Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Entse Jehova Setšabelo sa Hao?

Na U Entse Jehova Setšabelo sa Hao?

“Jehova o lopolla meea ea bahlanka ba hae; Ha ho le ea mong oa ba tšabelang ho eena ea tla nkoa a le molato.”—PES. 34:22.

LIPINA: 49, 65

1. Bakreste ba bang ba ka ’na ba ikutloa joang ha ba entse sebe?

“KE MONNA ea sōtō hakaakang!” (Bar. 7:24) Bahlanka ba bangata ba Jehova ba ikutloa joaloka Pauluse. Hobane’ng? Hobane re futsitse sebe ’me ha rea phethahala. Joale ka linako tse ling re ka ’na ra ikutloa re nyahame ha re hloleha ho phetha thato ea Jehova. Bakreste ba bang ba entseng libe tse tebileng ba nahana hore Jehova a ke ke a ba tšoarela.

2. (a) Ke joang Pesaleme ea 34:22 e thusang bahlanka ba Jehova hore ba se ke ba lula ba le molato? (b) Re tl’o hlahloba’ng sehloohong see? (Sheba lebokose le reng “ Lithuto kapa Seo Liketsahalo li se Bolelang.”)

2 Ho sa tsotellehe hore na re ikutloa joang, Bibele e re ha re etsa Jehova setšabelo sa rona, ha rea lokela ho lula re ikutloa re le molato. (Bala Pesaleme ea 34:22.) Ho etsa Jehova setšabelo sa rona ho bolela’ng? Re lokela ho etsa’ng e le hore Jehova a re hauhele a be a re tšoarele? Re tla fumana likarabo tsa lipotso tsena ha re ithuta ka metse eo Baiseraele ba neng ba tšabela ho eona. Litlhophiso tsena li ne li sebetsa ha Baiseraele ba le tlas’a selekane sa Molao ’me li ile tsa fela ka Pentekonta ea selemo sa 33. Molao ona o ne o tsoa ho Jehova. Kahoo, tlhophiso ena e tl’o re thusa ho hlokomela hore na Jehova o ikutloa joang ka sebe, baetsalibe le batho ba baketseng libe tsa bona. A re qaleng pele ka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Baiseraele ba ne ba e-na le metse eo ba tšabelang ho eona le hore na e ne e sebetsa joang.

IKHETHELENG METSE EA SETŠABELO

3. Baiseraele ba ne ba etsa’ng ka ’molai?

3 Jehova o ne a nka tšollo ea mali ea mofuta ofe kapa ofe e le sebe se tebileng. Motho ea bolaileng o ne a bolaoa ke mong ka mofu e motona ea neng a bitsoa “mopheteletsi oa mali.” (Num. 35:19) Ka tsela eo, ’molai o ne a tla be a patetse ka bophelo ba hae. Ha ’molai a ne a ke ke a bolaoa kapele, Naha e Tšepisitsoeng e ne e tla silafala. Jehova o ile a re: “Le se ke la silafatsa naha eo le leng ho eona; hobane mali a silafatsa naha.”—Num. 35:33, 34.

4. Ho ne ho etsahala’ng ha Moiseraele a bolaile motho ka phoso?

4 Ho ne ho etsahala’ng ha Moiseraele a bolaile motho ka phoso? O ne a ntse a le molato oa mali. (Gen. 9:5) Leha ho le joalo, Jehova o ne a mo hauhela. Moiseraele eo o ne a ka balehela ho o mong oa metse e tšeletseng eo Baiseraele ba neng ba tšabela ho eona. Ha a le moo, o ne a tla sireletseha. O ne a lokela ho lula moo ho fihlela moprista ea phahameng a e-shoa.—Num. 35:15, 28.

5. Tlhophiso ea metse ea setšabelo e tl’o re thusa ho utloisisa eng ka Jehova?

5 Jehova ke eena ea neng a entse tlhophiso ena ea metse ea setšabelo. O ile a re Baiseraele ba ikhethele metse, eaba o re ho Joshua: “Bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Fanang ka metse ea setšabelo.’” Jehova o ne a file metse ena “boemo bo halalelang.” (Josh. 20:1, 2, 7, 8) Tlhophiso ee e tl’o re thusa ho utloisisa mosa oa Jehova joang? Hona e tl’o re thusa joang hore kamehla re tšabele ho Jehova?

