Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Le se ke la Lumella Letho ho le Sitisa ho Fumana Moputso

Le se ke la Lumella Letho ho le Sitisa ho Fumana Moputso

“Ho se ke ha e-ba le motho ea le amohang moputso.”—BAKOL. 2:18.

LIPINA: 32, 134

1, 2. (a) Bahlanka ba Jehova ba letetse moputso ofe? (b) Ke’ng e tla re thusa ho lula re letetse ka tjantjello litlhohonolofatso tseo Jehova a tl’o re tlisetsa tsona? (Sheba setšoantšo se qalong.)

BATLOTSUOA ba na le tšepo ea ho fumana “moputso oa pitso ea holimo ea Molimo,” feela joaloka moapostola Pauluse. (Bafil. 3:14) Ba letetse ka tjantjello ho e’a sebetsa ’moho le Jesu Kreste ’Musong oa hae o leholimong le ho thusana le eena ho etsa hore batho bohle ba boele ba phethahale. (Tšen. 20:6) Batho baa ba fumane mosebetsi o babatsehang hakaakang! Athe ba sehlopheng sa linku tse ling ba na le tšepo e fapaneng. Le bona ba letetse ka tjantjello ho fumana moputso oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng mona.—2 Pet. 3:13.

2 Ha Pauluse a ne a khothatsa batlotsuoa-’moho le eena hore ba lule ba tšepahala e le hore ba tle ba fumane moputso, o ile a re: “Bolokang likelello tsa lōna li tsepame linthong tse holimo.” (Bakol. 3:2) Ba ne ba lokela ho lula ba nahanisisa ka tšepo eo ba nang le eona ea ho fumana moputso oa ho ea leholimong. (Bakol. 1:4, 5) Ho lula re nahanisisa ka litlhohonolofatso tseo Jehova a tl’o re tlisetsa tsona ho tla re thusa hore re lule re li letetse ka tjantjello, ebang re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng.—1 Bakor. 9:24.

3. Pauluse o ile a hlokomelisa Bakreste-’moho le eena ka eng?

3 Pauluse o ile a boela a hlokomelisa Bakreste-’moho le eena ka lintho tse neng li ka ba sitisa ho fumana moputso. Mohlala, lengolong leo a ileng a le ngolla phutheho ea Kolose, o ile a bua ka Bakreste ba bohata ba neng ba se na tumelo ho Kreste hobane ba ne ba nka hore ba ka khahlisa Molimo ka ho khomarela Molao. (Bakol. 2:16-18) O ile a boela a bua ka lintho tse ka re sitisang ho fumana moputso le mehleng ena. Mohlala, o ile a bua ka lintho tse kang litakatso tse fosahetseng, liqabang tse ka bang teng pakeng tsa rona le Bakreste-’moho le mathata a ka hlahang ka lapeng. Likeletso tseo a faneng ka tsona mabapi le lintho tsena li ka re thusa haholo le mehleng ena. Kahoo, a re hlahlobeng tse ling tsa likeletso tsena tse lengolong leo a ileng a le ngolla Bakreste ba Kolose.

LOANTŠANG LITAKATSO TSE FOSAHETSENG

4. Ke hobane’ng ha litakatso tse fosahetseng li ka re sitisa ho fumana moputso?

4 Ka mor’a ho hopotsa Bakreste-’moho le eena ba batlotsuoa ka tšepo eo ba nang le eona, o ile a re: “Le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono.” (Bakol. 3:5) Litakatso tse fosahetseng li matla haholo hoo li ka re sitisang ho ba le kamano e ntle le Jehova. Mor’abo rona e mong ea ileng a etsa sebe ka lebaka la ho hloleha ho loantša litakatso tse fosahetseng, eaba hamorao o khutlela ka phuthehong, o ile a re: “Litakatso tseo li ne li le matla hoo ke ileng ka hloleha ho ithiba.”  

