Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li hlalosa moapostola Pauluse a le lefatla kapa a e-na le moriri o monyenyane?

Bonneteng, mehleng ena ha ho na motho ea tsebang hore na Pauluse o ne a shebahala joang. Litšoantšo tsa Pauluse tse hlahang ka har’a lingoliloeng tsa rona ha se litšoantšo tse ileng tsa fumanoa ke baepolli empa e le litšoantšo feela tse takiloeng.

Leha ho le joalo, ka har’a lingoliloeng tsa rona re se re ile ra bua ka hore na Pauluse o ne a shebahala joang. Mohlala, Zion’s Watch Tower ea March 1, 1902, e ile ea re: “Buka ea ‘Acts of Paul and Thecla’ e ngotsoeng ka selemo sa 150 mehleng ea baapostola, e batla e hlalosa haufi-ufi hore na Pauluse o ne a shebahala joang. E re ‘o ne a le mokhutšoanyane, a le lefatla, a le lihoro, a le seemo se setle, lintši tsa hae li kopane a bile a e-na le nko e telele.’”

Ha buka ea The Oxford Dictionary of the Christian Church (khatiso ea 1997) e bua ka buka ena ea ‘Acts of Paul and Thecla’ e re: “Ho ke ke ha etsahala hore e be buka ena e na le litaba tse fosahetseng tsa histori.” Taba ea hore e be ho ntse ho e-na le libuka tse 80 tsa Segerike le tsa lipuo tse ling tse ngotsoeng ka letsoho tsa buka ea Acts of Paul and Thecla’ e tiisa hore ke buka e neng e tšeptjoa mehleng ea pele. Kahoo, litšoantšo tsa rona li lumellana le litlhaloso tse fanoeng ke libuka tsa khale tsa hore na Pauluse o ne a shebahala joang.

Leha ho le joalo, ho na le lintho tsa bohlokoa haholo ho feta hore na Pauluse o ne a shebahala joang. Ha Pauluse a ne a le tšebeletsong, batho ba ne ba mo soma ka hore “ho ba teng ha hae ka seqo hoa fokola le puo ea hae ea eiseha.” (2 Bakor. 10:10) Empa ha rea lokela ho lebala hore Pauluse e ile ea e-ba Mokreste ka lebaka la mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa. Re ka boela ra nahana ka hore na Pauluse o ile a etsa’ng joaloka “sejana se khethiloeng ho [Kreste] hore se jare lebitso la [Jesu] ho ea lichabeng.” (Lik. 9:3-5, 15; 22:6-8) Hape nahana ka melemo eo re e fumanang ha re bala litlaleho tsa Bibele tseo Pauluse a li ngotseng.

Pauluse ha aa ka a ithorisa ka hore na o ne a etsa’ng pele e e-ba Mokreste kapa hona ho hlalosa hore na o ne a shebahala joang. (Lik. 26:4, 5; Bafil. 3:4-6) O ile a re: “Etsoe ke e monyenyane ho baapostola, ’me ha ke tšoanelehe ho bitsoa moapostola.” (1 Bakor. 15:9) Hamorao o ile a re: “’Na motho ea ka tlaase ho e monyenyane ka ho fetisisa ho bahalaleli bohle, ke ile ka fuoa mosa ona o sa tšoanelang, e le hore ke bolelle lichaba litaba tse molemo tse mabapi le maruo a ke keng a lekanngoa a Kreste.” (Baef. 3:8) Molaetsa oo ke oa bohlokoa ho feta hore na ebe Pauluse o ne a shebahala joang.