Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Binelang Jehova le Thabile

Binelang Jehova le Thabile

“Ke ntho e ntle ho binela Molimo oa rōna lipina tsa thoriso.”—PES. 147:1.

LIPINA: 9, 138

1. Lipina li bohlokoa hakae?

MONGOLI e mong oa lipina ea tsebahalang o ile a re: “Mantsoe a etsa hore u nahane. Ha u mametse pina, e ka u ama. Empa ha u bina mantsoe a eona, a ka u finyella pelo.” Lipina tsa rona li rorisa Jehova, ’me mantsoe a tsona a bontša hore rea mo rata. Kahoo, ho bonolo ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ’mino o le bohlokoa haholo borapeling ba rona, ebang re bina re le bang kapa le Bakreste-’moho le rona.

2, 3. (a) Batho ba bang ba ka ’na ba ikutloa joang ka ho bina ba phahamisitse lentsoe libokeng? (b) Re tla hlahloba lipotso life?

2 Na u soabela ho bina u phahamisitse lentsoe libokeng? Litsong tse ling bo-ntate ba soabela ho bina ka pel’a batho. Empa haeba baholo le bahlanka ba sebeletsang ba sa bine ’moho le phutheho libokeng, bahoeletsi ba ka ’na ba bona eka ho bina ha ho bohlokoa hakaalo.—Pes. 30:12.

3 Ho bina ke karolo ea borapeli ba rona ho Jehova. Kahoo, ha rea lokela ho tsoa kapa re be sieo ha ho binoa kaha re ka lahleheloa ke karolo eo ea bohlokoa ea liboka. Kaofela re lokela ho ipotsa lipotso tsena: Na ke nka ho le bohlokoa ho bina libokeng? Nka etsa’ng haeba ke ikutloa ke le lesisitheho ho bina ka pel’a batho? Nka etsa’ng hore ke bine ke thabile?

HO BINA KE KAROLO EA BOHLOKOA EA BORAPELI BA RONA

4, 5. Davida o ile a etsa litlhophiso life ha ho neheloa tempele?

4 Barapeli ba Jehova esale ba rorisa Jehova ka ho mo binela lipina. Ha Baiseraele ba sa ntse ba sebeletsa Jehova ka botšepehi, ba ne ba nka ’mino e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba bona. Mohlala, ha Davida a lokisetsa tšebeletso e neng e tl’o tšoareloa tempeleng, o ile a khetha Balevi ba 4 000 hore ba binele Jehova. Har’a bona, ho ne ho e-na le ba 288 “ba koetliselitsoeng ho binela Jehova, kaofela e le litsebi.”—1 Likron. 23:5; 25:7.

5 Ho bapala ’mino le ho bina e ne e le karolo ea bohlokoa ha ho neheloa tempele. Bibele e re: “Eitse hang ha liletsi tsa literompeta le libini li le joaloka motho a le mong ka ho etsa hore molumo o le mong o rorisang le ho leboha Jehova o utloahale, le hang ha li phahamisitse molumo ka literompeta le licymbala le ka liletsa tsa pina le ka ho rorisa Jehova, . . . khanya ea Jehova e ne e tletse ntlo ea Molimo oa ’nete.” E tlameha ebe batho ba neng ba le moo ba ile ba matlafala tumelong.—2 Likron. 5:13, 14; 7:6.

6. Ha Nehemia a eteletse Baiseraele pele, o ile a etsa litlhophiso life bakeng sa ’mino?

6 Kaha Nehemia ke eena ea neng a etella pele Baiseraele ha ho tsosolosoa marako a Jerusalema, o ile a hlophisa hore Balevi ba bine ’me ba bapale ’mino. ’Mino o ile oa natefisa mokete oo haholo. Nehemia o ile a khetha “lihlopha tse peli tse khōlō tsa libini tsa liteboho.” Sehlopha se seng se ne se tsamaea ka lehlakoreng lena, ha se seng se tsamaea ka ho lane ho fihlela ka bobeli li kopana lerakong le haufi le tempele. Lihlopha tsena li ne li bina hoo batho ba neng ba khona ho li utloa ba le hole. (Neh. 12:27, 28, 31, 38, 40, 43) Re kholisehile hore Jehova o ile a thaba haholo ha a utloa barapeli ba hae ba mo binela ka tsela eo.

7. Jesu o ile a bontša joang hore ho bina ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ho Bakreste?

7 Esita le mehleng ea Jesu, ’mino e ne e ntse e le karolo ea bohlokoa ea borapeli. Nahana ka se ileng sa etsahala bosiung ba bohlokoa ka ho fetisisa ho moloko oa batho. Ka mor’a hore Jesu a thehe Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, ba neng ba le teng kaofela ba ile ba bina lipina ho rorisa Jehova.—Bala Matheu 26:30.

