Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bacha, le ka Etsa’ng e le Hore le Itokisetse ho Kolobetsoa?

Bacha, le ka Etsa’ng e le Hore le Itokisetse ho Kolobetsoa?

“Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka.” —PESALEME EA 40:8.

LIPINA: 51, 58

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha kolobetso e le taba e tebileng? (b) U lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng, hona hobane’ng?

NA U mocha ea ntseng a nahana ka ho kolobetsoa? Haeba ho joalo, u nahana ka ntho ea bohlokoa haholo. Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se fetileng, kolobetso ke taba e tebileng. Ha u kolobetsoa u bontša ba bang hore u inehetse ho Jehova, ka mantsoe a mang, u mo tšepisitse ho mo sebeletsa ka ho sa feleng le hore u nka ho etsa thato ea hae e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao. Kaha ho etsa tšepiso e joalo ho Molimo ke taba e tebileng, u lokela ho e etsa ha u se u hōlile ka ho lekaneng tsebong ’me u utloisisa hantle se boleloang ke ho inehela ho Molimo.

2 Leha ho le joalo, mohlomong u ikutloa eka ha u e-s’o lokele ho kolobetsoa. Kapa mohlomong u utloa eka u se u loketse empa batsoali ba hao ba nka hore u lokela ho ema ho fihlela u se u le moholo. Joale u lokela ho etsa’ng? U se ke ua nyahama. Ho e-na le hoo, sebelisa nako ena ho intlafatsa e le hore u ka tšoaneleha ho kolobetsoa. U ka ikemisetsa: (1) ho matlafatsa tumelo ea hao, (2) ho ntlafatsa liketso tsa hao le (3) ho bontša kananelo haholoanyane.

MATLAFATSA TUMELO EA HAO

3, 4. Bacha ba ka ithuta’ng mohlaleng oa Timothea?

3 Ak’u nahane hore na u ka araba lipotso tsena joang: Ke hobane’ng ha ke lumela hore Molimo o teng? Ke eng e nkholisang hore Bibele ke Lentsoe la Molimo? Ke hobane’ng ha ke phela ka melao-motheo ea Bibele, ho e-na le ho latela bongata? Lipotso tsena li ka u thusa hore u latele keletso ea moapostola Pauluse e reng: ‘Ipakele e le uena thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.’ (Baroma 12:2) Ke hobane’ng ha u lokela ho etsa seo?

Timothea o ile a nahanisisa ka lintho tseo a ithutileng tsona ’me tsa mo susumetsa

4 Mohlala oa Timothea o ka u thusa. O ne a tseba Mangolo hantle kaha ’mè oa hae le nkhono oa hae ba ne ba mo rutile ’ona. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a re ho Timothea: “U tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona le tseo u ileng ua susumelletsoa hore u li lumele.” (2 Timothea 3:14, 15) Lentsoe le fetoletsoeng e le ho “susumelletsoa” mona le bolela “ho kholiseha hore taba e itseng ke ’nete.” Kahoo Timothea o ne a lokela ho kholiseha hore seo a ithutileng sona Mangolong ke ’nete. Ha aa ka a lumela feela seo ’mè oa hae le nkhono oa hae ba mo bolellang sona, empa o ile a nahanisisa ka lintho tseo a ithutileng tsona ’me tsa mo susumetsa.—Bala Baroma 12:1.

5, 6. Ke hobane’ng ha u lokela ho ithuta ho sebelisa ‘matla a ho nahana’ ho tloha bocheng?

5 Uena u re’ng ka taba ee? Mohlomong e se e le nako e telele u tseba ’nete ea Bibele. Haeba ho joalo, nahanisisa hore na ke hobane’ng ha u e lumela. Seo se tla matlafatsa tumelo ea hao le ho u thusa ho qoba ho etsa liqeto tse fosahetseng ka lebaka la khatello ea lithaka, ho latela bongata, kapa ho khannoa ke maikutlo.

