Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Qoba ho Etsisa Batho Bao e Seng Barapeli ba Jehova

Qoba ho Etsisa Batho Bao e Seng Barapeli ba Jehova

Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela. . . ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše.”—BAKOL. 2:8.

LIPINA: 60, 26

1. Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba Kolose ka eng? (Sheba setšoantšo se qalong.)

MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a ngolla phutheho ea Kolose lengolo lilemong tsa bo-60 ho ea ho 61 mehleng ea baapostola, ha a ne a le teronkong Roma. O ile a ba hlalosetsa bohlokoa ba ho ba le “kutloisiso ea moea” e leng ho bona lintho ka tsela eo Jehova a li bonang ka eona. (Bakol. 1:9) Pauluse o ile a boela a re: “Ke bolela sena e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea ka le qhekellang ka likhang tse susumetsang. Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.” (Bakol. 2:4, 8) Pauluse o ile a ba a hlalosa hore na ke hobane’ng ha lineano tsa batho li fosahetse le hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata ba li rata. Mohlala, lineano tsena li ka etsa hore batho ba inke ba le bohlale ho feta ba bang kapa ba ba phahametse. Lengolo leo le ne le ngoletsoe ho lemosa Bakreste ba Kolose hore ba qobe ho nahana joaloka batho bao e seng barapeli ba Jehova.—Bakol. 2:16, 17, 23.

2. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšohla tsela eo batho bao e seng barapeli ba Jehova ba nahanang ka eona?

2 Batho bao e seng barapeli ba Jehova ba iphapanyetsa melao ea hae ’me ha re sa hlokomele ba ka thefula tumelo ea rona. Kajeno, re pota-potiloe ke batho bao e seng barapeli ba Jehova. E ka ba batho ba hlahang thelevisheneng kapa Inthaneteng, bao re sebetsang le bona kapa bao re kenang sekolo le bona. Sehloohong sena re tl’o ithuta hore na re ka thibela tšusumetso e joalo joang hore e se ke ea silafatsa likelello tsa rona. Re tl’o hlahloba litsela tse hlano tseo batho bao e seng barapeli ba Jehova ba nahanang ka tsona, le hore na re ka etsa’ng ho li qoba.

NA RE LOKELA HO LUMELA HO MOLIMO?

3. Batho ba bang ba na le maikutlo afe, hona hobane’ng?

3 Nka ba motho ea lokileng leha ke sa lumele ho Molimo.” Linaheng tse ngata batho ha ba lumele ho Molimo hobane ba re ha ba na bolumeli. Ha e le hantle, ha se hore ba ithutile hore Molimo ha a eo, empa ba batla ho ba le bolokolohi ba ho etsa lintho tsohle tseo ba li batlang. (Bala Pesaleme ea 10:4.) Batho ba bang ba inka ba le bohlale ha ba re: ‘Nka phela hamonate leha ke sa lumele ho Molimo.’

4. Ke joang re ka thusang motho ea sa lumeleng hore Molimo o bopile lintho?

4 Na ke taba e utloahalang ho lumela hore Molimo ha a eo? Batho ba bang ba ithuta saense e le ho utloisisa hore na ehlile Molimo o bopile lintho. Leha ho le joalo, ba ferekana le ho feta. Empa karabo e bonolo. Kaha ha ho na ntlo e ka bang teng haeba ho se na motho ea e hahang, lintho tse phelang tseo re li bonang, li bopiloe ke Molimo. Ha e le hantle, ho na le lintho tse nyenyane ka ho fetisisa tse phelang tse khonang ho ikatisa. Empa ntlo e ke ke ea khona ho ikatisa. Kahoo, lintho tsena tse phelang li khona ho boloka boitsebiso ba tsona e le hore li ikatise. Ke mang ea entseng hore li khone ho ikatisa? Bibele e re: “Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.”—Baheb. 3:4.

5. Re ka re’ng ho thusa motho ea nahanang hore e ka ba motho ea lokileng leha a sa lumele ho Molimo?

5 Re ka re’ng ho thusa motho ea nahanang hore e ka ba motho ea lokileng leha a sa lumele ho Molimo? Ke ’nete hore Bibele e re esita le batho ba sa lumeleng ho Molimo ba ka khona ho itšoara hantle. (Bar. 2:14, 15) Mohlala, ba ka rata batsoali ba bona ’me ba ba hlompha. Empa haeba ba sa mamele melao ea Jehova, ba ka etsa liqeto tse fosahetseng bophelong. (Esa. 33:22) Batho ba bangata ba kholisehile hore ke Molimo feela ea ka felisang mathata a lefatše. (Bala Jeremia 10:23.) Ha rea lokela ho nahana hore re ka khona ho ba batho ba lokileng empa re sa lumele ho Molimo re bile re sa mamele melao ea hae.—Pes. 146:3.

