Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re Lokela ho ba le Moea oa ho Amohela Baeti

Re Lokela ho ba le Moea oa ho Amohela Baeti

“Bontšanang kamohelo ea baeti le sa honothe.”1 PET. 4:9.

LIPINA: 124, 119

1. Bakreste ba khale ba ile ba thulana le mathata afe?

LIPAKENG tsa selemo sa 62 le 64, moapostola Petrose o ile a ngolla “baahi ba nakoana ba hasa-hasaneng Pontase, Galatia, Kapadosia, Asia, le Bithynia.” (1 Pet. 1:1) Bara le barali babo rona bana ba tsoang libakeng tse sa tšoaneng tsa Asia Minor ba ne ba hloka ho khothatsoa le ho tataisoa hobane ba ne ba hlorisoa. Ba ne ba phela linakong tse thata. Petrose o ile a ngola a re: “Bofelo ba lintho tsohle bo atametse.” Jerusalema e ne e tla timetsoa ka mor’a lilemo tse ka tlaase ho leshome. Ke’ng e ka thusang Bakreste bohle hore ba pholohe nakong eo e thata?—1 Pet. 4:4, 7, 12.

2, 3. Ke hobane’ng ha Petrose a ile a phehella bara le barali babo rona hore ba be le kamohelo ea baeti? (Sheba setšoantšo se qalong.)

2 E ’ngoe ea lintho tseo Petrose a ileng a li bolella Bakreste-’moho le eena ke hore ba ‘bontšane kamohelo ea baeti.’ (1 Pet. 4:9) Lentsoe la Segerike “kamohelo ea baeti,” le bolela “ho rata kapa ho ba mosa ho batho bao re sa ba tsebeng.” Empa hlokomela hore Petrose o ile a phehella bara le barali babo rona hore ba ‘bontšane’ kamohelo ea baeti, esita le haeba ba tsebana ba bile ba tloaetse ho etsa lintho ’moho. Ho ba le kamohelo ea baeti ho ne ho tla ba tsoela molemo joang?

3 Ho ne ho tla ba thusa hore ba momahane. Na u hopola kamoo u ileng oa thaba kateng mohla o neng o amohetsoe ka mofuthu lelapeng le leng? Haeba u memela Bakreste-’moho le uena lapeng la hao, le tla momahana. Tsela e molemo ea ho tseba Bakreste-’moho le rona ke ka hore re ba amohele malapeng a rona. Bakreste ba mehleng ea Petrose ba ne ba lokela ho momahana haholo-holo ha maemo a mpefala. Kaha re phela “matsatsing a ho qetela,” le rona re lokela ho momahana le Bakreste-’moho le rona.—2 Tim. 3:1.

4. Re tla araba lipotso life sehloohong see?

4 Re ka etsa’ng ho bontša hore re amohela baeti? Ke lintho life tse ka re sitisang ho amohela baeti? Re ka etsa’ng ho hlola litšitiso tseo? Re ka etsa’ng hore batho ba thabele ho re amohela malapeng a bona?

MENYETLA EA HO AMOHELA BAETI

5. Re ka etsa’ng ho amohela baeti ha re le libokeng?

5 Libokeng: Jehova le mokhatlo oa hae ba re memela libokeng. Re lokela ho etsa hore motho e mong le e mong ea teng ho tsona a ikutloe a amohelehile, haholo-holo ba qalang ho tla. (Bar. 15:7) Kaha le bona ke baeti ba Jehova, re lokela ho etsa hore ba ikutloe ba phutholohile ho sa tsotellehe hore na ba apere joang kapa ba shebahala joang. (Jak. 2:1-4) Haeba u hlokomela hore ho na le moeti ea tsamaeang a le mong, u ka mo kopa hore a tl’o lula le uena. A ka thaba haholo ha u mo thusa ho utloisisa hore na ho etsahala’ng nakong ea mananeo kapa hore a khone ho phetla Mangolo. Ha re etsa joalo re tla be re ‘latela mokhoa oa ho amohela baeti.’—Bar. 12:13.

6. Ke bo-mang bao haholo-holo re lokelang ho ba mema?

6 Lijong: Batho ba mehleng ea Bibele ba ne ba atisa ho amohela baeti ka hore ba ba ngoathele. Ha ba etsa joalo ba ne ba bontša hore ba batla ho bopa setsoalle le bona ’me ba be le khotso. (Gen. 18:1-8; Baahl. 13:15; Luka 24:28-30) Ke bo-mang bao haholo-holo re lokelang ho ba mema? E lokela ho ba Bakreste-’moho le rona. Ha maemo a mpefala, re hloka ho tšehetsana. Kahoo, re lokela ho bopa setsoalle le bona ’me re be le khotso le bona. Ka 2011, Sehlopha se Busang se ile sa chechisa nako ea Bethele e Amerika ea ho tšoara Thuto ea Molula-Qhooa. Se ile sa e tlosa ho 6:45 mantsiboea ’me sa e isa ho 6:15 mantsiboea. Hobane’ng? Tsebiso e ile ea re ho tla ba bonolo hore basebeletsi ba Bethele ba be le nako ea ho ba ’moho haeba liboka li tsoa ka nako eo. Makala a mang le ’ona a ile a etsa joalo. Kahoo basebeletsi ba Bethele ba ile ba e-ba le monyetla oa hore ba tsebane haholoanyane.