6 Ha u ithuta ho sebelisa ‘matla a hao a ho nahana,’ u tla khona ho araba lipotso tseo lithaka tsa hao li u botsang tsona tse kang: ‘Ke hobane’ng ha u kholisehile hore Molimo o teng? Haeba Molimo o oa re rata, ke hobane’ng ha a lumella hore re hlaheloe ke lintho tse bohloko? Na ke ’nete hore Molimo haesale a le teng?’ Ha u itokisitse hantle, lipotso tsena li ke ke tsa u bakela lipelaelo ka seo u se lumelang, empa li tla etsa hore u batle ho ithuta Bibele le ho feta.

7-9. Hlalosa hore na lihlooho tsa “Ke’ng Seo Bibele e se Rutang?” tse websaeteng, li ka u thusa joang hore u matlafatse tumelo ea hao.

7 Ho ipha nako ea ho ithuta ho tla u thusa ho araba lithaka tsa hao, ho tlosa lipelaelo le ho matlafatsa tumelo ea hao. (Liketso 17:11) Re na le lingoliloeng tse ngata tse ka u thusang. Bacha ba bangata ba thusitsoe ke bukana ea The Origin of Life—Five Questions Worth Asking le buka ea Is There a Creator Who Cares About You? Ba bang ba thusitsoe ke lihlooho tsa “Ke’ng Seo Bibele e se Rutang?” tse ho jw.org/st. U ka li fumana tlas’a LITHUTO TSA BIBELE. Lihlooho tsena li etselitsoe hore li u thuse ho matlafatsa tumelo ea hao lithutong tsa Bibele.

8 Kaha u ntse u ithuta Bibele, e ka ’na eaba u se u ntse u tseba likarabo tsa lipotso tse ling tse botsitsoeng lihloohong tseo. Empa na u kholisehile ka likarabo tseo? Lihlooho tseo li tla u thusa hore u nahanisise ka litemana tse ’maloa, li be li u khothalletse ho ngola mabaka a u kholisang. Seo se tla u thusa hore u tsebe hore na u ka hlalosetsa ba bang seo u se lumelang joang. Haeba u khona ho bala lihlooho tsena tsa “Ke’ng Seo Bibele e se Rutang?” websaeteng, u ka li sebelisa nakong eo u ithutang Bibele ’me li tla u thusa ho matlafatsa tumelo ea hao.

9 U lokela ho ikholisa hore lintho tsena ke ’nete. Seo se tla u thusa hore u lokele ho kolobetsoa. Morali’abo rōna e mong ea lilemong tsa bocha, o re: “Pele ke etsa qeto ea ho kolobetsoa, ke ile ka ithuta Bibele ’me ka hlokomela hore bona ke bolumeli ba ’nete. Tumelo ea ka e matlafala le ho feta letsatsi ka leng.”

NTLAFATSA LIKETSO TSA HAO

10. Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho lebella hore Mokreste ea kolobelitsoeng a etse lintho tse lumellanang le seo a se lumelang?

10 Bibele e re: “Tumelo, le eona, ha e se na mesebetsi, e shoele.” (Jakobo 2:17) Haeba u e-na le tumelo e tiileng, u tla e bontša ka liketso. U tla etsa seo Bibele e reng ke ‘liketso tse halalelang tsa boitšoaro le tsa boinehelo ba bomolimo.’—Bala 2 Petrose 3:11.

11. ‘Liketso tse halalelang tsa boitšoaro’ ke eng?

