Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 12

Nako e Loketseng ea ho Bua ke Efe?

Nako e Loketseng ea ho Bua ke Efe?

“Ho na le . . . nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.”​—MOEK. 3:​1, 7.

PINA EA 124 Tšepahalang Kamehla

SELELEKELA *

1. Re ithuta’ng ho Moeklesia 3:​1, 7?

HO NA le batho ba ratang ho bua haholo. Ho boetse ho na le ba sa rateng ho bua haholo. Joalokaha Lengolo la sehlooho le bontša, ho na le nako ea ho bua, ho boetse ho na le nako ea ho khutsa. (Bala Moeklesia 3:​1, 7.) Ho ntse ho le joalo, ka linako tse ling re ka lakatsa hore bara le barali babo rona ba bang ebe batho ba buang. Ha ba bang bona re ka batla hore ba se ba bua haholo.

2. Ke mang ea nang le tokelo ea ho beha melao ea hore na re lokela ho bua neng le hore na joang?

2 Jehova o re file mpho ea ho bua. (Ex. 4:​10, 11; Tšen. 4:​11) O sebelisa Lentsoe la hae Bibele ho re thusa ho utloisisa hore na re ka sebelisa mpho eo ka tsela e nepahetseng joang. Sehloohong sena, re tl’o hlahloba mehlala e hlahang ka Bibeleng e ka re thusang ho tseba hore na re lokela ho bua le ho thola neng. Re tla boela re ithute hore na Jehova o ikutloa joang ka lintho tseo re li buang ho batho ba bang. Empa pele, a re hlahlobeng hore na re lokela ho bua neng.

RE LOKELA HO BUA NENG?

3. Ho ea ka Baroma 10:​14, re lokela ho bua neng?

3 Re lokela ho lula re le malala-a-laotse ho bua ka Jehova le ka ’Muso oa hae. (Mat. 24:​14; bala Baroma 10:​14.) Ha re etsa joalo, re tla be re etsisa Jesu. Le leng la mabaka a ka sehloohong leo Jesu a ileng a tla lefatšeng ka lona e ne e le ho bolella batho ’nete ka Ntate oa hae. (Joh. 18:​37) Empa re lokela ho hopola hore tsela eo re buang ka eona le eona ke ea bohlokoa. Kahoo, ha re bua le batho ba bang ka Jehova, re lokela ho etsa joalo ka “maikutlo a bonolo le ka tlhompho e tebileng” ’me re nahanele le maikutlo a bona le litumelo tsa bona. (1 Pet. 3:​15) Ha re etsa joalo, re tla be re sa bue le bona feela empa re tla be re ba ruta ’me mohlomong re ka ama lipelo tsa bona.

4. Ho ea ka Liproverbia 9:​9, lintho tseo re li buang li ka thusa batho ba bang joang?

4 Baholo ha baa lokela ho ba leqe ho bua le mora kapa morali’abo rona ea hlokang keletso. Empa ba lokela ho khetha nako e loketseng ea ho bua le motho e le hore ba se ke ba mo hlabisa lihlong. Mohlomong ba ka emela ho bua le eena ha batho ba se ba le sieo. Baholo ba lokela ho leka ho bua le motho ka tsela e tla mo siela seriti. Ho ntse ho le joalo, ba mo bontša melao-motheo ea Bibele e ka mo thusang hore a etse lintho ka bohlale. (Bala Liproverbia 9:9.) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re be sebete hore re bue ha ho hlokeha? Ak’u nahane ka mehlala ena e ’meli e sa tšoaneng. Mohlaleng o mong, ntate e mong o lokela ho khalemela bana ba hae, ha ho o mong teng mosali e mong a ne a lokela ho bua le morena oa ka moso ho mo bolella hore o entse qeto e fosahetseng.

5. Moprista ea Phahameng Eli o ile a hloleha ho etsa’ng?

5 Moprista ea Phahameng Eli o ne a e-na le bara ba babeli bao a neng a ba rata haholo. Empa bara ba hae ba ne ba sa hlomphe Jehova. Kaha e ne e le baprista, ba ne ba etsa mosebetsi oa bohlokoa haholo. Ba ne ba sebeletsa tabernakeleng. Ba ile ba sebelisa matla ao ba a filoeng hampe, ba sa hlomphe mahlabelo a neng a etsetsoa Jehova ’me ba iketsetsa borata ka ho etsa thobalano pepenene. (1 Sam. 2:​12-17, 22) Ho ea ka Molao oa Moshe, bara ba Eli ba ne ba lokela ho bolaoa empa Eli o ile a ba khalemela habobebe feela eaba o ba lumella ho tsoela pele ba sebeletsa tabernakeleng. (Deut. 21:​18-21) Jehova o ile a ikutloa joang ka tsela eo Eli a ileng a sebetsa litaba ka eona? O ile a re ho eena: ‘Ke hobane’ng ha u hlompha bara ba hao ho mpheta?’ Jehova o ile a etsa qeto ea ho bolaea bara bao ba khopo.​—1 Sam. 2:​29, 34.

