Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Tseba Jehova Joaloka Noe, Daniele le Jobo?

Na U Tseba Jehova Joaloka Noe, Daniele le Jobo?

“Batho ba ineheletseng bobe ba ke ke ba utloisisa kahlolo, empa ba batlang Jehova ba ka utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”LIPROV. 28:5.

LIPINA: 43, 133

1-3. (a) Ke’ng e tla re thusa ho lula re tšepahala nakong ee ea bofelo? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

HA RE NTSE re atamela bofelo, ba khopo ba tsoela pele ho “hlōmela joaloka limela.” (Pes. 92:7) Ha se ntho e makatsang hore ebe batho ba bang ha ba rate ho etsa lintho tseo Molimo a reng li nepahetse. Moapostola Pauluse o ile a re ho Bakreste: “Le be bana mabapi le bobe; leha ho le joalo le be ba hōlileng ka ho feletseng matleng a kutloisiso.” (1 Bakor. 14:20) Re ka etsa joalo joang?

2 Karabo e fumanoa temaneng ea rona ea sehlooho, e re: “Ba batlang Jehova ba ka utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” Taba ena e bolela hore ba ka utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlokehang bakeng sa hore ba etse thato ea Jehova. (Liprov. 28:5) Liproverbia 2:7, 9 e re Jehova “o tla bolokela ba lokileng bohlale bo sebetsang.” Kahoo, re “tla utloisisa ho loka le kahlolo le bokhabane, tsela eohle ea se molemo.”

3 Noe, Daniele le Jobo ba ile ba e-ba le bohlale boo. (Ezek. 14:14) ’Me ho joalo le ka batho ba Molimo mehleng ena. Ho thoe’ng ka uena? E le hore u ka “utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe” e hlokehang bakeng sa hore u khahlise Jehova, u lokela ho mo tseba. Ntho ea bohlokoa ke ho ba le tsebo e nepahetseng ka eena. Sehloohong sena re tl’o ithuta (1) hore na Noe, Daniele le Jobo ba tsebile Jehova joang, (2) tsebo eo e ba thusitse joang le (3) hore na rona re ka ba le tumelo e tšoanang le ea bona joang.

NOE O ILE A TSAMAEA LE MOLIMO

4. Noe o tsebile Jehova joang, ’me ho tseba Jehova hantle ho mo thusitse joang?

4 Noe o tsebile Jehova joang? Ho tloha ha Adama le Eva ba e-ba le bana, batho ba ile ba ithuta ka Molimo ka mekhoa e meraro: ka popo, ho bahlanka ba hae ba tšepahalang le ho bona kamoo a ileng a ba hlohonolofatsa kateng ha ba mo mamela. (Esa. 48:18) Ha Noe a ithuta ka popo, o ile a kholiseha hore Molimo o teng ’me ho ka etsahala hore ebe o ile a boela a ithuta ka makhabane a hae a kang “matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng.” Kahoo, o ne a utloisisa hore Jehova o matla le hore ke eena feela Molimo oa ’nete. (Bar. 1:20) Noe o ne a sa lumele ho Molimo feela, ho e-na le hoo, o ne a e-na le tumelo e matla ho eena.

5. Ho tlile joang hore Noe a ithute ka Jehova?

5 “Tumelo e latela ntho e utloiloeng.” (Bar. 10:17) E tlameha ebe Noe o ile a utloela ka Jehova ho beng ka eena. Ntate oa hae Lameke o ne a e-na le tumelo ho Molimo ’me o phetse mehleng ea Adama. (Sheba setšoantšo se qalong.) Ho ne ho boetse ho e-na le Methusela ntate-moholo oa hae le Jarede e leng ntate-moholo oa Methusela. Methusela o ile a hlokahala lilemo tse 366 ka mor’a hore Noe a be teng. * (Luka 3:36, 37) E ka ’na eaba banna bao le basali ba bona ke bona ba ileng ba ruta Noe hore Jehova ke eena ea bopileng batho. O ne a batla hore ba be le bana ’me ba tlale lefatše ebe baa mo sebeletsa. Mohlomong Noe o ne a boetse a ithutile hore Adama le Eva ha baa ka ba mamela Jehova ’me ba ne ba se ntse ba khola litholoana tsa phoso ea bona. (Gen. 1:28; 3:16-19, 24) Kaha Noe o ne a rata lintho tseo a ithutang tsona, o ile a susumelletseha hore a rate Jehova.—Gen. 6:9.

