Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Tlatsetsa Joang ho Matlafatseng Bonngoe ba Rōna ba Bokreste?

U ka Tlatsetsa Joang ho Matlafatseng Bonngoe ba Rōna ba Bokreste?

‘Ka eena ’mele oohle o kopantsoe hammoho ka tumellano le ho etsoa hore o sebelisane.’ —BAEFESE 4:16.

LIPINA: 53, 107

1. Ke’ng e ’nileng ea totobala ho tloha tšimolohong ea pōpo?

JEHOVA le Jesu ba ’nile ba momahana ho tloha tšimolohong ea pōpo. Jehova o ile a bōpa Jesu pele ho lintho tse ling tsohle. Ka mor’a moo, Jesu a sebetsa le eena e le “mosebetsi ea hloahloa.” (Liproverbia 8:30) Bahlanka ba Jehova le bona ba ile ba sebetsa ’moho ho phetha mosebetsi oo ba neng ba lokela ho o etsa. Ka mohlala, Noe le ba lelapa la hae ba ile ba haha areka hammoho. Hamorao, Baiseraele ba ile ba sebetsa ’moho ho etsa tabernakele, ho e qhaqha le ho e tlosa sebakeng se seng ho e isa ho se seng. Ha ba le tempeleng, ba ne ba rorisa Jehova ka ho bina le ho bapala liletsa hammoho. Batho ba Jehova ba ile ba khona ho finyella lintho tsena kaofela, kaha ba ne ba sebelisana ’moho.—Genese 6:14-16, 22; Numere 4:4-32; 1 Likronike 25:1-8.

2. (a) Ke’ng e neng e ikhetha ka Bakreste mehleng ea baapostola? (b) Re tl’o tšohla lipotso life?

2 Bakreste ba mehleng ea baapostola le bona ba ne ba sebelisana ’moho. Moapostola Pauluse o ile a re ba ne ba momahane, le hoja ba ne ba e-na le mesebetsi le bokhoni bo sa tšoaneng. Kaofela ha bona ba ne ba latela Jesu Kreste e le Moeta-pele oa bona. Pauluse o ile a ba tšoantša le ’mele o nang le litho tse ngata empa li sebelisana. (Bala 1 Bakorinthe 12:4-6, 12.) Kajeno teng boemo ke bofe? Re ka sebelisana ’moho joang mosebetsing oa boboleli, ka phuthehong le ka lapeng?

SEBELISANANG ’MOHO MOSEBETSING OA BOBOLELI

3. Moapostola Johanne o ile a ba le pono efe?

3 Moapostola Johanne o ile a ba le pono eo ho eona a ileng a bona mangeloi a supileng a letsa literompeta. Ha lengeloi la bohlano le letsa terompeta, Johanne o ile a bona “naleli e neng e oetse lefatšeng e tsoa leholimong.” “Naleli” eo e ile ea fuoa senotlolo e le hore e bule sekoti sa mohohlo. Qalong ho ile ha nyoloha mosi o teteaneng, ha ntan’o tsoa lebothohali la litsie mosing oo. Ho e-na le hore litsie tsena li senye lifate le limela, li ile tsa hlasela “batho ba se nang tiiso ea Molimo liphatleng tsa bona.” (Tšenolo 9:1-4) Johanne o ne a tseba hore litsie li ka baka tšenyo e khōlō, joalokaha li ile tsa e baka Egepeta mehleng ea Moshe. (Exoda 10:12-15) Litsie tseo Johanne a li boneng li emela Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nileng ba phatlalatsa molaetsa o matla khahlanong le bolumeli ba bohata. Batho ba bang ba limilione ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ba ikopantse le bona. Ba sebetsa ’moho mosebetsing ona oa boboleli. Mosebetsi ona o lokolotse batho ba bangata bolumeling ba bohata le taolong ea Satane.

