Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Mamelang Taeo ’Me le Hlalefe”

“Mamelang Taeo ’Me le Hlalefe”

“Lōna bara,. . . mamelang taeo ’me le hlalefe.”—LIPROV. 8:32, 33.

LIPINA: 64, 120

1. (a) Re ka fumana bohlale joang? (b) Bohlale boo bo ka re thusa joang?

JEHOVA ke mohloli oa bohlale ebile o fa batho bohlale. Lengolo la Jakobo 1:5 le re: “Haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a ’ne a kōpe Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise.” Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka fumanang bohlale ke ka ho mo mamela ha a re khalemela. Ha re e-na le bohlale boo, re ke ke ra etsa lintho tse fosahetseng ’me re tla ba metsoalle ea Jehova. (Liprov. 2:10-12) Ha re etsa joalo re tla be re ‘ipoloka leratong la Molimo, . . . ka tebello ea bophelo bo sa feleng.’—Juda 21.

2. Re ka thusoa ke’ng hore re thabe ha Jehova a re khalemela?

2 Ka linako tse ling ho ka ba thata ho amohela khalemelo kapa ho e ananela ka lebaka la ho se phethahale kapa tsela eo re holisitsoeng ka eona. Ha re bona kamoo khalemelo e leng bohlokoa kateng bophelong ba rona, re tla utloisisa hore Jehova oa re rata. Liproverbia 3:11, 12 e re: “Mora oa ka, u se ke ua lahla taeo ea Jehova , . . . hobane Jehova o khalemela eo a mo ratang.” Re lokela ho kholiseha hore Jehova o re batlela bophelo bo molemo. (Bala Baheberu 12:5-11.) Kaha Jehova o re tseba hantle, tsela eo a re khalemelang ka eona e nepahetse ebile ke eona ntho eo re e hlokang. Sehloohong sena re tla ithuta likarolo tse ’nè tsa khalemelo: (1) ho ikhalemela, (2) ho khalemeloa ke batsoali, (3) ho khalemeloa ka phuthehong le (4) bohloko bo fetang khalemelo.

HA RE IKHALEMELA RE BONTŠA HORE RE BOHLALE

3. Ngoana a ka thusoa ke’ng hore a khone ho ikhalemela? Etsa mohlala.

3 Ho ikhalemela ho akarelletsa ho laola tsela eo re nahanang ka eona le eo re etsang lintho ka eona. Ha ho itlele feela hore re ikhalemele. Re lokela ho ithuta ho ikhalemela. Mohlala: Ha ngoana a qala ho ithuta ho palama baesekele, hangata motsoali o mo tšoarela eona e le hore ngoana a se ke a oela. Empa ha a se a tseba ho tsitsa, butle-butle motsoali o tlohela ho tšoara baesekele. Ha a hlokomela hore ngoana o se a tseba ho palama a le mong, o khaotsa ho tšoara baesekele ka ho feletseng. Ka tsela e tšoanang, ha ka mamello batsoali ba rupela bana ba bona ka “taeo le kelello e laoloang ke Jehova,” ba thusa bana hore ba be bohlale ’me ba tsebe ho ikhalemela.—Baef. 6:4.

4, 5. (a) Ke hobane’ng ha ho ikhalemela ho le bohlokoa bakeng sa hore re apare “botho bo bocha”? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho khathala matla haeba re “oa esita le ka makhetlo a supileng”?

4 Batho ba baholo ba ithutang ka Jehova le bona ba etsa lintho ka tsela e tšoanang. Le hoja ka tsela e itseng ba se ba tseba ho ikhalemela, ha e e-s’o be Bakreste ba utloisisang Lentsoe la Molimo hantle. Empa ha ba apara “botho bo bocha,” ’me ba leka ho etsisa Jesu, ba etsa lintho ka tsela e nepahetseng ho feta pele. (Baef. 4:23, 24) Ha re ikhalemela re tla ithuta ho “hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše le ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho.”—Tite 2:12.

5 Leha ho le joalo, re baetsalibe. (Moek. 7:20) Kahoo haeba re etsa phoso, ha se hore re hloleha ho ikhalemela. Liproverbia 24:16 e re: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema.” Ke’ng e tla re thusa hore re boele re ‘eme’? Re ke ke ra etsa joalo ka matla a rona, re hloka thuso ea Jehova. (Bala Bafilipi 4:13.) Ho itšoara kapa ho ikhalemela ke karolo ea tholoana ea moea.

