Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“E-eang ’me le Etse Batho ba Lichaba Tsohle Barutuoa”

“E-eang ’me le Etse Batho ba Lichaba Tsohle Barutuoa”

“E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse . . . , le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—MATHEU 28:19, 20.

LIPINA: 141, 97

1, 2. Mantsoe a Jesu a ho Matheu 24:14 a hlahisa lipotso life?

JESU o ile a bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela, litaba tse molemo tsa ’Muso li tla boleloa lefatšeng lohle. (Matheu 24:14) Lipaki Tsa Jehova li tsebahala ka ho bolela litaba tse molemo. Batho ba bang ba thabela molaetsa oo re o phatlalatsang, ’me ba bang ha ba o thabele. Empa le ba bang ba sa o thabeleng, ba hlompha mosebetsi oo re o etsang. Re bolella batho hore re etsa mosebetsi oo Jesu a o boletseng esale pele. Na re nepile? Re tseba joang hore mosebetsi oa rōna oa boboleli ke oona oo Jesu a neng a bua ka oona?

2 Malumeli a mangata a bolela hore a phatlalatsa molaetsa oo Jesu a neng a o phatlalatsa. Empa baruti ba ’ona ba ruta feela ha ba le kerekeng, thelevisheneng, Inthaneteng, kapa ba bua feela ka hore na ba amohetse Jesu joang. Ba bang ba lumela hore hafeela ba thusa batho ba hlokang kapa ba fana ka liphallelo, ba ithaopela ho ba lingaka, baoki, kapa matichere, ba etsa mosebetsi oo Jesu a buileng ka oona. Empa na oo ke oona mosebetsi oa boboleli oo Jesu a neng a bua ka oona?

3. Ho Matheu 28:19,20 Jesu o laetse balateli ba hae hore ba etse lintho life tse ’nè?

3 Na Jesu o ne a batla hore barutuoa ba hae ba emele batho hore ba itlise ho bona? Che! Ka mor’a hore a tsosoe bafung, Jesu o ile a re ho balateli ba hae ba makholo: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse . . . , le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Kahoo, kaha re balateli ba Jesu, ho na le lintho tse ’nè tseo re lokelang ho li etsa. Re lokela ho etsa batho barutuoa, re ba kolobetse le ho ba ruta. Empa re lokela ho ea ho bona pele. Setsebi se seng sa Bibele se re: “Molumeli e mong le e mong o lokela ‘ho ea’ ho batho, ebang ba hōle kapa ba haufi.”—Matheu 10:7; Luka 10:3.

4. Ho bolela’ng ho ba “batšoasi ba batho”?

4 Jesu o lebeletse hore barutuoa ba hae ba etse’ng? Na o batla hore e mong le e mong a bolele ka tsela ea hae, kapa o batla hore ba bolele e le sehlopha? Kaha motho a le mong a ke ke a khona ho pakela “batho ba lichaba tsohle,” barutuoa ba hae ba ne ba tla lokela ho paka e le sehlopha. Ke sona seo Jesu a neng a se bolela ha a re barutuoa ba hae e be “batšoasi ba batho.” (Bala Matheu 4:18-22.) Jesu o ne a sa re motšoasi ka mong a itšoasetse litlhapi ka tsela ea hae. Ho e-na le hoo, o ne a re ba li tšoase ka matlooa. E le hore ba atlehe ho li tšoasa, ba ne ba lokela ho sebetsa hammoho e le sehlopha le hona ka thata, ’me ba hlophisehe.—Luka 5:1-11.

5. Re lokela ho araba lipotso life tse ’nè, hona hobane’ng?

5 E le hore re tsebe hore na ke bo-mang ba bolelang litaba tse molemo kajeno, re lokela ho araba lipotso tsena tse ’nè:

  • Balateli ba Jesu ba lokela ho phatlalatsa molaetsa ofe?

  • Ba lokela ho o phatlalatsa ka sepheo sefe?

  • Ba lokela ho o phatlalatsa joang?

  • Ba lokela ho o phatlalatsa ho isa bohōleng bofe, hona halelele hakae?

Ho araba lipotso tsena ho tla re thusa ho tseba hore na ke bo-mang ba etsang mosebetsi ona o pholosang bophelo, ’me ho tla matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho tsoela pele re bolela.—1 Timothea 4:16.

