Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sehopotso se Etsa Hore re Momahane

Sehopotso se Etsa Hore re Momahane

“Kamoo ho leng hotle le kamoo ho khahlisang kateng ha bara ba motho ba lula hammoho bonngoeng!”—PES. 133:1.

LIPINA: 149, 99

1, 2. (a) Ho tla etsahala’ng ka la 31 March, 2018? (b) Ke hobane’ng ha e le letsatsi la bohlokoa? (Sheba setšoantšo se qalong.)

LEFATŠENG lohle, Lipaki Tsa Jehova tse limilione hammoho le batho ba bang ba likete ba ratang Molimo, ba tla kopana e le ho ikhopotsa Lefu la Morena oa rona Jesu Kreste. Sehopotso seo se tla ba mantsiboeeng a la 31 March, 2018 ka mor’a hore letsatsi le likele. Se tšoaroa selemo le selemo ’me ke seboka sa bohlokoa ka ho fetisisa se kopanyang batho ba Molimo lefatšeng lohle.

2 Jehova le Jesu ba thaba haholo ha ba bona batho ba limilione ba e-ba teng Sehopotsong ho ikhopotsa letsatsi lena la bohlokoa. Bibele e re ho tla ba le ‘bongata bo boholo, boo ho seng motho ea tla khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.’ Bo tla hoeletsa bo re: “Poloko ea rōna e tsoa ho Molimo oa rōna, ea lutseng teroneng, le Konyana.” (Tšen. 7:9, 10) Kahoo, haeba re e-ba teng Sehopotsong, re tlotlisa Jehova le Jesu.

3. Re tl’o araba lipotso life sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tl’o araba lipotso tse latelang: (1) Re ka etsa’ng ho itokiselletsa Sehopotso e le hore se re tsoele molemo? (2) Ke joang Sehopotso se etsa’ng hore batho ba Molimo ba momahane? (3) Re ka etsa’ng hore re kenye letsoho hore ho be le bonngoe ka phuthehong? (4) Na ho na le mohla re tla tšoara Sehopotso ka lekhetlo la ho qetela? Haeba ho joalo, e tla ba neng?

ITOKISELLETSE SEHOPOTSO

4. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re etse boiteko ba ho ba teng Sehopotsong?

4 Nahana ka bohlokoa ba ho ba teng Sehopotsong. Hopola hore ho ba teng libokeng ke karolo ea borapeli ba rona. Jehova le Jesu baa hlokomela ha re etsa boiteko ba ho ba teng sebokeng sena sa bohlokoa ka ho fetisisa. Re lokela ho ba bontša hore re tla etsa sohle se matleng a rona ho ba teng Sehopotsong ntle le haeba re kula kapa maemo a sa re lumelle ho ba teng. Haeba re etsa boiteko ba ho ba teng libokeng, Jehova o tla ngola mabitso a rona ka har’a “buka ea khopotso,” e leng ‘buka ea bophelo’ e nang le mabitso a batho ba tla fumana bophelo bo sa feleng.—Mal. 3:16; Tšen. 20:15.

5. Matsatsing a pele ho Sehopotso, re ka etsa’ng ho ‘inonya hore na re tumelong’?

5 Matsatsi pele ho Sehopotso, re lokela ho ipha nako ea ho rapela le ho hlahloba kamano ea rona le Jehova. (Bala 2 Bakorinthe 13:5.) Re lokela hore ‘re inonye hore na re tumelong.’ Re ka etsa joalo ka hore re ipotse lipotso tsena: ‘Na ehlile kea lumela hore mokhatlo oo ke oona feela oo Jehova a o sebelisang e le hore a phethe thato ea hae? Na ke etsa sohle se matleng a ka hore ke bolelle batho ka ’Muso oa Molimo? Na ka liketso ke bontša hore kea lumela hore re phela matsatsing a ho qetela le hore haufinyane puso ea Satane e tla felisoa? Na ke ntse ke e-na le tumelo e matla ho Jehova le Jesu joaloka ha ke sa tsoa kolobetsoa? (Mat. 24:14; 2 Tim. 3:1; Baheb. 3:14) Ho nahana ka lipotso tseo, ho tla re thusa ho hlokomela hore na kamano ea rona le Jehova e matla hakae.

