Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Leka ho lemoha hore na u ka etsa’ng e le hore u thuse bara le barali babo rōna, u ba tšehetse le ho ba khothatsa ka Bibele

Na U ka Thusa Phuthehong ea Heno?

Na U ka Thusa Phuthehong ea Heno?

PELE Jesu a khutlela leholimong, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8) Ba ne ba tla khona ho etsa see joang?

Moprofesa Martin Goodman oa Univesithi ea Oxford, o re “tsela eo Bakreste ba neng ba etsa lintho ka eona pusong ea Roma e ne e ba khetholla ho batho ba malumeli a mang, ho akarelletsa le Bajuda.” Jesu o ne a ruta batho libakeng tse sa tšoaneng. Bakreste ba ’nete ba lokela ho mo etsisa ’me ba bolele “litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo” libakeng tsohle. Ba lokela ho batla batho ba thabelang ho tseba ’nete. (Luka 4:43) Ke kahoo mehleng ea Jesu, ho neng ho e-na le “baapostola,” e leng lentsoe le bolelang ba rometsoeng ho ea phetha mosebetsi o itseng. (Mareka 3:14) Jesu o ile a laela balateli ba hae, a re: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.”—Matheu 28:18-20.

Baapostola ba 12 ba Jesu ha ba sa le eo lefatšeng, leha ho le joalo ho na le bahlanka ba bangata ba Jehova ba etsisang mohlala oa bona. Ha ba kōpuoa ho ea moo ho nang le tlhokahalo, ba re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.” (Esaia 6:8) Ba bang joaloka ba likete ba tsoang Sekolong sa Gileade, ba ile linaheng tse hōle. Ba bang ba faletse likarolong tse ling linaheng tsa habo bona. Ba bangata ba ithutile puo e ’ngoe e le hore ba thuse phutheho kapa sehlopha se itseng. Ka linako tse ling ha ho bonolo, empa bara le barali bana babo rōna baa itela ho bontša hore ba rata Jehova le batho. Kahoo, ba rera lintho ka hloko ’me ba sebelisa nako, matla le chelete ea bona ho bolela litaba tse molemo moo ho nang le tlhokahalo. (Luka 14:28-30) Seo bara le barali bana babo rōna ba se etsang sea babatseha.

Hase bohle ba ka khonang ho ea moo ho nang le tlhokahalo kapa hona ho ithuta puo e ’ngoe. Empa kaofela ha rōna re ka ba joaloka baromuoa liphuthehong tsa habo rōna.

E-BA MOROMUOA PHUTHEHONG EA HENO

Ba thuse ka lintho tseo ba li hlokang

Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ne ba chesehela ho bolela litaba tse molemo, le hoja ba bangata ba bona e ne e se baromuoa. Pauluse o ile a re ho Timothea: “U etse mosebetsi oa moevangeli, u phethe bosebeletsi ba hao ka botlalo.” (2 Timothea 4:5) Sena ke seo Bakreste ba mehleng ea baapostola ba neng ba lokela ho se etsa ’me ke seo le rōna re lokelang ho se etsa kajeno. Bakreste bohle ba lokela ho mamela taelo ea hore ba bolele litaba tse molemo ’me ba etse batho barutuoa. Ho na le litsela tse ngata tseo re ka etsisang baromuoa ka tsona, re ntse re le liphuthehong tsa habo rōna.

Ka mohlala, ha baromuoa ba fihla naheng e ’ngoe ba tlameha ho ikamahanya le maemo a macha. Esita le haeba re ke ke ra fallela libakeng tseo ho nang le tlhokahalo, na re ka batla litsela tse ling tseo re ka pakelang batho ka tsona? Ka mohlala, ho qala ka 1940 barab’abo rōna ba ile ba khothalletsoa hore ba etse mosebetsi oa seterateng hanngoe ka beke. Na u kile ua leka ho paka seterateng? Na u kile ua sebelisa toroli e behang lingoliloeng? Seo lipotso tsena li se hatisang ke hore, na u ikemiselitse ho leka litsela tse ncha tsa ho bolela litaba tse molemo?

Ba khothalletse hore ba ‘etse mosebetsi oa boevangeli’

Haeba u na le pono e loketseng, u tla chesehela tšebeletso ea tšimo. Bahoeletsi ba fallelang moo ho nang le tlhokahalo teng kapa ba ithutang puo e ’ngoe hangata ke ba chesehang le ba ka khonang ho thusa liphutheho. Ka mohlala, ba etella pele mosebetsing oa boboleli. Baromuoa le bona ba etella pele ka phuthehong ho fihlela barab’abo rōna ba moo ba tšoaneleha ho jara boikarabelo. Haeba u mor’abo rōna ea kolobelitsoeng, na u “hahamalla” ho ba mohlanka ea sebeletsang kapa moholo, e le hore u thuse bara le barali babo rōna phuthehong ea heno?—1 Timothea 3:1.

MATLAFATSA BA BANG

Ba thuse ha le le tšimong

Re ka thusa bara le barali babo rōna ka litsela tse ling. Kaofela ha rōna, re ka ba “thuso e matlafatsang” ho ba balumeli-’moho le rōna.—Bakolose 4:11.

E le hore re thuse bara le barali babo rōna ho hlokahala hore re ba tsebe hantle. Bibele e re khothalletsa hore ha re e-na le bara le barali babo rōna “re nahanelaneng,” ka mantsoe a mang re nahane ka lintho tseo ba li hlokang. (Baheberu 10:24) Sena ha se bolele hore re lokela ho itšunya-tšunya litabeng tsa bona. Ho e-na le hoo, re lokela ho leka ho utloisisa seo ba se hlokang. Mohlomong ba hloka ho thusoa ka lintho tse itseng, ho tšehetsoa kapa ho khothatsoa ka Bibele. Ke ’nete hore maemong a mang, ke baholo le bahlanka ba sebeletsang feela ba ka khonang ho ba thusa. (Bagalata 6:1) Empa kaofela ha rōna re ka khona ho thusa bara le barali babo rōna ba hōlileng kapa malapa a nang le mathata.

Ba tšehetse ha ba e-na le mathata

Barab’abo rōna ba ile ba thusa Salvatore. O ile a tlameha ho rekisa khoebo ea hae, ntlo ea hae le lintho tse ling tse ngata ka lebaka la mathata a lichelete. O ne a tšoenyehile haholo ka ba lelapa la hae. Lelapa le leng ka phuthehong ea habo le ile la hlokomela hore ba hloka thuso. Le ile la fa Salvatore chelete ’me la mo thusa hore eena le mosali oa hae ba fumane mosebetsi. Le ne le lula le ba etela mantsiboea ho ea ba mamela le ho ba khothatsa. E ile ea e-ba metsoalle e meholo. Hona joale malapa ao aa thaba ha a hopola nako eo a neng a e qeta a le hammoho le hoja ho ne ho le thata.

Bakreste ba ’nete ha ba leqe ho bolella ba bang seo ba se lumelang. Re lokela ho etsisa Jesu ’me re bolelle batho bohle lintho tse babatsehang tseo Molimo a tšepisang ho li etsa. Ebang re ka khona ho fallela moo ho nang le tlhokahalo kapa che, kaofela re ka leka kahohle ho thusa balumeli-’moho le rōna liphuthehong tsa habo rōna. (Bagalata 6:10) Ha re ba thusa, re tla thaba ’me re tla “tsoela pele ho beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo.”—Bakolose 1:10; Liketso 20:35.