Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re ka Fana ka Eng ho Ea Nang le Lintho Tsohle?

Re ka Fana ka Eng ho Ea Nang le Lintho Tsohle?

“Molimo oa rōna, rea u leboha ’me re rorisa lebitso la hao le letle.”—1 LIKRON. 29:13.

LIPINA: 95, 2

1, 2. Jehova o sebelisa lihloliloeng tsa hae joang?

JEHOVA ke Molimo ea fanang. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re nang le eona e tsoa ho eena. Lihloliloeng tsohle tsa bohlokoa tse lefatšeng ke tsa hae ’me o li sebelisa hore li re thuse ho phela. (Pes. 104:13-15; Hag. 2:8) Bibele e bua ka mehlala e mengata moo Jehova a ileng a etsa mehlolo eaba o sebelisa lihloliloeng ho thusa batho ba hae.

2 Mohlala, ka lilemo tse 40 Jehova o ile a fa Baiseraele manna le metsi ha ba ntse ba le lefeelleng. (Ex. 16:35) Kahoo, “ba ne ba sa haelloe ke letho.” (Neh. 9:20, 21) Hamorao Jehova o ile a fa moprofeta Elisha matla a ho etsa mohlolo ’me a eketse oli ea mosali oa mohlolohali ea tšepahalang. Mpho ena e tsoang ho Molimo e ile ea mo thusa hore a patale mekoloto ea hae ’me eena le bara ba hae ba khone ho phela ka chelete e setseng. (2 Mar. 4:1-7) Jesu le eena ka thuso ea Jehova o ile a etsa mohlolo oa ho fana ka lijo le chelete ha li ne li hlokeha.—Mat. 15:35-38; 17:27.

3. Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?

3 Jehova a ka sebelisa lihloliloeng life kapa life e le hore lintho tseo a li bopileng li phele. Leha ho le joalo, o mema bahlanka ba hae hore ba tšehetse mosebetsi oa hae ka lintho tseo ba nang le tsona. (Ex. 36:3-7; bala Liproverbia 3:9.) Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore re mo fe matlotlo a rona? Bahlanka ba Jehova ba nakong e fetileng ba ile ba tšehetsa mosebetsi oa Hae joang ka chelete? Mokhatlo oa Jehova o sebelisa chelete ea monehelo joang mehleng ee? Lipotso tsena li tl’o arajoa sehloohong sena.

KE HOBANE’NG HA RE FA JEHOVA?

4. Ke hobane’ng ha re fa Jehova lintho tseo re nang le tsona?

4 Re fa Jehova lintho tseo re nang le tsona hobane re mo rata re bile re ananela lintho tseo a re etselitseng tsona. Re felloa ke mantsoe ha re nahana ka lintho tseo Jehova a re fileng tsona. Ha Davida a ne a hlalosa lintho tse hlokehang bakeng sa ho haha tempele, o ile a re lintho tsohle tseo re li fumanang li tsoa ho Jehova le hore re fa Jehova lintho tseo a re fileng tsona.—Bala 1 Likronike 29:11-14.

5. Mangolo a re thusa joang ho bona hore ho fa Jehova matlotlo a rona ke karolo ea borapeli ba rona?

5 Re boetse re fa Jehova lintho tsa rona tsa bohlokoa hobane ke karolo ea borapeli ba rona. Ponong, moapostola Johanne o ile a utloa bahlanka ba Jehova ba leholimong ba re: “Ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.” (Tšen. 4:11) Ke ’nete hore Jehova o lokeloa ke khanya le tlhompho, ke kahoo re lokelang ho mo fa lintho tseo re li ratang. Jehova o ile a re Moshe a laele sechaba sa Iseraele hore se keteke mekete e meraro ka selemo. Karolo e ’ngoe ea borapeli ba bona meketeng ena e ne e le ho fa Jehova lintho tsa bona tsa bohlokoa. Bahlanka bao ba ne ba se ba boleletsoe hore “ho se ke ha e-ba le ea mong [oa bona] ea hlahang ka pel’a Jehova a sa nka letho.” (Deut. 16:16) Le mehleng ena ea rona karolo e ’ngoe ea borapeli ba rona ke ho fa Jehova matlotlo a rona ka pelo eohle. Ka ho etsa joalo re tla be re bontša hore re ananela le ho tšehetsa mosebetsi oa mokhatlo oa Jehova.

6. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho fana? (Sheba setšoantšo se qalong.)

