MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) March 2018

Khatiso ena e na le lihlooho tse tla ithutoa ho tloha ka la 30 April ho ea ho la 3 June, 2018.

Bakreste ba Lokela ho Kolobetsoa

Bibele e re’ng ka ho kolobetsoa? Motho o lokela ho etsa’ng pele a kolobetsoa? Ke hobane’ng Mokreste a lokela ho ruta batho ka sepheo sa hore ngoana kapa motho eo a ithutang Bibele le eena a kolobetsoe?

Batsoali, na le Thusa Bana ho Itokisetsa ho Kolobetsoa?

Batsoali ba Bakreste ba lokela ho etsa’ng pele bana ba bona ba kolobetsoa?

LIPOTSO TSE TSOANG HO BABALI

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li hlalosa moapostola Pauluse a le lefatla kapa a e-na le moriri o monyenyane?

Re Lokela ho ba le Moea oa ho Amohela Baeti

Ke hobane’ng ha Bibele e re khothalletsa ho amohela baeti? Re na le menyetla efe ea ho amohela baeti? Re ka etsa’ng ho hlola litšitiso tsa ho amohela baeti?

PALE EA BOPHELO

Esale Jehova a Ntšehelitse

Erika Nöhrer Bright e bile pula-maliboho ea kamehla, e khethehileng le moromuoa. O hopola kamoo Jehova a ileng a mo thusa kateng lilemo tsohle tseo a ileng a mo sebeletsa ka tsona.

Jehova o re Khalemela Hobane a re Rata

Re ka ithuta’ng ka batho ba mehleng ea khale bao Jehova a ileng a ba khalemela? Ha re khamela batho, re ka etsisa Jehova le Jesu joang?

“Mamelang Taeo ’Me le Hlalefe”

Jehova o re ruta joang hore re ikhalemele? Re ka rua molemo joang ha re khalemeloa ka phuthehong?