6, 7. Ho ba le tšepo ho ile ha matlafatsa tumelo ea Noe joang?

6 Tšepo e matlafatsa tumelo ea rona. Nahana kamoo tumelo ea Noe e ileng ea matlafala kateng ha a ithuta hore lebitso la hae le bolela “Phomolo kapa Matšeliso.” (Gen. 5:29) Jehova o ile a bululela Lameke hore a re: “Enoa [Noe] o tla re tlisetsa matšeliso . . . bohlokong ba matsoho a rōna bo bakoang ke lefatše leo Jehova a le rohakileng.” Noe o ne a tšepa hore Jehova o tla lokisa lintho. Joaloka Abele le Enoke ba phetseng lilemo pele ho eena, o ne a lumela hore “peō” e ne e tla khoba noha hlooho.—Gen. 3:15.

7 Le hoja Noe a ne a sa utloisise boprofeta bo hlahang ho Genese 3:15, o ne a kholisehile hore bo tla fela bo phethahale. O ne a utloisisa hore boprofeta boo bo fana ka tšepo bakeng sa bokamoso. Enoke le eena o ile a bolela molaetsa o tšoanang oa hore Jehova o tla felisa batho ba khopo. (Juda 14, 15) Molaetsa oa Enoke o ile oa thusa Noe hore a be le tšepo le tumelo e matla. Boprofeta boo bo tla phethahala ka Armagedone.

8. Tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo e thusitse Noe joang?

8 Tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo e thusitse Noe joang? Noe o ile a ithuta ka Jehova eaba o ba le tumelo e matla ’me Jehova a mo fa bohlale. Kahoo, o ile a sireletseha e le hore a se ke a senya kamano ea hae le Jehova. Kaha Noe o ne a batla ho ba motsoalle oa Jehova, o ne a sa iketse motsoalle oa batho ba se nang tumelo le ba sa mameleng Jehova. Ho fapana le bona, Noe ha aa ka a ea le khongoana holimo ha a bona bademona ba etsa mehlolo. Ba ne ba hapa maikutlo a batho ka mehlolo eo ba neng ba e etsa. Mohlomong ke kahoo batho ba bang ba neng ba ba rapela. (Gen. 6:1-4, 9) Noe o ne a tseba hore Jehova o batla hore batho ba be le bana ’me ba tlale lefatše. (Gen. 1:27, 28) Kahoo, o ne a tseba hore ho fosahetse hore bademona ba etse bana le basali. O ile a kholiseha le ho feta ha bana ba bona e e-ba lifonthoane ba bile ba le matla ho feta ba bang. Qetellong, Jehova o ile a bolella Noe hore o tla tlisa moroallo holim’a lefatše ’me a timetse batho ba khopo. Kaha o ne a tšepa Jehova, o ile a susumelletseha ho haha Areka ’me a pholosa eena le ba lelapa la hae.—Baheb. 11:7.

9, 10. Ke joang re ka bang le tumelo e kang ea Noe?

