Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Lerato la Mofuta Ofe le Tla re Thabisa e le Kannete?

Ke Lerato la Mofuta Ofe le Tla re Thabisa e le Kannete?

“Ho thaba batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!”PES. 144:15.

LIPINA: 75, 73

1. Ke hobane’ng ha mehla eo re phelang ho eona e fapane le mehla ea khale?

RE PHELA mehleng eo ho eona lintho li fapaneng hole haholo le mehleng ea khale. Jehova o ntse a bokella ‘bongata bo boholo . . . bo tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.’ Batho bao ba akarelletsa “sechaba se matla” sa batho ba limilione tse robeli ba thabileng ba ‘etsetsang Molimo tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare.’ (Tšen. 7:9, 15; Esa. 60:22) Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le batho ba bangata hakana lefatšeng ba ratang Molimo ba bile ba rata batho ba bang.

2. Batho ba sa rateng Molimo ba na le lerato lefe? (Sheba setšoantšo se qalong.)

2 Bibele e ile ea bolela esale pele hore mehleng ena, ho tla ba le batho ba sa rateng Molimo. Ho e-na le ho mo rata, ba tla icheba bobona. Moapostola Pauluse o ile a re: “Matsatsing a ho qetela. . . , batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, . . . ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” (2 Tim. 3:1-4) Bakreste ha baa lokela ho ba le lerato le joalo. Batho ba nang le lerato leo, ha baa thaba. Ho e-na le hoo, lerato leo le etsa hore lefatše le tlale baithati ’me ho ba thata ho sebetsana le bona.

3. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see, hona hobane’ng?

3 Moapostola Pauluse o ne a tseba hore batho ba bangata e tla ba baithati kapa ba ichebe bobona ’me ba tla ba kotsi ho Bakreste. Kahoo, o ile a eletsa Bakreste hore ba “furalle” batho ba joalo. (2 Tim. 3:5) Empa re lula re kopana le bona. Joale re lokela ho etsa’ng ho itšireletsa hore ba se ke ba re tšoaetsa mekhoa eo empa re sebeletse ho khahlisa Jehova Molimo ea lerato? A re boneng phapang pakeng tsa lerato leo Molimo a batlang hore re be le lona le lerato le hlalosoang ho 2 Timothea 3:2-4. Ha re etsa joalo, re tla itlhahloba hore na re ka etsa’ng hore re be le lerato le tla etsa hore re lule re thabile re bile re khotsofetse.

NA U ITHATA HO FETA MOLIMO?

4. Na ke phoso ho ithata? Hlalosa.

4 Moapostola Pauluse o ile a re batho e tla ba baithati.” Empa na ke phoso ho ithata? Che. Ka tlhaho rea ithata ebile re lokela ho ithata. Ke tsela eo Jehova a re bopileng ka eona. Jesu o ile a re: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Mar. 12:31) Ha e le hantle, re ke ke ra rata batho ba bang haeba re sa ithate. Bibele e boetse e re: “Banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona. Ea ratang mosali oa hae oa ithata, kaha ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae; empa oa e fepa le ho e baballa.” (Baef. 5:28, 29) Kahoo, le rona re lokela ho ithata.

5. Moithati ke motho ea joang?

5 Ha rea lokela ho ithata joaloka batho ba hlalosoang ho 2 Timothea 3:2 hobane eo ha se tsela eo Molimo a re bopileng ka eona. Ha re etsa joalo, re tla be re le baithati. Motho ea ithatang ho feta tekano, o inahana ho tlola. (Bala Baroma 12:3.) O ameha ka eena feela eseng batho ba bang. Ha lintho li sa tsamaee hantle, o beha batho ba bang molato. Leha ho le joalo, baithati ba lula ba sa thaba.

