Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batsoali, na le Thusa Bana ho Itokisetsa ho Kolobetsoa?

Batsoali, na le Thusa Bana ho Itokisetsa ho Kolobetsoa?

Ke hobane’ng ha u lieha? Ema, u kolobetsoe.LIK. 22:16.

LIPINA: 59, 89

1. Batsoali ba batla ho kholiseha ka eng pele bana ba kolobetsoa?

BLOSSOM BRANDT o re: “Ka likhoeli tse ngata ke ile ka bolella batsoali ba ka hore ke batla ho kolobetsoa. Hangata ba ne ba bua le ’na ho etsa bonnete ba hore ke fela ke utloisisa botebo ba qeto eo eaka. Ke ile ka kolobetsoa ka la 31 December, 1934.” Le mehleng ena batsoali ba Bakreste ba ntse ba rata ho thusa bana ba bona hore ba etse liqeto tse nepahetseng. Ho liehisa bana ho kolobetsoa kapa ho ba khothalletsa hore ba kolobetsoe ka mor’a nako e telele ho ka ’na ha thefula kamano eo bana ba nang le eona le Jehova. (Jak. 4:17) Batsoali ba etsa bonnete ba hore pele bana ba bona ba kolobetsoa, ba ka khona ho jara boikarabelo ba ho ba Bakreste.

2. (a) Balebeli ba bang ba potoloho ba ile ba tšoenngoa ke’ng? (b) Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

2 Balebeli ba bang ba potoloho ba ile ba tšoenyeha haholo ka mor’a ho kopana le bacha ba ka bang lilemo li 20 ba holisitsoeng ke batsoali ba Bakreste empa ba e-s’o kolobetsoe. Hangata bacha bana ba ba teng libokeng le tšimong ’me ba nahana hore e se e le Lipaki tsa Jehova le hoja ba sa inehela ho Jehova ka hore ba kolobetsoe. Maemong a mang batsoali ke bona ba khothalletsang bana hore ba se ke ba potlakela ho kolobetsoa. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba lintlha tse ’nè tse etsang hore batsoali ba be le letsoalo la ho thusa bana hore ba kolobetsoe.

NA NGOANAK’A O HOLILE HO LEKANA?

3. Batsoali ba Blossom ba ne ba tšoenyehile ka eng?

3 Batsoali ba Blossom bao ho buuoeng ka bona qalong, ba ne amehile ka hore na morali oa bona o se a holile ka ho lekaneng bakeng sa ho kolobetsoa. Ba tšoenyehile ka hore na o utloisisa botebo le bohlokoa ba ho kolobetsoa. Kahoo, batsoali ba ka tseba joang ha ngoana a se a loketse ho inehela ho Jehova?

4. Mantsoe a Jesu a hlahang ho Matheu 28:19, 20 a ka thusa batsoali hore ba rute bana ba bona ka sepheo sefe?

4 Bala Matheu 28:19, 20. Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se fetileng, Bibele ha e re bolelle hore na motho o lokela ho kolobetsoa ha a le lilemo li kae. Leha ho le joalo, batsoali ba ka rua molemo ha ba utloisisa hore na ho bolela’ng ho etsa barutuoa. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ho ‘etsa batho barutuoa’ lengolong la Matheu 28:19 le bolela ho ruta ka sepheo sa hore batho e be barutuoa. Morutuoa ke motho ea ithutang a bile a utloisisa lithuto tsa Jesu ’me a li latela. Kahoo, batsoali ba Bakreste ba lokela ho ruta bana ba bona Bibele ho tloha boseeng ka sepheo sa ho ba thusa hore e be balateli ba Jesu ba kolobelitsoeng. Ho hlakile hore masea a ke ke a kolobetsoa. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore bacha ba ka khona ho utloisisa Lentsoe la Molimo ’me ba le rata.

5, 6. (a) Ho latela tsela eo Bibele e hlalosang Timothea ka eona, e ka ’na eaba o kolobelitsoe a le mokae? (b) Batsoali ba ka etsa’ng hore ba atlehe ho thusa bana ba bona hore ba kolobetsoe?

