Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Rarolla Liqabang ka Khotso

Ho Rarolla Liqabang ka Khotso

“Le boloke khotso mahareng a lōna.”—MAREKA 9:50

LIPINA: 39, 77

1, 2. Ke mehlala efe ea liqabang e tlalehiloeng ho Genese, hona ke hobane’ng ha e le ea bohlokoa?

NA U se u kile ua nahana ka litlaleho tse ka Bibeleng tsa batho ba ileng ba qabana? Likhaolong tse qalang feela tsa Genese, re ithuta hore Kaine o ile a bolaea Abele (Genese 4:3-8); Lameke a bolaea monna ea neng a mo otla (Genese 4:23); balisa ba Abrahama ba pheha khang le balisa ba Lota (Genese 13:5-7); Hagare a ikhohomosetsa Sara, ’me Sara a koatela Abrahama (Genese 16:3-6); Ishmaele o ne a sa utloane le batho bohle.—Genese 16:12.

2 Ke hobane’ng ha liqabang tsee li ile tsa tlalehoa ka Bibeleng? Hobane ho na le seo re ka ithutang sona mehlaleng ea batho bana ba neng ba sa phethahala, ’me ba e-na le mathata a tebileng. Le rōna ha rea phethahala, ’me re tobana le mathata a tšoanang, kahoo re ka etsisa mehlala e metle e tlalehiloeng ka Bibeleng, ra ba ra qoba e fosahetseng. (Baroma 15:4) Mehlala ena e ka re thusa ho bōpa khotso le batho ba bang.

3. Re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

3 Sehloohong sena, re tlil’o ithuta hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re rarolle liqabang, kapa ho se utloane le hore na re ka etsa seo joang. Re tla boela re ithute melao-motheo ea Bibele e ka re thusang ho rarolla liqabang le ho lula re e-na le kamano e ntle le Jehova le batho ba bang.

KE HOBANE’NG HA BAHLANKA BA MOLIMO BA LOKELA HO RAROLLA LIQABANG?

4. Tšusumetso ea Satane e ile ea ata joang lefatšeng, hona phello e bile efe?

4 Satane ke eena sesosa sa hore ebe batho ba arohane, ’me ba na le lintho tse ngata tseo ba sa lumellaneng ka tsona. Ke hobane’ng ha re cho joalo? Serapeng sa Edene, Satane o ile a re motho e mong le e mong a ka khona ho ikhethela se nepahetseng le se fosahetseng ntle ho thuso ea Molimo. (Genese 3:1-5) Empa ha re sheba se etsahalang lefatšeng kajeno rea hlokomela hore boikutlo boo bo fosahetse. Batho ba bangata ba nka hore ba na le bolokolohi ba ho ikhethela se nepahetseng le se fosahetseng. Baa ikakasa, baa ikhohomosa, ’me ba na le moea oa tlhōlisano, hape ha ba tsotelle hore na liqeto tsa bona li utloisa ba bang bohloko kapa che. Batho ba nang le boikutlo bona ba lula ba halefile ’me ba qabana le ba bang. Bibele e re hopotsa hore haeba re potlakela ho halefa, re tla lula re qabana le batho, ’me re tla etsa libe tse ngata.—Liproverbia 29:22.

5. Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba itšoare joang ha ho e-na le liqabang?

5 Jesu Thutong ea hae ea Thabeng, o ile a ruta balateli ba hae ho bōpa khotso le ho qoba liqabang, esita le ha ho bonahala eka seo se ka ba ntša kotsi. Ka mohlala, o ile a ba ruta ho ba mosa, ho bōpa khotso le ba bang, ho se halefe, ho rarolla liqabang ka potlako le ho rata lira tsa bona.—Matheu 5:5, 9, 22, 25, 44.

6, 7. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho rarolla liqabang ka potlako? (b) Bahlanka bohle ba Jehova ba lokela ho ipotsa lipotso life?

6 Kajeno, re rorisa Jehova ha re mo rapela, rea tšimong le ha re ea libokeng. Jehova a ke ke a amohela tšebeletso ea rōna haeba re sa bōpe khotso le barab’abo rōna. (Mareka 11:25) Re lokela ho tšoarela ba bang ha ba re sitetsoe, haeba re batla ho ba metsoalle ea Jehova.—Bala Luka 11:4; Baefese 4:32.

