Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsisa Jehova ka Hore U be Mohau ’Me u Hloke Leeme

Etsisa Jehova ka Hore U be Mohau ’Me u Hloke Leeme

“Etsang kahlolo ea lōna ka toka ea ’nete; ’me le etsetsane mosa o lerato le mehauhelo.”—ZAK. 7:9.

LIPINA: 21, 69

1, 2. (a) Jesu o ne a ikutloa joang ka Molao oa Jehova? (b) Ke’ng e bontšang hore bangoli le Bafarisi ba ne ba sa utloisise Molao?

JESU o ne a rata Molao oa Moshe. Taba eo ha e re makatse hobane molao oo o ne o tsoa ho Ntate oa hae Jehova, e leng motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba Jesu. Ho Pesaleme ea 40:8, Bibele e ile ea bolela esale pele hore na Jesu o ne a tla ikutloa joang ka Molao oa Jehova ha e re: “Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka, Molao oa hao o ka har’a litho tsa ka tse ka hare.” Tsela eo Jesu a neng a etsa lintho ka eona e bontša hore Molao oa Jehova o phethahetse, o molemo ebile o lokela ho phethoa.—Mat. 5:17-19.

2 E tlameha ebe Jesu o ile a utloa bohloko haholo ha bangoli le Bafarisi ba sebelisa Molao oa Ntate oa hae hampe. O ile a re ho bona: “Le fana ka karolo ea leshome ea koena le dille le kumine,” e leng se bolelang hore ba ne ba mamela esita le lintho tse nyenyane tse tlalehiloeng Molaong. Empa phoso e ne e le efe? Jesu o ile a re: “Empa le hlokomolohile litaba tse tōma haholo tsa Molao, e leng, toka le mohau le botšepehi.” (Mat. 23:23) Bafarisi ba ne ba batla feela ho etsa melao. Ba ne ba sa hlokomele se boleloang ke Molao ’me ba inka ba phahametse batho ba bang. Empa Jesu o ne a utloisisa hantle hore na Molao o ne o bolela’ng le hore na o ruta batho eng ka Jehova.

3. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

3 Kaha re Bakreste, ha re sa le tlas’a Molao oa Moshe. (Bar. 7:6) Joale ke hobane’ng ha Molao oo o le teng ka Bibeleng? Jehova o batla hore re utloisise Molao oa hae ’me re mamele melao-motheo. Mohlala, ke melao-motheo efe eo re ithutang eona tabeng ea metse ea setšabelo? Sehloohong se fetileng, re ile ra ithuta hore na mehleng ea Baiseraele ’molai o ne a lokela ho etsa’ng. Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na metse ea setšabelo e re ruta’ng ka Jehova le hore na re ka mo etsisa joang. Re tla araba lipotso tsena tse tharo: Taba ea hore ebe Jehova o ile a hlophisa hore ho be le metse ea setšabelo e bontša joang hore Jehova o mohau? E bontša hore o nka bophelo joang? E bontša joang hore toka ea Jehova e phethahetse? Potsong ka ’ngoe, leka ho bona hore na u ka etsisa Jehova joang.—Bala Baefese 5:1.

“LE IKHETHELE METSE E LE LOKETSENG”

4, 5. (a) Ho ne ho le bonolo hakae ho fihla metseng ea setšabelo, hona hobane’ng? (b) Taba ee e re ruta’ng ka Jehova?

4 Ho ne ho le bonolo ho fihla metseng e tšeletseng ea setšabelo. Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba khethe metse e meraro ka lehlakoreng le leng la noka ea Jordane le e meraro ka ho le leng. Hobane’ng? E le hore ’molai a khone ho balehela motseng oa setšabelo ka potlako a bile a sa sokole. (Num. 35:11-14) Litsela tse eang metseng eo, li ne li bolokoa li le boemong bo botle. (Deut. 19:3) Ho latela setso sa Bajuda, ho ne ho e-na le matšoao a tsela a thusang ’molai hore a fumane motse oa setšabelo. Kaha metse ea setšabelo e ne e le teng, Moiseraele ea bolaileng e mong ka phoso o ne a sa tlameha ho batla tšireletso metseng ea balichaba hobane o ne a ka ’na a qetella a rapela melimo ea bohata.