Re khona ho bolela litaba tse molemo lefatšeng ka bophara kaha re sebelisana ’moho

4. Batho ba Molimo ba fuoe mosebetsi ofe, hona ke’ng e ka ba thusang hore ba o phethe?

4 Re fuoe mosebetsi oa ho bolela ‘litaba tse molemo’ lefatšeng ka bophara, pele bofelo bo fihla. Ruri ona ke mosebetsi o moholo! (Matheu 24:14; 28:19, 20) Re lokela ho mema bohle ba “nyoriloeng” hore ba tle ’me ba noe “metsi a bophelo,” ka mantsoe a mang re lokela ho ruta bohle ba batlang ho utloisisa ’nete ea Bibele. (Tšenolo 22:17) Empa re ka finyella sena hafeela re momahane “hammoho ka tumellano” re bile re sebelisana ’moho ka phuthehong.—Baefese 4:16.

5, 6. Mosebetsi oa boboleli o tlatsetsa joang bonngoeng ba rōna?

5 E le hore re finyelle batho ba bangata mosebetsing oa boboleli, re lokela ho hlophiseha. Tataiso eo re e fuoang liphuthehong tsa habo rōna e re thusa ho etsa sena. Ka mor’a seboka sa tšimo, re ea malapeng a batho ho ea buisana le bona ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Re boetse re ba fa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Ha e le hantle, re se re tsamaisitse tse limilione lefatšeng ka bophara. Ka linako tse ling, re khothalletsoa ho kopanela matšolong a khethehileng. Ha u kenya letsoho mosebetsing ona, u ba bonngoeng le ba bang ba limilione lefatšeng ka bophara ba etsang mosebetsi ona! U boetse u sebetsa le mangeloi, a thusang batho ba Molimo ho phatlalatsa litaba tse molemo.—Tšenolo 14:6.

6 Ruri rea thaba ha re bala Bukeng ea Selemo litlaleho tsa mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng ka bophara! Ak’u boele u nahane ka bonngoe bo bang teng ha re memela batho kopanong. Ha re le moo, re mamela molaetsa o tšoanang. Lipuo, litšoantšiso le lipontšo tse fanoang moo, li re khothalletsa ho fa Jehova se molemohali. Re boetse re ba bonngoeng le bara le barali babo rōna selemo le selemo ha re ba teng Sehopotsong. (1 Bakorinthe 11:23-26) Re se tšoarela hong ka la 14 Nisane, ka mor’a hore letsatsi le likele, ho bontša hore re ananela seo Jehova a re etselitseng sona le hore re mamela taelo ea Jesu. Libeke pele ho Sehopotso, re sebetsa ’moho ho mema batho ba bangata kamoo ho ka khonehang hore ba be le rōna ketsahalong ena e ikhethang.

7. Ha re sebetsa re momahane, re finyella eng?

7 Tsie e le ’ngoe e ke ke ea baka tšenyo e kaalo. Le rōna ka bomong, re ke ke ra khona ho pakela batho bohle. Empa kaha re sebetsa re momahane, re khona ho bolella batho ba limilione ka Jehova, ’me re ba thusa ho mo hlompha le ho mo rorisa.

SEBELISANANG ’MOHO KA PHUTHEHONG

8, 9. (a) Pauluse o ile a etsa mohlala ofe ho bontša bohlokoa ba bonngoe ka phuthehong? (b) Re ka etsa’ng e le hore phutheho e momahane?

8 Pauluse o ile a hlalosetsa Baefese hore na phutheho ea Bokreste e hlophisitsoe joang, ’me a re bohle ba lokela ‘ho hōla linthong tsohle.’ (Bala Baefese 4:15, 16.) O ile a etsa mohlala ka ’mele ho bontša hore Mokreste e mong le e mong a ka tlatsetsa ho etseng hore ho be le bonngoe ka phuthehong, ’me a etsise Jesu, e leng eena Moeta-pele oa phutheho. O ile a re litho tsohle tsa ’mele li sebelisana ’moho ‘lenonyellong le leng le le leng bakeng sa ho fana ka se hlokahalang.’ Kahoo, kaofela re lokela ho etsa’ng, ho sa tsotellehe hore na re bacha kapa re se re hōlile, re phela hantle kapa rea kula?

U ka tlatsetsa joang ho etseng hore ho be le bonngoe ka phuthehong?