O LOKELA HO BUA LE BANNA BA BAHOLO

6, 7. (a) Baholo ba ne ba thusa Moiseraele ea bolaileng motho ka phoso joang? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Ke hobane’ng ha Moiseraele ea bolaileng a ne a lokela ho bua le baholo?

6 Ka mor’a hore Moiseraele a bolaee motho ka phoso, o ne a lokela ho balehela motseng oa setšabelo ’me a “bue mantsoe a hae moo banna ba baholo ba motse oo ba ntseng ba utloa.” Baholo ba ne ba lokela ho mo amohela. (Josh. 20:4) Ka mor’a nako o ne a khutlisetsoa motseng oo a bolaetseng motho ho oona e le hore baholo ba hae ba mo ahlole. (Bala Numere 35:24, 25.) Ha baholo ba mo fumana a se molato, Moiseraele eo o ne a khutlisetsoa motseng oa setšabelo.

7 Ke hobane’ng ha ’molai a ne a lokela ho bua le baholo? E le hore ba thuse ’molai eo hore Jehova a mo hauhele le hore ba boloke phutheho e hloekile. Setsebi se seng sa Bibele se ile sa re haeba ’molai a ne a ke ke a bua le baholo o ne a lokela ho bolaoa. Se re: “E ne e tla be e le molato oa hae kaha o tla be a khethile ho se mamele Molimo.” E ne e le boikarabelo ba ’molai ho kopa thuso le ho e amohela. Haeba a sa balehele ho e meng ea metse ea setšabelo, mong ka mofu o ne a lokela ho mo bolaea.

8, 9. Ke hobane’ng ha Mokreste ea entseng sebe se tebileng a lokela ho kopa thuso ho baholo?

8 Mokreste ea entseng sebe se tebileng o lokela ho kopa thuso ho baholo e le hore a lokise kamano ea hae le Jehova. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore a etse joalo? Ntlha ea pele, ke hore Jehova ke eena ea entseng tlhophiso ea hore baholo ba thuse motho ea entseng sebe se tebileng. (Jak. 5:14-16) Ntlha ea bobeli, baholo ba thusa motho ho lokisa kamano ea hae le Jehova le ho bakela libe tsa hae. (Bagal. 6:1; Baheb. 12:11) Ntlha ea boraro, ke mosebetsi oa baholo ho thusa motho ea entseng sebe ho lebala phoso ea hae le ho etsa hore a se ke a ikutloa a le molato. Jehova o re baholo ke “sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo.” (Esa. 32:1, 2) Jehova o sebelisa baholo hobane oa re hauhela.

9 Bahlanka ba bangata ba Jehova ba ile ba bua le baholo ’me ba fumana thuso. Mohlala, mor’abo rona Daniel o ile a etsa sebe se tebileng empa ha feta likhoeli tse ’maloa pele a bua le baholo. O re: “Kaha ho ne ho se ho fetile nako e telele, ke ne ke utloa eka ha ho letho leo baholo ba ka le etsang ho nthusa.” Leha ho le joalo, o ne a lula a tšohile hore sebe sa hae se tla hlahella ’me kamehla a qala ka ho kopa tšoarelo ha a rapela. Qetellong Daniel o ile a kopa thuso ho baholo. O re: “Le hoja ke ne ke tšaba ho ba bolella, ke ile ka utloa ke imolohile ha ba qeta ho nthusa. Hona joale ke se ke e-na le bolokolohi ba ho bua le Jehova.” Daniel o se a e-na le letsoalo le khutsitseng ’me ke mohlanka ea sebeletsang.