6. (a) Tsela feela ea hore re fumane bophelo bo sa feleng ke efe? (b) Moholo e mong o etsa’ng ho itokiselletsa Sehopotso selemo le selemo, hona u ka mo etsisa joang?

6 Bala lihlooho tse buang ka bohlokoa ba Sehopotso u be u nahanisise ka tsona. (Bala Johanne 3:16; 17:3.) Tsela feela ea hore re fumane bophelo bo sa feleng ke ka ho ithuta ka Jehova le ho ba le tumelo ho Jesu. U ka itokisetsa Sehopotso ka hore u bale lihlooho tse tla u thusa hore u atamele haufi le Jehova le Jesu. Selemo le selemo, moholo e mong o khetha lihlooho tsa Molula-Qhooa tse buang ka Sehopotso le hore na ke joang Jehova le Jesu ba bontšitseng hore baa re rata. Libeke pele ho Sehopotso, o bala lihlooho tsena ebe o nahanisisa ka bohlokoa ba ho ba teng Sehopotsong. Moholo enoa o hlokometse hore ha a bala lihlooho tsena ka makhetlo, a bala ’Malo oa Bibele oa Sehopotso a bile a nahanisisa ka oona, o ithuta lintho tse ncha selemo le selemo. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore selemo le selemo, oa hlokomela hore o rata Jehova le Jesu haholoanyane. Haeba u etsa joalo, le uena u tla rata Jehova le Jesu haholoanyane ’me u rue molemo ka ho ba teng Sehopotsong.

SEHOPOTSO SE ETSA HORE RE MOMAHANE

7. (a) Jesu o ile a rapella eng bosiung ba pele ba Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena? (b) Ke’ng e bontšang hore Jehova o ile a araba thapelo ea Jesu?

7 Bosiung ba pele ba Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, Jesu o ile a rapella horebalateli ba hae ba momahane joalokaha eena le Ntate oa hae ba momahane. (Bala Johanne 17:20, 21.) Kaha Jehova o ile a fela a araba thapelo eo ea Mora oa hae, batho ba limilione baa lumela hore Jesu o ne a ronngoe ke Eena. Sehopotso ke sona se bontšang hore Lipaki Tsa Jehova li momahane. Lefatšeng lohle, batho ba merabe e fapaneng ba kopana hammoho liholong tsa Lipaki Tsa Jehova. Libakeng tse ling, le hoja batho e le ba bolumeli bo le bong, ha ba kopane ’moho ka lebaka la khethollo ea morabe. Empa Jehova le Jesu ba rata ha batho ba merabe e fapaneng ba momahana.

8. Jehova o ile a fa Ezekiele molaetsa ofe?

8 Ha re makale ha re bona bahlanka ba Jehova ba momahane. Jehova o ile a bua ka taba ena esale pele. Nahana ka molaetsa oo a o fileng Ezekiele o buang ka lithupa tse peli, e leng thupa ea “Juda” le ea “Josefa.” (Bala Ezekiele 37:15-17.) Sehlooho se reng “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” se hlahang ho Molula-Qhooa oa July 2016 se ile sa re: “Jehova o ile a fa Ezekiele molaetsa, a tšepisa hore o tla momahanya sechaba sa Iseraele ka mor’a hore se khutlisetsoe Naheng e Tšepisitsoeng. Molaetseng oo o ile a boela a profeta hore o tla momahanya batho ba hae matsatsing ana a ho qetela.”