11 ‘Liketso tse halalelang tsa boitšoaro’ ke eng? Ke ha motho a etsa lintho tse nepahetseng mahlong a Molimo, a bontša hore u itšoere hantle. Ka mohlala, nahana ka lintho tseo u li entseng likhoeling tse tšeletseng tse fetileng. Ha u ne u lekeha ho etsa ntho e fosahetseng, na u ile ua nahanisisa ka melao-motheo e re tataisang ho khetha pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng? (Baheberu 5:14) Na u hopola makhetlo ao u sa kang ua inehela tekong kapa khatellong ea lithaka? Ha u le sekolong, na u itšoere hantle? Na u lula u tšepahala ho Jehova, kapa u itšoara joaloka liithuti-’moho le uena e le hore li se ke tsa u soma? (1 Petrose 4:3, 4) Ke ’nete hore kaofela ha rea phethahala. Ka linako tse ling, esita le Bakreste bao e leng khale ba sebeletsa Jehova ba ka ’na ba ba boi ’me ba thatafalloa ho pakela ba bang. Empa motho ea inehetseng ho Molimo o lokela ho ba motlotlo hore e be ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me o tla bontša seo ka ho itšoara hantle.

12. ‘Liketso tsa boinehelo ba bomolimo’ ke eng, hona re lokela ho ikutloa joang ka tsona?

12 ‘Liketso tsa boinehelo ba bomolimo’ ke eng? Ke mesebetsi eo u e etsang ka phuthehong, e kang ho ea libokeng le ho ea tšimong. Li boetse li akarelletsa lintho tseo u li etsang moo u leng mong, tse kang ho rapela Jehova le ho ithuta. Mohlanka ea inehetseng oa Jehova a ke ke a nka hore lintho tsena ke moroalo. O tla ikutloa joaloka Morena Davida ea ileng a re: “Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka, molao oa hao o ka har’a litho tsa ka tse ka hare.”—Pesaleme ea 40:8.

Lithapelo tsa hao li toba taba hakae, hona li bontša eng mabapi le tsela eo u ratang Jehova ka eona?

13, 14. Ke buka efe e ka u thusang ho ipehela lipakane, ’me e thusitse bacha ba bang joang?

13 Buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2 leqepheng la 308 le la 309 e na le lintlha tse ka u thusa ho ipehela lipakane. Maqepheng ao u ka araba lipotso tse kang tsena: “Lithapelo tsa hao li toba taba hakae, hona li bontša eng mabapi le tsela eo u ratang Jehova ka eona?” “Ke lintho life tseo u li kenyelletsang thutong?” “Na u kopanela tšebeletsong ea boboleli esita le ha batsoali ba hao ba sa ee?” Ho boetse ho na le moo u ka ngolang lipakane tseo u ka ratang ho li finyella lintlheng tsena.

14 Buka ena e thusitse bacha ba bangata ba batlang ho kolobetsoa. Morali’abo rōna Tilda ea ntseng a le mocha lilemong o re: “Ke ile ka sebelisa lipotso tse bukeng eo ho ipehela lipakane. Ke ile ka li finyella ka bonngoe ka bonngoe, ’me selemo hamorao ka kolobetsoa.” Buka eo e boetse e thusitse mocha e mong ea bitsoang Patrick. O re: “Ke ne ke se ke ntse ke tseba lipakane tsa ka, empa ho li ngola ho ile ha nthusa hore ke sebetse ka thata le ho feta ho li finyella.”

Na u tla lula u sebeletsa Jehova le ha batsoali ba hao ba ka khaotsa? (Sheba serapa sa 15)

15. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha u lokela ho iketsetsa qeto ea ho inehela ho Molimo.

15 Potso e ’ngoe bukeng eo e re: “Na u ka sebeletsa Jehova esita le haeba batsoali ba hao le metsoalle ba ka khaotsa ho mo sebeletsa?” Ha u inehela ho Jehova ’me u kolobetsoa, u tla ba le kamano e haufi le eena. Kahoo, kamano ea hao le Jehova ha ea lokela ho itšetleha ka batsoali ba hao kapa motho leha e le ofe. Liketso tsa hao tse halalelang tsa boitšoaro le tsa boinehelo ba bomolimo li lokela ho bontša hore u kholisehile hore u ithutile ’nete ea Bibele le hore u batla ho iphaphatha ka melao ea Molimo. Ha nako e ntse e ea, u tla tšoaneleha ho kolobetsoa.