6. Re ka etsa’ng hore re be liithuti tse khothetseng tsa Lentsoe la Molimo? (Sheba setšoantšo se qalong.)

6 Ho rapela, ho ithuta Bibele le ho nahanisisa ka lintho tseo re ithutileng tsona, ho ka re thusa hore re ikhalemele. Empa re lokela ho etsa’ng haeba re thatafalloa kapa re sa natefeloe ke ho ithuta Bibele? Ha rea lokela ho nyahama. Re lokela ho lumella Jehova hore a re thuse ho ‘hlaolela tabatabelo’ ea Lentsoe la Hae. (1 Pet. 2:2) Re ka kopa Jehova a re thuse hore re khone ho ipha nako ea ho ithuta Bibele. Re lokela ho etsa lintho tumellanong le lithapelo tsa rona ’me re qale ka ho ithuta Bibele ka metsotso e seng mekae. Hanyane ka hanyane ho tla ba bonolo hore re thabele ho ithuta. Re tla thabela ho ba le nako ea ho khutsa le ho nahanisisa ka lintho tseo re li balileng.—1 Tim. 4:15.

7. Ke joang ho ikhalemela ho ka re thusang ho phetha merero ea rona ea ho sebeletsa Jehova?

7 Ha re ikhalemela re tla phetha merero ea rona ea ho sebeletsa Jehova. Mohlala, ntate e mong o ile a hlokomela hore lerato leo a ratang ho sebeletsa Jehova ka lona lea fokotseha. O ile a etsa qeto ea ho ba pula-maliboho. Eaba o bala limakasine tse nang le lihlooho tse buang ka bopula-maliboho. Ho etsa joalo hammoho le ho rapela ho ile ha matlafatsa kamano ea hae le Jehova ’me ha etsa hore a thabele ho bula maliboho. Kamehla ha ho khoneha, e ne e e-ba pula-maliboho ea thusang. Ha aa ka a lumella letho ho mo sitisa. Ho e-na le hoo, o ile a tsepamisa maikutlo tabeng ea ho bula maliboho. Ka mor’a nako e ile ea e-ba pula-maliboho ea kamehla.

HOLISA BANA KA TAEO EA JEHOVA

Bana ha ba hlahe ba tseba phapang pakeng tsa ntho e nepahetseng le e fosahetseng; ba lokela ho rutoa (Sheba serapa 8)

8-10. Batsoali ba Bakreste ba ka thusoa ke’ng hore ba holise bana hore ba sebeletse Jehova? Etsa mohlala.

8 Jehova o file batsoali boikarabelo ba ho holisa bana “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Ho thata ho holisa bana ka tsela eo mehleng ena. (2 Tim. 3:1-5) Ha bana ba hlaha, ha ba tsebe phapang pakeng tsa ntho e nepahetseng le e fosahetseng. Le hoja ba e-na le matsoalo, a hloka ho koetlisoa. (Bar. 2:14, 15) Setsebi se seng sa Bibele se re lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “taeo” le ka boela la bolela ho holisa ngoana hore e be motho e moholo ea nang le boikarabelo.

9 Ha batsoali ba khalemela bana ka lerato, bana ba ikutloa ba sireletsehile. Baa hlokomela hore ho ba le bolokolohi ho na le meeli le hore ba tla khola litholoana tsa lintho tsohle tseo ba li etsang. Ho bohlokoa hore batsoali ba Bakreste ba kope Jehova hore a ba fe bohlale ba ho holisa bana. U se ke oa lebala hore mekhoa ea ho holisa bana e fapana ho latela moo ba holelang teng le hore e lula e fetoha. Leha ho le joalo, haeba batsoali ba mamela Jehova, ba ke ke ba lula ba ipotsa hore na ba holise bana joang. Hape ba ke ke ba itšetleha ka boiphihlelo kapa bohlale ba bona.

10 Re ka ithuta lintho tse ngata ka Noe. Ha Jehova a re a hahe areka, o ne a sa tsebe hore na a e hahe joang. O ne a lokela ho itšetleha ka Jehova. Bibele e re o ile “a fela a etsa joalo,” a etsa feela joalokaha Jehova a mo laetse. (Gen. 6:22) Ho ile ha etsahala’ng? Areka e ile ea pholosa bophelo ba hae le ba lelapa la hae. Hobane’ng? Hobane o ne a tšepile bohlale ba Molimo. Noe o ile a ruta bana ba hae tsela e nepahetseng ’me a ba behela mohlala o motle. Ho ne ho le thata ho etsa joalo kaha batho ba mehleng ea pele ho moroallo ba ne ba le khopo.—Gen. 6:5.

11. Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho sebetsa ka thata ho holisa bana?