NA RE HLOKA HO BA LE BOLUMELI?

6. Batho ba bangata ba na le maikutlo afe ka bolumeli?

6 U ntse u ka thaba leha u se na bolumeli.” Batho ba bangata ba nka hore bolumeli bo siiloe ke nako. Ba bang ha ba rate bolumeli hobane bo qobella batho ho ntša koleke, bo tšehetsa lipolotiki ebile bo ruta hore ha motho a e-shoa o ea liheleng. Ke kahoo batho ba bangata ba reng ba thabile ha ba se na bolumeli. Ba ka ’na ba re: ‘Ke rata Molimo, empa ha ke batle ho ba le bolumeli.’

7. Borapeli ba ’nete bo ka u thusa joang hore u thabe?

7 Na ehlile re ka thaba leha re se na bolumeli? Motho a ka thaba haeba a se bolumeling bo fosahetseng. Empa ha ho motho ea ka thabang haeba e se motsoalle oa Jehova, “Molimo ea thabileng.” (1 Tim. 1:11) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo a e etsang, e molemong oa rona. Kaha re bahlanka ba hae, re thabile hobane re lula re thusa batho ba bang. (Lik. 20:35) Mohlala, nahana hore na bolumeli ba ’nete bo ka thusa lelapa joang hore le thabe. Bo re ruta ho rata balekane ba rona le ho ba hlompha. Hape bo re thusa ho ruta bana tlhompho ’me bo re ruta ho rata ba malapa a rona e le kannete. Borapeli ba ’nete bo ruta batho lefatšeng lohle hore ba sebetse ’moho ka khotso ’me ba ratane.—Bala Esaia 65:13, 14.

8. Re ka sebelisa Matheu 5:3 joang ho thusa batho ho utloisisa hore na ba ka thaba joang?

8 Na motho a ka thaba leha a sa sebeletse Molimo? Batho ba thabisoa ke’ng? Ba bang ba thabisoa ke mosebetsi, lipapali kapa ho etsa lintho tse itseng. Ba bang bona ba thabisoa ke ho hlokomela beng ka bona le metsoalle. Le hoja lintho tsena li ka etsa hore re thabe ka nakoana, ho na le lintho tse ka etsang hore re lule re thabile. Re fapane le liphoofolo ka hore re khona ho ithuta ka Molimo le ho mo sebeletsa. Rea thaba ha re rapela Molimo. Ke kamoo a re bopileng kateng. (Bala Matheu 5:3.) Mohlala, rea thaba ebile rea khothala ha re kopana le Bakreste-’moho le rona e le hore re rapele Jehova. (Pes. 133:1) Hape re thabisoa ke ho phela ka tsela e thabisang Jehova, ho ba karolo ea mokhatlo oa bara ba motho le hore ebe re na le tšepo ea bophelo bo sa feleng.

NA RE LOKELA HO BA LE MELAO EA BOITŠOARO?

9. (a) Batho ba bangata ba re’ng ka thobalano? (b) Lentsoe la Molimo le re’ng ka bohlola?

9 Phoso ke efe ka ho robala le motho eo e seng molekane oa hao?Batho ba bang ba ka ’na ba re: ‘Ha rea lokela ho itšoara ka thata. Re lokela ho thabela bophelo.’ Lentsoe la Molimo le re ho fosahetse ho etsa bohlola. * (Bala 1 Bathesalonika 4:3-8.) Jehova o na le tokelo ea ho re etsetsa melao hobane ke eena ea re bopileng. O re monna le mosali ba nyalaneng ke bona feela ba lokelang ho etsa thobalano. Jehova o re etselitse melao hobane oa re rata. Oa tseba hore haeba re e mamela, e tla re tsoela molemo. Lelapa le mamelang melao ea Jehova, le tla momahana, le hlomphane ’me le tšepane. Molimo o tla felisa batho ba tsebang melao ea hae empa ba sa e mamele.—Baheb. 13:4.

10. Re lokela ho etsa’ng ho qoba ho etsa bofebe?

10 Lentsoe la Molimo le re ruta ho qoba ho etsa thobalano le batho bao e seng balekane ba rona. Re lokela ho khetha lintho tseo re li shebang. Jesu o ile a re: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae. Joale, haeba leihlo leo la hao le letona le etsa hore u khoptjoe, u le honye ’me u le lahlele hōle le uena.” (Mat. 5:28, 29) Kahoo, re lokela ho qoba ho sheba litšoantšo tse litšila hammoho le ho mamela ’mino o litšila. Moapostola Pauluse o ile a re ho Bakreste-’moho le eena: “Le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola.” (Bakol. 3:5) Re boetse re lokela ho khetha lintho tseo re li nahanang le tseo re buang ka tsona.—Baef. 5:3-5.

NA RE LOKELA HO PHATHAHANA KA MOSEBETSI?

11. Ke hobane’ng ha re ka iphumana re batla mesebetsi e patalang hantle?

11 Ha u e-na le mosebetsi o patalang hantle, u tla thaba.Batho ba bangata ba re khothalletsa hore re batle mosebetsi o tla etsa hore re tsebahale kapa re be barui. Kaha batho ba batla mesebetsi e joalo hobane ba nka hore ba tla thaba ha ba e fumane, le rona re ka ’na ra iphumana re nahana joaloka bona.

12. Na mosebetsi o patalang hantle o ka etsa hore u thabe?

12 Na ke ’nete hore ha motho a fumane mosebetsi o lefang hantle o bileng o etsang hore a hlahelle, o tla thaba? Che. Nahana ka taba ena. Satane o ne a batla ho hlahella. Ka tsela e itseng, o fumane ntho eo a e batlang. Leha ho le joalo, ho e-na le hore a thabe, o lula a halefile. (Mat. 4:8, 9; Tšen. 12:12) Empa rona rea thaba ha re thusa batho hore ba tsebe Molimo le hore na o tla ba etsetsa’ng nakong e tlang. Ha ho mosebetsi o ka etsang hore motho a thabe joalo. Hape, e le hore motho a fumane mosebetsi o lefang hantle, o hlolisana le ba bang ’me o etsa eng kapa eng ho o fumana. O qetella a bile a le mona. Ho ntse ho le joalo, o lula a sa thaba. Bibele e re ho tšoana le ha a “lelekisa moea.”—Moek. 4:4.

13. (a) Re lokela ho nka mosebetsi oa rona joang? (b) Pauluse o ne a thabisoa ke’ng?

13 Ke ’nete hore re lokela ho sebetsa e le hore re khone ho iphelisa. Hape ha ho letho le phoso ka ho etsa mosebetsi oo re o ratang. Leha ho le joalo, mesebetsi ea rona ha ea lokela ho ba ntho e tlang pele bophelong ba rona. Jesu o ile a re: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli; kaha o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.” (Mat. 6:24) Ha re sebeletsa Jehova ’me re ruta batho Bibele, re tla thaba e le kannete. Moapostola Pauluse o ile a hlokomela taba ena hantle. Ha a sa le mocha, o ne a ikemiselitse ho ba le mosebetsi o motle. Empa hamorao, o ile a thaba haholo ha e e-ba morutuoa oa Jesu ’me a hlokomela kamoo Lentsoe la Molimo le fetolang bophelo ba batho kateng. (Bala 1 Bathesalonika 2:13, 19, 20.) Ha ho mosebetsi leha e le ofe o ka etsang hore re thabe ka tsela eo.

Re thabisoa ke ho ruta batho ka Molimo (Sheba lirapa 12 le 13)

NA RE KA RAROLLA MATHATA A LEFATŠE?

14. Ke hobane’ng ha batho ba lumela taba ea hore batho ba ka rarolla mathata a lefatše?

14 Batho ba ka khona ho itharollela mathata.Batho ba bangata ba nahana joalo. Empa haeba taba eo e ne e le ’nete, e ne e tla bolela hore ha re hloke tataiso ea Molimo le hore re ka iketsetsa eng kapa eng eo re e batlang. Mohlomong u kile oa utloa batho ba re lintho tse kang lintoa, tlolo ea molao, mafu le bofutsana li ntse li fokotseha. Litsebi tse ling li re: “Lintho li ntse li ntlafala hobane batho ba khethile ho ntlafatsa lefatše.” Empa na taba ee ke ’nete? Na batho ba se ba khona ho rarolla mathata a lefatše? E le hore re arabe lipotso tsena, a re ke re hlahlobeng a mang a mathata ana.

