Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“O Fana ka Matla ho ea Khathetseng”

“O Fana ka Matla ho ea Khathetseng”

Temana ea rona ea selemo ea 2018:“Ba tšepileng Jehova ba tla boela ba fumane matla.”—ESA. 40:31.

LIPINA: 152, 67

1. (a) Re hlaheloa ke mathata afe? (b) Jehova o thabisoa ke ha bahlanka ba hae ba etsa’ng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

KAOFELA rea tseba hore bophelo bo tletse mathata. Ho na le bara le barali babo rona ba bangata ba tšoeroeng ke mafu a kotsi. Ba bang bona le hoja ba se ba holile, ba lokela ho hlokomela beng ka bona bao e leng maqheku. Empa ba bang ba hloleha ho hlokomela ba malapa a bona ka lintho tseo ba li hlokang. Batho ba bang bona ba hlaheloa ke mathata a mangata ka nako e le ’ngoe ’me ho ba hloka nako le chelete hore ba sebetsane le ’ona. Ho ntse ho le joalo, ba na le tumelo e matla ea hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae ’me a felise mathata a batho. Jehova o motlotlo ka bona.

2. (a) Lengolo la Esaia 40:29 le re tšelisa joang? (b) Ke phoso efe eo re sa lokelang ho e etsa?

2 Empa na ka linako tse ling u ee u utloe eka mathata a hao a boima hoo u ke keng oa a mamella? Haeba ho joalo, ha u mong. Ka Bibeleng ho na le bahlanka ba Jehova bao ka linako tse ling ba neng ba ikutloa eka ba ke ke ba khona ho mamella mathata a bona. (1 Mar. 19:4; Jobo 7:7) Empa ba ile ba kopa Jehova hore a ba fe matla, ho e-na le hore ba tele. Jehova o ile a ba thusa hobane “o fana ka matla ho ea khathetseng.” (Esa. 40:29) Ka bomalimabe, ha Bakreste ba bang ba hlaheloa ke mathata a boima, ba khaotsa ho sebeletsa Jehova, joalokaha eka ho mo sebeletsa ke moroalo eseng tlhohonolofatso. Kahoo, ba khaotsa ho bala Bibele, ho ea libokeng le tšimong, e leng lintho tseo Satane a batlang hore ba khaotse ho li etsa.

3. (a) Re lokela ho etsa’ng ha re imetsoe ke mathata? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

3 Satane oa tseba hore haeba re phathahana ka ho sebeletsa Jehova, tumelo ea rona e tla lula e le matla, e leng ntho eo a sa e batleng. Kahoo, ha u imetsoe, u se ke oa lahla Jehova. Ho e-na le hoo, lula u le haufi le eena hobane o tla u tiisa, a be a u matlafatse. (1 Pet. 5:10; Jak. 4:8) Sehloohong sena re tla bua ka lintho tse peli tse ka etsang hore re khoehlise ha re ntse re sebeletsa Jehova. Re tla boela re hlahlobe melao-motheo ea Bibele e ka re thusang ho mamella. Empa pele, a re hlahlobeng tsela eo Jehova a ka re matlafatsang ka eona joalokaha Lengolo la Esaia 40:26-31 le bontša.

BA TŠEPILENG JEHOVA BA TLA BOELA BA FUMANE MATLA

4. Re ithuta’ng Lengolong la Esaia 40:26?

4 Bala Esaia 40:26. Ha ho motho ea kileng a khona ho bala linaleli tsohle tse teng sepakapakeng. Bo-rasaense ba re sehlopheng sa linaleli se bitsoang Milky Way, ho na le linaleli tse ka bang libilione tse 400. Empa Jehova o li tseba kaofela esita le ka mabitso. Taba ee e re ruta’ng? Haeba Jehova a thahasella linaleli e leng lintho tse sa pheleng, nahana hore na o ikutloa joang ka uena motho ea mo sebeletsang ka ho rata eseng hobane u tlamehile. (Pes. 19:1, 3, 14) Jehova o u tseba hantle. Ha Bibele e bua ka Jehova e re: “Moriri oa lihlooho tsa lōna o baliloe kaofela.” (Mat. 10:30) Re boetse re tšelisoa ke Pesaleme ea 37:18 e reng: “Jehova o hlokomela matsatsi a ba se nang molato,” e leng hore o hlokomela mathata a hlahelang bahlanka ba hae. Kahoo, a ka u fa matla a hore u khone ho a mamella kaofela.