8. Ke joang Bakreste ba mehleng ea Jesu ba ileng ba re bontša bohlokoa ba ho rorisa Jehova ka lipina?

8 Bakreste ba mehleng ea Jesu ba re bontšitse hore ho bohlokoa ho rorisa Jehova ka lipina. Ho fapana le Baiseraele ba neng ba ea tempeleng e le hore ba rapele Jehova, Bakreste ba mehleng ea Jesu, ba ne ba atisa ho kopana ka matlung. Le hoja matlo ao a ne a se matle joaloka tempele, ba ne ba ntse ba binela Jehova ho tsoa pelong. Jehova o ile a bululela moapostola Pauluse hore a bue le Bakreste-’moho le eena a re: “Le ’ne le rutane le ho eletsana ka lipesaleme, lithoriso ho Molimo, lipina tsa moea ka mosa, le binela Jehova ka lipelong tsa lōna.” (Bakol. 3:16) Re lokela ho bina lipina tse hlahang libukeng tsa rona tsa lipina ka cheseho. Ke karolo ea lijo tseo “lekhoba le tšepahalang le le masene” le re fang tsona.—Mat. 24:45.

U SE KE OA BA LIHLONG

9. (a) Ke’ng e ka etsang hore batho ba bang ba be lihlong ho bina ha ba le libokeng kapa likopanong? (b) Re lokela ho binela Jehova joang, hona ke bo-mang ba lokelang ho li hula nthau? (Sheba setšoantšo se qalong.)

9 Ke lintho life tse ka etsang hore u se ke oa thabela ho bina? Mohlomong ka tlhaho ha u motho ea khonang ho bina kapa setsong sa hao pina ha se ntho e ratoang haholo. Kapa mohlomong u atisa ho mamela ha libini li bina radiong kapa thelevisheneng, ebe u utloa u soabela ho bina ha u ipapisa le tsona. Leha ho le joalo, kaofela re na le boikarabelo ba ho rorisa Jehova ka lipina. Kahoo, ha u bina, phahamisetsa buka holimo, u phahamise hlooho ebe u bina ho tsoa pelong. (Esdr. 3:11; bala Pesaleme ea 147:1.) Liholong Tsa ’Muso tse ngata ho na le liskrini tse hlahisang mantsoe a pina e le hore re khone ho bina hantle. Ke ntho e ntle hore ebe ho bina lipina tsa ’Muso ke karolo ea Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso sa baholo. Taba ena e bontša hore baholo ba lokela ho li hula nthau ha ho binoa libokeng.

10. Re lokela ho hopola’ng ha re utloa re le lihlong ho binela holimo?

10 Batho ba bang ba tšaba hore ha ba bina ba tla etsa lerata haholo. Ba bang ba nahana hore mantsoe a bona ha a monate. Empa re lokela ho hopola hore le hoja “re khoptjoa hangata” ha re bua, taba eo ha e etse hore re ikutloe re tšaba ho bua. (Jak. 3:2) Kahoo, ha rea lokela ho khaotsa ho binela Jehova hobane feela mantsoe a rona a se monate.

11, 12. Re ka ntlafatsa tsela eo re binang ka eona joang?

11 Mohlomong re tšaba ho bina hobane re sa tsebe ho bina. Empa ho na le lintho tseo re ka li etsang tse ka re thusang ho ntlafatsa tsela eo re binang ka eona. *

12 U ka khona ho bina ka lentsoe le phahameng haeba u hema ka tsela e nepahetseng. Feela joalokaha lebone le khantšoa ke motlakase, ho hema ho etsa hore mantsoe a rona a be matla ha re bua le ha re bina. U lokela ho bina ka lentsoe le phefa joalokaha u bua, kapa le ho feta. (Sheba lintlha tse hlahang bukeng ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, leqepheng la 181 ho ea ho 184, tlas’a sehloohoana se reng “Laola ho Phefumoloha ha Hao Hantle.”) Ha e le hantle, ka linako tse ling Bibele e re barapeli ba Jehova ba lokela ho ‘hoeletsa ka thabo’ ha ba binela Jehova.—Pes. 33:1-3.

13. Hlalosa hore na u ka etsa’ng ho re u bine ka lentsoe le phefa.

13 Leka ho etsa lintho tse latelang nakong ea borapeli ba lelapa kapa ha u le mong: Khetha pina ea ’Muso eo u e ratang. Balla mantsoe a eona holimo ka lentsoe le phefa. Ka mor’a moo, leka ho bala poleloana e le ’ngoe ea pina u sa e phomolele. Ebe u bina poleloana eo ka lentsoe lona leo le phefa. (Esa. 24:14) Lentsoe la hao le tla ba matla, e leng eona ntho e hlokehang. Empa le se ke la u tšosa kapa la u hlabisa lihlong.

14. (a) Ho bula molomo haholo ho ka u thusa joang hore u khone ho bina ka lentsoe le phefa? (Sheba lebokose le reng “ U ka Ntlafatsa Tsela eo U Binang ka Eona Joang.”) (b) Ke lintlha life tse u thusitseng hore u lokise lentsoe la hao?

14 E le hore u khone ho bina ka lentsoe le phefa, u lokela ho bula molomo. Kahoo, ha u bina, u lokela ho bula molomo haholo ho feta kamoo u o bulang kateng ha u bua. Empa u lokela ho etsa’ng haeba lentsoe la hao le le lesesaane haholo? U ka fumana lintlha tse ka u thusang tabeng ena lebokoseng la sehlooho se reng “Ho Hlōla Mathata a Tobileng,” bukeng ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, leqepheng la 184.

BINELA JEHOVA HO TSOA PELONG

15. (a) Ho ile ha etsoa tsebiso efe ka 2016 sebokeng sa selemo le selemo? (b) A mang a mabaka ao ka ’ona ho entsoeng buka ea lipina e ncha ke afe?

15 Motho e mong le e mong ea neng a le teng ka 2016 sebokeng sa selemo le selemo, o ile a thaba ha Mor’abo Stephen Lett oa Sehlopha se Busang a phatlalatsa hore haufinyane re tla ba le buka ea lipina e ncha e nang le sehlooho se reng Binelang Jehova le Thabile.” Mor’abo rona Lett o ile a re le leng la mabaka a entseng hore ho etsoe buka ea lipina e ncha ke hore ebe ho ntlafalitsoe Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. Mantsoe a buka ea lipina e ncha a lokela ho lumellana le a Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea 2013. Ho boetse ho na le lipina tse ncha tse buang ka thekollo le mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo. Hape, kaha ho bina ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rona, Sehlopha se Busang se ile sa etsa qeto ea hore ho etsoe buka ea lipina ea boleng bo phahameng e tšoanang hantle le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea 2013.

16, 17. Ho entsoe liphetoho life bukeng e ncha ea lipina?

16 Lipina tsa buka e ncha ea lipina li latellana ho ea ka ’moko-taba oa tsona. Mohlala, tse 12 tse qalang li bua ka Jehova, tse 8 tse latelang li bua ka Jesu le thekollo, joalo-joalo. Lethathamo la lipina tsena le hlaha qalong ea buka ea lipina. Le tla thusa barab’abo rona ho khetha pina e loketseng bakeng sa puo ea phatlalatsa.

17 Mantsoe a lipina tse ling a fetotsoe ’me ho sebelisitsoe mantsoe a tloaelehileng e le hore batho bohle ba khone ho li bina ho tsoa pelong. Kaha a mang a mantsoe a sebelisitsoeng lipineng tse ling ha aa tloaeleha, a tlositsoe ’me a nketsoe sebaka ke a tloaelehileng.

Binang lipina tsa ’Muso nakong ea borapeli ba lelapa(Sheba serapa 18)

18. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta lipina tsa buka ea rona e ncha ea lipina? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

18 Boholo ba lipina tsa buka ena e ncha ekare lithapelo. Li re thusa ho bolella Jehova kamoo re ikutloang kateng. Tse ling li re thusa “hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle” le Bakreste-’moho le rona. (Baheb. 10:24) Kahoo, re lokela ho ithuta merethetho le mantsoe a lipina tsa rona. Re ka ithuta tsona ka hore re mamele likhatiso tsa tsona tse rekotiloeng tse hlahang ho jw.org. Ha u li bina u sa le hae, u tla li tseba ebe u khona ho li bina ka lentsoe le phefa. *

19. Batho bohle ba ka phuthehong ba ka rorisa Jehova joang?

19 Hopola hore ho bina ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rona. Ke tsela e ntle ka ho fetisisa eo re bontšang Jehova ka eona hore rea mo rata ebile re ananela lintho tseo a re etselitseng tsona. (Bala Esaia 12:5.) Ha u bina ka lentsoe le phefa, u susumelletsa batho ba bang hore le bona ba bina joalo. Batho bohle, ebang ba baholo, ke bacha kapa ba sa tsoa fihla ka phuthehong, ba ka rorisa Jehova ka ho mo binela lipina. Kahoo, u se ke oa ba lesisitheho ho bina ho tsoa pelong. Ho e-na le hoo, mamela mantsoe a mopesaleme a reng: “Binelang Jehova.” A re bineleng Jehova re thabile.—Pes. 96:1.

^ ser. 11 Bakeng sa lintlha tse eketsehileng tse ka u thusang ho ntlafatsa tsela eo u binang ka eona, shebella lenaneo la December 2014 la Khaso ea JW (Ka Senyesemane).

^ ser. 18 Pele lenaneo la hoseng le la thapama la kopano le qala, ho bapaloa ’mino o nkang metsotso e leshome. ’Mino ona o re thusa ho itokisetsa ho mamela lipuo tse tla latela. Kahoo, re lokela ho lula fatše e le hore re mamele ’mino oo ho tloha ha o qala.