11 Haeba u motsoali, u ka etsisa Noe joang? Ka hore u mamele Jehova. Mo lumelle hore a holise bana ba hao. Mamela keletso e tsoang Lentsoeng la hae le mokhatlong oa hae. Bana ba hao ba tla u leboha ka letsatsi le leng. Mor’abo rona e mong ea lilemo li 21 o re: “Ke leboha haholo hore ebe batsoali ba ka ba ile ba nkholisa ka tsela eo ba entseng ka eona. Ba sebelitse ka thata ho nthusa hore ke rate Jehova. Ke bona ba nthusitseng hore ke be le setsoalle le Jehova.” Ka linako tse ling leha batsoali ba sebetsa ka thata ho ruta ngoana, a ka ’na a furalla Jehova. Empa motsoali ea sebetsang ka thata ho ruta ngoan’a hae, o lokela ho ba le letsoalo le hloekileng ’me a be le tšepo ea hore ka letsatsi le leng ngoana o tla khutlela ho Jehova.

12, 13. (a) Haeba ngoana a khaoloa, batsoali ba Bakreste ba ka bontša joang hore ba mamela Jehova? (b) Lelapa le leng le ile la rua molemo ofe ka ho mamela Jehova?

12 E ’ngoe ea lintho tse thata ka ho fetisisa ke hore motsoali a khaotse ho buisana le ngoan’a hae ea khaotsoeng. Morali’abo rona eo ngoan’a hae a ileng a khaoloa a ba a tloha lapeng, o ile a re: “Ke ne ke ipatlela mabaka ka har’a lingoliloeng a tla nthusa hore ke ikemele ’me ke qete nako le morali’aka le setloholo sa ka.” Empa molekane oa hae o ile a mo thusa ho hlokomela hore ha ba sa ikarabella ka lintho tseo morali oa bona a li etsang le hore ba lokela ho tšepahalla Jehova.

13 Lilemo hamorao o ile a khutlisetsoa ka phuthehong. ’Mè oa hae o re: “Hona joale letsatsi le letsatsi oa ntetsetsa ebile o nketsetsa melaetsa. O re hlompha haholo re le batsoali ba hae hobane oa tseba hore re mametse Jehova. Kamano ea rona le eena e matla haholo.” Haeba ngoan’a hao a khaotsoe, na u tla “tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao”? (Liprov. 3:5, 6) Hopola hore Jehova o re khalemela hobane a le bohlale a bile a re rata. U se ke oa lebala hore o fane ka Mora oa hae molemong oa rona, ho akarelletsa le ngoan’a hao. Jehova o batla hore motho e mong le e mong a phele ka ho sa feleng. (Bala 2 Petrose 3:9.) Kahoo, batsoali ba lokela ho kholiseha hore khalemelo le tataiso ea Jehova li nepahetse, esita le hoja ho ka ba bohloko ho li mamela. Mamela Jehova ’me u se ke oa loana ha a u khalemela.

KA PHUTHEHONG

14. Ke joang re ka ruang molemo ha “motsamaisi ea tšepahalang” a re rupela?

14 Jehova o tšepisitse hore o tla hlokomela phutheho, a e sireletse a be a e tataise. O etsa joalo ka litsela tse ’maloa. Mohlala, o behile phutheho tlhokomelong ea Mora oa hae. Jesu eena o khethile “motsamaisi ea tšepahalang” hore a fane ka lijo ka nako e nepahetseng. (Luka 12:42) “Motsamaisi” o rupela phutheho le ho e khalemela. Ipotse: ‘Ke hangata hakae ke ileng ka mamela puo kapa ka bala sehlooho se ileng sa nthusa hore ke fetole tsela eo ke nahanang ka eona le eo ke etsang lintho ka eona?’ Haeba u ile oa fela oa etsa liphetoho u lokela ho thaba hobane u lumeletse Jehova hore a u khalemele.—Liprov. 2:1-5.

15, 16. (a) Re ka rua molemo joang mosebetsing oo baholo ba o etsang? (b) Re ka etsa’ng hore baholo ba nolofalloe ke ho etsa mosebetsi oa bona?

15 Jesu o boetse o file phutheho “limpho [tseo e leng] banna” kapa baholo, e le hore ba hlokomele mohlape oa Molimo. (Baef. 4:8, 11-13) Re ka rua molemo joang mosebetsing oo ba o etsang? Re ka ba le tumelo e tšoanang le ea bona ’me ra ba etsisa. Re ka boela ra amohela tataiso eo ba re fang eona. (Bala Baheberu 13:7, 17.) Hopola hore baholo ba re rata ebile ba batla hore re be le kamano e ntle le Jehova. Mohlala, haeba ba lemoha hore re se re sa ee libokeng kamehla kapa hore ha re sa thahasella ho sebeletsa Jehova joaloka pele, ba tla leka ho re thusa ka potlako. Ba re mamele ka hloko ba boele ba re thuse hore re thabele ho sebeletsa Jehova, ebile ba tla re fa tataiso e thehiloeng Bibeleng. Na oa hlokomela hore ha baholo ba u thusa eo ke pontšo ea hore Jehova oa u rata?

