Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 10

Phutheho e ka Thusa Batho ba Ithutang Bibele Joang Hore ba Kolobetsoe?

Phutheho e ka Thusa Batho ba Ithutang Bibele Joang Hore ba Kolobetsoe?

“Setho se seng le se seng . . . [se] sebeletsa kholo ea ’mele.”​—BAEF. 4:16.

PINA EA 85 Amohelanang

SELELEKELA *

1-2. Ke bo-mang ba ka thusang motho ea ithutang Bibele hore a kolobetsoe?

MORALI’ABO rona Amy ea lulang Fiji o re: “Ke ne ke rata lintho tseo ke ithutang tsona ka Bibeleng. Ke ne ke tseba hore ke ’nete. Empa ho qeta nako le bara le barali ba bo rona, ho ile ha nthusa hore ke etse liphetoho le hore ke kolobetsoe.” Pale ea Morali’abo rona Amy e re fa thuto ena ea bohlokoa ea hore, seithuti sa Bibele se ka tsoela pele ho etsa liphetoho ho fihlela se kolobetsoa haeba se fumana thuso ea ba bang ka phuthehong.

2 Mohoeletsi e mong le e mong a ka etsa hore phutheho e hole. (Baef. 4:​16) Morali’abo rona Leilani oa pula-maliboho ea lulang Vanuatu o re: “Ho na le maele a reng, ‘noka e tlatsoa ke linokana.’ Ke nahana hore hoa tšoana le ha re etsa batho barutuoa, kaofela ha rona re thusa motho ea ithutang Bibele hore a tle ka phuthehong.” E le hore ngoana a hole, ba lelapa, metsoalle le matichere baa mo thusa. Ba etsa joalo ka ho mo khothatsa le ho mo ruta lintho tsa bohlokoa. Ka ho tšoanang, bahoeletsi ba ka eletsa batho ba ithutang Bibele, ba ba khothatsa le ho ba behela mohlala o motle o tla ba thusa hore ba kolobetsoe.​—Liprov. 15:22.

3. U ithutile’ng ho Ana, Dorin le Leilani?

3 Ke hobane’ng ha mohoeletsi a lokela ho thaba ha batho ba bang ka phuthehong ba thusa motho eo a ithutang Bibele le eena? Hlokomela hore na Morali’abo rona Ana eo e leng pula-maliboho e khethehileng Moldova o re’ng. O re: “Ha seithuti se qala ho etsa liphetoho, ho ka boima haholo hore u hlokomele litlhoko tsohle tsa sona u le mong.” Mor’abo rona Dorin eo e leng pula-maliboho e khethehileng naheng eona eo o re: “Hangata bahoeletsi ba bang ba bua ntho eo ke neng ke sa e nahana e finyellang maikutlo a motho eo ke ithutang Bibele le eena.” Morali’abo rona Leilani o fana ka lebaka le leng, o re: “Ha seithuti se bontšoa lerato le ho tsotelloa, se tla bona hore re bahlanka ba Jehova.”​—Joh. 13:35.

4. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

4 Leha ho le joalo, u ka ’na oa ipotsa, ‘Nka kenya letsoho joang ho thusa thuto ea Bibele hore e hatele pele le hoja e se ’na ea e khannang? A re ke re bueng ka hore na re ka etsa’ng haeba mohoeletsi a re kopa hore re ee le eena thutong le hore na re ka etsa’ng ha motho eo a qala ho tla libokeng. Re tla boela re bone hore na baholo ba ka thusa liithuti joang hore li kolobetsoe.

HA U MEMETSOE THUTONG

Ha u memetsoe thutong, lokisetsa sehlooho se tl’o baloa (Sheba serapa sa 5 ho ea ho sa 7)

5. Boikarabelo ba hao ke bofe ha u memetsoe thutong?

5 Mohoeletsi ea khannang thuto ke eena eo ha e le hantle a ikarabellang ka ho thusa seithuti hore se utloisise Lentsoe la Molimo. Haeba a u kopa hore u tsamaee le eena ha a ea thutong, u tsebe hore u il’o ba motlatsi oa hae. Boikarabelo ba hao ke ho mo thusa. (Moek. 4:​9, 10) Joale u ka mo thusa joang hore thuto e be e atlehileng?

