Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Etsa’ng Hore U Tloaele ho ba Phuthehong e Ncha?

U ka Etsa’ng Hore U Tloaele ho ba Phuthehong e Ncha?

TŠEPO * o ile a re: “Ke ne ke tšaba ho fallela mona. Ke sa tsebe hore na ke tla khona ho ba le metsoalle le hore na batho ba bang ba tla nkamohela.” Tšepo o falleletse phuthehong e bohole ba lik’hilomithara tse fetang 1 400 ho tloha sebakeng seo a neng a lula ho sona.

Haeba le uena u sa tsoa fihla phuthehong e ncha, e ka ’na eaba u ntse u le lihlong. U ka thusoa ke’ng hore u phutholohe? U ka etsa’ng haeba u utloa ho le thata haholo ho tloaela phutheho e ncha? Ka lehlakoreng le leng, batho ba bang ka phuthehong ba ka etsa’ng ho thusa motho ea sa tsoa fihla hore a tloaele?

U KA ETSA’NG HORE U TLOAELE PHUTHEHO?

Nahana ka mohlala ona: Ha sefate se hlongoa sebakeng se seng, sea pona. Ha se ntšuoa mobung, boholo ba methapo ea sona ea khaoha. Ha se qeta ho hlongoa, se lokela ho mela methapo e mecha hang-hang. Ka tsela e tšoanang, e ka ’na eaba le uena ho fallela phuthehong e ncha ho u baketse khatello. Phuthehong eo u tsoang ho eona u ne u se u e-na le metsoalle ’me u tloaetse tsela eo lintho li etsoang ka eona moo. Joale u lokela ho ithuta ho tloaela phutheho e ncha. Ke’ng e ka u thusang? U ka thusoa ke ho sebelisa melao-motheo ea Mangolo. A re hlahlobe e seng mekae.

Motho ea balang Lentsoe la Molimo kamehla “o tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi, se fanang ka litholoana tsa sona nakong ea tsona le seo makhasi a sona a sa poneng. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.”Pes. 1:1-3.

Sefate se lokela ho nosetsoa kamehla e le hore se lule se phetse hantle. Mokreste le eena o lokela ho lula a iphepa Lentsoe la Molimo e le hore a be le kamano e ntle le Molimo. Ka hona, tsoela pele ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng le ho ea libokeng kamehla. Hape u se ke oa khaotsa ho tšoara borapeli ba lelapa le ho etsa thuto ea botho. U tla lokela ho etsa lintho tsohle tseo u neng u tloaetse ho li etsa ho matlafatsa kamano ea hao le Jehova.

“Ea nosetsang ba bang ka bolokolohi o tla nosetsoa ka bolokolohi.”Liprov. 11:25.

U tla tloaela phutheho kapele haeba u ea tšimong kamehla. Moholo e mong o ile a re: “’Na le mohats’a ka re ile ra thusoa ke ho ba bo-pula-maliboho ba thusang hang feela ha re fihla phuthehong e ncha. Re ile ra tloaela barab’abo rona, bo-pula-maliboho hammoho le tšimo ea rona kapele.” Mor’abo rona Molise o ile a fallela sebakeng se bohole ba lik’hilomithara tse fetang 1 600 ho tloha moo a neng a lula teng. O re: “Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho itloaetsa phutheho e ncha ke ka hore u ee tšimong nako eohle ha monyetla o le teng. Etsa hore baholo ba tsebe hore u ikemiselitse ho thusa, mohlomong ka ho hloekisa holo, ho ithaopela lipuo kapa ka hore u tsamaee le batho ba bang ha u ea libokeng. Ha bara le barali babo rona ba bona kamoo u itetseng kateng, ba ka nolofalloa ho ba metsoalle ea hao.

“Le atolohe.”2 Bakor. 6:13.

U lokela ho atoloha. Ka mor’a hore ’Maneo le ba lelapa la hae ba fihle phuthehong e ncha, ba ile ba ameha ka ho ba le metsoalle e mecha. O re: “Re ne re bua le batho ba bang pele liboka li qala le ha li tsoa. Kahoo ra fumana nako ea hore re qoqe le bona ho e-na le ho ba lumelisa feela.” Ho etsa joalo ho ile ha thusa lelapa lena hore le ithute mabitso a batho kapele. Le ile la qeta nako e ngata le bahoeletsi ba phuthehong e ncha eaba e e-ba metsoalle. ’Maneo o re: “Re ile ra fanana linomoro e le hore bahoeletsi ba khone ho buisana le rona habonolo le ho re kenyelletsa linthong tsa phutheho le linthong tse ling.”

Haeba u thatafalloa ho bua le batho bao u sa ba tloaelang, leka ho bososela le batho le hoja ka linako tse ling u ka utloa ho le thata ho etsa joalo.Ha u bososela, batho ba tla nolofalloa ho bua le uena. Palesa o ile a fallela hole le moo a holetseng teng. O re: “Ke motho ea lihlong ka tlhaho. Ka linako tse ling ke tlameha ho iqobella ho bua le bara le barali beso phuthehong e ncha. Ke sheba motho ea lutseng a le mong ka holong. Mohlomong le eena o lihlong joaloka ’na.” Leka ho bua le motho e mong pele liboka li qala kapa ha li tsoa.

Ho ka etsahala hore ebe uena u thabela ho kopana le batho ba bacha, haholo-holo libekeng tse qalang. Empa hangata ha nako e ntse e e-ea tjantjello eo e ka ’na ea fela. Ha seo se etsahala, u lokela ho tsoela pele ho etsa boiteko ba ho ba le metsoalle e mecha.