6. Re ithuta’ng ho Eli?

6 Re ithuta thuto ea bohlokoa ho Eli. Haeba re fumana hore motsoalle oa rona kapa mong ka rona o tlotse molao oa Molimo, re lokela ho bua le eena re mo hopotse melao ea Jehova. Re boetse re lokela ho etsa bonnete ba hore o fumana thuso eo a e hlokang ho baholo. (Jak. 5:​14) Ha re batle ho tšoana le Eli ka hore re hlomphe metsoalle ea rona kapa motho eo re amanang le eena ho feta Jehova. Ho hlokahala hore re be sebete ha re bolella motho e mong hore o hloka thuso ’me ho etsa joalo ho tla ba le liphello tse molemo. A re bone phapang pakeng tsa Eli le mosali oa Moiseraele ea bitsoang Abigaile.

Abigaile o re behetse mohlala o motle ka ho khetha nako e loketseng ea ho bua (Sheba serapa sa 7 le 8) *

7. Ke hobane’ng ha Abigaile a ile a bua le Davida?

7 Abigaile e ne e le mosali oa Nabale, ea neng a ruile ’me a e-na le masimo. Ha Davida le banna ba hae ba ne ba baleha morena Saule, ba ile ba qeta nako e itseng le balisana ba Nabale ’me ba sireletsa mohlape oa hae ho masholu. Na Nabale o ile a ananela hore ebe ba mo thusitse? Mang? Eseng Nabale! Ha Davida a ne a kopa Nabale hore a fe banna ba hae metsi le lijo tse seng kae, Nabale o ile a halefa haholo ’me a ba rohaka. (1 Sam. 25:​5-8, 10-12, 14) Kahoo, Davida o ile a etsa qeto ea ho bolaea monna e mong le e mong oa ntlo ea Nabale. (1 Sam. 25:​13, 22) Koluoa e tjee e ne e ka qojoa joang? Abigaile o ile a hlokomela hore ke nako ea hore a bue, kahoo ka sebete o ile a kopana le Davida le banna ba hae ba 400 ba lapileng, ba halefileng ba bile ba hlometse.

8. Re ithuta’ng mohlaleng oa Abigaile?

8 Nakong eo Abigaile a neng a kopana le Davida, o ile a bua le eena ka sebete le ka tlhompho ebile e le ka tsela e susumetsang. Le hoja e ne e se Abigaile ea bakileng bothata boo, o ile a kopa tšoarelo ho Davida. Abigaile o ne a itšetlehile ka Jehova hore a mo thuse ’me o ile a bolella Davida hore oa tseba hore ke motho ea hantle ebile o tla etsa lintho ka tsela e nepahetseng. (1 Sam. 25:​24, 26, 28, 33, 34) Joaloka Abigaile, re lokela ho ba sebete ha re bua le motho haeba re bona hore o etsa ntho e ka etsang hore a etse sebe se tebileng. (Pes. 141:5) Re lokela ho mo hlompha empa re boetse re lokela ho ba sebete. Ha re eletsa batho re bontša hore re metsoalle ea ’nete.​—Liprov. 27:17.

9-10. Baholo ba lokela ho hopola eng ha ba eletsa batho?

9 Ke habohlokoa hore baholo ba be sebete ha ba bua le bahoeletsi ba entseng phoso. (Bagal. 6:1) Ka boikokobetso, baholo baa tseba hore le bona ha baa phethahala ’me ho na le nako eo ka eona ba tla hloka ho eletsoa. Empa taba eo ha e sitise baholo ho khalemela batho ba hlokang ho khalemeloa. (2 Tim. 4:2; Tite 1:9) Ha ba fa motho keletso, ba leka ho sebelisa mpho ea bona ea ho bua ka ho mo ruta ka tsela e bohlale le ka mamello. Lerato ke lona le ba susumetsang hore ba mo thuse. (Liprov. 13:​24) Empa ntho ea bohlokoa eo ba batlang ho e etsa ke ho hlompha Jehova, ka hore ba tšehetse melao ea hae le ho sireletsa phutheho.​—Lik. 20:28.

10 Ho fihlela joale, re ithutile hore na re lokela ho bua neng. Leha ho le joalo, ho na le maemo ao ho ’ona re sa lokelang ho bua ho hang. Ke mathata afe ao re ka ’nang ra thulana le ’ona maemong aa?