6. Ha u memetsoe thutong, u ka sebelisa molao-motheo o ho Liproverbia 20:​18 joang?

6 Lokisetsa. Qala ka ho kopa mohoeletsi hore a u behe leseling hanyane ka thuto ea hae. (Bala Liproverbia 20:​18.) U ka ’na oa botsa: “Ke lintho life tseo u li tsebang ka thuto ea hao? Le tl’o bala sehlooho sefe? U batla hore thuto ea hao e tsoe e ithutile’ng sehloohong seo? Na ho na le ntho eo ke sa lokelang ho e etsa kapa ho e bua? Nka e khothatsa joang?” ’Nete ke hore mohoeletsi a ke ke a bua ka lintho tseo thuto ea hae e sa batleng ha batho ba bang ba li tseba empa o tla bua ka tse hlokahalang feela. Morali’abo rona Joy oa moromuoa o buisana ka lipotso tseo le batho bao a tsamaeang le bona ha a il’o khanna thuto. O re: “Ho qoqa ka lintho tseo ho thusa motho eo ke tsamaeang le eena hore a tsebe motho eo ke ithutang le eena le hore a tsebe hore na a ka tšoaela joang ha re ntse re ithuta.”

7. Ke hobane’ng ha u lokela ho lokisetsa haeba u tl’o tsamaea le mohoeletsi e mong ha a ea thutong ea hae?

7 Haeba mohoeletsi e mong a u kopile hore u ee thutong le eena, e ka ba hantle hore u lokisetse sehlooho seo ba tl’o se bala. (Esdr. 7:​10) Mor’abo rona Dorin eo re buileng ka eena o re: “Ke thaba haholo ha motho eo ke tsamaeang le eena a lokiselitse. Ka tsela eo, o tla khona ho fana ka lintlha tsa bohlokoa.” Ho feta moo, seithuti se tla bona hore le lokiselitse hantle ’me ntho eo e tla mo behela mohlala o motle. Le haeba u ke ke oa khona ho lokisetsa sehlooho seo ba tl’o se bala hantle, u ka ipha nako ea hore bonyane u shebe lintlha tsa bohlokoa sehloohong seo.

8. U ka etsa’ng hore thapelo ea hao e tobe taba ha u le thutong?

8 Thapelo e bohlokoa haholo ha le khanna thuto, kahoo, haeba u koptjoa hore u rapele, u lokela ho nahana esale pele hore na u tla rapella eng. Ha u etsa joalo, u tla khona ho toba taba ha u rapela. (Pes. 141:2) Morali’abo rona Hanae ea lulang Japane o ntse a hopola kamoo morali’abo rona ea neng a tsamaea le mosuoe oa hae a neng rapela kateng. O re: “Ke ile ka hlokomela hore ke motsoalle oa Jehova ea haufi-ufi ebile ke ne ke batla ho tšoana le eena. Hape ke ne ke utloa ke ratoa ha a ne a bitsa lebitso la ka lithapelong tsa hae.”

9. Ho ea ka Jakobo 1:​19, u ka etsa’ng hore u be motlatsi oa bohlokoa ha le le thutong?

9 Kenya letsoho ha u le thutong. Morali’abo rona Omamuyovbi eo e leng pula-maliboho e khethehileng Nigeria o re: “Motlatsi oa hao o thusa haholo ha a mamela ka hloko nakong ea thuto. O khona ho fana ka lintlha tsa bohlokoa haholo hape ha a bue haholo hobane oa elelloa hore thuto ha se ea hae.” Joale u ka tseba joang hore na u lokela ho bua neng le hore na u ka re’ng? (Liprov. 25:​11) Mamela ka hloko ha mohoeletsi le seithuti ba ntse ba bua. (Bala Jakobo 1:​19.) Ha u etsa joalo, u tla khona ho mo thusa ka nako e nepahetseng. Empa u lokela ho nahana pele u bua. Ka mohlala, u ke ke oa bua haholo, oa kena mohoeletsi hanong ha a ntse a hlalosa ntho e itseng kapa oa bua ka ntho e ’ngoe e fapaneng. Ho e-na le hoo, u ka bua ntlha e khutšoanyane, oa etsa mohlala kapa oa botsa potso e tla hlakisa ntlha e ntseng e rutoa. Ka linako tse ling, u ka ’na oa utloa eka ha ho na ntho e kaalo eo u ka e buang. Empa haeba u babatsa seithuti ’me u bontša hore oa se tsotella, u tla se thusa hore se thabele ho ithuta.