5. Re ka etsa’ng haeba ho ka hlaha boemo boo ho bona re lokelang ho ba seli haholo?

5 Ho bohlokoa haholo hore re be seli ha re hlaheloa ke maemo ao ho ’ona ho ka bang thata ho mamela melao ea Jehova. Ka mohlala, ho bohlokoa hore batho ba babeli ba ratanang ba buisane li sa tloha feela ka ho behelana meeli ha ho tluoa litabeng tse kang ho tšoarana, ho metana le ho ba moo ba leng babeli feela. (Liprov. 22:3) Re boetse re lokela ho ba seli haholo boemong boo ho bona re nkileng leeto la mosebetsi kapa haeba re sebetsa le motho oa bong bo fapaneng. (Liprov. 2:10-12, 16) Haeba u ka hlaheloa ke maemo a kang ana, bolella motho eo u sebetsang le eena hore u Paki ea Jehova. Lula u itšoere hantle ’me u hopole hore ho ka ba kotsi ho bontša eka oa mo thahasella. Hape, re lokela ho ba seli nakong eo re nyahameng kapa re utloileng bohloko haholo. Boemong bo joalo, re ka utloa re batla motho ea ka etsang hore re ikutloe re ratoa. Re ka ba ra utloa re rata mang kapa mang oa bong bo fapaneng ea bontšang hore oa re tsotella. Haeba u ka hlaheloa ke boemo bo joalo, kopa Jehova hore a u thuse ’me u be haufi le Bakreste-’moho le uena e le hore u tle u se ke oa etsa lintho tse tla u sitisa ho fumana moputso.—Bala Pesaleme ea 34:18; Liproverbia 13:20.

6. Ke lintho life tseo re lokelang ho li ela hloko ha re khetha hore na re tla ithabisa ka’ng?

6 Ho qoba ho mamela lipina le ho qoba ho shebella lifilimi tse buang ka boitšoaro bo litšila ho ka re thusa ho loantša litakatso tse fosahetseng. Lintho tseo batho ba ithabisang ka tsona morao tjena li mpe joaloka lintho tse neng li etsahala motseng oa Sodoma le oa Gomora. (Juda 7) Lik’hamphani tsa boithabiso li etsa lipina le lifilimi tse etsang hore ho bonahale eka boitšoaro bo litšila ha bo na bothata, le hore ha ho letho le lebe le tla re hlahela ha re ka bo etsa. Ha rea lokela ho ipeha kotsing ka ho mamela kapa ho shebella ntho e ’ngoe le e ’ngoe e teng, ebang ke pina kapa filimi. Ha rea lokela ho khetha ho ithabisa ka lintho tse ka re sitisang ho fumana moputso.—Liprov. 4:23.

LE BE BATHO BA LERATO LE BA MOSA

7. Ke mathata afe a ka re hlahelang ka phuthehong?

7 Kaofela ha rona rea lumela hore re hlohonolofalitsoe hore ebe re ka har’a phutheho. Ho ithuta Bibele ha re le libokeng le ho thusa Bakreste-’moho le rona ho re thusa ho lula re letetse moputso ka tjantjello. Empa ka linako tse ling ho ka hlaha liqabang pakeng tsa rona le Bakreste-’moho le rona tse ka etsang hore re utloisane bohloko. Haeba re sa rarolle liqabang tseo, ho ka ba bonolo feela hore re jare Bakreste-’moho le rona ka pelo.—Bala 1 Petrose 3:8, 9.

8, 9. (a) Ke makhabane afe a tla re thusa hore re lule re letetse moputso ka tjantjello? (b) Ke’ng e tla re thusa hore re lule re thabile leha Mokreste-’moho le rona a ka re utloisa bohloko?

8 Re ka etsa’ng e le hore re se ke ra jara Bakreste-’moho le rona ka pelo eaba re hloleha ho fumana moputso? Pauluse o ile a eletsa Bakolose, a re: “Joaloka bakhethoa ba Molimo, ba halalelang le ba ratoang, le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso. Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna. Empa, ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Bakol. 3:12-14.

9 Haeba re ratana re bile re le mosa, ho tla ba bonolo hore re tšoarelane. Ka mohlala, haeba Mokreste-’moho le rona a etsa kapa a bua lintho tse re utloisang bohloko, re ka leka ho hopola makhetlo ao rona re ileng ra utloisa ba bang bohloko ka ’ona. Rea thaba hore ebe Bakreste-’moho le rona bao re ileng ra ba utloisa bohloko ba ile ba re tšoarela. (Bala Moeklesia 7:21, 22.) Hape, re thaba haholo hore ebe Kreste o ile a ba mosa ho rona ’me a etsa hore re momahane. (Bakol. 3:15) Kaofela ha rona re sebeletsa Molimo a le mong, re bolella batho molaetsa o tšoanang ebile re hlaheloa ke mathata a mangata a tšoanang. Ha re le mosa re bile re tšoarelana, re tla lula re momahane le ho lula re letetse moputso ka tjantjello.