6. Batho ba ratang Molimo ba na le makhabane afe?

6 Litsebi tse ling tsa Bibele li re ha Pauluse a bua ka batho ba matsatsing a ho qetela ho 2 Timothea 3:1-4, o ile a qala ka baithati hobane ha motho e le moithati, o etsa le lintho tse hlahang litemaneng tse latelang. Batho ba ratang Molimo bona ba na le makhabane a kang thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro. (Bagal. 5:22, 23) Mopesaleme o ile a re: “Ho thaba batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!” (Pes. 144:15) Kaha Jehova ke Molimo ea thabileng, batho ba mo rapelang le bona ba lula ba thabile. Bahlanka ba Molimo ha ba ithate ho feta tekano ebile ha ba thabele feela ho fuoa. Ho e-na le hoo, ba thabela ho fana.—Lik. 20:35.

7. Re lokela ho ipotsa lipotso life?

7 Ke’ng e ka re thusang ho itlhahloba hore na re ithata ho feta Molimo? Nahana ka keletso ena e hlahang ho Bafilipi 2:3, 4: “Le sa etse letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse, le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.” Re lokela ho ipotsa: ‘Na ke mamela keletso ee? Na ke leka ka hohle hore ke etse lintho tseo Jehova a batlang hore ke li etse? Na ke batla mekhoa ea ho thusa Bakreste-’moho le ’na hammoho le batho bao ke kopanang le bona tšimong?’ Ha se kamehla ho leng bonolo ho ipha nako ea ho thusa batho ba bang. Ka linako tse ling re ka lokela ho sebetsa ka thata ’me re itime lintho tseo re li ratang. Leha ho le joalo, ha ho letho le re thabisang ho feta ho tseba hore re thabisa Jehova.

8. Bakreste ba bang ba entse’ng hobane feela ba rata Molimo?

8 Bakreste ba bang ba tlohetse mesebetsi e patalang hantle hobane feela ba rata Molimo ba bile ba batla ho eketsa nako eo ba e qetang ba mo sebeletsa. Morali’abo rona Ericka ke ngaka. Empa ho e-na le hore a sebetse ka thata ho ntlafatsa thuto ea hae ea bongaka, eena le mohats’a hae e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ’me ba se ba e-na le nako ba bula maliboho linaheng tse ling. O re: “Ho sebetsa tšimo ea lipuo tse ling hammoho le ho ba le metsoalle, ho entse hore re thabe e le kannete.” Morali’abo rona Ericka e ntse e le ngaka, empa o qeta nako e ngata a ruta batho ka Jehova a bile a thusa Bakreste-’moho le eena. Kahoo, o re o lula a thabile a bile a khotsofetse.

IPOLOKELE MATLOTLO LEHOLIMONG

9. Ke hobane’ng ha motho ea ratang chelete a ke ke a thaba?

9 Pauluse o ile a re batho e tla ba “ba ratang chelete.” Lilemong tse fetileng, pula-maliboho e ’ngoe e lulang Ireland e ile ea buisana le ntate e mong ka Molimo. Eaba ntate eo o ntša chelete ea pampiri ka sepacheng a re: “Molimo oa ka ke enoa.” Le hoja batho ba bangata ba ke ke ba ipuela ’nete feela joaloka ntate eo, ba ikutloa joaloka eena. Ba rata chelete hammoho le lintho tseo re ka li rekang ka eona. Empa ha Bibele e re lemosa e re: “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang.” (Moek. 5:10) Ha ho mohla motho ea ratang chelete a khotsofallang eo a nang le eona. O lula a batla e eketsehileng ’me o sebetsa ka thata hore a e fumane. Leha ho le joalo, o qetella a “itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”—1 Tim. 6:9, 10.

10. Agure o ile a re’ng ka borui le bofutsana?

10 Ke ’nete hore kaofela ha rona re hloka chelete hobane e ka re tsoela molemo ka tsela e itseng. (Moek. 7:12) Empa na re ka thaba e le kannete haeba re e-na le lintho tseo re li hlokang feela? Hantle haholo. (Bala Moeklesia 5:12.) Agure mora oa Jake o ile a re: “U se ke ua mpha bofutsana kapa maruo. E-re ke je lijo tseo ke li behetsoeng.” Ho bonolo ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a ne a sa batle ho futsaneha. O re lebaka ke hore a se ke a utsoa eaba o fosetsa Molimo. Empa ke hobane’ng ha a ne a rapella hore a se ke a rua? O ile a re: “E le hore ke se ke ka khora eaba kea u latola ’me ke re, ‘Jehova ke mang?’” (Liprov. 30:8, 9) Mohlomong u tseba batho ba tšepileng maruo a bona ho e-na le hore ba tšepe Molimo.