RE LOKELA HO PHATLALATSA MOLAETSA OFE?

6. Re tseba joang hore Lipaki Tsa Jehova li phatlalatsa molaetsa o nepahetseng?

6 Bala Luka 4:43. Jesu o ne a phatlalatsa “litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo,” ’me o batla hore barutuoa ba hae ba etse se tšoanang. Ke batho bafe ba phatlalatsang molaetsa oo hohle? Ke Lipaki Tsa Jehova! Esita le batho ba bang ba sa re rateng baa lumela. Ka mohlala, nahana ka seo moruti e mong eo e bileng moromuoa linaheng tse sa tšoaneng a se buileng ho Paki e ’ngoe ea Jehova. Ha a ntse a le linaheng tseo, o ile a botsa Lipaki Tsa Jehova hore na li phatlalatsa molaetsa ofe. O re, “Li tšerehane, kaha kaofela li ne li re: ‘Li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.’” Ha e le hantle mantsoe a moruti eo a bontša hore ha rea tšerehana, empa re Bakreste ba ’nete ba momahaneng. (1 Bakorinthe 1:10) ’Muso oa Molimo ke oona molaetsa o ka sehloohong oa Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova. Khoeli le khoeli ho hatisoa likopi tse ka bang 59 000 000 tsa makasine ena, ka lipuo tse 254, e leng se bolelang hore ke eona makasine e ajoang ka ho fetisisa lefatšeng!

Ke Lipaki Tsa Jehova feela tse bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo

7. Re tseba joang hore baruti ba Bokreste-’mōtoana ha ba phatlalatse molaetsa o nepahetseng?

7 Baruti ba Bokreste-’mōtoana ha ba phatlalatse litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ha ba bua ka oona, ba re ’Muso oa Molimo o ka pelong. (Luka 17:21) Ha ba bolelle batho hore ’Muso oo ke puso ea sebele e leholimong, e laoloang ke Jesu. Ho e-na le hoo, ba atisa ho bua ka Jesu ha e le Keresemese kapa Paseka. Ha ba hlalosetse batho hore ’Muso oa Molimo o tla rarolla mathata ’ohle a bona le hore haufinyane o tla felisa bokhopo bohle lefatšeng. (Tšenolo 19:11-21) Ho hlakile hore baruti ba Bokreste-’mōtoana ha ba tsebe lintho tseo Jesu a tla li etsa ha e se e le Morena oa ’Muso oa Molimo. ’Me kaha ha ba utloisise molaetsa oo Jesu a neng a o phatlalatsa, ha ba bone lebaka la hore ba o phatlalatse.

RE LOKELA HO O PHATLALATSA KA SEPHEO SEFE?

8. Ha rea lokela ho bolela litaba tse molemo ka sepheo sefe se fosahetseng?

8 Barutuoa ba Jesu ha ba bolele litaba tse molemo ka sepheo sa ho bokella chelete kapa ho haha mehaho e majabajaba. Jesu o ile a re: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.” (Matheu 10:8) Kahoo, ha baa lokela ho batla chelete ha ba bolela litaba tse molemo. (2 Bakorinthe 2:17) ’Me ha baa lokela ho lefisa batho ha ba buisana le bona ka Bibele. (Bala Liketso 20:33-35.) Le hoja Jesu a fane ka litaelo tse hlakileng, likereke tse ngata li tšoarehile ka ho bokella chelete, e le hore li lefelle mehaho le ho lefa baruti le basebetsi ba bang ba kereke. Seo se ruisitse baruti ba bangata.—Tšenolo 17:4, 5.