9. Boprofeta ba Ezekiele bo phethahala joang nakong ea Sehopotso?

9 Ho tloha ka 1919, Jehova o ile a hlophisa batlotsuoa le ho ba momahanya. Batlotsuoa bao ba ne ba tšoantšetsoa ke thupa ea “Juda.” Ka mor’a moo, batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng, ba tšoantšetsoang ke thupa ea “Josefa,” ba ile ba kopana le batlotsuoa ’me ea e-ba “mohlape o le mong.” (Joh. 10:16; Zak. 8:23) Jehova o ile a tšepisa hore o tla kopanya lithupa tseo tse peli ka letsohong la hae ebe o li etsa ntho e le ’ngoe. (Ezek. 37:19) Hona joale lihlopha tseo ka bobeli li sebetsa ’moho tlas’a Morena a le mong e leng Jesu Kreste eo Jehova a ileng a re ka eena: ‘Ke mohlanka oa ka Davida.’ (Ezek. 37:24, 25) Selemo le selemo ha re ba ’moho Sehopotsong sa lefu la Jesu, re bona kamoo lihlopha tsena tse peli tseo Ezekiele a buileng ka tsona li momahaneng kateng. Empa e mong le e mong oa rona a ka etsa’ng hore phutheho e lule e momahane?

ETSA HORE PHUTHEHO E MOMAHANE

10. Re ka etsa’ng hore phutheho e lule e momahane?

10 Re ka etsa hore phutheho e momahane ka hore re sebetse ka thata hore re ikokobetse. Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a re balateli ba hae ba lokela ho ikokobetsa. (Mat. 23:12) Hangata batho ba inka ba phahametse ba bang. Empa haeba re ikokobelitse, re tla hlompha baholo ’me re ba mamele ha ba re tataisa. Ha re etsa joalo, phutheho e tla lula e momahane. Taba ea bohlokoa le ho feta ke hore haeba re ikokobelitse, Jehova oa thaba hobane Bibele e re “o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.”—1 Pet. 5:5.

11. Ke joang ho nahana ka bohobe le veine tse sebelisoang Sehopotsong ho ka re thusang hore re lule re momahane?

11 Tsela ea bobeli eo ka eona re ka etsang hore phutheho e lule e momahane ke ka ho nahanisisa ka bohlokoa ba veine le bohobe tse sebelisoang Sehopotsong. Re lokela ho nahanisisa ka tsona pele ho Sehopotso esita le bosiung boo se tšoaroang ka bona. (1 Bakor. 11:23-25) Bohobe bo sa lomosoang bo emela ’mele oa Jesu o se nang sebe. Veine e emela mali a hae. Empa ha rea lokela ho utloisisa feela hore na bohobe le veine li emela’ng. Re lokela ho hopola hore ha Jesu a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo, e ne e le pontšo ea hore Jehova le Jesu baa re rata. Jehova o re file Mora oa hae ’me Jesu le eena o fane ka bophelo ba hae molemong oa rona. Ha re nahana kamoo ba re ratang kateng, le rona re tla ba rata. Kahoo, kaha kaofela re rata Jehova, lerato leo le tla etsa hore re lule re momahane.

12. Ha Jesu a bua ka pale ea morena le makhoba a hae, ke joang a bontšitseng hore Jehova o batla hore re tšoarelane?

12 Tsela ea boraro eo ka eona re ka etsang hore phutheho e lule e momahane ke ka hore re tšoarelane ka bolokolohi. Ha re etsa joalo, re bontša hore re ananela hore ebe Jehova o re tšoarela libe ka lebaka la sehlabelo sa Jesu. Ha Jesu a ne a bontša bohlokoa ba ho tšoarelana, o ile a bua ka pale ea morena le makhoba a hae. Pale ena e hlaha ho Matheu 18:23-34. Ipotse: ‘Na ke utloa ke batla ho etsa lintho tseo Jesu a li rutileng? Na ke utloisisa Bakreste-’moho le ’na le ho ba mamella? Na ke ikemiselitse ho tšoarela batho ba ntšiteloang?’ Ke ’nete hore ho na le libe tseo ho leng thata ho tšoarela motho ka tsona kaha ha rea phethahala. Empa pale eo Jesu a buileng ka eona, ea re ruta hore na Jehova o batla hore re etse’ng. (Bala Matheu 18:35.) Ho hlakile hore Jehova a ke ke a re tšoarela haeba re sa tšoarele Bakreste-’moho le rona ha ho e-na le mabaka a utloahalang a hore re ba tšoarele. Re lokela ho nahanisisa ka taba ena. Re lokela ho tšoarelana kaha ha re etsa joalo, phutheho e tla lula e momahane.