11. Jesu o ile a re’ng ka chelete?

11 Motho ea ratang chelete a ke ke a khahlisa Molimo. Jesu o ile a re: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli; kaha o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.” Jesu o ile a lelekella mantsoe ao ka ho re: “Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome li jang, le moo masholu a thuhang ’me a utsoe. Ho e-na le hoo, le ipolokele matlotlo leholimong, moo tšoèlè kapa mafome li sa jeng, le moo masholu a sa thuheng ’me a utsoe.”—Mat. 6:19, 20, 24.

12. Ke joang ho nolofatsa bophelo ho ka re thusang hore re sebeletse Molimo? Etsa mohlala.

12 Bakreste ba bangata ba ntse ba nolofatsa bophelo ba bona hobane ba hlokometse hore ha ba etsa joalo, baa thaba ebile ba fumana nako e ngata ea ho sebeletsa Jehova. Mor’abo rona Jack o ile a rekisa ntlo ea hae e kholo hammoho le khoebo ea hae e le hore eena le mohats’a hae e be bo-pula-maliboho. O re: “Ho ne ho le thata ho rekisa ntlo ea rona e ntle hammoho le setša sa rona se mahaeng. Empa ke qetile lilemo ke ea hae ke khathetse ka lebaka la mathata a mosebetsing. Empa mohats’a ka eena o ne a lula a thabile hobane ke pula-maliboho. O ne a lula a re, ‘Ke na le mohiri ea molemo ka ho fetisisa.’ Joale kaha le ’na ke se ke le pula-maliboho, re sebeletsa Motho a le mong, e leng Jehova.”

13. Ke’ng e ka re thusang ho itlhahloba hore na maikutlo a rona ke afe ka chelete?

13 Re lokela ho itlhahloba ka botšepehi hore na maikutlo a rona ke afe ka chelete. Re ka ipotsa: ‘Na tsela eo ke phelang ka eona e bontša hore ke lumela seo Bibele e se buang ka chelete? Na ho etsa chelete ke eona ntho e tlang pele bophelong ba ka? Na ke amehile ka maruo ho feta ho ba le kamano e ntle le Jehova hammoho le batho ba bang? Na ke lumela e le kannete hore Jehova o tla ntlhokomela ka lintho tseo ke li hlokang?’ Re lokela ho kholiseha hore a ke ke a soetsa batho ba mo tšepileng.—Mat. 6:33.

NA U RATA JEHOVA KAPA MENYAKA?

14. Maikutlo a nepahetseng ke afe ka ho ithabisa?

14 Bibele e ile ea bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela, batho e tla ba “ba ratang menyaka.” Re ithutile hore ha se phoso ho ithata ka tsela e nepahetseng ebile ha se phoso ho ba le chelete e lekaneng hore re phele. Ka tsela e tšoanang, ha se phoso ho ithabisa ka tsela e lekaneng. Jehova ha a batle hore re itime nako ea ho ithabisa le ho thabela bophelo. Ha Bibele e bua le bahlanka ba Molimo e re: “E-ea, u je lijo tsa hao ka thabo ’me u noe veine ea hao ka pelo e ntle.”—Moek. 9:7.

15. Ho ‘rata menyaka’ ho bolela’ng?

15 Lengolo la 2 Timothea 3:4 le bua ka batho ba ratang menyaka ’me ba sa re letho ka Molimo. Hlokomela hore temana ena ha e re ba rata menyaka ho feta Molimo. Ho ne ho tla bolela hore ba rata Molimo le hoja ba mo rata hanyenyane. Empa e re ba rata menyaka “ho e-na le ho rata Molimo.” Setsebi se seng sa Bibele se re: “Temana ena ha e bolele hore ba rata Molimo le hanyenyane feela. Empa e re ha ba mo rate ho hang.” Ha e le hantle, e lemosa batho ba ratang menyaka. Bibele e hlalosa batho ba ratang menyaka e le ba ‘nkoang ke . . . menyaka ea bophelo bona.’—Luka 8:14.

