Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ea Leihlo le Mosa o Tla Hlohonolofatsoa”

“Ea Leihlo le Mosa o Tla Hlohonolofatsoa”

MAHLABELO e bile karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete ka lilemo tse ngata. Baiseraele ba ’nile ba etsa mahlabelo ka liphoofolo ’me Bakreste esale ba tsejoa ka ho etsetsa Molimo “sehlabelo sa thoriso.” Leha ho le joalo, ho na le mahlabelo a mang a thabisang Molimo. (Baheb. 13:15, 16) Mahlabelo ana a tlisa thabo le tlhohonolofatso joalokaha mehlala e latelang e bontša.

Mohlanka e mong oa Jehova e leng Anna o ne a batla mora empa a sa khone ho ba le bana. O ile a kopa Jehova ’me a hlapanya hore ha a ka a ba le ngoan’a moshanyana o ne a “tla mo fa Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.” (1 Sam. 1:10, 11) Hamorao, Anna o ile a ima ’me a ba le mora eaba o mo reha Samuele. Ka mor’a hore Samuele a khoe, Anna o ile a mo isa tabernakeleng joalokaha a ne a tšepisitse. Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka lebaka la boitelo ba hae. Anna o ile a ba le bana ba bang ba bahlano ’me Samuele ea e-ba moprofeta le mongoli oa Bibele.—1 Sam. 2:21.

Joaloka Anna le Samuele, mehleng ena Bakreste ba na le tokelo ea ho sebeletsa Jehova bophelo bohle ba bona. Hape Jesu o ile a re tšepisa hore re tla fumana litlhohonolofatso ka lebaka la mahlabelo ao re a etsetsang Jehova.—Mar. 10:28-30.

Lekholong la pele la lilemo, mosali oa Mokreste eo lebitso la hae e leng Dorkase o ne a tsebahala ka “liketso tse molemo le limpho tsa mohau.” Ka masoabi Dorkase o ile a “kula a ba a shoa” ’me phutheho e ile ea sareloa ka lebaka la seo. Ha baapostola ba utloa hore Petrose o teng sebakeng seo, ba ile ba mo kopa hore a tle hang-hang. Ak’u nahane feela hore na ba ile ba thaba hakaakang ha Petrose a tsosa Dorkase. E ne e le tlaleho ea pele ka Bibeleng ea motho ea tsositsoeng ke moapostola. (Lik. 9:36-41) Molimo o ne a sa lebala mahlabelo a Dorkase. (Baheb. 6:10) Tlaleho ea hae ea ho fana e bolokiloe ka lentsoeng la Molimo e le mohlala o motle oo re ka o etsisang.

Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse ke mohlala o motle oa motho ea ileng a fa batho ba bang nako ea hae. Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Korinthe a re: “Ka nyakallo e khōlō ke tla sebelisa le ho sebelisoa ka ho feletseng bakeng sa meea ea lōna.” (2 Bakor. 12:15) Ka lebaka la boiphihlelo, Pauluse o ile a ithuta hore ho itella ba bang ho ka re khotsofatsa bophelong, hape Jehova o tla re hlohonolofatsa ’me re be le kamano e ntle le eena.—Lik. 20:24, 35.

Ho hlakile hore Jehova oa thaba ha re sebelisa nako le matla a rona ho mo sebeletsa le ho thusa Bakreste-’moho le rona. Empa na ho na le litsela tse ling tseo re ka tšehetsang mosebetsi oa boboleli ka tsona? E, li teng. Re ka boela ra ntša menehelo. Menehelo ea rona e thusa baromuoa le bara le barali babo rona ba tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng ’me e boetse e thusa ho ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli. Hape e sebelisetsoa ho thusa batho ba hlahetsoeng ke likoluoa, ho fetolela lingoliloeng tsa rona le livideo le ho haha Liholo Tsa ’Muso. Re kholisehile hore “ea leihlo le mosa o tla hlohonolofatsoa.” Hape, haeba re fa Jehova lintho tsa rona tsa bohlokoa, rea mo hlompha.—Liprov. 3:9; 22:9.