9 Ke joang re ka bang le tumelo e kang ea Noe? Ho bohlokoa ho ithuta Lentsoe la Molimo, ho rata lintho tseo re ithutang tsona le ho li sebelisa e le hore re etse liqeto tse nepahetseng. (1 Pet. 1:13-15) Kahoo, ha re e-na le tumelo ’me re kopa hore Jehova a re fe bohlale, re tla khona ho hlola maqiti a Satane le a batho ba hae. (2 Bakor. 2:11) Batho ba bangata ba rata liketso tse mabifi le boitšoaro bo bobe. Ba laoloa ke litakatso tsa bona tse fosahetseng. (1 Joh. 2:15, 16) Ba iphapanyetsa ’nete ea hore bofelo bo haufi. Hopola hore Jesu o ile a bapisa nako ena le nako ea mehleng ea Noe, empa o ne a sa ameha ka boitšoaro ba batho ba mehleng eo. Ho e-na le hoo, o ne a amehile ka kotsi ea lintho tse ka re sitisang ho sebeletsa Jehova.—Bala Matheu 24:36-39.

10 Ipotse: ‘Na tsela eo ke phelang ka eona e bontša hore ke tseba Jehova e le kannete? Na tumelo ea ka e ntšusumelletsa ho etsa lintho tumellanong le thato ea Jehova le ho bolella ba bang ka ’Muso oa Hae?’ Likarabo tsa lipotso tsena li tla u thusa ho hlokomela hore na u “tsamaea le Molimo oa ’nete” kapa che.

JEHOVA O ILE A FA DANIELE BOHLALE

11. (a) Tsela eo Daniele a neng a rata Jehova ka eona e re ruta’ng ka batsoali ba hae? (b) U ka rata ho ba le makhabane afe ao Daniele a neng a e-na le ’ona?

11 Daniele o tsebile Jehova joang? Ho hlakile hore batsoali ba Daniele ba ile ba mo ruta ho rata Jehova le Lentsoe la Hae. O ile a rata Jehova bophelo bohle. Leha a se a holile, o ne a ntse a ithuta Lentsoe la Molimo. (Dan. 9:1, 2) Daniele o ne a tseba Jehova le lintho tseo a ileng a li etsetsa sechaba sa Iseraele. Re bona bopaki ba taba ena thapelong eo a ileng a e etsa e amang maikutlo e tlalehiloeng ho Daniele 9:3-19. Iphe nako ea ho bala thapelo ena ’me u nahanisise ka eona ebe oa ipotsa: ‘Thapelo ee e nthuta eng ka Daniele?’

12-14. (a) Ke joang Daniele a ileng a bontša hore o bohlale? (b) Jehova o ile a hlohonolofatsa Daniele joang?

12 Tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo e thusitse Daniele joang? Ho ne ho se bonolo ho Mojuda ea tšepahalang hore a sebeletse Molimo a le Babylona. Mohlala, Jehova o ile a re ho Bajuda: “Le batlele motse oo ke entseng hore le ee kholehong ho oona khotso.” (Jer. 29:7) Empa o ile a ba laela hore ba rapele eena feela. (Ex. 34:14) Daniele o thusitsoe ke’ng ho mamela litaelo tseo ka bobeli? Kaha o ne a tseba Lentsoe la Molimo, o ile a ba le bohlale ba ho tseba hore o lokela ho mamela Jehova pele, ho latele babusi. Lilemo tse makholo hamorao, Jesu o ile a ruta thuto e tšoanang.—Luka 20:25.

13 Nahana hore na Daniele o ile a etsa’ng ha molao o re ka matsatsi a 30 ho se ke ha rapeloa molimo leha e le ofe haese morena. (Bala Daniele 6:7-10.) Ho ne ho ka ba bonolo hore a re: ‘Matsatsi a 30 ha a mangata hakaalo.’ Empa ha aa ka a lumella molao oa naha hore o mo sitise ho rapela Jehova. O ne a ka rapela a le sebakeng seo ho seng motho ea ka mo bonang. O ne a hlokometse hore batho baa tseba hore o tloaetse ho rapela letsatsi le letsatsi. Le hoja bophelo ba hae bo ne bo ka ba kotsing, ha aa ka a fa batho maikutlo a hore o khaolitse ho rapela Jehova.