RE LOKELA HO THOLA NENG?

11. Jakobo o ile a bua ka papiso efe, hona ke hobane’ng ha e loketse?

11 Ho ka ’na ha e-ba thata ho laola tsela eo re buang ka eona. Jakobo o ile a sebelisa papiso e loketseng ho hlalosa boemo bona. O ile a re: “Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tomo.” (Jak. 3:​2, 3) Tomo e kenngoa molomong oa pere. Ha motho a hula tomo, a ka khona ho laola pere hore e ee moo a batlang kapa hore e eme. Haeba mokalli a ka tšoara litomo ka tsela e ka utloisang pere bohloko, e ka tsoa taolong, ea itematsa ea ba ea mo lematsa. Ka tsela e tšoanang, haeba re sa khone ho laola tsela eo re buang ka eona re ka chesa hlaha. A re hlahlobeng hore na ke neng re lokelang ho laola litomo tsa rona ’me re itholele.

12. Ke neng re lokelang ho laola litomo tsa rona ’me re itholele?

12 U etsa’ng haeba u tseba hore mora kapa morali’abo rona o na le lekunutu? Ka mohlala, haeba u kopana le motho ea lulang naheng eo mosebetsi oa rona o thibetsoeng, na u tla mo kopa hore a u bolelle hore na lintho li etsoa joang moo? Ke ’nete hore u tla be u sa botse ka sepheo se sebe. Re rata bara le barali babo rona ’me re thahasella ho tseba hore na ho etsahala’ng ka bona. Re boetse re batla ho toba taba ha re ba rapella. Leha ho le joalo, boemong bona re lokela laola litomo tsa rona ’me re se ke ra ba botsa letho. Haeba re qobella motho hore a re bolelle taba eo a sa lokelang hore bolella eona, re tla be re bontša hore ha re mo rate, ha re rate le batho ba lebeletseng hore a boloke taba eo e le lekunutu. Re kholisehile hore ha ho na mang kapa mang ea ka batlang ho ekeletsa bara le barali babo rona ba phelang moo mosebetsi oa rona o thibetsoeng mathata. Ka tsela e tšoanang, ha ho na mora kapa morali’abo rona ea ka batlang ho re bolella hore na Lipaki tse lulang libakeng tse joalo li tšoara liboka le tšimo joang.

13. Liproverbia 11:​13 e re baholo ba lokela ho etsa’ng, hona hobane’ng?

13 Ka ho khetheha baholo ba lokela ho mamela molao-motheo o ho Liproverbia 11:​13 ka hore ba boloke litaba e le lekunutu. (E bale.) Taba ena e ka ba pharela, haholo-holo ho moholo ea nang le molekane. Banyalani ba etsa hore kamano ea bona e lule e le matla ka hore ba bolellane makunutu, lintho tse ba tšoenyang le hore na ba ikutloa joang. Empa moholo oa tseba hore ha a lokela ho bolella mosali oa hae litaba tsa batho ba bang ka phuthehong. Haeba a etsa joalo, o tla etsa hore batho ba se ke ba mo tšepa hape o tla senya le lebitso la hae le letle. Batho ba nang le boikarabelo ka phuthehong ha baa lokela ho ba “teme-peli” kapa ebe batho ba leshano. (1 Tim. 3:8.) Taba ena e bolela hore ha baa lokela ho thetsa batho ba bang kapa ba rate ho seba. Haeba moholo a rata mosali oa hae, a ke ke a mo bolella litaba tseo a sa lokelang ho li tseba.

14. Mosali oa moholo a ka thusa molekane oa hae joang hore a be le lebitso le letle?

14 Mosali oa moholo o lokela ho thusa monna oa hae hore a be le lebitso le letle ka hore a se ke a mo qobella ho mo bolella lintho tseo a sa tlamehang ho li tseba. Ha a etsa joalo, o tšehetsa monna oa hae ebile o bontša hore o hlompha batho ba boleletseng monna oa hae makunutu a bona. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore o thabisa Jehova hobane o etsa hore ho be le bonngoe le khotso ka phuthehong.​—Bar. 14:19.

JEHOVA O IKUTLOA JOANG KA LINTHO TSEO RE LI BUANG?