Na u potlakela ho tšoarela barab’eno?

7 Jehova o batla hore bahlanka bohle ba hae ba tšoarelane ’me ba phelisane ka khotso. Re ka ipotsa: ‘Na ke potlakela ho tšoarela barab’eso? Na ke thabela ho ba le bona?’ Haeba u hlokomela hore u lokela ho ntlafatsa tabeng ea ho tšoarela, rapela Jehova ’me u mo kōpe hore a u thuse. Ntate oa rōna ea leholimong o tla utloa thapelo eo, a be a e arabe.—1 Johanne 5:14, 15.

NA U KA IPHAPANYETSA TLŌLO?

8, 9. Re lokela ho etsa’ng ha ba bang ba re utloisa bohloko?

8 Kaofela ha rea phethahala, kahoo re ka lebella hore ba bang ba tla re utloisa bohloko, ebang ke ka mantsoe kapa ka liketso. (Moeklesia 7:20; Matheu 18:7) U tla itšoara joang ha seo se etsahala? Re ka ithuta ntho ea bohlokoa phihlelong ena: Morali’abo rōna o lumelisa barab’abo rōna ba babeli. Empa mor’abo rōna e mong o utloisoa bohloko ke tsela eo a mo lumelisitseng ka eona. Ha morali’abo rōna a se a tsamaile, mor’abo rōna ea utloileng bohloko o qala ho tletleba ka eena. Empa, mor’abo rōna e mong oa mo hopotsa hore morali eo oabo rōna o sebelelitse Jehova ka botšepehi ka lilemo tse 40, ho sa tsotellehe mathata a ’nileng a mo hlahela. O ne a kholisehile hore morali eo oabo rōna o ne a sa ikemisetsa ho mo khopisa. Mor’abo rōna ea utloileng bohloko o ile a itšoara joang? O ile a re, “U nepile.” Eaba o khetha ho lebala se etsahetseng.

9 Phihlelo ee e re ruta’ng? Ha motho e mong a re utloisa bohloko, re ka khetha hore na re itšoara joang. Motho ea lerato oa tšoarela. (Bala Liproverbia 10:12; 1 Petrose 4:8.) Ha re “hlokomoloha tlōlo,” seo se thabisa Jehova. (Liproverbia 19:11; Moeklesia 7:9) Kahoo, nako e tlang ha motho e mong a bua kapa a etsa ntho e u utloisang bohloko, ipotse: ‘Na nka hlokomoloha tlōlo ee? Na ehlile ke hloka ho lula ke nahana ka eona?’

10. (a) Qalong morali’abo rōna e mong o ile a itšoara joang ha a bueloa mantsoe a hlabang? (b) Ke litemana life tse ileng tsa mo thusa hore a boele a thabe?

10 Ho ka ’na ha e-ba thata ho iphapanya ha motho a re hlaba ka mantsoe. Nahana ka se ileng sa etsahalla morali’abo rōna e mong oa pula-maliboho eo re tla mo bitsa Lucy. Ba bang ka phuthehong ba ne ba nyatsa tsela eo a pakang le ho sebelisa nako ka eona. O ne a utloile bohloko haholo, eaba o kōpa keletso ho barab’abo rōna ba hōlileng tsebong. Phello e ile ea e-ba efe? O re ba ile ba sebelisa Bibele ho mo thusa hore a khaotse ho nahana haholo ka lintho tse bohloko tseo batho ba li buang, empa a nahane ka Jehova. O ile a tsoha molota ha a bala Matheu 6:1-4. (E bale.) Litemana tseo li ile tsa mo hopotsa hore ho thabisa Jehova ke hona habohlokoa ka ho fetisisa. Kahoo o ile a khetha ho iphapanyetsa mantsoe ao a bohloko. Hona joale, esita le hoja ba bang ba ntse ba nyatsa tsela eo a pakang ka eona, o thabile kaha oa tseba hore o leka kahohle ho khahlisa Jehova.