5. Ke’ng e re kholisang hore Jehova a ka khona ho re matlafatsa?

5 Bala Esaia 40:28. Kaha Jehova ke ’Mopi, ke eena mohloli oa matla. Mohlala, nahana ka matla a letsatsi. Rasaense e mong o re: “Matla ao letsatsi le a ntšang motsotsoana o mong le o mong, a lekana le a libomo tse libilione tsa athomo.” Setsebi se seng sona se re matla ao letsatsi le fanang ka ’ona ka motsotsoana o le mong feela, a ka sebelisoa ke baahi bohle ba lefatše ka lilemo tse 200 000. Kahoo, kaha Jehova ke eena ea bopileng letsatsi, a ka khona ho re fa matla ao re a hlokang hore re mamelle mathata afe kapa afe.

6. Ke joang joko ea Jesu e leng mosa, hona ho tseba taba ee ho ka re thusa joang?

6 Bala Esaia 40:29. Ha re sebeletsa Jehova re tla thaba. Jesu o ile a re: “Jarang joko ea ka.” A boela a re: “Le tla fumanela meea ea lōna khatholoho. Etsoe joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.” (Mat. 11:28-30) Mantsoe ao ke ’nete. Ka linako tse ling re ikutloa re khathetse ha re lokela ho ea libokeng kapa tšimong. Empa ha re khutla, re ikutloa re khatholohile re bile re e-na le matla a ho sebetsana le mathata a rona. Joko ea Jesu e mosa e le kannete.

7. Fana ka mohlala o bontšang hore mantsoe a ho Matheu 11:28-30 ke ’nete.

7 Mohlala, morali’abo rona Mokotjo o na le lefu la ho tetebela maikutlo, o lula a khathetse a bile a tšoeroe ke hlooho. Kahoo, ka linako tse ling o sitoa ho ba teng libokeng. Empa ka mor’a hore a khone ho ba teng libokeng le ho mamela puo ea phatlalatsa o ile a re: “Ho ne ho buuoa ka ho nyahama. Sebui se ne se bua ka tsela e mosa hoo ke ileng ka lla. Puo eo e ile ea nkhopotsa hore ke lokela ho lula ke e-ba teng libokeng.” Morali’abo rona Mokotjo o ile a thabisoa ke hore ebe o entse boiteko ba ho ba teng libokeng.

8, 9. Moapostola Pauluse o ne a bolela’ng ha a re: “Ha ke fokola, joale ke ha ke le matla”?

8 Bala Esaia 40:30. Ho sa tsotellehe bokhoni boo re nang le bona, ho na le lintho tseo re ke keng ra khona ho li etsa ka matla a rona. Kaofela re lokela ho amohela taba ena. Le hoja moapostola Pauluse a ne a e-na le bokhoni ba ho etsa lintho tse ngata, o ne a sa khone ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a batlang ho e etsa. O ile a bolella Jehova lintho tseo a amehileng ka tsona. Eaba Jehova o re ho eena: “Matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.” Pauluse o ile a utloisisa taba eo eaba o re: “Ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.” (2 Bakor. 12:7-10) Empa o ne a bolela’ng?

9 Moapostola Pauluse o ile a ithuta hore ho na le lintho tseo a ke keng a khona ho li etsa ha e se ka thuso ea Jehova. Moea o halalelang o ne o tla mo fa matla ao a a hlokang. O ne o tla boela o mo matlafatse hore a etse mesebetsi eo a neng a ke ke a khona ho e etsa ka matla a hae. Haeba le rona re kopa hore Jehova a re fe matla, o tla fela a re matlafatse.

10. Jehova o ile a thusa Davida joang mathateng a hae?

10 Ka makhetlo mopesaleme Davida o ile a bona kamoo moea o halalelang o leng matla kateng. O ile a re: “Ka uena nka matha khahlanong le sehlopha sa bafutuhi. Ka Molimo oa ka nka hloa lerako.” (Pes. 18:29) Ho na le marako kapa mathata ao re ke keng ra khona ho a “hloa” ka matla a rona. Re hloka thuso ea Jehova.

11. Moea o halalelang o ka re thusa joang?

11 Bala Esaia 40:31. Ha ntsu e fofela holimo, ha e sebelise matla a eona. E sebelisa moea o chesang hore e nyolohele holimo. Ka lebaka leo, e boloka matla a eona. Kahoo, ha u hlaheloa ke mathata a boima, nahana ka ntsu. Kopa Jehova hore a u thuse ka “moea o halalelang.” (Joh. 14:26) Rea thaba hore ebe Jehova o re fa oona nako eohle ha re o hloka. Re ka boela ra kopa moea o halalelang haeba re qabane le Bakreste-’moho le rona. Empa ke hobane’ng ha ho e-ba le liqabang ka phuthehong?