10. Lintho tse u etsahalletseng bophelong li ka thusa seithuti joang?

10 Bua ka lintho tse u etsahalletseng. Haeba seithuti se tla rua molemo, se bollelle ka bokhutšoanyane hore na ho tlile joang hore u ithute Bibele, ke bothata bofe boo u ileng oa bo hlola le hore na Jehova o u thusitse joang bophelong ba hao. (Pes. 78:​4, 7) E ka ’na eaba ho utloa ka pale ea hao, ke eona ntho eo motho eo u ithutang le eena a neng a hloka ho e utloa. Ho ka matlafatsa tumelo ea hae kapa ha etsa hore a batle ho kolobetsoa. Ho ka boela ha mo thusa hore a bone na a ka hlola bothata boo a nang le bona joang. (1 Pet. 5:9) Mor’abo rona Gabriel ea lulang Brazil eo hona joale e leng pula-maliboho o re o hopola ntho e ileng ea mo thusa ha a ntse a ithuta Bibele. O re: “Ha ke ne ke utloa lintho tse etsahallang barab’abo rona, ke ile ka elelloa hore Jehova o bona mathata a rona ’me haeba ba khonne ho a hlola le ’na ke tla khona.”

HA MOTHO EA ITHUTANG BIBELE A TLA LIBOKENG

Kaofela ha rona re ka khothalletsa seithuti hore se lule se tla libokeng (Sheba serapa sa 11)

11-12. Ke hobane’ng ha re lokela ho amohela motho ea ithutang Bibele ea tlang libokeng ka mofuthu?

11 E le hore motho ea ithutang Bibele a kolobetsoe, o lokela ho tla libokeng kamehla kaha li tla mo tsoela molemo. (Baheb. 10:​24, 25) Motho ea mo rutang Bibele a ka mo mema hore a tle libokeng ka lekhetlo la pele. Ha a se a tlile, kaofela ha rona re ka mo khothaletsa hore a lule a tla libokeng. Re ka etsa joalo joang?

12 Mo amohele ka mofuthu. (Bar. 15:7) Haeba motho ea ithutang Bibele a ikutloa a amohelehile libokeng, a ka ’na a lula a batla ho tla Holong. U ka mo lumelisa ka tsela e bontšang hore u mo thabetse u be u mo tsebise batho ba bang empa u se ke oa etsa hore a ikutloe a sa phutholoha. U se ke oa nahana hore ho na le motho ea mo hlokometseng hobane ho ka etsahala hore ebe motho ea ithutang le eena ha a e-s’o fihle kapa ebe o ntse a etsa mesebetsi e meng ka Holong. U mo mamele ka hloko ’me u bontše hore oa mo tsotella. Ho etsa joalo, ho ka thusa motho ea ithutang Bibele joang? Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Dmitrii ea sa tsoa kolobetsoa eo hona joale e seng e le mohlanka ea sebeletsang. Ha a bua ka lekhetlo leo a neng a qala ho ea libokeng ka lona o re: “Mor’abo rona e mong o ile a mpona ke eme ka ntle ho Holo ea ’Muso ke tšohile eaba ka mosa o kena le ’na ka Holong. Batho ba bangata ba ile ba tla ba tl’o ntumelisa. Ke ne ke hloletsoe haholo. Ke ne ke thabile hoo e neng eka liboka li ka tšoaroa letsatsi le leng le le leng! Ke ne ke qala ho ikutloa ka tsela eo esale ke etsoa motho.”