Ha baa lokela ho batla chelete ha ba bolela litaba tse molemo

9. Lipaki Tsa Jehova li bontša joang hore li bolela litaba tse molemo ka sepheo se nepahetseng?

9 Na Lipaki Tsa Jehova li ntšisa batho koleke ha ba le Holong ea ’Muso kapa kopanong? Che! Mosebetsi oa tsona o tšehetsoa ka monehelo oa boithatelo. (2 Bakorinthe 9:7) Selemong se fetileng, Lipaki Tsa Jehova li qetile lihora tse ka bang libilione tse peli li bolela litaba tse molemo ’me li khanna lithuto tsa Bibele tse limilione tse robong ka khoeli. Ha li lefuoe, empa li thabela ho itefella litšenyehelo ha li etsa mosebetsi ona. Mofuputsi e mong o ile a re ka Lipaki Tsa Jehova: “Sepheo sa tsona ke ho bolela litaba tse molemo le ho ruta batho.” A phaella ka hore Lipaki Tsa Jehova li khona ho baballa chelete kaha ha li na baruti. Joale haeba sepheo sa rōna hase ho bokella chelete, ke hobane’ng ha re bolela litaba tse molemo? Re ithaopela ho bolella batho litaba tse molemo hobane re rata Jehova le batho ba bang. Seo se phethahatsa boprofeta bo ho Pesaleme ea 110:3. (E bale.)

RE LOKELA HO O PHATLALATSA JOANG?

Re pakela batho hohle moo re ba fumanang teng (Sheba serapa sa 10)

10. Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba phatlalatsa litaba tse molemo joang?

10 Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba phatlalatsa litaba tse molemo joang? Ba ne ba ea hohle moo ba ka fumanang batho teng. Ka mohlala, ba ne ba pakela batho literateng le limmarakeng. Ba ne ba boetse ba ea malapeng a batho. (Matheu 10:11; Luka 8:1; Liketso 5:42; 20:20) Ho paka ka ntlo le ntlo e ne e le tsela e hlophisehileng ea ho finyella batho ba mefuta eohle.

11, 12. Boiteko ba likereke tsa Bokreste-’mōtoana ba ho phatlalatsa litaba tse molemo bo fapana joang le ba bahlanka ba Jehova?

11 Na likereke tsa Bokreste-’mōtoana li phatlalatsa litaba tse molemo joalokaha Jesu a ne a etsa? Hangata baruti baa lefuoa e le hore ba rute. Baruti bana ha ba etse barutuoa ba bacha, ba mpa ba leka ho tšoara ba seng ba ntse ba le teng. Ka linako tse ling, ba leka ho khothalletsa litho tsa kereke hore li bolele. Ka mohlala, ka selemo sa 2001, Mopapa John Paul II o ile a ngola lengolo le reng litho tsa kereke li lokela ho phatlalatsa Kosepele le ho cheseha joaloka moapostola Pauluse, ea ileng a re: “Ho malimabe ’na ha ke sa bolele Evangeli.” Mopapa a ntan’o re mosebetsi ona ha oa lokela ho etsoa ke batho ba seng bakae feela ba koetlisitsoeng, empa o lokela ho etsoa ke litho tsohle. Leha ho le joalo, ke ba seng bakae feela ba latelang keletso eo ea hae.

12 Lipaki Tsa Jehova tsona li etsa’ng? Ke tsona feela tse phatlalatsang hore Jesu o qalile ho busa e le Morena ka 1914. Li mamela Jesu ’me li etelletsa pele mosebetsi oa boboleli. (Mareka 13:10) Buka e bitsoang Pillars of Faith—American Congregations and Their Partners e re Lipaki Tsa Jehova li nka mosebetsi oa boboleli e le oa bohlokoa haholo. E phaella ka hore ha li fumana batho ba lapileng, ba hlorileng le ba kulang, li leka ho ba thusa, empa ha li lebale hore sepheo sa tsona se ka sehloohong ke ho phatlalatsa hore bofelo ba lefatše bo atametse le ho ruta batho e le hore ba tle ba bolokehe. Lipaki Tsa Jehova li tsoela pele ho phatlalatsa molaetsa ona le ho etsisa litsela tseo Jesu le barutuoa ba hae ba neng ba ruta ka tsona.

RE LOKELA HO O PHATLALATSA HO ISA BOHŌLENG BOFE, HONA HALELELE HAKAE?

13. Litaba tse molemo li lokela ho phatlalatsoa ho isa bohōleng bofe?

13 Jesu o ile a re balateli ba hae ba tla bolela litaba tse molemo “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” A ba laela hore ba etse batho ba “lichaba tsohle” barutuoa. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Sena se bolela hore litaba tse molemo li lokela ho phatlalatsoa lefatšeng lohle.