BONTŠA KANANELO

16, 17. (a) Ke’ng e lokelang ho susumetsa motho hore e be Mokreste? (b) Ho ananela thekollo ho ka tšoantšoa le eng?

16 Ka letsatsi le leng, monna e mong ea neng a tseba Molao oa Moshe hantle o ile a botsa Jesu a re: “Taelo e khōlō ke efe Molaong?” Jesu o ile a mo araba a re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.” (Matheu 22:35-37) Jesu o ile a hlalosa hore motho o lokela ho kolobetsoa le ho ba Mokreste hobane a rata Jehova. Tsela e ’ngoe eo ka eona u ka matlafatsang lerato la hao ho Jehova, ke ka ho nahanisisa ka thekollo, e leng mpho e khōlō ka ho fetisisa eo Molimo a e fileng batho. (Bala 2 Bakorinthe 5:14, 15; 1 Johanne 4:9, 19.) Ha u etsa joalo, u tla bontša hore u ananela mpho eo e babatsehang.

17 Ho bontša hore u ananela thekollo ho ka tšoantšoa ka tsela ena: Nka hore u khangoa ke metsi ’me motho e mong o fihla a u pholosa. Na u ne u tla ikela hae feela u fihle u chenche liaparo, ebe u lebala ka seo motho eo a u etselitseng sona? Che! Kamehla u tla ananela seo motho eo a u etselitseng sona! Ka tsela e tšoanang, re lokela ho leboha Jehova le Jesu haholo ka thekollo. Kahoo, re lokela ho ba phelela! Ba re pholositse sebeng le lefung. Ka lebaka la lerato leo ba re bontšitseng lona, hona joale re na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise!

18, 19. (a) Ke hobane’ng ha u sa lokela ho tšaba ho inehela ho Jehova? (b) Ho sebeletsa Jehova ho u tsoela molemo joang?

18 Na u ananela seo Jehova a u etselitseng sona? Haeba ho joalo, ho loketse hore u inehele ho eena ’me u kolobetsoe. Ha u inehela u tšepisa Molimo hore u tla etsa thato ea hae ka ho sa feleng. Na u lokela ho tšaba ho etsa tšepiso eo? Che! Jehova o batla hore u etse lintho tse tla u tsoela molemo, ’me o tla putsa batho ba etsang thato ea hae. (Baheberu 11:6) Ha u inehela ho Molimo ’me u kolobetsoa, lintho li tla u tsamaela hantle! Mor’abo rōna e mong ea lilemo li 24, ea kolobelitsoeng pele a kena lilemong tsa bocha o re, “Mohlomong ha ke ne ke kolobelitsoe ke le moholoanyane, ke ne ke tla be ke utloisisa lintho ka botebo, empa ho kolobetsoa ho ile ha ntšireletsa linthong tsa lefatše.”

Satane o mōna ebile ha a u tsotelle

19 Jehova o batla hore u atlehe. Empa Satane o mōna ebile ha a u tsotelle. Ha u mo latela a ke ke a u etsetsa letho le molemo. Ke joang a ka u fang ntho eo a se nang eona? Ha a na letho le letle, ’me ha a na bokamoso. Ntho feela eo a ka u tlisetsang eona ke bokamoso bo bosula!—Tšenolo 20:10.

20. Mocha a ka etsa’ng e le hore a inehele ho Jehova le ho kolobetsoa? (Sheba lebokose le reng “Lihlooho Tse ka U Thusang Hore U Hatele Pele.”)

20 Ho inehela ho Jehova ke qeto e ntle ka ho fetisisa eo u ka e etsang. Na u se u loketse ho e etsa? Haeba u se u loketse, u se ke ua tšaba ho inehela. Empa haeba u ikutloa eka ha u e-s’o lokele, u ka sebelisa litlhahiso tse sehloohong sena e le hore u hatele pele. Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Filipi hore ba tsoele pele ho ntlafatsa. (Bafilipi 3:16) Haeba u latela keletso ena, ha nako e ntse e ea, u tla batla ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa.