Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bacha, na le se le Loketse ho Kolobetsoa?

Bacha, na le se le Loketse ho Kolobetsoa?

“Ke mang ho lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo, ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha?”—LUKA 14:28.

LIPINA: 120, 64

Sehlooho sena le se latelang li ngoletsoe bacha ba batlang ho kolobetsoa

1, 2. (a) Bahlanka ba Molimo ba thabisoa ke’ng kajeno? (b) Batsoali ba Bakreste le baholo ba ka thusa bacha joang hore ba utloisise se boleloang ke ho kolobetsoa?

MOHOLO e mong o ile a re ho Christopher ea lilemo li 12: “Ke u tsebile ho tloha ha u hlaha, ’me ke thabile haholo ho utloa hore u batla ho kolobetsoa. Empa e re ke u botse, ‘Ke hobane’ng ha u batla ho kolobetsoa?’” Moholo eo o ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho botsa potso eo. Rea thaba ha re bona bacha ba likete ba kolobetsoa selemo le selemo. (Moeklesia 12:1) Empa batsoali le baholo ka phuthehong ba batla ho netefatsa hore ke mocha ea entseng qeto eo le hore o oa utloisisa hore na ho kolobetsoa ho bolela’ng.

2 Bibele e re boinehelo le kolobetso li bontša hore Mokreste o qala bophelo bo bocha. Bophelo bona bo bocha bo tla mo tlisetsa litlhohonolofatso tse tsoang ho Jehova, empa bo tla boela bo be le liteko tse tsoang ho Satane. (Liproverbia 10:22; 1 Petrose 5:8) Ke kahoo batsoali ba Bakreste ba lokelang ho ipha nako ea ho ruta bana ba bona hore na ha e le hantle ho ba morutuoa oa Kreste ho bolela’ng. Hape ke boikarabelo ba baholo ka phuthehong ho thusa bacha bao batsoali ba bona e seng Bakreste, hore ba utloisise hantle se boleloang ke ho inehela le ho kolobetsoa. (Bala Luka 14:27-30.) Feela joalokaha motho a hloka ho hlophisa lintho hantle e le hore a qete ntlo eo a e hahang, bacha le bona ba lokela ho itlhopha hantle pele ba kolobetsoa e le hore ba ka sebeletsa Jehova ka botšepehi “ho isa bofelong.” (Matheu 24:13) Ke eng e ka u thusang hore u ikemisetse ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng? A re ke re boneng.

3. (a) Mantsoe a Jesu le a Petrose a bontša bohlokoa ba kolobetso joang? (Matheu 28:19, 20; 1 Petrose 3:21) (b) Re tl’o tšohla lipotso life, hona hobane’ng?

3 Na u mocha ea batlang ho kolobetsoa? Haeba ho joalo, seo ke sepheo se setle! Ke tlotla e khōlō ho ba Paki ea Jehova e kolobelitsoeng. Kolobetso ke mohato oa bohlokoa oo Mokreste e mong le e mong a lokelang ho o nka le o hlokahalang e le hore motho a pholohe matšoenyeho a maholo. (Matheu 28:19, 20; 1 Petrose 3:21) Ha u kolobetsoa u bontša hore u tšepisitse Jehova hore u tla mo sebeletsa ka ho sa feleng. Haeba u hlile u batla ho phetha seo u se tšepisitseng, ipotse lipotso tse latelang ho bona hore na u se u loketse ho kolobetsoa: (1) Na ke hōlile ka ho lekaneng hore ke iketsetse liqeto? (2) Na ke labalabela ho kolobetsoa? (3) Na kea utloisisa hore na ho inehela ho Jehova ho bolela’ng? A re ke re tšohleng lipotso tsena.

HA U SE U HŌLILE KA HO LEKANENG

4, 5. (a) Ke hobane’ng ha ho sa kolobetsoe batho ba baholo feela? (b) Ho hōla tsebong ho bolela’ng?