5 Timothea ke morutuoa ea ileng a qala ho sebeletsa Jehova a sa le mocha. Moapostola Pauluse o ile a re Timothea o ithutile Lentsoe la Molimo “ho tloha boseeng.” Le hoja ntate oa Timothea e ne e se Mokreste, ’mè oa hae le nkhono oa hae bao e neng e le Bakreste, ba ile ba mo thusa hore a rate Lentsoe la Molimo. Kahoo, o ile a ba le tumelo e matla. (2 Tim. 1:5; 3:14, 15) Ha a le lilemo li ka bang 20, o ne a se a tšoaneleha ho fuoa boikarabelo ka phuthehong.—Lik. 16:1-3.

6 Bana baa fapana. Ba bang ba utloisisa Bibele, ba etsa liqeto tse nepahetseng ebe ba batla ho kolobetsoa ba sa le banyenyane. Ba bang bona ba kolobetsoa ba se ba le baholo. Kahoo, batsoali ha baa lokela ho qobella bana ho kolobetsoa. Ho e-na le hoo, ba lokela ho ba thusa hore setsoalle sa bona le Jehova se tiee le haeba ho bonahala ho ka ba nka nako e telele. Batsoali baa thaba ha bana ba bona ba mamela keletso e ho Liproverbia 27:11. (E Bale.) Ba lokela ho lula ba hopola hore sepheo sa bona ke ho thusa bana hore e be Bakreste. Batsoali ba lokela ho ipotsa: ‘Na ngoan’aka o na le tsebo e lekaneng hore a inehele ho Jehova ’me a kolobetsoe?’

NA NGOAN’AKA O NA LE TSEBO E LEKANENG?

7. Na motho o lokela ho ba le tsebo e ngata ea Mangolo e le hore a kolobetsoe? Hlalosa.

7 Ha batsoali ba ntse ba ruta bana ba bona, ba batla hore ba tsebe Lentsoe la Molimo hantle, e leng ntho e tla thusa bana hore ba inehele ho Jehova. Empa ha se hore ba lokela ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka Bibeleng pele ba inehela ho Jehova ’me ba kolobetsoa. Kaofela ha rona re lokela ho ikitlaelletsa ho eketsa tsebo ea rona esita le ka mor’a hore re kolobetsoe. (Bala Bakolose 1:9, 10.) Motho o lokela ho ba le tsebo e kae pele a kolobetsoa?

8, 9. (a) Molebeli oa chankana o ile a etsahalloa ke’ng? (b) Re ithuta’ng tlalehong ee?

8 Mohlala oa lelapa le leng la mehleng ea khale o ka thusa batsoali. (Lik. 16:25-33) Ha Pauluse a le leetong la hae la bobeli la boromuoa ka selemo sa 50, o ile a etela motseng oa Filipi. Ha a le moo, eena le Silase ba ile ba lahleloa chankaneng ka lebaka la liqoso tsa bohata. Bosiu ho ile ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše eaba mamati a chankana aa buleha. Kaha molebeli oa chankana o ne a nahana hore batšoaruoa ba balehile, o ile a leka ho ipolaea. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a mo thiba. Pauluse le Silase ba ile ba ruta molebeli oa chankana le lelapa la hae ka Jesu. Molebeli le lelapa la hae ba ile ba lumela lintho tseo ba ithutang tsona ’me ba bona ho le bohlokoa hore ba boloke litaelo tsa Jesu. Ba ile ba kolobetsoa ntle ho tšenyo ea nako. Re ithuta’ng tlalehong ee?

9 E ka ’na eaba molebeli oa chankana e ne e le lesole le behileng meja fatše. O ne a sa tsebe Lentsoe la Molimo. Kahoo, o ne a lokela ho tseba lithuto tsa motheo le ho utloisisa hore na ho bolela’ng ho ba mohlanka oa Molimo le ho ikitlaelletsa ho hlompha lithuto tseo Jesu a li rutileng. Lintho tseo a ithutileng tsona li ile tsa mo susumelletsa ho kolobetsoa ka mor’a nakoana. Ntle ho pelaelo o ile a tsoela pele ho eketsa tsebo ea hae esita le ka mor’a hore a kolobetsoe. Kahoo, u tla etsa’ng ha ngoan’a hao a batla ho kolobetsoa hobane a rata Jehova a bile a batla ho boloka litaelo tsa hae? U ka mo khothalletsa ho buisana le baholo e le hore ba bone hore na oa tšoaneleha ho kolobetsoa kapa che. * Joaloka batho ba seng ba kolobelitsoe, ngoana le eena a ka tsoela pele ho eketsa tsebo ea hae ka hore a ithute ka Jehova bophelo bohle.—Bar. 11:33, 34.