12, 13. (a) Ke hobane’ng ha ho e-ba le liqabang ka phuthehong? (b) Pale ea Josefa e re ruta’ng ka Jehova?

12 Liqabang li ba teng ka phuthehong hobane kaofela ha rea phethahala. Kahoo, ka linako tse ling re ka utloisoa bohloko ke liketso kapa mantsoe a Bakreste-’moho le rona kapa rona ra ba utloisa bohloko. Taba ena e ka ba bothata bo tebileng. Ha e le hantle, Jehova o batla hore re bontše hore rea mo tšepahalla ka hore re ithute ho sebetsa ’moho le bahlanka ba hae hobane oa ba rata le hoja ba sa phethahala.

13 Pale ea Josefa e re bontša hore Jehova o re lumella hore re hlaheloe ke maemo ao ho ’ona ho ka bang thata ho lula re tšepahala. Ha Josefa e sa le mocha, baholoane ba hae ba ile ba mo rekisa hore e il’o ba lekhoba Egepeta. (Gen. 37:28) Kaha Jehova o ne a ntse a shebeletse, o ile a utloa bohloko hore ebe motsoalle oa hae ea tšepahalang o tšoeroe ka tsela eo. Leha ho le joalo, ha aa ka a kena lipakeng. Esita leha Josefa a ne a qosoa ka ho beta mosali oa Potifaro, Jehova ha aa ka a kenella. Empa na Jehova o ne a lahlile Josefa? Che. Bibele e re: “Jehova . . . a atlehisa seo [Josefa] a se etsang.”—Gen. 39:21-23.

14. Re ka rua molemo ofe ka hore re ‘tlohele’ khalefo?

14 Mohlala o mong ke oa Davida. Ke batho ba seng bakae ba kileng ba tšoaroa hampe joaloka eena. Leha ho le joalo, ha ho mohla a kileng a hloea lira tsa hae. Ho e-na le hoo, o ile a re: Tlohela bohale ’me u lese khalefo. U se ke ua iponahatsa u halefile hore feela u etse bobe.” (Pes. 37:8) Lebaka le ka sehloohong le etsang hore re ‘tlohele’ khalefo ke hore re batla ho etsisa Jehova hobane “ha aa re etsa ho ea ka libe tsa rōna.” (Pes. 103:10) Empa ho boetse ho na le melemo e meng ea ho “tlohela” khalefo. Khalefo e ka baka mathata a kang khatello e phahameng ea mali le bothata ba ho hema. E ka boela ea baka mathata a sebete, a manyeme le a tšilo ea lijo. Ha re halefile, ha se kamehla re khonang ho nahana hantle. Ka linako tse ling, ha re lula re halefile, re ka ba le bothata ba ho tetebela maikutlo. Ka lehlakoreng le leng, Bibele e re: “Pelo e nang le khutso ke bophelo ba sebōpuoa sa nama.” (Liprov. 14:30) Kahoo re ka etsa’ng hore qetellong re bope khotso le Bakreste-’moho le rona? Re lokela ho mamela keletso ea Bibele.

BOPA KHOTSO LE BAKRESTE-’MOHO LE UENA

15, 16. Re lokela ho etsa’ng hore re bope khotso le Bakreste-’moho le rona?

15 Bala Baefese 4:26. Ha re makale ha batho bao e seng Lipaki Tsa Jehova ba re tšoara hampe. Empa haeba Mokreste-’moho le rona kapa mong ka rona a re utloisa bohloko, re ka nyahama. Haeba ntho eo ba re entseng eona e sa lebalehe, na re tla lula re ba jere ka pelo? Kapa na re tla mamela keletso ea Bibele ea hore re lokise litaba kapele? Haeba re nka nako e telele re sa lokise liqabang, ho tla ba thata le ho feta hore re bope khotso le Bakreste-’moho le rona.

