Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bakreste ba Lokela ho Kolobetsoa

Bakreste ba Lokela ho Kolobetsoa

“Sena le sona joale sea le pholosa, e leng, kolobetso.”1 PET. 3:21.

LIPINA: 7, 56

1, 2. (a) Batsoali ba bang ba ipotsa lipotso life ha ngoana a etsa qeto ea ho kolobetsoa? (b) Ke hobane’ng ha batho ba il’o kolobetsoa ba botsoa hore na ba se ba inehetse ho Jehova? (Sheba setšoantšo se qalong.)

BATSOALI ba Maria ea lilemo li robong ba ne ba mo shebile ha a le har’a batho ba il’o kolobetsoa. Sebui se ile sa botsa lipotso tse peli eaba Maria le ba bang ba il’o kolobetsoa ba li araba ka mantsoe a phahameng. O ile a kolobetsoa nakoana ka mor’a moo.

2 Batsoali ba Maria ba ne ba le motlotlo hore ebe morali oa bona o entse qeto ea ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. Leha ho le joalo, ’mè oa hae o ne a ipotsa lipotso tse kang: ‘Na Maria ha a monyenyane haholo hore a ka kolobetsoa? Na o utloisisa bohlokoa ba qeto eo a e entseng? Ebe ho ne ho se molemo hore a kolobetsoe ha a se a le moholoanyane?’ Tsena ke tse ling tsa lipotso tseo batsoali ba ipotsang tsona ha ngoana a ba bolella hore o labalabela ho kolobetsoa. (Moek. 5:5) Ha e le hantle, liqeto tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo Mokreste a ka li etsang ke ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa.—Sheba lebokose le reng “ Na U Inehetse ho Jehova?

3, 4. (a) Ke joang moapostola Petrose a ileng a re bontša bohlokoa ba ho kolobetsoa? (b) Ke hobane’ng ha re ka bapisa ho kolobetsoa le ho haha areka mehleng ea Noe?

3 Ha moapostola Petrose a bua ka kolobetso, o ile a e bapisa le ha Noe a ne a haha areka. O ile a re: “Se lekanang le sena le sona joale sea le pholosa, e leng, kolobetso.” (Bala 1 Petrose 3:20, 21.) Ha Noe a ne a haha areka, o ne a bontša ka ho hlaka hore o ikemiselitse ho etsa thato ea Jehova. O ile a itella ho etsa mosebetsi oo Jehova a neng a mo file oona. Liketso tsa hae li ile tsa bontša hore o na le tumelo e matla. Kahoo, Jehova o ile a pholosa Noe le lelapa la hae ha a tlisa Moroallo. Petrose o ne a bolela’ng?

4 Ha Noe a haha areka o ne a bontša hore o na le tumelo. Ka tsela e tšoanang, ha Mokreste a kolobetsoa ke bopaki ba hore o inehetse ho Jehova hobane a e-na le tumelo ho Kreste. Bakreste ba etsisa Noe ka hore ba itelle ho etsa mosebetsi oo Jehova a ba fileng oona. Feela joalokaha Jehova a ile a pholosa Noe, o tla boela a pholose Bakreste ba inehetseng ho eena ha a felisa lefatše lena le khopo. (Mar. 13:10; Tšen. 7:9, 10) Kahoo, ho bohlokoa hore motho a inehele ho Jehova ’me a kolobetsoe. Haeba a le leqe ho etsa joalo, a ka lahleheloa ke tšepo ea bophelo bo sa feleng.

5. Re tlil’o araba lipotso life sehloohong see?

5 Ho latela bohlokoa ba ho kolobetsoa, re lokela ho nahanisisa ka lipotso tsena tse tharo. Bibele e re ruta’ng ka kolobetso? Motho o lokela ho nka mehato efe pele a kolobetsoa? Ke hobane’ng ha Mokreste ea rutang motho Bibele a lokela ho nahanisisa ka bohlokoa ba kolobetso?