7, 8. Re ka bontša joang hore re amohela baeti ba tlil’o fana ka lipuo Holong ea ’Muso?

7 Rea thaba ha re e-ba le libui tsa baeti liphuthehong tsa rona, ebang ke balebeli ba potoloho kapa baemeli ba lekala. Eo ke nako e ntle ea hore re amohele barab’abo rona ba re etetseng. (Bala 3 Johanne 5-8.) Re ka etsa joalo ka hore re ba memele lijong kapa teeng.

8 Morali’abo rona e mong oa Amerika o re: “E se e le lilemo tse ngata ’na le mohats’a ka re mema barab’abo rona ba tlileng phuthehong ea rona ho tla fana ka lipuo hammoho le balekane ba bona. Kamehla ha re e-na le bona rea thaba ’me tumelo ea rona ea matlafala. Ha ho mohla re kileng ra ikoahlaela ho ba mema.”

9, 10. (a) Ke bo-mang ba ka hlokang bolulo? (b) Na batho ba nang le matlo a manyenyane ba ka amohela baeti? Etsa mohlala.

9 Baeti ba nako e telele. Batho ba mehleng ea Bibele ba ne ba atisa ho fa baeti bolulo. (Jobo 31:32; Filem. 22) Le rona re lokela ho thusa baeti ka marobalo. Hangata balebeli ba potoloho ba hloka bolulo ha ba etetse liphutheho. Batho ba tlileng Likolong Tsa Puso ea Molimo hammoho le baithaopi ba sebetsang kahong le bona ba hloka bolulo. Batho bao matlo a bona a sentsoeng ke likoluoa tsa tlhaho ba hloka moo ba ka lulang teng ho fihlela matlo a bona a hahuoa bocha. Ha rea lokela ho nahana hore batho ba nang le matlo a maholo ke bona feela tla thusa. Mohlomong ba se ba ile ba thusa ka makhetlo. Le uena u ka fana ka bolulo esita le haeba ntlo ea hao e le nyenyane.

10 Ha mor’abo rona e mong oa Korea a hopola mohla a neng a amohetse batho ba tlileng Likolong Tsa Puso ea Molimo o re: “Qalong ke ne ke le lesisitheho ho ba amohela hobane ’na le mohats’a ka re ne re sa tsoa nyalana ebile ntlo ea rona e le nyenyane. Empa re ile ra thaba haholo ho ba amohela. Kaha re ne re sa tsoa nyalana, re ile ra ithuta hore batho ba sa tsoa nyalana ba ka thaba ha ba sebeletsa Jehova ’moho.”

11. Ke hobane’ng ha re lokela ho amohela batho ba sa tsoa fihla liphuthehong tsa rona?

11 Ba sa tsoa fihla phuthehong. Bara le barali babo rona ba ka fallela phuthehong ea lona. Ka linako tse ling ba ka tla phuthehong ea lona hobane ho hlokeha bahoeletsi ba eketsehileng. Kapa mohlomong e ka ba bo-pula-maliboho ba tlil’o thusa phutheho ea lona. Ho ka ba thata hore ba tloaele maemo a bona a macha a kang sebaka seo ba tlil’o lula ho sona, phutheho e ncha, puo kapa setso sa moo. U ka ba memela lijong kapa teeng kapa oa ikhatholla le bona. Ha u etsa joalo, u tla ba thusa hore ba be le metsoalle ’me ba tloaele maemo a bona a macha.

12. Ke mohlala ofe o bontšang hore ha ho hlokehe lintho tse ngata e le hore re amohele baeti?

12 Ha se hore re lokela ho ba le lintho tse ngata hore re amohele baeti. (Bala Luka 10:41, 42.) Ha mor’abo rona e mong a bua ka nakong eo eena le mohats’a hae e neng e sa tsoa ba baromuoa o re: “Re ne re sa le bacha, re se na boiphihlelo re bile re hloloheloa hae. Mantsiboeeng a mang mohats’a ka o ne a hlile a hlolohetsoe hae ’me le boiteko ba ka ba ho mo thusa ha boa ka ba atleha. Ha hora ea bosupa e fetile ka metsotso e 30 ha e-ba le motho ea kokotang monyako. E ne e le morali’abo rona ea neng a tl’o amohela baromuoa. O ne a re tletse le lilamunu tse tharo. Re ile ra kopa hore a kene eaba re mo fa metsi. Ka mor’a moo, re ile ra etsa tee. Ka nako eo, re ne re sa tsebe Seswahili ’me le eena a sa tsebe Senyesemane. Re thabile haholo hore ebe re ile ra ba le monyetla oa ho bopa setsoalle le Lipaki tsa moo.”

