MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) January 2018

Khatiso ena e na le lihlooho tse tla ithutoa ka la 26 February ho ea ho la 1 April, 2018.

BA ILE BA ITLHAHISA KA HO RATA

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata Madagascar

Ithute ka bahoeletsi ba ileng ba fallela Madagascar le ba bang ba lulang hona teng empa ba sebetsa moo ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng.

“O Fana ka Matla ho ea Khathetseng”

Ha bofelo bo ntse bo atamela, re tla hlaheloa ke mathata a itseng bophelong. Temana ea Selemo ea 2018 ea re hopotsa hore re lokela ho kopa Jehova hore a re fe matla.

Sehopotso se Etsa Hore re Momahane

Ke ka litsela life Sehopotso se etsang hore re momahane? Na ho na le mohla re tla tšoara Sehopotso ka lekhetlo la ho qetela?

Re ka Fana ka Eng ho Ea Nang le Lintho Tsohle?

Tsela e ’ngoe eo ka eona re bontšang hore re rata ka eona ke ka hore re mo fe lintho tseo re nang le tsona. Re ka fumana molemo ofe ka ho fa Jehova lintho tsa rona tsa bohlokoa?

Ke Lerato la Mofuta Ofe le Tla re Thabisa e le Kannete?

Mekhoa eo batho ba Molimo ba nang le eona e fapana joang le ea batho ba hlahang ho 2 Timothea 3:​2-⁠4? Karabo ea potso eo e tla re thusa hore re khotsofale ’me re thabe.

Bona Phapang Pakeng Tsa Batho ba Sebeletsang Jehova le ba sa mo Sebeletseng

Mekhoa ea batho ba matsatsing a ho qetela e fapana joang le ea batho ba rapelang Jehova?

Re U Lome Tsebe?

Na melao-motheo e hlahang Molaong oa Moshe e ne e sebelisoa ho rarolla liqabang tse neng li hlaha pakeng tsa Baiseraele?