14 Kaha Daniele o ile a ba sebete, Jehova o ile a mo hlohonolofatsa le ho mo lopolla ka mohlolo sekoting sa litau. Ka lebaka leo, batho ba lulang Medo-Persia ba ile ba tseba ka Jehova.—Dan. 6:25-27.

15. Ke joang re ka bang le tumelo e kang ea Daniele?

15 Ke joang re ka bang le tumelo e kang ea Daniele? E le hore re be le tumelo e matla, ha rea lokela ho bala Lentsoe la Molimo feela, empa re lokela ho le utloisisa. (Mat. 13:23) Re boetse re lokela ho tseba hore na Jehova o ikutloa joang ka lintho tse itseng. Kahoo, ha re bala Lentsoe la Molimo, ho bohlokoa hore re nahanisise ka lintho tseo re ithutang tsona. Hape, re rapele kamehla, haholo-holo ha re le mathateng. Re lokela ho ba le tumelo ea hore Jehova a ka re fa bohlale le matla ha re li kopa.—Jak. 1:5.

JOBO O ILE A MAMELA MOLIMO LEHA HO NYOLOSETSA

16, 17. Ho tlile joang hore Jobo a tsebe ka Jehova?

16 Jobo o tsebile Jehova joang? Jobo e ne e se Moiseraele. Empa o ne a amana le Abrahama, Isaka le Jakobo bao Jehova a neng a ba rutile ka Eena le hore na O batlela batho bokamoso bo joang. Ka tsela e itseng, Jobo le eena o ile a ithuta lintho tseo tsa bohlokoa. (Jobo 23:12) O ile a re: “Ke utloile ka uena ka monyenyetsi.” (Jobo 42:5) Hape, Jehova o ile a re Jobo o ile a bolella batho ’nete ka Eena.—Jobo 42:7, 8.

Tumelo ea rona ea matlafala ha re ithuta ka makhabane a Jehova ka ho sheba popo(Sheba serapa 17)

17 Jobo o ile a boela a ithuta ka makhabane a Jehova ka hore a shebe popo. (Jobo 12:7-9, 13) Jehova le Elihu ba ile ba sebelisa popo ho bontša Jobo kamoo batho ba fokolang kateng ha ba bapisoa le Jehova. (Jobo 37:14; 38:1-4) Mantsoe ao a ile a ama Jobo hoo a ileng a re: “Kea tseba hore u khona ho etsa lintho tsohle, ha ho khopolo eo u ke keng ua e fihlela. . . . Ke baka ke le lerōleng le moloreng.”—Jobo 42:2, 6.

18, 19. Jobo o ile a bontša joang hore o tseba Jehova e le kannete?

18 Tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo e thusitse Jobo joang? Jobo o ne a tseba melao-motheo ea Molimo hantle. Kaha o ne a tseba Jehova e le kannete, o ne a etsa lintho tse nepahetseng. Mohlala, o ne a tseba hore a ke ke a re o rata Jehova empa a se mosa ho batho ba bang. (Jobo 6:14) O ne a sa nke a phahametse batho. Ho e-na le hoo, o ne a ba tšoara joalokaha eka ke litho tsa lelapa la hae, ho sa tsotellehe hore na ke barui kapa mafutsana. Jobo o ile a re: “Na Ea nketsang ka mpeng ha aa ka a mo etsa?” (Jobo 31:13-22) Esita leha a ne a ruile, ha aa ka a iphahamisa eaba o khella batho ba bang fatše. O ne a sa tšoane le batho ba mehleng ena ba ruileng le ba hlaheletseng.