16 A re re Mokreste-’moho le uena o u sitetsoe ’me u sitoa ho lebala phoso ea hae. U ka etsa’ng hore u bope khotso le eena? Ntlha ea pele, rapela Jehova ho tloha pelong. Mo kope hore a u thuse hore u khone ho bua hantle le Mokreste-’moho le uena. Hopola hore le eena ke motsoalle oa Jehova. (Pes. 25:14) Molimo oa mo rata. Kaha Jehova o tšoara metsoalle ea hae ka mosa, o batla hore le rona re tšoare batho joaloka eena. (Liprov. 15:23; Mat. 7:12; Bakol. 4:6) Ea bobeli, nahana hore na u tla re’ng ha u bua le Mokreste-’moho le uena. U se ke oa nka hore Mokreste-’moho le uena o ne a ikemiselitse ho u utloisa bohloko. Hape, u lokela ho nahana hore ho ka etsahala hore ebe le uena u kentse letsoho hore qabang e be teng. Ha u bua le eena u ka ’na oa qala ka ho re: ‘Ha ke tsebe haeba ke tla be ke feteletsa lintho, empa maobane ha re ne re bua, ke ile ka ikutloa . . . ’ Haeba puisano ea lona e sa le tsoele molemo, leka ho batla mekhoa e meng ea ho bopa khotso. Empa hape u ’ne u rapelle Mokreste-’moho le uena, u kope Jehova hore a mo hlohonolofatse. Mo kope hore a u thuse hore u bone makhabane a Mokreste-’moho le uena. Ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng, kholiseha hore Jehova o tla thaba hore ebe u ile oa etsa boiteko ba ho bopa khotso le mor’eno, e leng motsoalle oa Molimo.

LIBE TSA RONA TSA NAKO E FETILENG

17. (a) Jehova a ka re thusa joang haeba re entse sebe se tebileng? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho potlakela ho kopa thuso?

17 Batho ba bang ba ikutloa ba sa tšoanelehe ho sebeletsa Jehova hobane ba entse sebe se tebileng. Letsoalo le molato le ka etsa hore re ikutloe joaloka Davida ha a re: “Ha ke ne ke khutsitse masapo a ka a ile a khathala ka lebaka la ho bobola ha ka letsatsi lohle. Etsoe bosiu le motšehare letsoho la hao le ne le le boima holim’a ka.” Ka lehlohonolo, Davida o ile a sebetsana le bothata boo joaloka morapeli oa Jehova. O ile a re: “Qetellong ka bolela sebe sa ka ho uena, ’me phoso ea ka ha kea ka ka e koahela.” (Pes. 32:3-5) Haeba u entse sebe se tebileng, Jehova o ikemiselitse ho u thusa. Empa u lokela ho lumela ha a u thusa a sebelisa baholo. (Liprov. 24:16; Jak. 5:13-15) U se ke oa lieha ho kopa thuso kaha bophelo bo sa feleng bo itšetlehile ka hore u kope thuso ka potlako. Empa u lokela ho etsa’ng haeba esita le nako e telele ka mor’a hore Jehova a u tšoarele u ntse u ikutloa u le molato?

18. Lengolo la 1 Bakorinthe 15:9, 10 le ka re thusa joang haeba re sitoa ho itšoarela?

18 Ka linako tse ling moapostola Pauluse o ne a nyahamisoa ke liphoso tsa hae tsa nakong e fetileng. O ile a re: “Ke e monyenyane ho baapostola, ’me ha ke tšoanelehe ho bitsoa moapostola, hobane ke ile ka hlorisa phutheho ea Molimo.” Leha ho le joalo, o ile a boela a re: “Empa ke seo ke leng sona ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo.” (1 Bakor. 15:9, 10) Jehova o ne a tšoaretse Pauluse ’me a lebeletse hore Pauluse le eena a kholisehe ka taba eo. Haeba u baketse libe tsa hao u bile u li boletse ho Jehova le baholo, u lokela ho kholiseha hore Jehova o tla u hauhela. Kahoo, lumella Jehova hore a u tšoarele.—Esa. 55:6, 7.

19. Temana ea selemo ea 2018 e re’ng, hona ke hobane’ng ha e loketse?

19 Ha bofelo bo ntse bo atamela, mathata a rona aa eketseha. Empa re lokela ho kholiseha hore Jehova “o fana ka matla ho ea khathetseng; ’me o etsa hore matla a feletseng a atele ea se nang matla.” (Esa. 40:29; Pes. 55:22; 68:19) Selemong sena sa 2018, re tla lula re hopotsoa taba ena kamehla ha re le libokeng. Khothatso ena e hlaha temaneng ea rona ea selemo e reng: “Ba tšepileng Jehova ba tla boela ba fumane matla.”—Esa. 40:31.