16, 17. Jesu o re bontšitse mohlala ofe tabeng ea ho ithabisa?

16 Jesu o re bontšitse mohlala o motle oa ho ba le maikutlo a nepahetseng ka ho ithabisa. O ile a ba teng ‘moketeng oa lenyalo’ le ‘moketeng o moholo oa kamohelo.’ (Joh. 2:1-10; Luka 5:29) Moketeng oa lenyalo, ho ne ho se veine e lekaneng, kahoo Jesu o ile a etsa mohlolo eaba o fetola metsi hore e be veine. Ka nako e ’ngoe, o ile a khalemela batho ba neng ba mo qosa ka ho ja le ho noa ’me a bontša hore ba iketsa eka ba lokile ho feta batho ba bang.—Luka 7:33-36.

17 Empa Jesu o ne a sa nke ho ithabisa e le ntho ea bohlokoa bophelong. O ne a nka Jehova e le eena ea tlang pele bophelong ba hae ’me a leka ka hohle ho thusa batho. Ka ho rata, o ile a ba a shoa lefu le bohloko thupeng ea tlhokofatso e le hore a pholose batho. Jesu o ile a bua le batho ba batlang ho mo latela a re: “Ho thaba lōna ha batho ba le nyelisa ’me ba le hlorisa ’me ka leshano ba bua ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo ka lōna ka lebaka la ka. Thabang ’me le tlōle ke thabo, kaha moputso oa lōna o moholo maholimong; etsoe ba ile ba hlorisa baprofeta ka tsela eo pele ho lōna.”—Mat. 5:11, 12.

18. Ke lipotso life tse ka re thusang ho itlhahloba hore na re rata menyaka hakae?

18 Ke’ng e ka re thusang ho itlhahloba hore na re rata menyaka hakae? Re ka ipotsa lipotso tsena: ‘Na ke nka ho ithabisa e le eona ntho ea bohlokoa ho feta ho ea libokeng kapa tšimong? Na ke ikemiselitse ho tela lintho tseo ke li ratang hobane ke batla ho sebeletsa Molimo? Ha ke khetha lintho tseo ke ithabisang ka tsona, na kea ipotsa hore na Jehova o tla ikutloa joang ka tsona?’ Kaha re rata Jehova ebile re batla ho mo thabisa, re leka ka hohle ho qoba lintho tseo re tsebang hore li fosahetse hammoho le tseo re nahanang hore li tla mo koatisa.—Bala Matheu 22:37, 38.

TSELA EA HO THABA

19. Ke bo-mang ba ke keng ba thaba?

19 Jehova o haufi le ho timetsa Satane hobane o sotlile batho ka lilemo tse ka bang 6 000. Hona joale batho ba bangata ke baithati, ba rata chelete le menyaka. Ba nahana feela ka lintho tseo ba batlang ho li fumana ’me lintho tseo ba li batlang, ke tsona tse tlang pele bophelong ba bona. Leha ho le joalo, batho bao ba ke ke ba thaba. Bibele e re: “Ho thaba eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae, eo tšepo ea hae e leng ho Jehova Molimo oa hae.”—Pes. 146:5.

20. Ho rata Molimo ho u thusitse joang hore u thabe?

20 Lerato leo batho ba Jehova ba mo ratang ka lona, le lula le eketseha. Selemo le selemo batho ba bang ba bangata e ba bahlanka ba hae ’me le bona baa mo rata. Hona ke bopaki ba hore ’Muso oa Molimo oa busa ’me haufinyane o tla tlisetsa batho litlhohonolofatso tse ngata. Ha re etsa lintho tseo Jehova a li ratang, re tla thaba hobane re tseba hore re thabisa Ntate oa rona ea leholimong. Batho ba ratang Jehova ba tla thaba ka ho sa feleng. Sehloohong se latelang, re tla bua ka mekhoa e mebe e bakoang ke boithati ’me re bone kamoo mekhoa ena e fapaneng kateng le makhabane ao Bakreste ba lokelang ho ba le ’ona.