HA U SA KHONE HO IPHAPANYETSA TLŌLO

11, 12. (a) Mokreste o lokela ho etsa’ng ha a hlokomela hore mor’abo “o na le ho hong khahlanong” le eena? (b) Re ithuta’ng tseleng eo Abrahama a ileng a rarolla qabang ka eona? (Sheba setšoantšo se qalong.)

11 “Kaofela re khoptjoa hangata.” (Jakobo 3:2) Mohlomong u hlokometse hore mor’eno o utloisitsoe bohloko ke ntho e itseng eo u e buileng kapa u e entseng. U lokela ho etsa’ng? Jesu o ile a re “haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ’me u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; etsa khotso le mor’eno pele, ’me joale, ha u khutlile, u nyehele mpho ea hao.” (Matheu 5:23, 24) Kahoo, buisana le mor’eno. Sepheo sa hao e lokela ho ba ho bōpa khotso. U lokela ho lumela hore u entse phoso, ’me u se ke oa mo beha molato. Ho bōpa khotso le mor’eno ke ntho ea bohlokoa.

Sepheo sa rōna e lokela ho ba ho bōpa khotso

12 Bibele e bontša hore na bahlanka ba Molimo ba ka rarolla liqabang joang. Ka mohlala, Abrahama le Lota ba ne ba e-na le liphoofolo tse ngata, ’me balisa ba bona ba ngangisana, ba tseka makhulo. Kaha Abrahama o ne a batla ho bōpa khotso, o ile a lumella Lota hore a khethe sebaka pele. (Genese 13:1, 2, 5-9) O re behetse mohlala o motle hakaakang! Na Abrahama o ile a lahleheloa ka lebaka la ho ba seatla se bulehileng? Che. Nakoana ka mor’a moo, Jehova o ile a tšepisa Abrahama hore o tla mo hlohonolofatsa ka lintho tse ngata ho feta tseo a lahlehetsoeng ke tsona. (Genese 13:14-17) Re ithuta’ng ho see? Esita le ha re ka lahleheloa ke lintho tse itseng, Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re rarolla liqabang ka khotso. [1]—Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.

13. Mor’abo rōna e mong o ile a etsa’ng ha a tjolietsoa, hona re ithuta’ng mohlaleng oa hae?

13 A re ke re hlahlobe mohlala oa mehleng ena. Mor’abo rōna e mong ea qalang ho okamela lefapha le itseng kopanong o ile a letsetsa mor’abo rōna e mong, ’me a mo botsa hore na a ka khona ho sebetsa le eena. Mora eo oabo rōna o ile a mo tjolietsa ha a qeta a koala fono, kaha o ne a ntse a koatetse mor’abo rōna ea neng a okametse lefapha leo pele. Mor’abo rōna ea mo letselitseng ha aa ka a koata, empa o ne a sitoa ho iphapanyetsa seo. Ka mor’a hora, o ile a boela a mo letsetsa ’me a kōpa hore ba kopane. Bekeng e latelang ba ile ba kopana Holong ea ’Muso, ’me ka mor’a ho rapela, ba qeta hora ba ntse ba bua. Mor’abo rōna o ile a mo hlalosetsa hore na ho etsahetse’ng pakeng tsa hae le mor’abo rōna ea neng a okametse lefapha leo pele. Mor’abo rōna o ile a mo mamela ka hloko, eaba o mo bontša litemana tse ka mo thusang. Qetellong, ba ile ba bōpa khotso ’me ba sebetsa hammoho kopanong. Mora eo oabo rōna o ile a ananela hore ebe o buile le eena ka mosa.

NA U LOKELA HO EA HO BAHOLO?

14, 15. (a) Re lokela ho sebelisa keletso e ho Matheu 18:15-17 neng? (b) Jesu o ile a fana ka mehato efe e meraro, hona sepheo sa rōna e lokela ho ba sefe ha re e latela?