14, 15. Ke’ng e bontšang hore Lipaki Tsa Jehova li phethahatsa boprofeta ba Jesu ba hore litaba tse molemo li tla boleloa lefatšeng lohle? (Sheba litšoantšo tse qalong.)

14 Ke Lipaki Tsa Jehova feela tse phethahatsang boprofeta ba Jesu ba hore litaba tse molemo li tla boleloa lefatšeng lohle. Ke hobane’ng ha re bua joalo? United States, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ka ba 600 000, ’me Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 1 200 000 li phatlalatsa litaba tse molemo naheng eo. Lefatšeng ka bophara, ho na le baruti ba K’hatholike ba ka bang 400 000, ’me ho na le Lipaki Tsa Jehova tse fetang limilione tse 8 tse bolelang litaba tse molemo linaheng tse 240. Ho hlakile hore Lipaki Tsa Jehova li bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle, e leng se tlotlisang Jehova!—Pesaleme ea 34:1; 51:15.

15 Sepheo sa rōna ke ho bolela litaba tse molemo ho batho ba bangata kamoo re ka khonang, pele bofelo bo fihla. E le hore re finyelle sena, re fetoletse le ho hatisa libuka, limakasine, lipampitšana le limemo tsa kopano le tsa Sehopotso tse limilione, ka lipuo tse fetang 700. Re li fa batho re sa ba lefise. Selemong se fetileng feela, re hatisitse lingoliloeng tse ka bang libilione tse 4,5. Ra boela ra hatisa Libibele tse fetang limilione tse 200 tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka lipuo tse fetang 130. Websaete ea rōna e fumaneha ka lipuo tse fetang 750. Ke Lipaki Tsa Jehova feela tse etsang mosebetsi o babatsehang joalo.

16. Re tseba joang hore Molimo o tšehetsa Lipaki Tsa Jehova ka moea oa hae o halalelang?

16 Mosebetsi oo oa boboleli o tla tsoela pele halelele hakae? Jesu o ile a re litaba tse molemo li tla boleloa ho fihlela bofelo bo fihla. Lipaki Tsa Jehova li tsoela pele ho etsa mosebetsi ona ka mamello matsatsing ana a ho qetela, kaha Jehova o li tšehetsa ka moea oa hae o halalelang. (Liketso 1:8; 1 Petrose 4:14) Batho ba bang ba likereke ba ka ’na ba re: “Re na le moea o halalelang.” Empa na ba khona ho etsa mosebetsi oo Lipaki Tsa Jehova li o etsang matsatsing aa a ho qetela? Likereke tse ling li lekile ho re etsisa empa tsa hlōleha. Tse ling li lekile ho o etsa ka nakoana feela. Ba bang bona ba ka ’na ba ea ka ntlo le ntlo, empa ha ba phatlalatse litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Kahoo, ha ba etse mosebetsi oo Jesu a o qalileng.

KE BO-MANG BA BOLELANG LITABA TSE MOLEMO KAJENO?

17, 18. (a) Ke’ng e re kholisang hore Lipaki Tsa Jehova ke tsona tse bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso kajeno? (b) Ke’ng e re thusang ho bolela litaba tse molemo?

17 Ke bo-mang ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso kajeno? Ke Lipaki Tsa Jehova! Re tseba joang? Hobane li phatlalatsa molaetsa o nepahetseng, e leng litaba tse molemo tsa ’Muso. Li ea bathong, kahoo li sebelisa tsela e loketseng. Li bolela litaba tse molemo ka sepheo se nepahetseng, kaha li rata Jehova le batho. Li bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle, kaha li pakela batho ba lichaba tsohle le ba lipuo tsohle. Kahoo, re tla tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ho fihlela bofelo bo fihla!

18 Ruri hoa hlolla ho bona mosebetsi o babatsehang oa ho bolela litaba tse molemo oo bahlanka ba Jehova ba o etsang matsatsing ana a ho qetela. Empa ke’ng e re thusang ho etsa mosebetsi oo? Moapostola Pauluse o re: “Molimo ke eena eo, ka lebaka la ho khahloa ha hae, a sebetsang ho lōna e le hore le rate le be le sebetse.” (Bafilipi 2:13) E se eka Jehova a ka tsoela pele ho re matlafatsa e le hore re ikitlaelletse ho bolela litaba tsena tse molemo!—2 Timothea 4:5.