobelitsoeng o inehetse ho Jehova, e leng hore o tšepisa ho mo rata le ho etsa thato ea Hae feela. (Bala Mareka 12:30.) Kaha Jehova o nka boitlamo boo e le ba bohlokoa, le rona re lokela ho bo nka bo le joalo. (Moek. 5:4, 5) Kahoo, hopotsa ngoan’a hao ka taba ena empa u etsa joalo ka nako e nepahetseng u bile u bua le eena ka mosa. Empa pele ho moo, qala ka ho bala lingoliloeng tseo mokhatlo oa Jehova o li etselitseng batsoali. Ha u etsa joalo, u tla thusa ngoan’a hao ho bona kamoo boitlamo ba ho kolobetsoa bo tebileng kateng le hore Jehova o tla re hlohonolofatsa.

18 Mohlala, u ka fumana likeletso sehlomathisong se reng “Lipotso Tseo Batsoali ba li Botsang,” se hlahang bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, Buka ea 1. Se re: “Le se ke la potlakela ho etsa qeto ea hore ngoana o lahlile tumelo ea lona. Maemong a mangata, ho na le lebaka la hore a etse joalo.” E ka ’na eaba o hatelloa ke lithaka tsa hae. Mohlomong o jeoa ke bolutu kapa o bona bacha ba bang ba rata Jehova ho mo feta. Sehlomathiso se boetse se re: “Le lokela ho hlokomela hore lintlha tse kang tsena ha li amane hakaalo le lintho tseo le li lumelang. Empa li amana le maemo a etsang hore mohlomong hajoale ngoana a thatafalloe ho etsa lintho tse bontšang tumelo.” Sehlomathiso seo se fana ka mehlala ea kamoo batsoali ba ka thusang ngoan’a bona haeba a haelloa ke tumelo.

19. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang ho ba “hlalefisetsa poloko”?

19 Kaha u motsoali, u na le boikarabelo ba bohlokoa ba hore u holise bana ba hao “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Joalokaha re ithutile, seo se bolela hore u lokela ho ruta bana ba hao ka Bibele ’me u ba thuse hore ba lumele lintho tseo ba ithutang tsona. Haeba tumelo ea bona e le matla, ba tla inehela ho Jehova ’me ba mo sebeletse ka pelo eohle. E se eka Lentsoe la Jehova, moea oa hae le boiteko ba hao li ka thusa bana ba hao ho ba “hlalefisetsa poloko.”

^ ser. 9 Tataiso ea ho ithuta ea “Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?” e ka thusa bacha le batho ba baholo hore ba utloisise Bibele ’me ba khone ho e hlalosa. U ka e fumana ho jw.org/st ka lipuo tse ngata. Kena tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > BACHA.