Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ba hlokolosi ha ba sebelisa mekhoa ea morao-rao ea ho romela melaetsa?

Bakreste ba bang ba sebelisa theknoloji ea morao-rao ho lula ba hokahane le malapa a bona le Lipaki tse ling. Empa Mokreste ea hlaphohetsoeng hantle o tla mamela keletso ena e reng: “Ea masene ea boneng tlokotsi o ipatile; ba se nang phihlelo ba fetetseng pele ba fumane kotlo.”​—Liprov. 27:12.

Re ananela taba ea hore ebe Jehova o batla ho re sireletsa. Kahoo, ha re itsoakanye le batho ba bakang maquloana, ba khaotsoeng kapa ba buellang lithuto tse khelohileng. (Bar. 16:​17; 1 Bakor. 5:​11; 2 Joh. 10, 11) Ba bang ba ntseng ba kopanela le phutheho ba ka ’na ba se ke ba itšoara ka tsela e hlomphehang. (2 Tim. 2:​20, 21) Nakong eo re etsang metsoalle, re tla be re etsa hantle ha re hopola lintlha tseo. Ha u batla metsoalle e metle ho ka ba boima haeba u sebelisa mecha ea puisano.

Ke habohlokoa haholo hore u ntše mahlo linameng nakong eo u batlang ho etsa metsoalle u sebelisa li-group tse kholo tse mecheng ena. Bakreste ba bang ba ile ba kena ho tsona ’me liphello e bile tse bosula haholo. Empa mora kapa morali’abo rona a ka bontša joang hore o hlokolosi haholo haeba ho e-na le group e nang le batho ba makholo kapa ba likete? Ho ke ke ha e-ba bonolo ho tseba boemo ba motho e mong le e mong le hore na o na le tumelo e matla hakae. Pesaleme ea 26:4 e re: “Ha kea lula le batho ba leshano; ha ke kene setsoalleng le ba patang seo ba leng sona.” Na taba ee ha e bontše hore ekaba hantle hore u sebelise mocha o itseng oa puisano le batho bao u ba tsebang feela?

Esita le haeba group e le nyane, Mokreste o ntse a lokela ho sheba hore na o nka nako e kae a kene moo le hore na ba bua ka’ng. Ha rea lokela ho ikutloa re tlamehile ho araba melaetsa ho sa tsotellehe hore na ho buuoa ka eng le hore na puisano eo e tla nka nako e kae. Pauluse o ile a lemosa Timothea ka batho bao e neng e tla ba “basebi le ba kena-kenanang le litaba tsa batho ba bang.” (1 Tim. 5:​13) Mehleng ena, ho bonolo feela hore ntho e joalo e etsahale ho sebelisoa mecha ea puisano.

Mokreste ea tsebang litaba tsa hae hantle a ke ke fana kapa a bua ka litaba tse buang ka balumeli-’moho le eena hampe kapa tseo e leng makunutu a Bakreste-’moho le eena. (Pes. 15:3; Liprov. 20:​19) Hape o tla qoba ho bua kapa ho mamela litaba tse nyarosang kapa tseo ho sa tsebisahaleng hantle hore na ke ’nete. (Baef. 4:​25) Re na le lintho tse ngata tse thehiloeng Bibeleng le litlaleho tseo re ka li tšepang tse ho websaete ea rona ea jw.org le mananeo a khoeli le khoeli a JW.

Lipaki tse ling li sebelisa mecha ea puisano bakeng sa ho reka, ho rekisa, ho bapatsa lintho tse itseng kapa ho fana ka menyetla ea mesebetsi. Lintho tsena li amana le litaba tsa khoebo, ha ho na moo li kopanang teng le borapeli ba rona ho Jehova. Bakreste ba sa batleng ho ba le “lerato la chelete” ba ke ke ba sebelisa barab’abo rona ka sepheo sa ho iketsetsa chelete.​—Baheb. 13:5.

Empa na ke phoso ho sebelisa mecha ee ea puisano ho batla chelete ho bara le barali ba bo rona e le ho thusa Bakreste-’moho le rona ba hlahetsoeng ke likoluoa? Hangata re bontša hore re tsotella Bakreste-’moho le rona ka ho ba thusa le ho ba khothatsa. (Jak. 2:​15, 16) Empa ho etsa joalo re sebelisa group e hlahang mecheng ea puisano ho ka kena-kenana le litokisetso tse molemo tse entsoeng ke ofisi ea lekala kapa phutheho ea rona. (1 Tim. 5:​3, 4, 9, 10, 16) Ho feta moo, re ke ke ra batla hore batho ba nahane hore ka tsela e itseng e ikhethang re na le mosebetsi oa ho hlokomela linku tsa Molimo.

Re lakatsa ho etsa lintho tse tla isa thoriso ho Jehova. (1 Bakor. 10:​31) Kahoo, ha u etsa qeto ea hore na u tla sebelisa mocha ofe oa puisano kapa theknoloji efe, u nahane ka likotsi tse ka hlahang hape u be hlokolosi haholo.