4 Bibele ha e re motho o lokela ho kolobetsoa ha a se a le moholo kapa ha a se a fetile lilemo tse itseng feela. Liproverbia 20:11 e re: “Esita le ka liketso tsa hae moshanyana o iketsa hore a hlokomeloe mabapi le hore na mosebetsi oa hae o hloekile ’me o lokile.” Kahoo esita le ngoana a ka utloisisa se boleloang ke ho etsa se nepahetseng ’me a inehela ho ’Mōpi oa hae. Ka hona, kolobetso ke mohato oa bohlokoa le o loketseng oo mocha a lokelang ho o nka ho bontša hore o hōlile tsebong le hore o inehetse ho Jehova.—Liproverbia 20:7.

5 Ho hōla tsebong ho bolela’ng? Hase kamehla ho bolelang hore motho o se a hōlile lilemong. Bibele e re batho ba hōlileng tsebong ke bao “matla a bona a ho lemoha” a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng. (Baheberu 5:14) Motho ea hōlileng tsebong o tseba se nepahetseng ’me o khetha ho se etsa. Kahoo, a ke ke a susumetsoa habonolo hore a etse se fosahetseng. Ho feta moo, ha a emele hore a bolelloe hore na se nepahetseng ke sefe. Ke ho utloahalang ho lebella hore mocha ea kolobelitsoeng o tla etsa se nepahetseng, esita le ha batsoali ba hae kapa batho ba bang ba baholo ba le sieo.—Bapisa le Bafilipi 2:12.

6, 7. (a) Daniele o ile a tobana le mathata afe ha a le Babylona? (b) Daniele o ile a bontša joang hore o hōlile tsebong?

6 Na mocha a ka bontša ho hōla tsebong? Nahana ka mohlala oa Daniele. Mohlomong o ne a sa le tlaase lilemong ha a nkoa ho batsoali ba hae a isoa Babylona. Ka tšohanyetso, Daniele o ile a iphumana a le har’a batho ba sa mameleng litaelo tsa Molimo. Empa a re ke re hlahlobeng boemo boo Daniele a neng a le ho bona. O ne a nketsoe holimo Babylona. Ke e mong oa bacha ba seng bakae ba neng ba khethiloe ka hloko hore ba sebeletse morena. (Daniele 1:3-5, 13) Ho bonahala eka ha Daniele a le Babylona o ne a le boemong bo holimo ho feta boo a neng a le ho bona ha a le Iseraele.

7 Joale Daniele o ile a itšoara joang? Na o ile a lumella Bababylona hore ba mo fetole kapa ba fokolise tumelo ea hae? Che! Bibele e re ha Daniele a le Babylona, o ile “a etsa qeto ka pelong ea hae hore a ke ke a itšilafatsa” ka ntho leha e le efe e amanang le borapeli ba bohata. (Daniele 1:8) Seo se ile sa bontša hore o fela a hōlile tsebong!

Mocha ea hōlileng tsebong ha a iketse motsoalle oa Molimo ha a le Holong ea ’Muso empa ha a fihla sekolong a iketse motsoalle oa lefatše (Sheba serapa sa 8)

8. Re ithuta’ng mohlaleng oa Daniele?

8 Re ithuta’ng mohlaleng oa Daniele? Mocha ea hōlileng tsebong o tla khomarela seo a se lumelang, esita le ha a tobane le maemo a thata. A ke ke a tšoana lempetje le fetolang ’mala ho lumellana le sebaka seo le leng sona. Ha a iketse motsoalle oa Molimo ha a le Holong ea ’Muso empa ha a fihla sekolong a iketse motsoalle oa lefatše. Ho e-na le hoo, o tla lula a tšepahala le ha a lekoa.—Bala Baefese 4:14, 15.

Mocha ea hōlileng tsebong o tla khomarela seo a se lumelang, esita le ha a tobane le maemo a thata

9, 10. (a) Ha mocha a nahana ka tsela eo a ileng a itšoara ka eona ha tumelo ea hae e lekoa, seo se ka ’na sa mo tsoela molemo joang? (b) Kolobetso e bolela’ng?

9 Ke ’nete hore ha ho na motho ea phethahetseng. Ka linako tse ling, batho ba baholo le bacha ba etsa liphoso. (Moeklesia 7:20) Empa haeba u batla ho kolobetsoa, u lokela ho ikemisetsa ho mamela litaelo tsa Jehova. Ka hona ipotse, ‘Na e se e le nako ke ntse ke mamela litaelo tsa Jehova?’ Nahana ka seo u ileng ua se etsa ha tumelo ea hao e lekoa. Na u ile ua khetha ho etsa se nepahetseng? Na ho tšoana le Daniele, ho na le motho ea kileng a u khothalletsa hore u sebelise bokhoni ba hao lefatšeng lee la Satane? Na ha u tobana le liteko tse kang ena, u khona ho lemoha hore na thato ea Jehova ke efe?—Baefese 5:17.