BIBELE E RE RUTA’NG KA KOLOBETSO?

6, 7. (a) Kolobetso ea Johanne e ne e bolela’ng? (b) Ke kolobetso efe ea bohlokoa eo Johanne a ileng a e etsa?

6 Tlaleho ea pele e buang ka kolobetso e hlahang ka Bibeleng ke ea ha Johanne a kolobetsa batho nokeng ea Jordane. (Mat. 3:1-6) Ha motho a ne a kolobetsoa ke Johanne o ne a bontša hore o baketse libe tsa ho tlola Molao oa Moshe. Leha ho le joalo, motho oa bohlokoa ka ho fetisisa eo Johanne a ileng a mo kolobetsa o ne a se na libe. Johanne o bile le tlotla ea ho kolobetsa Jesu ea neng a phethahetse. (Mat. 3:13-17) Jesu o ne a se na sebe, kahoo o ne a sa hloke ho baka. (1 Pet. 2:22) Ha a kolobetsoa, o ne a bontša hore o batla ho etsa ho etsa thato ea Jehova.—Baheb. 10:7.

7 Barutuoa ba Jesu ba ile ba kolobetsa batho nakong ea ha a ntse a phela lefatšeng. (Joh. 3:22; 4:1, 2) Batho ba neng ba kolobetsoa ke barutuoa le bona ba ne ba lokela ho bakela libe tseo ba li entseng ka ho tlola Molao oa Moshe. Leha ho le joalo, ka mor’a hore Jesu a shoe ebe o tsosoa bafung, lebaka leo batho ba kolobetsoang ka lona le ne le tla fapana hole le la pele ho lefu la hae.

8. (a) Jesu o ile a fa balateli ba hae taelo efe ka mor’a hore a tsosoe bafung? (b) Hlalosa bohlokoa ba kolobetso.

8 Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung ka selemo sa 33, o ile a bonoa ke batho ba fetang 500. Ho ka etsahala hore ebe ka eona nako eo o ile a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mat. 28:19, 20; 1 Bakor. 15:6) Ho bonahala eka balateli ba Jesu ba makholo ba ne ba le teng ha a fana ka taelo ena. Kahoo, Jesu o ne a bontša hore motho o lokela ho kolobetsoa pele a ka jara joko ea ho ba Mokreste. (Mat. 11:29, 30) Mang kapa mang ea neng a lakatsa ho sebeletsa Jehova o ne a lokela ho tseba le ho amohela karolo eo Jesu a e phethang morerong oa Jehova. Ke feela ka mor’a moo, a neng a ka kolobetsoa ’me Jehova a mo amohela. Bibele e na le bopaki ba hore mehleng ea baapostola, barutuoa ba sa tsoa latela Jesu ba ne ba utloisisa bohlokoa ba kolobetso. Ba ne ba se leqe ho kolobetsoa.—Lik. 2:41; 9:18; 16:14, 15, 32, 33.

U SE KE OA BA LEQE

9, 10. Pale ea Moethiopia le ea moapostola Pauluse li re ruta’ng ka kolobetso?

9 Bala Liketso 8:35, 36. A re hlahlobeng mohlala oa Moethiopia ea neng a tsoa Jerusalema ho ea rapela ’me a khutlela hae. Lengeloi la Jehova le ile la tataisa Filipi hore a e’o buisana le Moethiopia eo eaba Filipi o “mo bolella litaba tse molemo mabapi le Jesu.” Moethiopia o ile a arabela joang? Qeto eo a ileng a e etsa ka mor’a moo e bontša hore o ne a ananela ho ithuta Lentsoe la Molimo. Kaha o ne a batla ho etsa lintho tumellanong le thato ea Jehova, o ile a kolobetsoa a sa qeaqee.