15. Ke hobane’ng ha re ka re mathata a lefatše a ntse a eketseha?

15 Na batho ba khonne ho felisa lintoa? Nakong ea Ntoa ea Pele le ea Bobeli ea Lefatše, ho ile ha shoa batho ba fetang limilione tse 60. Selemong sa 2015 feela, batho ba ka bang limilione tse 12 ba ile ba tlameha ho baleha mahaeng a bona ka lebaka la lintoa le ho hlorisoa. Tlolo ea molao eona? Libakeng tse ling, mofuta o itseng oa tlolo ea molao o fokotsehile. Empa mefuta e meng e kang tlhekefetso, bokhukhuni, bobolu le tlolo ea molao e etsoang ka Inthanete, e ntse e eketseha ka sekhahla. Batho ha ba khone ho felisa tlolo ea molao. Na ba khona ho felisa mafu? Ke ’nete hore ho na le mafu ao batho ba khonneng ho a phekola. Empa ka 2013, litsebi tse ling li ile tsa re selemo le selemo batho ba ka bang limilione tse robong ba lilemo li ka tlaase ho 60 ba bolaoa ke lefu la pelo, setorouku, mofetše, mathata a ho hema le lefu la tsoekere. Na batho ba ka felisa bofutsana? Ho latela Banka ea Lefatše, palo ea batho bao ho thoeng ke mafutsana-futse ba lulang Afrika, e nyolohile ho tloha ho limilione tse 280 ka 1990 ho ea ho limilione tse 330 ka 2012.

16. (a) Ke hobane’ng ha e le ’Muso oa Molimo feela o ka rarollang mathata a batho? (b) Esaia le mopesaleme ba re ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng?

16 Ha re makale ha re bona lintho li ntse li mpefala ka tsela ena hobane bo-rakhoebo le bo-ralipolotiki ba meharo. Ba ke ke ba khona ho felisa lintoa, tlolo ea molao, mafu le bofutsana. Ke ’Muso oa Molimo feela o ka li felisang. Nahana hore na Jehova o tla etsetsa batho eng. ’Muso oa Molimo o tla felisa sesosa sa lintoa, e leng batho ba meharo, ba ratang bobolu le ba ratang linaha tsa habo bona ka ho fetelletseng. O tla boela o felise bolumeli ba bohata hammoho le Satane. (Pes. 46:8, 9) ’Muso oa Molimo o tla felisa tlolo ea molao. O se o ntse o ruta batho ba limilione hore ba ratane ’me ba tšepane. Ha ho ’Muso leha e le ofe o ka etsang joalo. (Esa. 11:9) Haufinyane Jehova o tla felisa mafu ’ohle ’me a etse hore batho bohle ba be le bophelo bo botle. (Esa. 35:5, 6) O tla felisa bofutsana, a etse hore batho ba thabele bophelo ’me e be metsoalle ea hae. Bophelo bo joalo, bo bohlokoa ho feta ho ba le chelete e ngata.—Pes. 72:12, 13.

“LE TSEBE KAMOO LE TŠOANELANG HO FANA KA KARABO”

17. Re ka etsa’ng ho qoba menahano ea lefatše?

17 Haeba u utloa batho ba bua ntho e itseng e etsang hore u belaelle seo u se lumelang, etsa lipatlisiso ka Bibeleng ’me u buisane le Mokreste-’moho le uena ka taba eo. Ipotse hore na ke hobane’ng ha ho tloaelehile hore batho ba bue joalo, hore na ke hobane’ng ha ho fosahetse le hore na u ka qoba menahano e joalo joang. Re ka itšireletsa khahlanong le menahano ea lefatše ka hore re mamele mantsoe a Pauluse a reng: “Tsoelang pele le tsamaea ka bohlale mabapi le ba ka ntle . . . Le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.”—Bakol. 4:5, 6.

^ ser. 9 Litemana tsa Bibele tseo bafetoleli ba li kentseng e leng Johanne 7:53–8:11, ha se karolo ea Mangolo a bululetsoeng. Batho ba bang ba re ho latela litemana tseo, ke motho ea se nang sebe feela ea ka reng e mong o entse bofebe. Empa Jehova o ile a fa Baiseraele molao ona: “Haeba monna a fumanoa a robetse le mosali ea ruiloeng ke monghali, ka bobeli ba tla shoa hammoho.”—Deut. 22:22.