9 Jesu o khethile baholo hore ba re etelle pele ka phuthehong, ’me o batla hore re ba hlomphe re be re latele tataiso eo ba re fang eona. (Baheberu 13:7, 17) Ka linako tse ling ha ho bonolo ho etsa seo. Empa re ka kōpa Jehova hore a re thuse. Ka moea oa hae o halalelang a ka re thusa hore re latele tataiso leha e le efe eo baholo ba re fang eona. Ak’u nahane kamoo re ka tlatsetsang bonngoeng ba phutheho kateng haeba re ikokobelitse re bile re sebelisana le baholo. Phutheho e tla momahana, ’me re tla ratana le ho feta.

10. Bahlanka ba sebeletsang ba tlatsetsa joang bonngoeng ba phutheho? (Sheba setšoantšo se qalong.)

10 Bahlanka ba sebeletsang le bona ba tlatsetsa bonngoeng ba phutheho. Ba sebetsa ka thata ho thusa baholo, ’me re ananela sohle seo ba se etsang. Ka mohlala, bahlanka ba sebeletsang ba netefatsa hore re na le lingoliloeng tseo re li tsamaisang tšimong, ebile ba amohela baeti ha ba tlile libokeng. Ba boetse ba sebetsa ka thata ho lokisa lintho tse senyehileng Holong ea ’Muso le ho e boloka e hloekile. Ha re sebelisana le bona, rea momahana ’me re sebeletsa Jehova ka tsela e hlophisehileng.—Bapisa le Liketso 6:3-6.

11. Bacha ba ka tlatsetsa joang bonngoeng ba phutheho?

11 Baholo ba bang ba qetile lilemo tse ngata ba sebetsa ka thata ka phuthehong. Empa mohlomong ha ba sa khona ho etsa lintho tse ngata joaloka pele ka lebaka la botsofali. Barab’abo rōna ba bacha ba ka thusa. Ba ka jara boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong haeba ba koetlisitsoe. Bahlanka ba sebeletsang le bona e ka ba baholo nakong e tlang haeba ba sebetsa ka thata. (1 Timothea 3:1, 10) Baholo ba bang ba ntseng ba le bacha lilemong ba hatetse pele le ho feta. E se e le balebeli ba potoloho ’me ba thusa bara le barali babo rōna liphuthehong tse ngata. Rea thaba ha bacha ba ithaopela ho thusa ka phuthehong.—Bala Pesaleme ea 110:3; Moeklesia 12:1.

SEBELISANANG ’MOHO KA LAPENG

12, 13. Ke’ng e ka thusang hore ho be le bonngoe ka lapeng?

12 Re ka etsa’ng hore ho be le bonngoe ka lapeng? Ho tšoara borapeli ba lelapa beke le beke ho ka re thusa. Ha batsoali ba qeta nako le bana ba bona ba ithuta ka Jehova, seo se ka etsa hore ba ratane le ho feta. Nakong ea borapeli ba lelapa, le ka buisana ka seo le tla se bua tšimong, kaha seo se tla le thusa hore le ee le le malala-a-laotsoe. Litho tsa lelapa li tla atamelana haufi ha li buisana ka litaba tsa Mangolo ebile li bona kamoo tse ling li ratang Jehova kateng, ’me li tla batla ho mo khahlisa.

Monna le mosali ba tla thaba ’me ba momahane haeba ba rata Jehova ba bile ba mo sebeletsa hammoho

13 Monna le mosali ba ka sebelisana ’moho joang? (Matheu 19:6) Ba tla thaba ’me ba momahane haeba ba rata Jehova ba bile ba mo sebeletsa hammoho. Ba boetse ba lokela ho ratana, joaloka Abrahama le Sara, Isaka le Rebeka, esita le Elkana le Anna. (Genese 26:8; 1 Samuele 1:5, 8; 1 Petrose 3:5, 6) Ha monna le mosali ba ratana, seo se etsa hore ba momahane ’me ba be le kamano e haufi le Jehova.—Bala Moeklesia 4:12.