10, 11. (a) Ke hobane’ng ha ho le kotsi ho ba mona? (b) Re ka etsa’ng e le hore re se ke ra ba mona ’me ra hloleha ho fumana moputso?

10 Ka Bibeleng ho na le mehlala e re hopotsang hore ho ba mona ho ka re sitisa ho fumana moputso. Ka mohlala, Kaine o ile a monela moen’ae Abele eaba oa mo bolaea. Kora, Dathane le Abirame le bona ba ile ba monela Moshe eaba ba qetella ba se ba mo hanyetsa. Morena Saule o ile a monela Davida a ba a leka ho mo bolaea. Ke kahoo Bibele e reng: “Moo poulelo le ho rata likhang li leng teng, ke moo ho hloka taolo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe li leng teng.”—Jak. 3:16.

11 Ho ke ke ha e-ba bonolo hore re be mona haeba re le lerato re bile re le mosa. Bibele e re: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Lerato ha le boulele.” (1 Bakor. 13:4) Re lokela ho ba le maikutlo a tšoanang le ao Jehova a nang le ’ona ka Bakreste-’moho le rona. Re ba nke e le litho tsa bohlokoa tsa phutheho. Ho etsa joalo ho tla re thusa hore re ba rate ’me re mamele keletso ena e reng: “Haeba setho se seng se tlotlisoa, litho tse ling tsohle li thaba le sona.” (1 Bakor. 12:16-18, 26) Kahoo, re tla thaba le Bakreste-’moho le rona ha ho e-na le lintho tse ntle tseo ba li fumaneng, ho e-na le ho ba mona. Nahana ka mohlala oa Jonathane, mora oa Morena Saule. Ho e-na le hore a monele Davida ha a khethoa hore e be morena ea tla hlahlama Saule, o ile a mo khothatsa. (1 Sam. 23:16-18) Le rona re ka ba mosa le ho ba lerato joaloka Jonathane.

MALAPA, SEBELETSANG HO FUMANA MOPUTSO

12. Ke keletso efe e ka thusang malapa hore a fumane moputso?

12 Haeba malapa a mamela likeletso tsa Bibele, a ka thaba ’me a fumana moputso. Pauluse o ile a eletsa Bakreste ba Kolose, a re: “Lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, kaha hoa tšoaneleha Moreneng. Lōna banna, le ’ne le rate basali ba lōna ’me le se ke la ba halefela ka matla. Lōna bana, le mamele batsoali ba lōna nthong e ’ngoe le e ’ngoe, etsoe sena se khahlisa haholo Moreneng. Lōna bo-ntate, le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.” (Bakol. 3:18-21) Kaofela rea lumela hore keletso ena e ka thusa bo-ntate, bo-’mè esita le bana haeba ba ka e mamela.

13. Ke joang morali’abo rona a ka etsang hore molekane oa hae a qetelle e se e le Paki ea Jehova?

13 Haeba u ’mè, u lokela ho etsa’ng ha u bona eka mohats’a hao eo e seng Paki o u tšoara hampe? Na u lokela ho pheha khang le eena hobane a u tšoara hampe? Le haeba u ka atleha ho etsa hore a itšoare ka tsela eo u e batlang, na ho etsa joalo ho tla etsa hore e be Paki? Che. Empa haeba u mo hlompha, u tla be u rorisa Jehova. U ka etsa hore ho be le khotso ka lapeng, ’me mohlomong a ka qetella e se e le Paki ea Jehova. Kahoo, bobeli ba lona le tla fumana moputso.—Bala 1 Petrose 3:1, 2.