KE THUTO EFE E MOLEMO BAKENG SA NGOAN’AKA?

10, 11. (a) Batsoali ba bang ba khothalletsa bana ba bona eng? (b) Ntho ea bohlokoa bakeng sa ngoana ke efe?

10 Batsoali ba bang ba khothalletsa bana ba bona hore ba se ke ba kolobetsoa pele ba ka ruteha kapa ho fumana mosebetsi. Le hoja batsoali ba sa etse joalo ka sepheo se fosahetseng, ba lokela ho ipotsa: ‘Na ha ke etsa joalo, ke thusa ngoan’aka hore a atlehe e le kannete? Na ho etsa joalo ho tumellanong le Lentsoe la Molimo? Jehova o batla hore re khethe bophelo ba mofuta ofe?’—Bala Moeklesia 12:1.

11 Ho bohlokoa hore re lule re hopola hore lintho tseo batho ba lefatše lena ba li khothalletsang, li khahlanong le thato ea Jehova. (Jak. 4:7, 8; 1 Joh. 2:15-17; 5:19) Ha ngoana a e-na le kamano e ntle le Jehova, a ka khona ho ikemela khahlanong le Satane le batho ba lefatše lena. A ka boela a qoba menahano e sa khahliseng Jehova. Haeba batsoali ba khothalletsa bana ba bona thuto e phahameng, bana ba tla nka lintho tsa lefatše lena e le tsa bohlokoa ho feta kamano ea bona le Jehova. Ho ka ba kotsi ho bana haeba batsoali ba ba susumetsa ka tsela eo. Na motsoali oa Mokreste a ka rata hore batho ba lefatše lee ba senyetse ngoan’a hae bokamoso? Haeba feela re beha Jehova pele bophelong ba rona, re tla atleha ’me re thabe.—Bala Pesaleme ea 1:2, 3.

“KE TŠABA HA A KA A KHAOLOA”

12. Ke hobane’ng ha batsoali ba bang ba sa batle hore bana ba bona ba kolobetsoe ba sa le banyenyane?

12 Ha ’mè e mong a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a ne a sa rate ha ngoan’a hae a kolobetsoa o re: “Ke soabela le ho cho hore lebaka le ka sehloohong e ne e le hore ke tšaba ha a ka a khaoloa.” Joaloka ’mè eo, batsoali ba bangata ba re ho betere hore ngoana a kolobetsoe ha a se a le moholo ho lekana e le hore a tla a se ke a etsa liphoso ka lebaka la bongoana. (Gen. 8:21; Liprov. 22:15) Ba na le maikutlo a hore hafeela ngoana a e-s’o kolobetsoe, a ke ke a khaoloa. Ke hobane’ng ha mabaka ao e le a fosahetseng?—Jak. 1:22.

13. Ha motho a e-s’o kolobetsoe, na a ke ke a ikarabella ka pel’a Jehova? Hlalosa.

13 Ke ’nete hore batsoali ba Bakreste ha ba batle hore bana ba bona ba kolobetsoe ba sa utloisise hore na kolobetso e bolela’ng. Leha ho le joalo, e ka ba phoso ho nahana hore ha ngoana a e-s’o kolobetsoe, ha a ikarabelle ka pel’a Jehova. Hafeela ngoana a tseba ho khetholla ntho e nepahetseng ho e fosahetseng, oa ikarabella ka pel’a Jehova. (Bala Jakobo 4:17.) Batsoali ba bohlale ha ba nyahamise bana ba bona ha ba batla ho kolobetsoa. Ho e-na le hoo, batsoali e lokela ho ba mehlala e metle ’me ba ba rute ho rata lintho tseo Jehova a reng li nepahetse le ho hloea tseo a reng li fosahetse. (Luka 6:40) Ha ngoana a rata Jehova, o tla qoba ho etsa sebe hobane a batla ho etsa lintho tseo Jehova a reng li nepahetse.—Esa. 35:8.