10 Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u tsebe likarabo tsa lipotso tsee? Ke hobane li tla u thusa hore u bone kamoo kolobetso e leng mohato o tebileng kateng. Ha u kolobetsoa, u bontša ba bang hore u tšepisitse Jehova ntho ea bohlokoa. U mo tšepisitse hore u tla mo rata le ho mo sebeletsa ka ho sa feleng ka pelo eohle ea hao. (Mareka 12:30) Bohle ba kolobetsoang ba lokela ho ikemisetsa ho phetha seo ba se tšepisitseng Jehova.—Bala Moeklesia 5:4, 5.

NA U LABALABELA HO KOLOBETSOA?

11, 12. (a) Ha motho a batla ho kolobetsoa, o lokela ho kholiseha ka eng? (b) Ke’ng e tla u thusa hore u talime kolobetso ka tsela eo Jehova a e talimang ka eona?

11 Bibele e re bahlanka bohle ba Jehova, ho akarelletsa bacha, ba tla mo sebeletsa “ka ho rata.” (Pesaleme ea 110:3) Kahoo, motho ea batlang ho kolobetsoa o lokela ho kholiseha hore sena ke sona seo a batlang ho se etsa. E le hore u etse seo, ho ka ’na ha hlokahala hore u itlhahlobisise, haholo haeba u hōletse ka phuthehong.

12 Ha u ntse u hōla, e ka ’na eaba u bone batho ba bangata ba kolobetsoa, mohlomong ho akarelletsa metsoalle ea hao le banab’eno. Empa u lokela ho ba hlokolosi hore u se ke ua batla ho kolobetsoa hobane feela u se u le lilemong tse itseng, kapa hobane lithaka tsa hao li kolobetsoa. U ka netefatsa joang hore u talima kolobetso ka tsela eo Jehova a e talimang ka eona? Iphe nako ea ho nahana ka hore na ke hobane’ng ha kolobetso e le mohato oa bohlokoa. Sehloohong sena le se latelang re tlil’o tšohla mabaka ao.

13. U ka tseba joang haeba u hlile u batla ho kolobetsoa?

13 Tsela e ’ngoe eo u ka tsebang ka eona hore na u hlile u batla ho kolobetsoa, ke ka ho hlahloba lithapelo tsa hao. U buisana le Jehova ka thapelo ka makhetlo a makae? Lithapelo tsa hao li tobile hakae? Likarabo tsa lipotso tsena li ka ’na tsa bontša hore u na le kamano e haufi le Jehova kapa che. (Pesaleme ea 25:4) Maemong a mangata Jehova o araba lithapelo tsa rōna ka Bibele. Tsela e ’ngoe eo u ka tsebang ka eona haeba u hlile u batla ho ba le kamano e ntle le Jehova le ho mo sebeletsa ho tsoa pelong ke ka ho hlahloba kemiso ea hao ea ho ithuta Bibele. (Joshua 1:8) Ipotse: ‘Ke ithuta Bibele khafetsa hakae? Na ke ithaopela ho kopanela borapeling ba lelapa?’ Tsela eo u arabang lipotso tsena ka eona e tla u thusa hore u tsebe haeba ehlile u labalabela ho kolobetsoa.

SE BOLELOANG KE BOINEHELO

14. Phapang ke efe pakeng tsa boinehelo le kolobetso?

14 Bacha ba bang e ka ’na eaba ha ba tsebe phapang pakeng tsa boinehelo le kolobetso. Mohlomong ba bang ba ipolella hore ba se ba ntse ba inehetse ho Jehova, empa ha ba e-s’o lokele ho kolobetsoa. Empa na see ke se ka etsahalang? Ha u inehela ke ha u rapela, u tšepisa Jehova hore u tla mo sebeletsa ka ho sa feleng. ’Me ha u kolobetsoa, u bontša ba bang hore u se u ntse u inehetse ho Jehova. Kahoo, pele u kolobetsoa u lokela ho utloisisa hore na ho inehela ho Molimo ho bolela’ng.