14. Mor’abo rona o lokela ho etsa’ng haeba molekane oa hae eo e seng Paki a sa mo hlomphe?

14 Haeba u ntate, u lokela ho etsa’ng ha u bona eka mohats’a hao eo e seng Paki ha a u hlomphe? Na u lokela ho mo halefela, u mo bolelle hore a u hlomphe hobane u hlooho ea hae? Che. Molimo o lebeletse hore u etsise Jesu ’me u rate molekane oa hao. (Baef. 5:23) Jesu o rata Bakreste ka phuthehong ’me ha a ba felle pelo. (Luka 9:46-48) Kahoo, haeba u ka etsisa mohlala oa Jesu, u ka etsa hore molekane oa hao a qetelle e se e le Paki ea Jehova.

15. Ntate a ka bontša joang hore o rata molekane oa hae?

15 Bibele e eletsa bo-ntate, e re: “Le ’ne le rate basali ba lōna ’me le se ke la ba halefela ka matla.” (Bakol. 3:19) Ntate oa bontša hore o rata molekane oa hae haeba a mamela a bile a ananela maikutlo a hae. (1 Pet. 3:7) Ke ’nete hore ha se kamehla a ka sebelisang litlhahiso tsa molekane oa hae, empa a ka etsa qeto e ntle haholo haeba a ile a buisana le eena pele. (Liprov. 15:22) Ntate a ka etsa lintho tse tla etsa hore molekane oa hae a mo hlomphe ho e-na le ho mo laela hore a mo hlomphe. Haeba ntate a rata molekane oa hae le bana, lelapa la hae le tla thaba ’me le tla fumana moputso.

Re ka etsa’ng e le hore re se ke ra lumella mathata a ka hlahang ka lapeng ho re sitisa ho fumana moputso? (Sheba lirapa 13 ho ea ho 15)

BACHA, MAMELANG BATSOALI E LE HORE LE FUMANE MOPUTSO

16, 17. Bacha, le ka etsa’ng e le hore le se ke le halefela batsoali ba lona?

16 Haeba u mocha, u lokela ho etsa’ng ha u bona eka batsoali ba hao ha ba u utloisise le hore ba u etsa ngoana? Mohlomong u ka ba koatela hoo u ka bang oa ipotsa hore na ehlile ho molemo ho sebeletsa Jehova. Empa haeba u ka tlohela ho sebeletsa Jehova hobane feela u koatetse batsoali ba hao, hamorao u tla hlokomela hore batsoali ba hao le Bakreste-’moho le uena ba u tsotella ho feta mang kapa mang.

17 Haeba batsoali ba hao ba ne ba sa u khalemele ho hang, mohlomong u ne u tla ipotsa hore na ehlile baa u rata. (Baheb. 12:8) Empa e ka ’na eaba u koatisoa ke tsela eo ba u khalemelang ka eona. Ho e-na le hore u ngongorehe ka hore na ba u khalemela joang, leka ho hlokomela hore na ke hobane’ng ha ba u khalemela joalo. Kahoo, lula u khobile matšoafo ’me u leke ka matla ho ithiba hore u se ke oa halefa ha ba u khalemela. Bibele e re: “Mang kapa mang ea tšoarang lipolelo tsa hae o na le tsebo, ’me motho ea nang le temoho o na le moea o khutsitseng.” (Liprov. 17:27) Ikemisetse ho bontša hore u holile ka hore u amohele keletso eo u e fuoang, u sa halefe ebile u sa tšoenyehe haholo ka hore na u elelitsoe joang. (Liprov. 1:8) U hlohonolofalitsoe haholo ka hore ebe u na le batsoali ba ratang Jehova. Kahoo, ba batla ho u thusa hore u fumane moputso oa bophelo bo sa feleng.

18. Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho lula u letetse moputso ka tjantjello?

18 Re lokela ho lula re nahana ka moputso oo re tla o fumana, ebang ke oa ho phela ka ho sa feleng leholimong kapa lefatšeng. Rea lumela hore re tla fela re o fumane kaha ke Molimo ka boeena ea re tšepisitseng oona. Molimo o ile a bua ka lefatše la Paradeise, a re: “Lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova.” (Esa. 11:9) Ka nako eo, bohle ba tla beng ba le teng ba tla rutoa ke Jehova. Ke moputso oo re lokelang ho o sebeletsa ka thata. Kahoo, lula u nahanisisa ka lintho tseo Jehova a re tšepisitseng tsona ’me u se ke oa lumella letho ho u sitisa ho o fumana.