IKEMISETSE HO AMOHELA BAETI

13. Ke melemo efe e tlisoang ke ho amohela baeti?

13 Na u kile oa ba lesisitheho ho amohela baeti? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba o ile oa fetoa ke monyetla oa ho thaba le batho le ho ba le metsoalle ea sebele. Ha u amohela baeti u ke ke oa jeoa ke bolutu. Joale ke hobane’ng ha batho ba bang ba sa amohele baeti? Ho na le mabaka a ’maloa.

14. Re lokela ho etsa’ng haeba re se na matla le nako e lekaneng hore re amohele baeti?

14 Nako le matla: Bahlanka ba Jehova ba phathahane ebile ba na le boikarabelo bo bongata. Kahoo, ba bang ba re ha ba na nako le matla a lekaneng hore ba amohele baeti. Haeba ke tsela eo u ikutloang ka eona, e ka ’na eaba u lokela ho fetola tsela eo u sebelisang nako ea hao ka eona. Leka ho ipha nako e le hore u khone ho amohela baeti. Ho bohlokoa ho etsa joalo kaha Bibele e re re lokela ho amohela baeti. (Baheb. 13:2) Kahoo, re lokela ho ipha nako ea ho amohela baeti. Re fokotse nako eo re e qetang re etsa lintho tseo e seng tsa bohlokoa.

15. Batho ba bang ba ikutloa joang ka ho amohela baeti?

15 Tsela eo u ikutloang ka eona. Na u kile oa lakatsa ho amohela baeti empa oa nahana hore u ke ke oa atleha? Batho ba lihlong ba ka ’na ba nahana hore baeti ba bona ba tla jeoa ke bolutu. Ba bang ba nahana hore kaha ha ba na chelete e ngata, ba ke ke ba hlokomela baeti ka tsela eo Bakreste-’moho le bona ba ba hlokomelang ka eona. Empa re lokela ho hopola hore taba ea bohlokoa ha se hore na ntlo ke ea boleng bo phahameng hakae. Ntho ea bohlokoa ke hore e be e hloekileng eo motho a ka thabelang ho lula ka ho eona.

16, 17. U ka etsa’ng haeba u tšaba ho amohela baeti?

16 Haeba u tšaba ho amohela baeti, ha u mong. Moholo e mong oa Brithani o re: “Ho tloaelehile hore motho a tšohe ha a lokisetsa ho amohela baeti. Empa joaloka lintho tse ling tseo re li etsetsang Jehova, melemo ea ho ba amohela e mengata ho feta tsela eo re ka tšoenyehang ka eona. Ke thabela ho lula le baeti re inoella kofi ’me re qoqa.” Kamehla ho bohlokoa ho bontša hore u rata baeti. (Bafil. 2:4) Ba bangata ba thabela ho bua ka lintho tse kileng tsa ba etsahalla. Nako e ntle ea ho li utloa ke ha batho ba kopane ’moho. Moholo e mong o re: “Ha ke mema batho, ke ba utloisisa hamolemo, ke ba tseba haholoanyane ke be ke tsebe hore na ho tlile joang hore e be Lipaki.” Ha u bontša hore u thahasella baeti, kaofela le tla thabela ho ba ’moho.

17 Morali’abo rona ea kileng a amohela liithuti tsa Likolo Tsa Puso ea Molimo o re: “Qalong ke ne ke tšoenyehile hobane likamore tsa ntlo ea ka li nyenyane ebile thepa ea ntlo ea ka ke ea khale. Mohats’a e mong oa barupeli o ile a nthusa hore ke khobe matšoafo. O ile a re ha eena le mohats’a hae e ne e le bapotolohi, libeke tseo ba neng ba li thabela ke tseo ba neng ba li qeta ba le ha motho oa mofutsana ea ratang Jehova a bile a mo sebeletsa joaloka bona. Ke ile ka hopola mantsoe a Bibele ao ’Mè a neng a atisa ho a bua a reng: ‘Ho ja meroho moo ho nang le lerato, ho molemo.’” (Liprov. 15:17) Ha rea lokela ho tšoenyeha hobane ntho ea bohlokoa ke hore re be le lerato.

18, 19. Ho amohela baeti ho ka re thusa joang ho tlosa maikutlo a fosahetseng ka batho ba bang?