6 Ho bohlokoa hore re fane ka pelo eohle ho feta ho lula re thabela ho fuoa. (Bala Liproverbia 29:21.) Nahana ka ngoana ea fuoang chelete ke batsoali ba hae ebe karolo ea chelete eo o e sebelisetsa ho ba rekela mpho. Batsoali ba hae ba ka ikutloa joang ka mpho eo? Kapa nahana ka pula-maliboho e mocha ea lulang le batsoali ba hae ebe o ba fa chelete ho ba thusa ho patala rente kapa ho reka lijo bakeng sa lelapa. Le hoja batsoali ba sa lebella hore a patale letho, ba amohela mpho ena hobane ke ntho e ntle ha ngoana a bontša hore o ananela lintho tsohle tseo batsoali ba hae ba mo etsetsang tsona. Jehova le eena oa tseba hore re tla be re etsa hantle haeba re fana ka lintho tsa rona tsa bohlokoa.

BAHLANKA BA MOLIMO BA NE BA FANA

7, 8. Batho ba Jehova ba re behetse mohlala joang tabeng ea ho fana ka monehelo?

7 Ka Bibeleng, re ithuta hore Baiseraele le Bakreste ba mehleng ea pele ba ne ba fana ka monehelo e le ho tšehetsa mosebetsi oa Jehova. Mohlala, Moshe o ile a khothalletsa Baiseraele hore ba ntše monehelo e le hore ba hahe tabernakele. (Ex. 35:5; 1 Likron. 29:5-9) Pusong ea Morena Joase, baprista ba ile ba lokisa tempele ka monehelo oa Baiseraele. (2 Mar. 12:4, 5) Mehleng ea baapostola, Bakreste ba ile ba utloa hore ho na le tlala ea sekoboto Judea eaba “ba etsa qeto, e mong le e mong oa bona ho ea kamoo . . . a neng a ka ho khona, ho romela tšebeletso ea lithuso ho barab’abo rōna ba lulang Judea.”—Lik. 11:27-30.

8 Libakeng tse ling, batho ba Jehova ba ne ba fana ka chelete ho tšehetsa ba etellang pele mosebetsi oa Jehova. Mohlala, tlas’a Molao oa Moshe, Balevi ba ne ba sa fuoe lefa joaloka meloko e meng. Ho e-na le hoo, batho ba meloko e meng ea Iseraele ba ne ba ba fa lintho tseo ba nang le tsona e le hore Balevi ba phethe mosebetsi oa bona ntle ho tšitiso ea letho. (Num. 18:21) Ka tsela e tšoanang, Bibele e re ho na le basali ba neng ba tšehetsa Jesu le baapostola ka lintho tseo ba nang le tsona.—Luka 8:1-3.

9. Menehelo e ne e tsoa hokae (a) mehleng ea Baiseraele? (b) mehleng ea baapostola?

9 Menehelo e ne e tsoa libakeng tse fapaneng. E ka ’na eaba boholo ba thepa eo Baiseraele ba faneng ka eona ho haha tabernakele, e ne e tsoa Egepeta. (Ex. 3:21, 22; 35:22-24) Mehleng ea baapostola, Bakreste ba bang ba ile ba rekisa lintho tseo ba nang le tsona joaloka masimo le matlo ebe ba isa chelete ea thepa eo ho baapostola. Baapostola ba ile ba sebelisa chelete eo ho thusa batho ba hlokang. (Lik. 4:34, 35) Ba bang bona ba ile ba behella chelete e ’ngoe ka thoko e le hore ba ka tšehetsa mosebetsi oa Jehova. (1 Bakor. 16:2) Batho bohle ba ile ba khona ho fana ka chelete, ebang ke barui kapa mafutsana.—Luka 21:1-4.

RE LOKELA HO FANA

10, 11. (a) Re ka etsisa bahlanka ba Jehova ba boholo-holo joang ka ho ba seatla se bulehileng? (b) U ikutloa joang ka ho tšehetsa mokhatlo oa Jehova?

10 Mehleng ena, le rona re ka koptjoa ho fana ka menehelo bakeng sa lintho tse itseng. Mohlala, e ka ’na eaba phutheho ea lona e lokela ho haha kapa ho lokisa Holo ea ’Muso. Kapa mohlomong ofisi ea lona ea lekala e hloka ho lokisoa. Re ka boela ra thusa le ka litšenyehelo tsa kopano. Kapa ra thusa Bakreste-’moho le rona ba oetsoeng ke likoluoa. Menehelo ea rona e ka boela ea thusa baromuoa, bo-pula-maliboho ba khethehileng, bapotolohi le bohle ba sebetsang ntlo-kholo le liofising tsa makala lefatšeng ka bophara. Mohlomong phutheho ea lona e ntse e romela monehelo khoeli le khoeli o thusang bara le barali babo rona lefatšeng ka bophara ho haha Liholo Tsa Likopano le Liholo Tsa ’Muso.