19 Jobo o ne a sa batle hore ho be le lintho tse mo sitisang ho ba le kamano e ntle le Jehova. A tseba hore haeba a ka lumella lintho tse kang maruo hore li mo sitise, o tla be a latola “Molimo oa ’nete ea holimo.” (Bala Jobo 31:24-28.) Hape Jobo o ne a utloisisa hore lenyalo ke boitlamo bo halalelang bo etsoang ke monna le mosali. A ipolella hore a ke ke a sheba mosali ka tsela e hlokang boitšoaro. (Jobo 31:1) Hopola hore ka nako eo, Jehova o ne a lumeletse monna hore a be le basali ba bangata. Kahoo, Jobo a ka be a ile a nyala mosali oa bobeli haeba a ne a batla. * Empa e ka ’na eaba o ne a tseba hore ha Jehova a theha lenyalo la pele, o ile a nyalisa monna a le mong le mosali a le mong. Kahoo, Jobo o ile a latela mohlala oo. (Gen. 2:18, 24) Ha e le hantle, lilemo tse ka bang 1 600 hamorao, Jesu Kreste o ile a ruta balateli ba hae molao-motheo o tšoanang mabapi le lenyalo le boitšoaro.—Mat. 5:28; 19:4, 5.

20. Ho tseba Jehova hantle ho tla re thusa joang ha re khetha metsoalle le lintho tseo re ikhathollang ka tsona?

20 Ke joang re ka bang le tumelo e kang ea Jobo? Re lokela ho tseba Jehova hantle ’me re etse lintho tse lumellanang le thato ea hae. Mohlala, Bibele e re Jehova “o hloile mang kapa mang ea ratang pefo,” hape e re re se ke ra tloaelana “le batho ba leshano.” (Bala Pesaleme ea 11:5; 26:4.) Ipotse: ‘Litemana tsee li nthuta eng ka tsela eo Jehova a ikutloang ka eona? Ho tseba taba eo ho lokela ho nthusa joang ha ke sebelisa Inthanete, ke khetha metsoalle kapa lintho tseo ke ikhathollang ka tsona?’ Likarabo tsa hao li tla u thusa hore u hlokomele hore na u tseba Jehova hakae. Kaha ha re batle ho ba le mekhoa ea batho ba sa rapeleng Jehova, re lokela ho koetlisa ‘matla a rona a ho lemoha’ e le hore re khetholle se nepahetseng ho se fosahetseng ’me re etse liqeto tse nepahetseng.—Baheb. 5:14; Baef. 5:15.

21. Re ka thusoa ke’ng ho “utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe” e le hore re etse thato ea Jehova?

21 Kaha Noe, Daniele le Jobo ba ile ba leka ka hohle ho ithuta ka Jehova, o ile a ba thusa hore ba mo tsebe hantle. A ba thusa ho “utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe” e le hore ba etse thato ea hae. Mehlala ea bona ea bontša hore ha re etsa thato ea Jehova re tla atleha. (Pes. 1:1-3) Joale ipotse: ‘Na ke tseba Jehova hantle joalokaha Noe, Daniele le Jobo ba ne ba mo tseba?’ Ha e le hantle, re ka tseba Jehova ho feta banna bao, kaha o re file Lentsoe la hae e le hore re ka ithuta ka eena. (Liprov. 4:18) Kahoo u lokela ho ithuta lona ka hloko. Nahanisisa ka lona ’me u rapelle tataiso ea moea o halalelang. U tla etsa liqeto tse nepahetseng le hoja u phela har’a batho ba sa mameleng Molimo. Hape, u tla atamela haufi le Ntate oa rona ea leholimong, Jehova.—Liprov. 2:4-7.

^ ser. 5 Ntate oa ntate moholo oa Noe e leng Enoke, le eena o ile “a tsamaea le Molimo oa ’nete.” Leha ho le joalo, “Molimo o ile a mo nka” lilemo tse ka bang 69 pele Noe a hlaha.—Gen. 5:23, 24.

^ ser. 19 Noe o ile a etsa ntho e tšoanang. Le hoja banna ba ile ba qala ho nyala basali ba bangata ho tloha ha Adama le Eva ba rabela, eena o ne a e-na le mosali a le mong.—Gen. 4:19.