Ha lifate li hlongoa, lia pona empa ka mor’a nako li mela methapo e mecha

IPHE NAKO EA HO TLOAELA

Lifate tse ling li nka nako e telele haholo hore li tebisetse methapo ea tsona mobung o mocha. Ka tsela e tšoanang, batho ba bang ba nka nako e telele ho feta ba bang hore ba tloaele ho ba phuthehong e ncha. Haeba u se u e-na le nako u le phuthehong e ncha empa u ntse u thatafalloa ke ho tloaela, melao-motheo e latelang e ka u thusa:

“Kahoo a re se keng ra tela ho etsa se setle, kaha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale.”Bagal. 6:9.

Ho ka ’na ha u nka nako e telele ho feta kamoo u neng u lebeletse kateng hore u tloaele phutheho e ncha, ka hona iphe nako. Mohlala, baromuoa ba bangata ba tsoang sekolong sa Gileade, ba nka lilemo tse ngata ba le linaheng tseo ba abetsoeng ho sebeletsa ho tsona pele ba chakela linaheng tsa habo bona. Ho etsa joalo ho ba thusa hore ba momahane le barab’abo rona le hore ba tloaele setso se fapaneng.

Mor’abo rona Molefe ea kileng a falla makhetlo a mangata oa lumela hore ho tloaela phutheho e ncha ho nka nako. Ha a hopola lekhetlo la ho qetela ha ba falla o re: “Mohats’a ka o ile a re, ‘Metsoalle ea ka kaofela e phuthehong eo re tsoang ho eona.’” Mor’abo rona Molefe o ile a mo hopotsa hore lilemo tse peli tse fetileng ha ba ne ba falla o ile a bua ntho e tšoanang. Empa ka lilemo tseo tse peli, o ile a thahasella ba bang eaba batho bao a neng a sa ba tsebe ba fetoha metsoalle ea hae e haufi.

“U se ke ua re: ‘Ke hobane’ng ha matsatsi a pele a bile molemo ho feta aa?’ etsoe hase ka lebaka la bohlale u botsitseng ka sena.”Moek. 7:10.

Qoba ho bapisa phutheho ea hao e ncha le ea moo u tsoang. Mohlala, e ka ’na eaba u bona eka batho bao u kopanelang le bona hona joale ba bua haholo kapa ba thotse haholo ho feta ba moo u neng u kopanela teng. Sheba makhabane a bona feela joalokaha le uena u ka rata hore ba etse se tšoanang. Ho fallela liphuthehong tse ling ho entse hore batho ba bang ba ipotse: ‘Na ehlile ke rata “mokhatlo oohle oa barab’abo rōna”?’—1 Pet. 2:17.

“Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa.”Luka 11:9.

Kopa Jehova hore a u thuse. Mor’abo rona Nketsi ea sebeletsang e le moholo o re: “U se ke oa ipipetsa ka bothata bona. Lintho tse ling re ka li etsa ka thuso ea Jehova feela. Kahoo, mo kope hore a u thuse.” Palesa eo re buileng ka eena pejana o lumellana le taba ena. O re: “Ha ’na le mohats’a ka re ikutloa re arohile ho phutheho, re rapela Jehova ’me re re: ‘Re kopa u re thuse ho tseba haeba ho na le ntho eo re e etsang e sitisang batho ho re atamela.’ Ebe re leka ho qeta nako e eketsehileng le bara le barali babo rona.”

Batsoali, haeba bana ba lona ba thatafalloa ho tloaela phutheho, nkang nako le rapela le bona ka bothata bona. Ba thuse ho ba le metsoalle e mecha ka phuthehong.

AMOHELA BA FIHLANG

U ka thusa batho ba fihlang phuthehong ea heno joang? Ikemisetse ho ba motsoalle oa bona ho tloha qalong. Leka ho nahana hore na haeba e ne e le uena ea fihlang phuthehong e ncha, u ne u ka rata hore batho ba u tšoare joang, ebe u etsa se tšoanang. (Mat. 7:12) U ka ba memela borapeling ba lona ba lelapa kapa hore ba shebelle Khaso ea JW le lona. Tsamaea le bona tšimong. Haeba u ja le bona, ba tla lula ba hopola kamohelo ea hao. U ka thusa batho ba fihlang ka litsela life tse ling?

Mor’abo rona Hlalele o re: “Ha re fihla phuthehong e ncha, morali’abo rona e mong o ile a re fa lethathamo la mabenkele a rekisang lintho ka litheko tse tlaase. O ile a re thusa haholo.” Batho ba fihlang phuthehong ea rona ba tsoang libakeng tseo boemo ba leholimo bo fapaneng le ba rona ba ka thabela ho tseba hore na ba lokela ho aparela boemo ba leholimo ba sebakeng sa rona joang. U ka ’na oa ba hlalosetsa boemo ba tšimo ea heno, mohlomong u ka mo joetsa hore na batho ba sebakeng seo ba lumela linthong life. Ha u etsa joalo u tla mo thusa hore a atlehe tšimong.

HO ETSA LIPHETOHO HO MOLEMO

Tšepo eo ho buoeng ka eena qalong o se a e-na le nako e fetang selemo phuthehong e ncha. O re: “Ke ile ka tlameha ho sebetsa ka thata hore ke tloaele bara le barali beso. Empa hona joale re tloaelane hoo ekang re lelapa ’me ke thabile.” Tšepo o hlokometse hore ho falla ha hoa etsa hore a lahleheloe ke metsoalle. Ho e-na le hoo, o entse metsoalle e mecha eo mohlomong a tla ba le eona bophelo bohle ba hae.

^ ser. 2 Mabitso a mang a fetotsoe.