Borapeli ba lelapa bo ka thusa ba hōlileng le ba bacha hore ba be le kamano e haufi (Sheba serapa sa 12 le 15)

14. Haeba molekane oa hao a sa sebeletse Jehova, u ka etsa’ng ho matlafatsa kamano ea lōna ea lenyalo?

14 Bibele e bolela ka ho hlaka hore ha rea lokela ho nyalana le motho ea sa sebeletseng Jehova. (2 Bakorinthe 6:14) Empa ho na le bara le barali babo rōna bao balekane ba bona e seng Lipaki Tsa Jehova. Ba bang ba ithutile ’nete ba se ba ntse ba le lenyalong, ’me balekane ba bona ha e ea ka ea e-ba Lipaki. Ba bang ba ne ba nyalane e le Lipaki, eaba molekane e mong o tlohela phutheho. Maemong ana, Mokreste o lokela ho etsa sohle se matleng a hae ho matlafatsa kamano ea bona ea lenyalo ka hore a sebelise likeletso tsa Bibele. Ka linako tse ling ho ka ’na ha e ba thata ho etsa sena. Ka mohlala, Mary le monna oa hae David, ba ne ba sebeletsa Jehova hammoho. Ha nako e ntse e ea, David o ile a khaotsa ho ea libokeng. Empa Mary a ’na a ikitlaelletsa ho ba mosali ea khabane le ho bonahatsa botho ba Bokreste. O ile a ruta bana ba bona ba tšeletseng ka Jehova ’me a tsoela pele ho ea libokeng le likopanong. Lilemo hamorao ha bana ba se ba phuruselitse, Mary o ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova, le hoja ho ne ho batla ho le thata le ho feta. Ka mor’a nako, David o ile a qala ho bala limakasine tseo Mary a neng a mo behela tsona. Ho e-s’o ee kae, a qala ho chakela libokeng. Setloholo sa hae se lilemo li tšeletseng se ne se lula se mo behela setulo, ’me ha David a sa tla, moshanyana eo o ne a re, “Ntate-moholo, ha kea u bona tsatsing lena libokeng.” David o ile a khutlela ho Jehova ka mor’a lilemo tse 25, ’me hona joale eena le mosali oa hae ba thabela ho sebeletsa Jehova hammoho.

15. Banyalani ba hōlileng ba ka thusa ba bacha joang?

15 Kajeno, Satane o hlasela malapa. Ke kahoo monna le mosali ba sebeletsang Jehova ba lokelang ho sebelisana. Ho sa tsotellehe hore na ke khale hakae le nyalane, nahanang ka seo le ka se buang kapa la se etsa ho matlafatsa kamano ea lōna ea lenyalo. Lōna banyalani ba seng ba hōlile le ka behela banyalani ba bacha mohlala. Mohlomong le ka ba memela hore ba be teng borapeling ba lōna ba lelapa. Ba tla elelloa hore ho sa tsotellehe hore na ke khale hakae ba nyalane, ba ntse ba lokela ho ratana le ho momahana.—Tite 2:3-7.

“TLOONG, ’ME RE NYOLOHELENG THABENG EA JEHOVA”

16, 17. Bahlanka ba Jehova ba lebeletse eng ka thabo?

16 Baiseraele ba ne ba sebelisana ’moho ha ba ea meketeng Jerusalema. Ba ne ba hlophisa lintho tsohle tseo ba tla li hloka leetong. Ba tsamaisana tsela ba bile ba thusana. Ha ba le tempeleng, ba ne ba rapela Jehova hammoho ba bile ba mo rorisa. (Luka 2:41-44) Kajeno, le rōna re lokela ho momahana le ho sebelisana ’moho, ha re ntse re itokiselletsa ho phela lefatšeng le lecha. Na ho na le litsela tse ling tseo re ka etsang see ka tsona?

17 Kajeno batho ha ba lumellane ebile ba loantšana ka lintho tse ngata. Empa rōna re leboha Jehova ha a re thusitse ho ba le khotso le ho utloisisa ’nete ea Bibele! Bahlanka ba hae lefatšeng ka bophara ba mo rapela ka tsela eo a e amohelang. Matsatsing ana a ho qetela, bahlanka ba Jehova ba momahane ho feta le ha e le neng pele. Feela joalokaha Esaia le Mikea ba profetile, re nyolohela “thabeng ea Jehova” hammoho. (Esaia 2:2-4; bala Mikea 4:2-4.) Ruri nakong e tlang re tla thaba ha batho bohle lefatšeng ba tla be ba momahane “hammoho ka tumellano” ba bile ba rapela Jehova hammoho!