11 Kaofela ha rona ho na le hoo re ka fanang ka hona ho tšehetsa mosebetsi o etsoang ke mokhatlo oa Jehova matsatsing ana a ho qetela. Boholo ba rona re fana ka menehelo boinotšing. Ha re tšela chelete ka lebokoseng la monehelo Holong ea ’Muso kapa re patala ka Inthanete websaeteng ea rona ea jw.org ha re bolelle ba bang hore na re ntšitse chelete e kae. Empa ho thoe’ng haeba re nahana hore chelete eo re e ntšang e nyenyane? Hopola hore boholo ba menehelo eo mokhatlo o e fumanang e tsoa ho batho ba bangata ba ntšitseng monehelo o monyenyane. Kahoo, bara le barali babo rona ba nang le ho ho nyenyane ba etsisa Bakreste ba neng ba le Macedonia. Le hoja ba ne ba le kojoana li mahetleng, ba ile ba kopa hore ba fane ka monehelo ’me ba ile ba e-ba seatla se bulehileng.—2 Bakor. 8:1-4.

12. Mokhatlo o sebelisa monehelo ka hloko joang?

12 Kaha Sehlopha se Busang sea tšepahala ebile se masene, se sebelisa menehelo ena ka hloko. (Mat. 24:45) Barab’abo rona ba Sehlopha se Busang ba kopa Jehova hore a ba thuse ho etsa liqeto tse nepahetseng, ebe ba etsa meralo ea hore na chelete eo e ka sebelisoa hamolemo joang. (Luka 14:28) Mehleng ea Bibele, banna ba neng ba fuoe boikarabelo ba ho hlokomela monehelo, ba ne ba etsa bonnete ba hore o sebelisetsoa feela lintho tse amanang le borapeli ba Jehova. Mohlala, Esdrase o ile a khutlela Jerusalema a fuoe monehelo o mongata ke morena oa Persia. O ne a fuoe khauta, silevera le matlotlo tseo boleng ba tsona mehleng ena e ka bang chelete e fetang 1.3 bilione Maloti. Esdrase o ne a nka limpho tsena e le tse eang ho Jehova. Kahoo, o ile a fana ka litaelo tsa hore na limpho tseo li ka sireletsoa joang kaha li ne li tl’o feta libakeng tse kotsi. (Esdr. 8:24-34) Lilemo hamorao, moapostola Pauluse o ile a amohela chelete e neng e tl’o thusa Bakreste ba futsanehileng ba Judea. O ile a etsa bonnete ba hore ba neng ba isa chelete eo baa tšepahala, “eseng feela mahlong a Jehova, empa hape le mahlong a batho.” (Bala 2 Bakorinthe 8:18-21.) Mehleng ena mokhatlo o etsisa Esdrase le Pauluse ka ho sebelisa monehelo ka hloko.

13. Morao tjee, ke hobane’ng ha mokhatlo o ile oa etsa liphetoho?

13 Lelapa le ka ’na la etsa liphetoho tseleng eo le sebelisang chelete ka eona e le hore le se ke la sebelisa chelete e ngata ho tlola. Le ka boela la sheba mekhoa eo ka eona le ka nolofatsang bophelo e le hore le eketse nako eo le e qetang le sebeletsa Jehova. Ho etsahala ntho e tšoanang le ka mokhatlo oa Jehova. Morao tjena, ho bile le lintho tse ngata tseo mokhatlo o ileng oa sebelisa chelete ho tsona, ’me ka linako tse ling chelete e sebelisitsoeng e bile ngata haholo. Joaloka lelapa, mokhatlo le oona o sheba litsela tseo ka tsona o ka bolokang chelete le ho nolofatsa maemo e le hore ka menehelo e teng, o ka finyella lintho tse ngata.

MELEMO EA MENEHELO

14-16. (a) Ke lintho life tseo mokhatlo o li entseng ka menehelo eo re fanang ka eona? (b) O ruile molemo joang linthong tseo menehelo ea rona e li entseng?

14 Ba nang le lilemo tse ngata ba le ka phuthehong, baa hlokomela hore mehleng ena, mokhatlo oa Jehova o fana ka lintho tse ngata tse ba thusang ho ba le kamano e ntle le Jehova. Hona joale re na le websaete ea jw.org le Khaso ea JW. Re boetse re na le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka lipuo tse ngata. Ka 2014 le ka 2015, ho bile le likopano tsa machaba tsa “Le ’ne le Batle ’Muso oa Molimo Pele!” tse neng li tšoaretsoe litoropong tse 14 lefatšeng ka bophara. Ba neng ba ile kopanong eo ba ne ba thabile haholo.

15 Batho ba bangata ba thabile haholo hore ebe mokhatlo oa Jehova o fana ka lintho tse ngata tse ba thusang ho ba le kamano e ntle le Jehova. Mohlala, banyalani ba bang ba bulang maliboho naheng e ’ngoe Asia ba ile ba re: “Tšimo ea rona e toropong e nyenyane. Kahoo, ka linako tse ling re ikutloa re le metoaitoai ebile re lebala kamoo mosebetsi oa Jehova o leng mongata kateng. Empa ka mor’a ho shebella Khaso ea JW, re ile ra hopola hore re karolo ea mokhatlo oa bara ba motho. Bara le barali babo rona ba mona ba thabetse khaso ena haholo. Hangata ka mor’a ho shebella khaso ena ea khoeli le khoeli, re ee re utloe ba re ba utloa eka ba se ba tseba litho tsa Sehlopha se Busang. Hona joale ba ikutloa ba le motlotlo ho feta leha e le neng pele hore ebe ke karolo ea mokhatlo oa Molimo.”

16 Lefatšeng ka bophara, ho na le Liholo Tsa ’Muso tse ka bang 2 500 tse ntseng li lokisoa kapa li hahoa. Bahoeletsi ba phutheho e ’ngoe ea Honduras ba ne ba labalabela ho ba le Holo ea ’Muso, empa hona joale toro eo e phethahetse. Ba re: “Re thabile hore ebe re karolo ea lelapa la Jehova le mokhatlo oa bara ba motho lefatšeng ka bophara.” Bahoeletsi ba bangata ba ba le boikutlo bo tšoanang ha ba amohela Bibele ka puo ea bona kapa lingoliloeng tse ling. Ba boetse ba ananela ho thusoa ke Bakreste-’moho le bona nakong ea likoluoa le ha batho ba amohela molaetsa ha ba paka ka litoroli.

17. Tsela eo mokhatlo o sebetsang ka eona e bontša joang hore Jehova ke eena ea re tšehelitseng?

17 Batho bao e seng Lipaki Tsa Jehova ha ba utloisise hore na mokhatlo o etsa lintho tse ngata hakana joang ka menehelo ea boithatelo feela. Mookameli e mong ea tsoang ho e ’ngoe ea lik’hamphani tse kholo o ne a chaketse lefapheng la khatiso Bethele. O ne a makaletse hore mosebetsi kaofela o etsoa ke baithaopi, ka menehelo ea boithatelo ’me ha ho mohla ho etsoang mekhoa ea ho bokella chelete. O re mosebetsi oa rona o ne o sa tlameha ho atleha. O bua ’nete. Rea tseba hore re atleha feela hobane Jehova ke eena ea re tšehelitseng.—Jobo 42:2.

JEHOVA OA RE HLOHONOLOFATSA

18. (a) Re fumana litlhohonolofatso life ha re tšehetsa mosebetsi oa boboleli? (b) Re ka thusa bana ba rona le bahoeletsi ba bacha joang hore ba fane?

18 Jehova o re fa monyetla oa hore re tšehetse mosebetsi oa boboleli. O re tšepisa hore ha re etsa joalo o tla re hlohonolofatsa. (Mal. 3:10) Jehova o re ea fanang ka seatla se bulehileng, lintho li tla mo tsamaela hantle. (Bala Liproverbia 11:24, 25.) Ha re fana re tla thaba hobane Bibele e re “ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Lik. 20:35) Ka lipuo le liketso tsa rona, re ka ruta bana le bahoeletsi ba bacha ho fana ka menehelo ’me ba bone ha Jehova a ba hlohonolofatsa.

19. Sehlooho see se u thusitse joang?

19 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re nang le eona e tsoa ho Jehova. Ha re mo fa lintho tseo re nang le tsona, re bontša hore rea mo rata ebile re ananela lintho tseo a re etselitseng tsona. (1 Likron. 29:17) Ha ho ne ho hahuoa tempele mehleng ea Morena Davida, ‘batho ba ile ba thaba ka lebaka la ho etsa linyehelo tsa boithaopo, etsoe ba ne ba etsetsa Jehova linyehelo tsa boithaopo ka pelo e feletseng.’ (1 Likron. 29:9) E se eka le rona re ka fa Jehova lintho tseo re nang le tsona kaha li tsoa ho eena. Ha re etsa joalo, re tla thaba.