13. Mohlala oa hao o motle o ka thusa motho ea ithutang Bibele joang?

13 Beha mohlala o motle. Mohlala oa hao o motle o ka thusa motho ea ithutang Bibele hore a kholisehe hore o fumane ’nete. (Mat. 5:​16) Mor’abo rona Vitalii eo e leng pula-maliboho Moldova o re: “Ke ile ka bona kamoo batho ba bang ka phuthehong ba phelang kateng, ba nahanang kateng le kamoo ba itšoereng kateng. Taba ena e ile ea nkholisa hore Lipaki Tsa Jehova ke barapeli ba ’nete.”

14. Mohlala oa hao o ka thusa seithuti joang hore se tsoele pele ho ithuta?

14 E le hore seithuti se kolobetsoe, se lokela ho sebelisa lintho tseo se ithutang tsona. Ka linako tse ling, ha ho bonolo ho etsa joalo. Empa ha motho eo u ithutang le eena a bona kamoo ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho u thusang kateng, a ka ’na a batla ho u etsisa. (1 Bakor. 11:1) Ak’u nahane ka Morali’abo rona Hanae eo re buileng ka eena. O re: “Bara le barali ba bo rona e ne e le mehlala eo ke e bonang ea lintho tseo ke ithutang tsona. Ke ile ka bona hore na nka etsa’ng hore ke be motho ea khothatsang, ea tšoarelang le ea ratang batho ba bang. Ba ne ba lula ba bua hantle ka batho ba bang. Ke ne ke batla ho ba etsisa.”

15. Liproverbia 27:​17 e re thusa joang ho bona lebaka leo ka lona re lokelang ho ba metsoalle ea liithuti tsa Bibele tse tlang libokeng?

15 E-ba motsoalle oa seithuti. Ha seithuti se ntse se tsoela pele ho tla libokeng, se bontše hore oa se tsotella. (Bafil. 2:4) Leka ho se tseba haholoanyane. Ntle le hore u kena-kenane le litaba tsa sona, se babatse ka liphetoho tseo se li entseng, se botse hore na se ntse se bala joang le hore na ho ntse ho e-ea joang lapeng le mosebetsing. Meqoqo e joalo e ka etsa hore le be metsoalle. Ha u e-ba motsoalle oa motho ea ithutang Bibele, u mo thusa hore a batle ho kolobetsoa. (Bala Liproverbia 27:​17.) Hona joale Morali’abo rona Hanae ke pula-maliboho ea kamehla. Ha a hopola nakong eo a neng a qala ho ea libokeng o re: “Ha ke ntse ke e-ba le metsoalle ka phuthehong, ke ile ka thabela ho ea libokeng, ke ne kea ho tsona le ha ke ne ke khathetse. Ke ne ke thabela ho ba le metsoalle ea ka e mecha ’me ntho eo e ile ea nthusa hore ke khaotse ho ba motsoalle oa batho ba sa rapeleng Jehova. Ke ne ke batla ho ba haufi haholo le Jehova le Bakreste-’moho le ’na. Kahoo, ke ile ka kolobetsoa.”

16. U ka etsa’ng hape hore motho ea ithutang Bibele a thabele ho ba ka phuthehong?

16 Ha motho ea ithutang Bibele a ntse a etsa liphetoho a bile a tsoela pele ho ithuta, mo thuse hore ha a le ka phuthehong a ikutloe a le hae. U ka etsa joalo ka ho mo amohela ka mofuthu. (Baheb. 13:2) Ha Mor’abo rona Denis ea sebeletsang Moldova a hopola nako eo a neng a ntse a ithuta Bibele, o re: “ ’Na le mosali oa ka re ile ra mengoa ka makhetlo a mangata hore re qete nako le bara le barali ba bo rona. Ba ile ba re bolella kamoo Jehova a ba thusitseng kateng. Ba ile ba re khothatsa haholo. Re ile ra kholiseha hore re batla ho sebeletsa Jehova le hore re tla phela hamonate haeba re etsa joalo.” Ha motho ea ithutang Bibele e se e le mohoeletsi u ka mo kopa hore a tsamaee le uena ha u ea tšimong. Mor’abo rona Diego oa Brazil o re: “Barab’abo rona ba bangata ba ne ba nkopa hore ke tsamaee le bona ha ba e-ea tšimong. Ke ile ka ba monyetleng ho ba tseba hantle. Ke ile ka ithuta lintho tse ngata ’me ke ile ka ikutloa ke le haufi le Jehova le Jesu.”