15. Jehova o ile a ikutloa joang ka metsoalle e meraro ea Jobo, hona hobane’ng?

15 Re ka ithuta lintho tse ngata bukeng ea Jobo ka hore na re lokela ho bua joang le hore na neng. Ka mor’a hore Jobo a thulane le mathata a mangata, banna ba bane ba ile ba tla ho tla mo tšelisa le ho mo eletsa. Banna bao ba ile ba qeta nako e ngata ba sa re letho ho eena. Empa lintho tseo Elifaze, Bildade, le Tsofare ba ileng ba li bua li ne li bontša hore ba ne ba sa thola hobane ba ntse ba nahana ka hore na ba ka thusa Jobo joang. Ho e-na le hoo, ba ile ba nahana ka hore na ba ka mo bontša joang hore ho na le ho phoso hoo a ho entseng. Lintho tse ling tseo ba ileng ba li bua e ne e le linnete empa boholo ba lintho tseo ba ileng ba li bua ka Jehova le Jobo li ne li utloisa bohloko ebile e le mashano. Ba ile ba qosa Jobo ka hore e ne e le motho ea mobe. (Jobo 32:​1-3) Jehova o ile a etsa’ng? O ile a halefela banna bao ba bararo haholo. O ile a re ke maoatla ’me a etsa hore ba kope Jobo hore a ba rapelle.​—Jobo 42:​7-9.

16. Re ka ithuta’ng ho Elifaze, Bildade, le Tsofare?

16 Re ka ithuta lintho tse ngata ho Elifaze, Bildade, le Tsofare. Ntho ea pele eo re ithutang eona ke hore, ha rea lokela ho ahlola bara le barali babo rona. (Mat. 7:​1-5) Ho e-na le hoo, re lokela ho ba mamela ka hloko pele re ka bua. Ha re etsa joalo, re tla khona ho ikenya lieteng tsa bona. (1 Pet. 3:8) Ea bobeli, re lokela ho etsa bonnete ba hore re bua ka tsela e mosa hape re bua lintho tse nepahetseng. (Baef. 4:​25) Ea boraro eo re ithutang eona ke hore, Jehova o thahasella lintho tseo re li buang ho batho ba bang.

17. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Elihu?

17 Monna oa bone ea neng a etetse Jobo e ne e le Elihu, moamani-’moho le Abrahama. O ne a mametse ka hloko ha banna bao ba bararo ba ntse ba bua le Jobo. Ha ho potang hore o ne a le tsebe-thoethoe, kahoo o ile a khona ho fa Jobo keletso ka tsela e mosa le e tobileng e ileng ea mo thusa ho nahana ka tsela e nepahetseng. (Jobo 33:​1, 6, 17) Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho Elihu e ne le ho tlotlisa Jehova eseng eena kapa motho leha e le ofe. (Jobo 32:​21, 22; 37:​23, 24) Mohlaleng oa Elihu re ithuta hore ho na le nako ea ho thola le ho mamela. (Jak. 1:​19) Re boetse re ithuta hore ha re fa batho keletso, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re lokelang ho nahana ka eona ke ho tlotlisa lebitso la Jehova eseng rona.

18. Re ka bontša joang hore re ananela mpho eo Jehova a re fileng eona ea ho bua?

18 Re bontša hore re ananela mpho eo re nang le eona ea ho bua ka hore, re mamele likeletso tse tsoang ka Bibeleng tsa hore na re lokela ho bua neng le hore na joang. Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng le joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera.” (Liprov. 25:​11) Ha re mamela ka hloko hape re nahana pele re bua, mantsoe a rona a ka ba joaloka liapole tsa khauta ’me ea e-ba a bohlokoa. Kahoo, ho sa tsotelehe hore na re bua haholo kapa che, lintho tseo re li buang li lokela ho haha batho ba bang hape re tla etsa hore Jehova a be motlotlo ka rona. (Liprov. 23:​15; Baef. 4:​29) Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore re ananela mpho ena ea Molimo.

PINA EA 82 “Leseli la Lona le ke le Khanye”

^ ser. 5 Bibele e na le melao-motheo e ka re thusang ho tseba hore na nako e loketseng ea ho bua le ea ho thola ke efe. Ha re tseba hore na Bibele e reng ebile re etsa lintho tseo re ithutileng tsona, kamehla re tla bua lintho tse thabisang Jehova.

^ ser. 62 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Morali’abo rona o fa morali’abo rona e mong keletso e bohlale.

^ ser. 64 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Mor’abo rona o fana ka keletso tabeng ea bohloeki.

^ ser. 66 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Abigaile o ile a bua le Davida ka nako e loketseng ’me phello e ile ea e-ba e molemo.

^ ser. 68 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Banyalani ba bang baa ithiba hore ba se ke ba bua ka litaba tsa moo mosebetsi oa rona o thibetsoeng le hore na lintho etsoa joang.

^ ser. 70 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Moholo o etsa bonnete ba hore ha ho motho ea mo utloang ha a bua ka litaba tsa phutheho.