“O TLA BALEHELA HO O MONG OA METSE ENA”

10. Moiseraele ea bolaileng e mong ka phoso o ne a lokela ho etsa’ng e le hore a se ke a bolaoa?

10 E le hore ’molai a tšoareloe, o ne a lokela ho balehela ho o mong oa metse e haufi ea setšabelo. (Bala Joshua 20:4.) E le hore a se ke a bolaoa, ’molai o ne a lokela ho lula moo ho fihlela moprista e moholo a e-shoa. Ho lula moo e ne e le sehlabelo seo a lokelang ho se etsa ho pholosa bophelo ba hae. O ne a lokela ho tlohela mosebetsi oa hae le ntlo ea hae. A bile a se na bolokolohi ba ho ea hohle moo a batlang. * (Num. 35:25) Ho ne ho le bohlokoa hore ’molai a etse joalo bakeng sa bophelo ba hae. O ne a lokela ho lula motseng oo oa setšabelo ’me a se ke a tsamaea kaha ka ho etsa joalo o ne a tla be a bontša ho se soabele ntho eo a e entseng.

11. Mokreste ea bakileng a ka bontša joang hore o ananela mohau oa Jehova?

11 Le mehleng ena Mokreste ea baketseng sebe sa hae o lokela ho bontša ka liketso hore o bakile e le hore Jehova a mo tšoarele. O lokela ho tlohela sebe seo a neng a se etsa ’me ho akarelletsa ho qoba eng kapa eng e ka amang kamano ea hae le Jehova. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore na Bakreste ba Korinthe ba bakileng ba ne ba itšoara joang. O ile a re: “Ntho eona ena, ho etsoa ha lōna hore le hlomohe ka tsela ea bomolimo, ho hlahisitse ho tiea ho hoholo hakaakang ho lōna, e, ho itlosa molato ha lōna, e, khalefo, e, tšabo, e, tlholohelo, e, cheseho, e, ho lokisoa ha phoso!” (2 Bakor. 7:10, 11) Haeba re etsa sohle se matleng a rona ho tlohela lintho tseo Jehova a sa li rateng re tla be re bontša hore re soabile ebile re ananela mohau oa hae.

12. Mokreste o lokela ho khaotsa ho etsa’ng e le hore Jehova a tsoele pele ho mo hauhela?

12 Mokreste o lokela ho khaotsa ho etsa’ng e le hore Jehova a mo hauhele a be a mo tšoarele? O lokela ho tlohela lintho tseo a li ratang haeba feela li ka etsa hore a etse sebe. (Mat. 18:8, 9) Mohlala, na u tla tlohela metsoalle ea hao haeba e u susumelletsa ho etsa lintho tseo Jehova a li hloileng? Na u tla qoba maemo a ka etsang hore u noe joala haeba u sa khone ho ipehela meeli? Haeba u noa haholo kapa u hloloa ke joala, na u tla qoba maemo a ka etsang hore u noe joala? Haeba u ntse u loantša litakatso tsa ho kopanela liphate, na u qoba ho shebella lifilimi, ho kena liwebsaeteng kapa ho qoba lintho tse ka etsang hore u be le menahano e fosahetseng? Hopola hore Jehova o tla re putsa hafeela re ikitlaelletsa ho mamela melao ea hae. Re ke ke ra thaba haeba Jehova a re furaletse. Empa ha ho ntho e thabisang ho feta “mosa o lerato” oo Jehova a lulang a re bontša oona.—Esa. 54:7, 8.

“E TLA BA SETŠABELO . . . BAKENG SA LŌNA”

13. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ’molai a ne a sireletsehile motseng oa setšabelo?

13 ’Molai o ne a sireletsehile ha a le motseng oa setšabelo. Ha Jehova a bua ka metse eo o ile a re: “E tla ba setšabelo . . . bakeng sa lōna.” (Josh. 20:2, 3) Jehova o ne a sa lumelle hore ’molai a qosoe hape. Mopheteletsi oa mali le eena o ne a sa lumelloa ho bolaea ’molai ha a se a le motseng oo. Kahoo, o ne a sa lokela ho tšoha letho kaha Jehova o ne a mo sirelelitse. Motse oo e ne e se teronko hobane ’molai o ne a ka sebetsa ka bolokolohi, a thuse batho ba bang ’me a sebeletse Jehova a thabile. O ne a e-na le monyetla oa ho phela ka khotso.

Kholiseha hore Jehova o u tšoaretse (Sheba lirapa 14-16)

14. Mokreste ea bakileng o lokela ho kholiseha ka eng?

14 Bakreste ba bang ba lula ba ikutloa ba le molato leha ba bakile. Ba bang ba bile ba nahana hore Jehova a ke ke a ba tšoarela le ho ba leballa. Haeba le uena u ikutloa ka tsela eo, u lokela ho kholiseha hore Jehova o re tšoarela ka ho felletseng. Daniel eo re buileng ka eena pejana o ile a bona bonnete ba taba ena. O ile a ikutloa a imolohile ka mor’a hore baholo ba mo thuse hore a be le letsoalo le khutsitseng. O re: “Ke ile ka khaotsa ho ikutloa ke le molato. Ha Jehova a re o u tšoaretse, ehlile o u tšoaretse. Jehova o re o lahlela meroalo ea rona hole le rona, e le hore e se ke ea hlola e re utloisa bohloko.” Ha ’molai a se a le motseng oa setšabelo, o ne a sa lokela ho tšaba mopheteletsi oa mali. Ka ho tšoanang, ha Jehova a re tšoaretse, ha rea lokela ho tšoha hore o hopola liphoso tsa rona.—Bala Pesaleme ea 103:8-12.

15, 16. Ho tseba hore Jesu o re shoetse le hore ke Moprista oa rona ea Phahameng ho re thusa joang hore re be le tumelo?

15 Mabaka ao re nang le ’ona a hore Jehova o tla re hauhela, a feta ao Baiseraele ba neng ba e-na le ’ona. Ka mor’a hore Pauluse a ikutloe a nyahame ha a hloleha ho khahlisa Jehova ka ho phethahetseng, o ile a re: “Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rōna!” (Bar. 7:25) Pauluse o ne a loanela ho khahlisa Jehova le ho lebala ka libe tseo a ileng a li etsa hobane a bakile. O ne a e-na le tšepo ea hore Jehova o mo tšoaretse ka sehlabelo sa Jesu. Re na le khotso le letsoalo le khutsitseng ka lebaka la sehlabelo sa Jesu. (Baheb. 9:13, 14) Kaha ke Moprista ea Phahameng, ‘o khona ho pholosa ka ho feletseng ba atamelang Molimo ka eena, hobane o phela kamehla ho ba kōpela ka tieo.’ (Baheb. 7:24, 25) Moprista ea phahameng o ne a thusa Baiseraele ho kholiseha hore Jehova o tla lebala libe tsa bona. Kaha Jesu Kreste ke Moprista oa rona ea Phahameng, re kholisehile hore “re ka fumana mohau le ho fumana mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.”—Baheb. 4:15, 16.

16 Re lokela ho ba le tumelo sehlabelong sa Jesu e le hore Jehova e be setšabelo sa rona. U se ke oa nahana hore Jesu o shoetse batho ka kakaretso feela. Empa u be le tumelo ea hore le uena o u shoetse. (Bagal. 2:20, 21) E-ba le tumelo ea hore ka lebaka la sehlabelo sa Jesu, Jehova o tla tšoarela libe tsa hao. U lokela ho ba le tumelo ea hore sehlabelo sa Jesu se u bulela monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Ke mpho eo Jehova a u fileng eona.

17. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšabela ho Jehova?

17 Metse ea setšabelo e re thusa ho utloisisa tsela eo Jehova a re hauhelang ka eona. Hape e re thusa ho utloisisa hore bophelo boa halalela. E boetse e re thusa ho utloisisa hore na ho bolela’ng ho bakela libe, hore na baholo ba ka re thusa joang le hore na re kholisoa ke’ng hore Jehova o re tšoarela ka ho felletseng. Na Jehova ke setšabelo sa hao? Re tla lula re sireletsehile ha re etsa Jehova setšabelo sa rona. (Pes. 91:1, 2) Sehloohong se latelang re tl’o ithuta hore na metse ea setšabelo e re thusa ho etsisa Jehova joang.

^ ser. 10 Libuka tse ling tsa Bajuda li bontša hore ba lelapa la ’molai ba ne ba e-ea le eena motseng oa setšabelo.