BAHOLO BA KA THUSA JOANG?

Baholo, ha le tsotella liithuti tsa Bibele le ka li thusa hore li kolobetsoe (Sheba serapa sa 17)

17. Baholo ba ka thusa liithuti joang?

17 Iphe nako ea batho ba ithutang Bibele. Baholo, haeba le rata batho ba ithutang Bibele ebile le ba tsotella, le ka ba thusa hore ba kolobetsoe. Itloaetse ho qoqa le bona ha ba tlile libokeng. Ba tla bona hore oa ba tsotella haholo-holo ha u hopola mabitso a bona ha ba qala ho arabela. Na u ka ipha nako ea hore nako le nako u tsamaee le mohoeletsi ha a il’o bala le motho eo a ithutang le eena? U ka thusa seithuti ho feta kamoo u nahanang kateng. Morali’abo rona Jackie oa pula-maliboho ea lulang Nigeria o re: “Batho ba bangata bao ke ithutang Bibele le bona baa makala ha ba utloa hore mor’abo rona eo ke tsamaeang le eena ke moholo. E mong oa bona o ile a re: ‘Moruti oa ka a ke ke a e etsa ntho e joalo le khale! O chakela batho ba ruileng feela le teng haeba ba mo patala.’ ” Hona joale motho eo o se a tla libokeng.

18. Baholo ba ka phetha boikarabelo boo ba bo filoeng bo ho Liketso 20:​28 joang?

18 Koetlisang bahoeletsi le be le ba khothatse. Baholo le na le boikarabelo bo boima ba ho thusa bahoeletsi hore ba atlehe tšebeletsong ea tšimo ha ba bolela le ha ba ruta. (Bala Liketso 20:​28.) Haeba mohoeletsi a tšaba ho khanna thuto u le teng, ithaopele ho e khanna. Morali’abo rona Jackie eo re buileng ka eena o re: “Baholo ba lula ba mpotsa ka batho bao ke ithutang Bibele le bona. Ha ke thatafalloa ke ho ruta motho eo ke ithutang Bibele le eena, ba mpha keletso e ka nthusang.” Baholo ba ka khothatsa bahoeletsi haholo le ho ba thusa hore ba se ke ba tela. (1 Bathes. 5:​11) Morali’abo rona Jackie o boetse o re: “Kea thaba ha baholo ba nkhothatsa ebile ba mpolella hore ba ananela mosebetsi oa ka. Mantsoe ao a nthoba maikutlo. Mantsoe a bona a etsa hore ke itšepe haholoanyane hape a eketsa thabo eo ke bang le eona mosebetsing oa ho khanna lithuto.”​—Liprov. 25:25.

19. Ke thabo efe eo kaofela ha rona re ka bang le eona?

19 Le haeba hona joale ha ho na motho eo u ithutang Bibele le eena, u ka khona ho thusa motho e mong hore a kolobetsoe. Re ka khona ho thusa mohoeletsi ha a ntse a ruta motho Bibele ka hore re bue lintlha tse lokiselitsoeng hantle empa re sa bue haholo. Re ka ba metsoalle ea batho ba ithutang Bibele ha ba tla Holong ea ’Muso re be re ba behele mohlala o motle. Hape baholo ba ka khothatsa batho ba ithutang Bibele ka hore ba iphe nako ea bona ’me ba thuse bahoeletsi ka ho ba koetlisa le ho ba babatsa. Kannete re thaba haholo ha re thusa motho ea ithutang Bibele hore a rate Jehova le ho mo sebeletsa leha e ka ba ka tsela e nyane feela.

PINA EA 79 Ba Thuse ho Lula ba le Matla

^ ser. 5 Ha se motho e mong le e mong eo hona joale a nang le motho eo a ithutang Bibele le eena. Leha ho le joalo, kaofela ha rona re ka thusa motho e mong hore a kolobetsoe. Sehloohong sena re tl’o bona hore na kaofela ha rona re ka etsa’ng ho thusa seithuti sa Bibele hore se kolobetsoe.