14 Hangata liqabang tse bang teng pakeng tsa Bakreste ke tseo ba ka li rarollang ka bobona, e leng seo ba lokelang ho se etsa. Leha ho le joalo, ka linako tse ling sena hase khonehe. Liqabang tse ling li ka hloka hore ba kōpe thuso ho ba bang ho latela Matheu 18:15-17. (E bale.) “Sebe” seo Jesu a neng a bua ka sona litemaneng tsena, hase ho qoaketsana ho honyenyane ho ka bang teng lipakeng tsa Bakreste. Re tseba seo joang? Jesu o ile a re haeba moetsalibe a sa bake ka mor’a hore u buisane le eena, u mo bitsetse lipaki le banna ba baholo, le lokela ho mo nka “joaloka motho oa lichaba le joaloka ’mokelli oa lekhetho.” Kajeno, sena se bolela hore o lokela ho khaoloa. “Sebe” seo a neng a bua ka sona se akarelletsa lintho tse kang bolotsana kapa ho etselletsa, empa hase akarelletse libe tse kang bohlola, bosodoma, bokoenehi, kapa ho rapela litšoantšo. Libe tsena li lokela ho tlaleheloa baholo.

Ho ka ’na ha hlokahala hore le buisane ka makhetlo e le hore le bōpe khotso (Sheba serapa sa 15)

15 Jesu o fane ka keletso ena ho re bontša hore na re ka thusa mor’abo rōna joang ka tsela e lerato. (Matheu 18:12-14) Re ka sebelisa keletso ee joang? (1) Re lokela ho leka ho rarolla qabang le mor’abo rōna re sa kenyelletse ba bang. Re ka ’na ra tlameha ho buisana le eena ka makhetlo. Empa re lokela ho etsa’ng haeba re sa khone ho e rarolla? (2) Re lokela ho buisana le eena re e-na le mor’abo rōna e mong ea tsebang taba, kapa ea ka hlokomelang hore na bothata ke eng. Haeba le khona ho rarolla bothata, u tla be “u ruile mor’eno.” Empa ke feela ha u se u buile le mor’eno ka makhetlo ’me le ntse le sa fihlele tharollo u ka (3) tlalehelang baholo.

16. Ke hobane’ng ha ho latela mehato eo Jesu a faneng ka eona e le tsela e atlehang le e lerato ea ho rarolla liqabang?

16 Maemong a mangata ha ho hlokahale hore ho lateloe mehato ena e meraro e ho Matheu 18:15-17. Seo sea khothatsa. Hobane’ng? Hobane hangata moetsalibe o hlokomela phoso ea hae ’me oa e lokisa, kahoo ha ho hlokahale hore a khaoloe. Motho ea foselitsoeng le eena o lokela ho tšoarela mor’abo e le hore ba bōpe khotso. Keletso ena ea Jesu e re thusa ho hlokomela hore ha rea lokela ho potlakela ho tlalehela baholo. Re lokela ho ba tlalehela ha re se re latetse mehato ena e meraro ’me re e-na le bopaki ba hore ho na le sebe se entsoeng.

17. Batho ba phehellang ho bōpa khotso ba tla fumana litlhohonolofatso life?

17 Kaha ha rea phethahala, re tla lula re ntse re siteloana. Morutuoa Jakobo o ile a re: “Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tōmo.” (Jakobo 3:2) E le hore re rarolle liqabang, re lokela ho ikitlaelletsa ho ‘batla khotso le ho e phehella.’ (Pesaleme ea 34:14) Ha re tsoela pele ho bōpa khotso le balumeli-’moho le rōna, re tla ba metsoalle ’me seo se tla etsa hore re lule re momahane. (Pesaleme ea 133:1-3) Habohlokoa le ho feta, re tla ba le kamano e ntle le Jehova, “Molimo ea fanang ka khotso.” (Baroma 15:33) Re tla thabela litlhohonolofatso tsena kaofela ha re rarolla liqabang ka khotso.

^ [1] (serapeng sa 12) Ba bang ba ileng ba rarolla liqabang ka khotso ke Jakobo le Esau (Genese 27:41-45; 33:1-11); Josefa le bana babo (Genese 45:1-15); le Gideone le Baefraime (Baahloli 8:1-3). Mohlomong u ka hopola mehlala e meng e tšoanang e ka Bibeleng.