13. Ha re bopa khotso le Bakreste-’moho le rona, phutheho e rua molemo ofe?

13 Haeba re tšoarela Bakreste-’moho le rona, re bontša hore re batla ho bopakhotso. Moapostola Pauluse o ile a re re “leke ka tieo ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.” (Baef. 4:3) Kahoo, matsatsi pele ho Sehopotso esita le bosiung ba sona, re lokela ho nahanisisa kamoo re tšoarang batho kateng. Ipotse: ‘Na batho ba ntseba ke le motho ea sa bolokeng sekhopi? Na baa bona hore ke sebetsa ka thata ho etsa hore phutheho e lule e momahane?’ Re lokela ho nahanisisa ka lipotso tsena.

14. Re ka bontša joang hore re ‘mamellana ka lerato’?

14 Tsela ea bone eo ka eona re ka etsang hore phutheho e lule e momahane ke ka hore re ratane feela joalokaha Jehova a re ratile. (1 Joh. 4:8) Le ka mohla ha rea lokela ho bua tjena ka balumeli-’moho le rona: “Kea tseba hore ke lokela ho ba rata empa ha se hore re lokela ho tloaelana.” Haeba re etsa joalo, re tla be re sa latele keletso ea Pauluse e reng: “Le mamellane ka lerato.” (Baef. 4:2) Hlokomela hore ha aa ka a re feela, “le mamellane.” Ho e-na le hoo, o ile a re re “mamellane ka lerato.” Liphuthehong tsa rona, ho na le batho ba mefuta e fapaneng bao Jehova a ba huletseng ho eena. (Joh. 6:44) Ho na le lintho tse ntle tseo a li bonang ho bona. Haeba Jehova a ba rata, rona re bo-mang hore re bone ba sa tšoaneloe ke lerato la rona? Re lokela ho ba rata feela joalokaha Jehova a ba rata.—1 Joh. 4:20, 21.

SEHOPOTSO SA HO QETELA SE TLA BA NENG?

15. Re tseba joang hore ho na le mohla re tla tšoara Sehopotso ka lekhetlo la ho qetela?

15 Haufinyane re tla tšoara Sehopotso ka lekhetlo la ho qetela. Re tseba joang? Pauluse o ile a re selemo le selemo ha batlotsuoa ba ikhopotsa lefu la Jesu, ba “phatlalatsa lefu la Morena, ho fihlela a fihla.” (1 Bakor. 11:26) Jesu o ile a boela a re o tla tla nakong ea bofelo. Ha a bua ka matšoenyeho a maholo, o ile a re: “Pontšo ea Mor’a motho e tla bonahala leholimong, joale meloko eohle ea lefatše e tla ikotla ka lebaka la ho lla, ’me e tla bona Mor’a motho a tla ka maru a leholimo ka matla le khanya e khōlō. O tla romela mangeloi a hae ka molumo o moholo oa terompeta, ’me a tla bokella bakhethoa ba hae ho tsoa meeeng e mene, ho tloha pheletsong e ’ngoe ea maholimo ho isa pheletsong e ’ngoe ea ’ona.” (Mat. 24:29-31) Jesu o tla “bokella bakhethoa ba hae” ha a nka batlotsuoa bohle ba setseng lefatšeng a ba isa leholimong. O tla etsa joalo ka mor’a hore matšoenyeho a maholo a qale empa e tla ba pele ho ntoa ea Armagedone. Ntoeng eo, Jesu le ba 144 000 ba tla loantša marena a lefatše ’me ba a hlole. (Tšen. 17:12-14) Sehopotso seo re tla ba teng ho sona pele Jesu a tla ho tla bokella batlotsuoa, e tla ba sa ho qetela.

16. Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho ba teng Sehopotsong selemong see?

16 A re ikemisetseng ho ba teng Sehopotsong ka la 31 March, 2018. Re kope Jehova hore a re thuse ho kenya letsoho hore phutheho e momahane. (Bala Pesaleme ea 133:1.) Hopola hore ho na le mohla re tla tšoara Sehopotso ka lekhetlo la ho qetela. Ho fihlela nako eo e fihla, re lokela ho bontša hore re ananela tsela eo re momahanang ka eona selemo le selemo ha re le Sehopotsong.