18 Tsela eo u ikutloang ka eona ka batho. Na ho na le motho eo u sa mo thabeleng ka phuthehong? Haeba u sa leke ho tlosa maikutlo ao a fosahetseng, a tla lula a le teng. Haeba u sa rate motho ea itseng, u ke ke oa rata le ho mo memela ha hao. Ho ka ba joalo le haeba motho a u utloisitse bohloko ebe u sitoa ho mo tšoarela.

19 Bibele e re re ka matlafatsa likamano tsa rona le batho ba bang esita le lira tsa rona ka hore re ba amohele malapeng a rona. (Bala Liproverbia 25:21, 22.) Haeba re etsa joalo, liphapang tse teng lipakeng tsa rona le batho ba bang li tla rarolleha ’me re bope khotso. Re tla boela re bone hore na ke’ng eo Jehova a ileng a e rata ka bona ’me a ba etsa Lipaki tsa hae. (Joh. 6:44) Haeba ka lerato re mema motho a sa nahana, re ka ba metsoalle ea sebele. U ka etsa’ng ho netefatsa hore u mema batho hobane u ba rata? Tsela e ’ngoe ke ka ho mamela keletso e hlahang ho Bafilipi 2:3 e reng: ‘Ka ho ikokobetsa kelellong le nke ba bang ba le phahametse.’ Haeba re nahana kamoo Bakreste-’moho le rona ba re phahametseng kateng, re tla ba rata haholoanyane ’me ho be bonolo hore re ba amohele. Ba ka re feta ka ho ba le tumelo, mamello kapa makhabane a mang ao Bakreste ba lokelang ho ba le ’ona.

E-BA MOETI EA MOLEMO

Batho ba memmeng, ba lokisetsa baeti ba bona (Sheba serapa 20)

20. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho phelela mantsoe a rona? (b) Re ka bontša joang hore re phelela mantsoe a rona?

20 Mopesaleme Davida o ile a re: “Jehova, ke mang eo e tla ba moeti tenteng ea hao?” (Pes. 15:1) Ka mor’a moo o ile a bua ka makhabane ao Jehova a batlang hore baeti ba hae ba be le ’ona. O ile a re: “O itlhapanyelitse se sebe, leha ho le joalo ha a fetohe,” e leng hore re lokela ho phelela mantsoe a rona. (Pes. 15:4) Haeba re tšepisa motho hore re tla ba teng ha a re memme, ha rea lokela ho fetoha ho sa hlokahale. Mohlomong motho ea re memmeng o se a lokiselitse ho re amohela. Haeba re se re sa tle, boiteko ba hae e ba ba lefeela. (Mat. 5:37) Ka linako tse ling batho ba bang ba tlohela ho ea ha motho e mong hobane ba batla ho ea ha e mong ea molemonyana. Haeba re etsa joalo, na rea ba rata le ho ba hlompha? Re lokela ho ananela lintho tsohle tseo batho ba re memmeng ba re etsetsang tsona. (Luka 10:7) Re lokela ho ba tsebisa hang-hang haeba maemo a se a sa re lumelle ho ea. Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore rea ba rata ebile rea ba ananela.

21. Ho hlompha setso ho ka re thusa joang hore re be baeti ba molemo?

21 Re boetse re lokela ho hlompha setso sa batho ba bang. Litsong tse ling baeti ba fihlang ba sa lebelloa, ba amohelehile. Empa ho tse ling ho molemo hore ho buisanoe esale pele. Libakeng tse ling batho ba amohetseng baeti, ba fana ka lijo tse lutlisang mathe ebe litho tsa lelapa tsona li ja tse tloaelehileng. Ho tse ling ha ho joalo. Libakeng tse ling teng, ka tloaelo baeti ba tla le seshoainyana. Ho tse ling ha baa lokela ho tla le letho. Litsong tse ling, ho tloaelehile hore batho ba hane ha ba mengoa ka lekhetlo la pele kapa a mabeli a qalang. Ho tse ling, ho etsa joalo ke ho se ananele. Re lokela ho etsa hore motho ea re memmeng a thabele hore ebe o ile a re mema.

22. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re ‘bontšane kamohelo ea baeti’?

22 Petrose o ile a re: “Bofelo ba lintho tsohle bo atametse.” (1 Pet. 4:7) Bofelo bo haufi ho feta leha e le neng pele. Re haufi le ho tobana le matšoenyeho a maholo a e-s’o be teng lefatšeng. Ha maemo a ntse a mpefala, re lokela ho rata Bakreste-’moho le rona haholo. Keletso ea Petrose e reng “bontšanang kamohelo ea baeti,” e sebetsa haholo mehleng ena. (1 Pet. 4:9) Re lokela ho ba le moea oa ho amohela baeti.