MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) November 2017

Makasine ena e na le lihlooho tse tla ithutoa ka la 25 December, 2017 ho ea ho la 28 January, 2018.

Binelang Jehova le Thabile

Haeba u tšaba ho bina har’a batho, u ka etsa’ng hore u se ke oa ba lihlong?

Na U Entse Jehova Setšabelo sa Hao?

Tlhophiso ea metse ea setšabelo e re thusa ho utloisisa hore Jehova o re tšoarela ka ho felletseng.

Etsisa Jehova ka Hore U be Mohau ’Me u Hloke Leeme

Metse ea setšabelo e re ruta joang hore o mohau? E re ruta’ng ka tsela eo Jehova a nkang bophelo ka eona? E bontša joang hore o na le toka?

“Ea Leihlo le Mosa o Tla Hlohonolofatsoa”

Jehova oa thaba ha re sebelisa nako ea rona le matla a rona ho bolela litaba tse molemo le ho thusa batho ba bang.

Qoba ho Etsisa Batho Bao e Seng Barapeli ba Jehova

Kaofela re lokela ho qoba ho nahana lintho tseo batho ba tloaetseng ho li bua tse ka senyang kamano ea rona le Jehova. Nahana ka mehlala e ’meli ea tsela eo ba nahanang ka eona.

Le se ke la Lumella Letho ho le Sitisa ho Fumana Moputso

Ka mor’a hore Pauluse a hopotse Bakreste-’moho le eena ka tšepo ea bona, o ile a ba lemosa.

U ka Etsa’ng Hore U Tloaele ho ba Phuthehong e Ncha?

Haeba u ile phuthehong e ncha, e ka ’na eaba ha u e-⁠’so tloaele. U ka thusoa ke’ng hore u tloaele?