10 Mohlala o mong ke oa monna oa Mojuda ea neng a hlorisa Bakreste. Batho ba habo ba ne ba rata Molimo. Leha ho le joalo, Bajuda ba ne ba se ba sa amohelehe ho Jehova. Monna eo o ne a chesehela meetlo ea Sejuda. Empa ka mor’a hore a bone Jesu ea neng a sa tsoa tsosoa bafung, o ile a lumela ha morutuoa Ananiase a mo thusa. Bibele e re ka mor’a moo o ile “a ema ’me a kolobetsoa.” (Lik. 9:17, 18; Bagal. 1:14) Monna eo o ile a tsejoa e le moapostola Pauluse. Empa hlokomela hore hang hoba a tsebe ka Jesu le karolo eo a phethang morerong oa Molimo, o ile a kolobetsoa a sa qeaqee.—Bala Liketso 22:12-16.

11. (a) Ke’ng e susumetsang batho ba ithutang Lentsoe la Molimo hore ba kolobetsoe? (b) Re ikutloa joang ha re bona batho ba inehetseng ho Jehova ba kolobetsoa?

11 Le mehleng ena batho ba nang le tumelo ba ithuta Lentsoe la Molimo, baa le ananela ’me ba labalabela ho inehela ho eena le ho kolobetsoa, ebang ke ba holileng kapa ba bacha. Puo ea ba eang kolobetsong ke e’ngoe ea lipuo tse ikhethang ka ho fetisisa kopanong e ’ngoe le e ’ngoe. Lipaki Tsa Jehova lia thaba ha motho a ithuta Lentsoe la Molimo ’me a kolobetsoa. Batsoali ba Bakreste baa thaba ha ba bona bana ba bona ba le har’a ba il’o kolobetsoa. Selemong sa tšebeletso sa 2017 batho ba ka holimo ho 284 000 ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng’ ba ile ba inehela ho Jehova ’me ba kolobetsoa. (Lik. 13:48) Ho hlakile hore baa utloisisa hore ba lokela ho kolobetsoa hore e be Bakreste. Ba ne ba lokela ho latela methati efe e le hore ba kolobetsoe?

12. Motho ea ithutang Bibele o lokela ho etsa’ng pele a kolobetsoa?

12 Pele motho ea ithutang Bibele a ka kolobetsoa, o lokela ho matlafatsa tumelo ea hae ka ho ithuta ka Molimo, merero ea Hae le hore na O tla pholosa batho joang. (1 Tim. 2:3-6) A ke ke a inehela ho Jehova empa a etsa lintho tse tla mo sitisa ho kena ’Musong oa Hae. (1 Bakor. 6:9, 10) Haeba tumelo ea hae e le matla, o tla qoba ho etsa eng kapa eng eo Jehova a sa e rateng. O tla etsa lintho tumellanong le melao ea Jehova. (Lik. 3:19) Empa ha aa lokela ho fella moo. O boetse o lokela ho ba teng kamehla libokeng le tšimong ’me a rute batho ka Jehova. Jesu o ile a re mosebetsi oo o tla etsoa ke barutuoa ba hae ba ’nete. (Lik. 1:8) Ke feela ka mor’a moo a ka inehelang ho Jehova ka ho etsa thapelo boinotšing ebe oa kolobetsoa e le ho bontša phatlalatsa hore o inehetse ho eena.

SEBELETSA HO KOLOBETSOA

Lula u hopola bohlokoa ba ho kolobetsoa e le hore u rute batho ba bang ka bona (Sheba serapa 13)

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho hopola hore motho e ba molateli oa Kreste hafeela a kolobelitsoe?

13 Ha re ntse re thusa bana ba rona kapa batho ba bang hore ba qetelle ba kolobelitsoe, re lokela ho hopola hore motho e ba molateli oa ’nete oa Kreste hafeela a kolobelitsoe. Ha re etsa joalo, re tla khona ho ba thusa hore ba kolobetsoe. Ha nako e loketse, ha rea lokela ho ba leqe ho bua le bona ka bohlokoa ba ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. Kahoo re tla ba thusa hore qetellong ba kolobetsoe.

14. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho qobella mang kapa mang hore a kolobetsoe?

14 Jehova ha a batle hore mang kapa mang a qobelloe ho kolobetsoa, ho sa tsotellehe hore na re ithuta Bibele le eena, re batsoali kapa re litho tsa phutheho. (1 Joh. 4:8) Ho e-na le ho etsa joalo, ha re ntse re ithuta le bona, re lokela ho ba bontša bohlokoa ba hore ba matlafatse kamano ea bona le Molimo. Haeba motho eo a rata lintho tseo a ithutileng tsona a bile a labalabela ho jara joko ea ho ba Mokreste, o tla kolobetsoa.—2 Bakor. 5:14, 15.

15, 16. (a) Na motho o beheloa lilemo tsa ho kolobetsoa? Hlalosa. (b) Ke hobane’ng ha motho a lokela ho kolobetsoa esita le haeba a ile a kolobetsoa bolumeling bo itseng?

15 Motho ha aa beheloa lilemo tsa ho kolobetsoa. Kaha batho ha ba tšoane, ba bang ba kolobetsoa ba sa le banyenyane ebe ba tsoela pele ba ntse ba tšepahalla Jehova. Empa batho ba bang ba bona bohlokoa ba ho kolobetsoa ba se ba holile. Ba bang ba bile ba kolobetsoa ba le lilemo li fetang 100.

16 Nkhono e mong o ile a botsa motho ea ntseng a mo ruta Bibele hore na hoa hlokahala hore a boele a kolobetsoe hape empa a kolobelitsoe likerekeng tseo a tsoang ho tsona. Mohoeletsi o ile a bala le nkhono Mangolo a buang ka bohlokoa ba ho kolobetsoa. Nkhono o ile a hlokomela hore na Bibele e re’ng eaba ka mor’a moo oa kolobetsoa. Le hoja a ne a lilemo li ka holimo ho 70, o ile a utloisisa bohlokoa ba hore a kolobetsoe. Motho o kolobetsoa ka mor’a hore a ithute ’me a tsebe hantle hore na thato ea Jehova ke eng. Kahoo, o lokela ho kolobetsoa esita le haeba a ile a kolobetsoa bolumeling bo itseng.—Bala Liketso 19:3-5.

17. Motho o lokela ho nahana ka’ng letsatsing leo a kolobetsoang ka lona?

17 Letsatsi leo motho a kolobelitsoeng ka lona ke le thabisang ka ho fetisisa. Hape ke nako ea hore motho a nahane ka ho teba ka kolobetso le hore na e bolela’ng. Motho o lokela ho sebetsa ka thata hore a phelele boitlamo ba hae ba ho inehela ho Molimo. Ke kahoo Jesu a ileng a tšoantša boitlamo bona le joko. Balateli ba Jesu ha baa lokela ho “iphelela, empa ba phelele ea ileng a ba shoela ’me a tsosoa.”—2 Bakor. 5:15; Mat. 16:24.

18. Re tla hlahloba lipotso life sehloohong se latelang?

18 Ha ’mè oa Maria a ipotsa lipotso tseo re buileng ka tsona lirapeng tse qalang, o ne a nahanne ka bohlokoa ba kolobetso. Haeba u motsoali, e ka ’na eaba u ile oa ipotsa: ‘Na ngoan’aka o se a loketse ho kolobetsoa? Na o na le tsebo e lekaneng hore a inehele ho Jehova? Maikutlo a hae ke afe ka thuto le mosebetsi? Nka etsa joang haeba ngoan’aka a kolobetsoa ebe o etsa sebe se tebileng?’ Sehloohong se latelang, re tla hlahloba lipotso tsena le hore na batsoali ba lokela ho etsa’ng e le hore ba be le maikutlo a nepahetseng ka kolobetso.