15. Ho inehela ho bolela’ng?

15 Ha u inehela ho Jehova, u ua mo bolella hore joale u ikemiselitse ho mo sebeletsa ka ho sa feleng. U mo tšepisa hore ho mo sebeletsa e tla ba hona ho tlang pele bophelong ba hao. (Bala Matheu 16:24.) Eo ke tšepiso e tebileng! (Matheu 5:33) Joale u ka bontša joang hore ua elelloa hore ha u sa iphelela empa u se u phelela Jehova?—Baroma 14:8.

16, 17. (a) Fana ka mohlala o bontšang hore na ho itatola ho bolela’ng. (b) Ha motho a inehela o tšepisa Molimo eng?

16 A re re ka mohlala, motsoalle oa hao o u fa koloi. O u fa lipampiri tsa koloi ’me o re: “Ke u fa koloi ke ena.” Empa ebe joale o re: “Linotlolo tsona ke tla li tšoara. Ke ’na ea tla e khanna, eseng uena.” U ne u ka ikutloa joang ka mpho ee? Hona u ne u tla ikutloa joang ka motsoalle eo oa hao?

17 Ha motho a inehela ho Jehova, o re ho eena: “Ke u fa bophelo ba ka. Ke ikemiselitse ho u phelela.” Jehova o na le tokelo ea ho lebella hore motho eo a phethe seo a se tšepisitseng. Empa ho etsahala’ng haeba motho eo a qala ho se mamele Jehova ka hore a ratane ka sekhukhu le motho ea sa sebeletseng Molimo? Kapa a nka mosebetsi o mo sitisang ho kopanela tšebeletsong ea tšimo le o etsang hore a fose liboka? Motho eo o tla be a sa phethe seo a se tšepisitseng Jehova. O tla be a tšoana le motho eloa ea tšoarang linotlolo tsa koloi. Ha re inehela ho Jehova, re re ho eena, “Ke ikemiselitse ho u phelela, eseng ho iphelela.” Kahoo, re tla lula re etsa seo Jehova a batlang hore re se etse, esita le haeba e se seo rōna re batlang ho se etsa. A re etsiseng Jesu ea ileng a re: “Ha kea theoha leholimong ho tla etsa thato ea ka, empa ho etsa thato ea ea nthomileng.”—Johanne 6:38.

Kolobetso ke mohato oa bohlokoa ebile ke tlotla e khōlō

18, 19. (a) Mantsoe a Rose le Christopher a bontša joang hore ho kolobetsoa ke tlotla ebile ho tlisa litlhohonolofatso? (b) U ikutloa joang ka tlotla ea ho kolobetsoa?

18 Ho hlakile hore kolobetso ke mohato oa bohlokoa. Ke tlotla e khōlō ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. Bacha ba ratang Jehova le ba utloisisang hore na ho inehela ho Molimo ho bolela’ng ha ba tsilatsile ho inehela le ho kolobetsoa. Ha ba ikoahlaele qeto eo ba e entseng. Mocha e mong ea bitsoang Rose ea kolobelitsoeng, o re: “Ke rata Jehova, ’me ha ho letho le nthabisang joaloka ho mo sebeletsa. Ke kholisehile ka ho feletseng hore ke entse qeto e nepahetseng ka hore ke kolobetsoe.”

19 Christopher eo ho buuoeng ka eena qalong ea sehlooho see o re’ng? O ikutloa joang ka qeto eo a ileng a e etsa ea hore a kolobetsoe a le lilemo li 12? O re o thabile haholo hore ebe o ile a etsa qeto eo. E bile pula-maliboho oa kamehla ha a le lilemo li 17, ’me ea e ba mohlanka ea sebeletsang ha a le lilemo li 18. Hona joale o sebeletsa Bethele. O re: “Ke entse qeto e nepahetseng ka hore ke kolobetsoe. Ke thabela ho sebeletsa Jehova le mokhatlo oa hae.” Haeba u batla ho kolobetsoa, u lokela ho etsa’ng? Re tla tšohla potso ena sehloohong se latelang.