5 Nahana ka taba ena: Jehova ke eena ea laetseng hore motho ea bolaileng e mong o lokela ho bolaoa. Empa o boetse o entse molao oa hore motho ea bolaileng e mong ka phoso a hauheloe a be a sireletsoe. Mohlalosi e mong oa Bibele o ile a re ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e entsoe hore e be bonolo bakeng sa motho e mong le e mong. Jehova ha se moahloli ea khopo ea batlang menyetla ea ho otla bahlanka ba hae. Ho e-na le hoo, ke “Molimo ea ruileng mohau.”—Baef. 2:4.

6. Na Bafarisi ba ne ba le mohau joaloka Jehova? Hlalosa.

6 Bafarisi bona ba ne ba sa rate ho hauhela batho. Mohlala, ho latela setso sa Bajuda, Bafarisi ba ne ba sa tšoarele motho haeba a pheta phoso ka makhetlo a fetang boraro. Ha Jesu a bontša kamoo ba neng ba fosahetse kateng, o ile a etsa papiso ea Mofarisi ea rapelang pel’a ’mokelli oa lekhetho. Mofarisi eo o ile a re: “Molimo, kea u leboha ka hore ebe ha ke joaloka batho ba bang kaofela, bahanyapetsi, ba sa lokang, bafebi, kapa esita le joaloka ’mokelli enoa oa lekhetho.” Ke hobane’ng ha Bafarisi ba ne ba sa rate ho hauhela batho? Bibele e re ba ne “ba nka ba bang kaofela e se letho.”—Luka 18:9-14.

Na u nolofalletsa batho hore ba kope tšoarelo ho uena? Ikokobetse e le hore ba nolofalloe ke ho u atamela (Sheba lirapa 4 ho ea ho 8)

7, 8. (a) U ka etsisa Jehova joang ha motho e mong a u foselitse? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho ikokobetsa e le hore re tšoarele batho ba bang?

7 U se ke oa etsisa Bafarisi. Etsisa Jehova ka hore u hauhele batho ba bang. (Bala Bakolose 3:13.) U ka etsa joalo ka hore u nolofalletse batho hore ba kope tšoarelo ho uena. (Luka 17:3, 4) Ipotse: ‘Na ke potlakela ho tšoarela batho esita le haeba ba mphoselitse ka makhetlo? Na ke ikemiselitse ho bopa khotso le motho ea mphoselitseng le ea nkutloisitseng bohloko?’

8 Re lokela ho ikokobetsa e le hore re khone ho tšoarela. Kaha Bafarisi ba ne ba nka ba phahametse batho ba bang, ba ile ba hloleha ho ba tšoarela. Empa kaha re Bakreste, re lokela ‘ho ikokobetsa kelellong re nka hore ba bang ba re phahametse.’ (Bafil. 2:3) Kahoo, ipotse: ‘Na ke etsisa Jehova ka hore ke ikokobetse?’ Haeba re ikokobelitse, ho tla ba bonolo hore batho ba kope hore re ba tšoarele, ebile re tla nolofalloa ho ba tšoarela. Potlakela ho tšoarela empa u liehe ho koata.—Moek. 7:8, 9.

HLOMPHA BOPHELO “’ME U SE KE UA BA LE MOLATO OA MALI”

9. Jehova o ile a thusa Baiseraele joang ho utloisisa hore bophelo boa halalela?

9 Le leng la mabaka a hore ho be le metse ea setšabelo e ne e le ho sireletsa Baiseraele hore ba hloke molato oa mali. (Deut. 19:10) Kaha Jehova o rata bophelo, o hloile “matsoho a tšollang mali a hlokang molato.” (Liprov. 6:16, 17) Hape, kaha o na le toka ebile oa halalela, o ne a ke ke a iphapanya ha motho a bolaile e mong ka phoso. Ke ’nete hore motho ea bolaileng e mong ka phoso o ne a hauheloa. Empa pele, o ne a lokela ho hlalosetsa baholo litaba tsa hae. Haeba ba bona hore ehlile o bolaile motho ka phoso, ’molai o ne a lokela ho lula motseng oa setšabelo ho fihlela moprista ea phahameng a e-shoa. O ne a ka ’na a lula moo bophelo bohle ba hae. Kahoo, tlhophiso ena e ne e ruta Baiseraele hore bophelo boa halalela. E le ho bontša hore ba hlompha Ea faneng ka bophelo, ba ne ba lokela ho qoba ho etsa ntho leha e le efe e behang bophelo ba motho kotsing.

10. Ho latela mantsoe a Jesu, bangoli le Bafarisi ba ne ba bontša joang hore ha ba tsotelle bophelo ba batho ba bang?

10 Bangoli le Bafarisi ba ne ba sa tšoane le Jehova hobane ba ne ba sa tsotelle bophelo ba batho ba bang. Jesu o ile a re ho bona: “Le ile la tlosa senotlolo sa tsebo. Ha lea ka la kena, ’me ba kenang le ile la ba sitisa.” (Luka 11:52) Jesu o ne a bolela’ng? Bangoli le Bafarisi ba ne ba lokela ho hlalosetsa batho Lentsoe la Molimo ’me ba ba thuse hore ba fumane bophelo bo sa feleng. Ho e-na le hore ba etse joalo, ba ne ba sitisa batho hore ba se ke ba latela Jesu, e leng “Moemeli ea ka Sehloohong oa bophelo.” (Lik. 3:15) Kahoo, ba ne ba lebisa batho timetsong. Kaha bangoli le Bafarisi ba ne ba ikhohomosa ba bile ba icheba bobona, ba ne ba sa tsotelle bophelo ba batho ba bang. Ba ne ba le khopo ba bile ba se na mohau.

11. (a) Moapostola Pauluse o ile a bontša joang hore o nka bophelo bo le bohlokoa? (b) Ke’ng e tla re thusa hore re rate ho ruta batho ka Molimo joalokaha Pauluse a ne a etsa?

11 Re ka etsa’ng ho qoba ho tšoana le bangoli le Bafarisi? Re lokela ho hlompha bophelo re be re bo baballe. Moapostola Pauluse o ile a etsa joalo ka hore a rute batho ba bangata ka ’Muso oa Molimo. Ke kahoo a ileng a re: “Ke hloekile maling a batho bohle.” (Bala Liketso 20:26, 27.) Empa na Pauluse o ne a ruta batho hobane feela a sa batle ho ba le letsoalo le molato kapa hobane feela Jehova a batla hore a ba rute? Che. O ne a nka bophelo ba bona bo le bohlokoa ’me a batla hore ba fumane bophelo bo sa feleng. (1 Bakor. 9:19-23) Le rona re lokela ho etsisa Jehova ka hore re nke bophelo bo le bohlokoa. Jehova “o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9) Haeba re rata batho re bile re ba hauhela, re tla ba ruta ka Molimo. Ha re etsa joalo, re tla thaba.

12. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho hlompha bophelo?

12 Re lokela ho bontša hore re hlompha bophelo ka hore re qobe lintho tse ka behang bophelo ba rona le ba batho ba bang kotsing. Re be hlokolosi ha re khanna, ha re sebetsa, ha re haha leha rea libokeng. Batho, bophelo bo botle le tšireletseho e lokela ho ba tsona lintho tsa bohlokoa ho rona ho feta ho boloka nako kapa chelete. Re batla ho tšoana le Molimo oa rona ea etsang lintho tse nepahetseng kamehla. Ka ho khetheha, baholo ba lokela ho ameha ka hore ba itšireletse ba be ba sireletse batho ba bang. (Liprov. 22:3) Haeba moholo a re hopotsa melao ea polokeho, re lokela ho mo mamela. (Bagal. 6:1) Ha re hlompha bophelo joaloka Jehova, re ke ke ra “ba le molato oa mali.”

‘AHLOLA . . . HO EA KA LIKAHLOLO TSENA’

13, 14. Baholo ba Baiseraele ba ne ba lokela ho etsisa Jehova joang?

13 Jehova o ile a bolella baholo ba Iseraele hore ba mo etsise ’me ba sebetse litaba ka toka. Ba ne ba lokela ho qala ka ho netefatsa litaba. Ka mor’a moo, ba hlahlobe ka hloko hore na sepheo sa ’molai e ne e le sefe, hore na o itšoere joang ka mor’a ketso eo le hore na o kile a etsa lintho life tse mpe. Ba ne ba lokela ho batlisisa hore na ’molai o ne a hloile mofu kapa che le hore na o ’molaile ka boomo. (Bala Numere 35:20-24.) Haeba ho e-na le lipaki, bonyane lipaki tse peli li ne li lokela ho teka bopaki pele kahlolo e lihuoa.—Num. 35:30.

14 Ka mor’a hore baholo ba utloe hore na ho etsahetse’ng, ba ne ba lokela ho nahana ka motho eo, eseng feela ka seo a se entseng. Ba ne ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba ea le khongoana holimo empa ba bone lebaka leo lintho li etsahetseng ka lona. Ka holimo ho tsohle, ba ne ba lokela ho rapella moea o halalelang e le hore ba sebetse litaba ka toka, ba be bohlale ’me ba be mohau.—Ex. 34:6, 7.

15. Jesu o ne a fapane joang le Bafarisi?

15 Bafarisi ba ne ba sheba feela hore na mofosi o entse’ng, ho e-na le hore ba shebe hore na ke motho ea joang. Ha ba bona Jesu a ntse a e-ja le ba lelapa la Matheu, ba ile ba re ho baapostola: “Ke hobane’ng ha mosuoe oa lōna a ja le babokelli ba lekhetho le baetsalibe?” Ha Jesu a ba araba o ile a re: “Batho ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka. Joale, e-eang, ’me le ithute hore na sena se bolela eng, ‘Ke batla mohau, eseng sehlabelo.’ Etsoe ke tlil’o bitsa baetsalibe, eseng batho ba lokileng.” (Mat. 9:9-13) Na Jesu o ne a buella liketso tse mpe? Che. Ha e le hantle, e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tseo a neng a li ruta batho ke hore baetsalibe ba lokela ho baka. (Mat. 4:17) Leha ho le joalo, o ne a hlokomela hore ba bang ba “babokelli ba lekhetho le baetsalibe,” ba ne ba batla ho fetoha. Ba ne ba tlile lapeng la Matheu hobane ba batla ho ba balateli ba Jesu, eseng feela ho tla ja. (Mar. 2:15) Ka masoabi, Bafarisi ba ne ba sa tšoare batho joaloka Jesu. Le hoja ba ne ba ipolela hore ke barapeli ba Jehova, ba ne ba sa ahlole batho ka toka le ho ba hauhela joalokaha Jehova a etsa.

16. Baholo ba komiting ea boahloli ba lokela ho hlahloba eng?

16 Le mehleng ena, baholo ba lokela ho etsisa Jehova ka hore ba ‘rate toka.’ (Pes. 37:28) Ba lokela ho qala pele ka hore ba ‘batlisise ’me ba botsisise’ e le ho tseba hore na motho o entse sebe kapa che. Haeba a entse sebe, ba lokela ho sebetsa litaba ho latela melao-motheo ea Bibele. (Deut. 13:12-14) Haeba ba le teng komiting ea boahloli, ba lokela ho hlahloba litaba ka hloko e le hore ba tsebe hore na motho ea entseng sebe se tebileng o bakile kapa che. Ha ho bonolo ho tseba hore na motho o bakile kapa che. Ho baka ho akarelletsa hore na mofosi o ikutloa joang ka sebe seo a se entseng, e leng se hlileng se leng ka pelong ea hae. (Tšen. 3:3) Mofosi o tla hauheloa hafeela a bakile. *

17, 18. Baholo ba ka tseba joang hore na motho o bakile kapa che? (Sheba setšoantšo se qalong.)

17 Jehova le Jesu ba tseba hantle seo motho a ntseng a se nahana le hore na o ikutloa joang hobane ba khona ho bala lipelo. Empa baholo ba ke ke ba khona ho bona se ka pelong ea motho. Kahoo, haeba u moholo, u ka tseba joang hore na motho o fela a bakile kapa che? U lokela ho qala pele ka ho kopa Jehova hore a u fe bohlale. (1 Mar. 3:9) Hape, u lokela ho bala Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tse tsoang ho lekhoba le tšepahalang e le hore u bone phapang pakeng tsa “ho hlomoha ha lefatše” le ho “hlomoha ka tsela ea bomolimo,” e leng ho baka e le kannete. (2 Bakor. 7:10, 11) Hlokomela hore na Mangolo a hlalosa joang batho ba ileng ba baka le ba sa kang ba baka. Hore na ba ne ba ikutloa joang, ba nahana joang le hore na ba ne ba itšoara joang.

18 Qetellong, u lokela ho nahana ka motho eo, eseng feela ka sebe seo a se entseng. Hore na ke lintho life tseo a kileng a li etsa, ke life tseo a sitoang ho li etsa le hore na ke hobane’ng ha a entse sebe seo. Ha Bibele e bua ka Jesu, e leng hlooho ea phutheho, e re: “A ke ke a ahlola ka se bonahalang mahlong a hae, kapa a khalemela feela ho ea ka ntho e utloiloeng ke litsebe tsa hae. O tla ahlola ba tlaase ka ho loka, ’me o tla fana ka khalemelo ka ho loka molemong oa ba bonolo ba lefatše.” (Esa. 11:3, 4) Baholo, Jesu o le khethile hore le hlokomele phutheho ea hae. Kahoo, o tla le thusa hore le sebetse litaba ka toka ’me le be mohau. (Mat. 18:18-20) Re ananela haholo hore ebe re na le baholo ba re tsotellang hakana. Hape rea thaba ha ba re thusa hore re sebetse litaba ka toka le batho ba bang ’me re ba hauhele.

19. Ho latela seo u ithutileng sona ka metse ea setšabelo, u ikemiselitse ho etsa’ng?

19 Molao oa Moshe o na le “moralo oa tsebo le oa ’nete.” Kahoo, o re ruta ka Jehova le melao-motheo ea hae. (Bar. 2:20) Mohlala, metse ea setšabelo e ruta baholo kamoo ba lokelang ho ‘etsa kahlolo ea bona ka toka ea ’nete’ kateng. Empa kaofela ha rona e re ruta hore re “etsetsane mosa o lerato le mehauhelo.” (Zak. 7:9) Le hoja re se re se tlas’a Molao oa Moshe, Jehova eena ha aa fetoha. Toka le mohau e ntse e le lintho tsa bohlokoa ho eena. Re lokela ho nka e le tlotla ho sebeletsa Molimo ea joalo. Kahoo, a re mo etsiseng ka hore re sebetse litaba ka toka, re hauhele batho ba bang ’me re mo etse setšabelo sa rona.

^ ser. 16 Sheba sehlooho se reng “Lipotso Tse Tsoang ho Babali,” ho Molula-Qhooa oa September 15, 2006, leq. 30.