BATHO BA BANG BA KA THUSA

14. Baholo ba ka etsa’ng ho tšehetsa batsoali?

14 Baholo ba ka thusa batsoali ka hore ba khothalletse bana ho sebeletsa Jehova. Morali’abo rona e mong o hopola ha a le lilemo li tšeletseng, a bua le mor’abo rona Russell. Le hoja puisano eo e nkile metsotso e 15 feela, mantsoe a mor’abo rona Russell a ile a mo susumelletsa hore a sebeletse e le pula-maliboho ka lilemo tse fetang 70. Ho hlakile hore mantsoe a khothatsang a ka ba le tšusumetso e ntle esita le ka mor’a nako e telele. (Liprov. 25:11) Baholo ba ka boela ba sebetsa le batsoali le bana Holong ea ’Muso. Ba ka fa bana mesebetsi e itseng ho latela lilemo tsa bona le bokhoni ba bona.

15. Batho ba bang ka phuthehong ba ka khothatsa bacha joang?

15 Batho ba bang ka phuthehong ba ka khothatsa bacha ka hore ba bontše hore baa ba thahasella. Empa ba lokela ho etsa joalo ka tsela e amohelehang. Mohlala, sheba lintho tse bontšang hore mocha o ntse a atamela haufi le Jehova. Na o fane ka karabo e monate eo a e lokiselitseng hantle kapa o fane ka puo hamonate libokeng tsa har’a beke? Na o ile a bua ka Bibele le bana bao a kenang sekolo le bona kapa a etsa ntho e nepahetseng ho e-na le ho etsa e fosahetseng? Haeba ho joalo, potlakela ho mo babatsa ho tloha pelong. U ka ikemisetsa ho bua le mocha ea itseng pele liboka li qala kapa ka mor’a tsona. Ha u etsa joalo, bana ba tla ikutloa e le karolo ea ‘phutheho e khōlō’ ea Jehova.—Pes. 35:18.

THUSA NGOAN’A HAO HORE A KOLOBETSOE

16, 17. (a) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore bana ba kolobetsoe? (b) Batsoali ba ka thabisoa ke’ng? (Sheba setšoantšo se leqepheng la 12.)

16 Ho ruta bana hore ba rate Jehova ke e ’ngoe ea litokelo tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo batsoali ba nang le tsona. (Baef. 6:4; Pes. 127:3) Mehleng ea Baiseraele, bana ba ne ba hlaha e se e ntse e le karolo ea batho ba inehetseng ho Jehova. Empa mehleng ena ha ho joalo. Hape, ha batsoali ba rata Jehova, ha se hore le bana ba bona ba tla mo rata. Ho tloha letsatsing leo ngoana a hlahileng ka lona, batsoali ba lokela ho mo thusa hore e be morutuoa le hore ebe mohlanka oa Jehova ea kolobelitsoeng le ea inehetseng ho Eena. Ke hobane’ng ha taba ee e le bohlokoa? Ha motho a inehetse le ho kolobetsoa a bile a sebeletsa Jehova, O tla mo sireletsa nakong ea matšoenyeho a maholo.—Mat. 24:13.

Batsoali ba lokela ho ikemisetsa ho thusa bana ba bona hore e be barutuoa (Sheba lirapa 16 le 17)

17 Ha Blossom Brandt a ne a batla ho kolobetsoa, batsoali ba hae ba ile ba mo thusa hore a utloisise hore na ho kolobetsoa ho bolela’ng. Ha ba hlokomela hore oa utloisisa, ba ile ba tšehetsa qeto ea hae. Ha Blossom a hlalosa hore na ntate oa hae o ile a etsa’ng bosiung ba pele a kolobetsoa, o re: “O ile a re kaofela re khumame eaba oa rapela. A bolella Jehova hore o thabile hore ebe moralinyana oa hae o entse qeto ea ho inehela ho Eena.” Blossom o se a e-na le lilemo tse fetang 60 a kolobelitsoe. O re: “Ke kholisehile hore esita le ka mor’a lilemo tse ngata ho tloha joale, nke ke ka lebala thapelo eo Ntate a ileng a e etsa.” Batsoali, e se eka le lona le ka thaba ’me la khotsofala ka tsela e tšoanang ha le bona bana ba lona bainehela ho Jehova ’me ba kolobetsoa.

^ ser. 9 Batsoali ba ka ithuta le bana ba bona buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2 maq. 304-310. U ka boela oa sheba “Lebokose la Lipotso” ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 2011, leq. 2.