16 Hopola hore ka linako tse ling baholo ba ka thatafalloa ke ho re eletsa. Mohlala, nahana kamoo ho neng ho le thata kateng hore Nathane a bue le morena Davida ea ileng a leka ho pata sebe sa hae. (2 Sam. 12:1-14) Moapostola Pauluse le eena o ne a thatafalloa ke ho eletsa Petrose, e leng e mong oa baapostola ea neng a tšoara Bakreste ba Bajuda hantle ho feta ba balichaba. (Bagal. 2:11-14) U ka etsa’ng hore baholo ba nolofalloe ke ho u eletsa? U lokela ho ikokobetsa, u lebohe ’me u etse hore ho be bonolo hore ba u atamele. Utloisisa hore ha ba u eletsa, eo ke pontšo ea hore Jehova oa u rata. U tla rua molemo ’me baholo ba tla thabela ho phetha mosebetsi oa bona.

17. Baholo ba ile ba thusa morali’abo rona e mong joang?

17 Morali’abo rona e mong o re ho ne ho le thata hore a rate Jehova ka lebaka la lintho tseo a ileng a li etsa nakong e fetileng. O ile a ba le khatello ea maikutlo. O re: “Ke ne ke tseba hore ke lokela ho bua le baholo. Ke ile ka fela ka etsa joalo ’me ha baa ka ba nkahlola kapa ba ’nyenyefatsa. Ho e-na le hoo, ba ile ba nkhothatsa ’me ba ’matlafatsa. Kamehla ha liboka li tsoa, ho sa tsotellehe hore na ba phathahane hakae, e mong oa bona o ne a mpotsa hore na ke ntse ke e-ea joang. Ka lebaka la lintho tseo ke ileng ka li etsa nakong e fetileng, ho ne ho le thata hore ke lumele hore Jehova oa nthata. Leha ho le joalo, nako le nako Jehova o sebelisa baholo hammoho le phutheho ho mpontša hore oa nthata. Ke rapella hore le ka mohla ke se ke ka mo furalla.”

KE’NG E BOHLOKO HO FETA HO KHALEMELOA?

18, 19. Ho ka etsahala’ng haeba re hana khalemelo? Etsa mohlala.

18 Le hoja ho ka ba bohloko ha re khalemeloa, ho hana khalemelo ho ka re tlisetsa litholoana tse bosula. (Baheb. 12:11) Nahana ka mehlala e ’meli ea batho bao re sa lokelang ho ba etsisa e leng Kaine le morena Tsedekia. Ha Molimo a bona hore Kaine o hloile moen’ae le hore o batla ho mo bolaea, o ile a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u tuka ke bohale ’me ke hobane’ng ha sefahleho sa hao se sosobane? Haeba u fetoha hore u etse se molemo, na ho phahamisoa ho ke ke ha e-ba teng? Empa haeba u sa fetohe hore u etse se molemo, sebe se laletse monyako, ebile sea u lakatsa; na u tla se laola?” (Gen. 4:6, 7) Kaine ha aa ka a mamela. O ile a bolaea moen’ae eaba o khola litholoana tse bosula bophelo bohle ba hae. (Gen. 4:11, 12) Hoja Kaine o ile a mamela Molimo, a ka be a sa ka a phela habohloko joalo.

19 Tsedekia e ne e le morena ea hlokang kelello le ea khopo. Ha e sa ntse e le morena, batho ba Jerusalema ba ne ba phela habohloko. Moprofeta Jeremia o ile a lemosa Tsedekia ka makhetlo hore o lokela ho fetoha. Empa ha aa ka a mamela khalemelo ea Jehova. Kahoo o ile a khola litholoana tse bosula. (Jer. 52:8-11) Jehova ha a batle hore re utloe bohloko ho sa hlokahale.—Bala Esaia 48:17, 18.

20. Ho tla etsahala’ng ka batho ba mamelang khalemelo ea Jehova le ba sa e mameleng?

20 Mehleng ena, batho bao e seng barapeli ba Jehova ha ba hlomphe khalemelo ea Jehova ebile ha ba e natse. Empa haufinyane, motho e mong le e mong ea sa mameleng Jehova o tla khola litholoana tse bosula. (Liprov. 1:24-31) Kahoo a re ‘mameleng taeo ’me re hlalefe.’ Liproverbia 4:13 e re: “Tšoara taeo; u se ke ua e tlohela. E sireletse, etsoe ke bophelo ba hao.”